SST65-0221M Lenyalo Le Hlalo VGR - Voice Of God Recordings

loketse ho bea, hoba ke molao wa Modimo wa boikatiso. Mme e ne e ke ke ya etsa letho ha e se ho bo hlahisa, mme bo ne bo loketse ho tswa ho Modimo. 61.
168KB taille 12 téléchargements 1238 vues
,%.9!,/, %(,!,/ ` A re inamiseng dihlooho tsa rona motsotsong wa thapelo. Ramehauhelo, re O leboha hoseng hona ka monyetla wa ho ba ka hara odotoriamo ena mona, re tobane le sephetho sa letsatsi. Empa ha re tsebe seo letsatsi le se fupereng, re mpa re tseba Ya fupereng letsatsi. Ka baka leo re rapela hore Eo Ya tshwereng letsatsi la kajeno le la hosane, le bo sa Feleng bohle, a tle a re hlohonolofatse kajeno re sa phuthehile hammoho ka Lebitso la Hae, re tle re tsebe haholwanyane kamoo re ka phelelang ho Mo sebeletsa. Ena ke tabatabelo ya rona e tletseng, Ntate. Modimo, O tseba dipelo tsa rona, o tseba hoba hona ke nnete. Re inehela ho Wena, hammoho le e—e karolo e latelang ya letsatsi, bakeng sa tshebeletso ho Wena, Lebitsong la Jesu Kreste. Amen. 2 Dulang fatshe. [Moena Branham o re ho motho e mong kalaneng, “Ke a leboha. O mong ke wona.”—Mong.] 3 Madume, letshweleng le bonwang le letshweleng le sa bonweng ho phatlalla le setjhaba moo re hokantsweng teng hoseng hona. Hona ho mpha monyetla o moholo ho tla mona le ho bua ka temana ena e bohlokwa hoseng hona. Ho letshwele le bonwang, e batla e le ntho e ferekanyang hanyenyane, hoba ho na le dikgaretene ka pela ka feela, ka baka leo ke loketse ho bua ho le letona le ho le letshehadi. Mme ho letshwele le sa bonweng, holo e kgolo e letsohong le letona la ka, le jimonasiamo e ka letsohong la ka le letshehadi hape; mme ke hodima fuluru, digaretene di butswe dipakeng, tse etsang letsoho la ka le letona le le letshehadi. Mme re a phophoma, hoseng hona, ho ya tswella kwana holong e kgolo, le jimonasiamong hape, le kerekeng hape, tlase kerekeng Seterateng sa Eighth le Penn. Mme dibakeng tse phophomang, morero wa fonofono o romella dibakeng tse ding. 4 Re bile le nako e babatsehang ho Morena, mme re tlasa ditebello tse kgolo tsa tshebeletso ena hoseng hona. Mme jwale bosiung bona kaha e le nako ya ho kwala letsholo lena la matsatsi a mane, kgele, ruri re mema bohle, ba ka kgonang, ho ba mona. Re tshepa ha Morena a tla re nea sehlohlolo se seholo bosiung bona ka ho etsa ntho e nngwe e tsotehang haholo, hoo A tla fodisa bakudi le ho etsa dintho tse kgolo tseo A yeng a di etse ka tlwaelo. Mme re tlasa ditebello tse kgolo tsa mantsiboya. Batho bohle ba mengwa, motho e mong le e mong, kereke ka nngwe ya bodumedi ka bong. Ha le a lokela le ho ba Mokreste; ruri re mema baetsadibe ho kena, ho dula hara rona. Mme re sebetsa ka bokgoni ba rona bo fetisisang ho ba ruta seo e leng tsela ya Morena, re tle re phele teng.

2

LENTSWE LE BUILWENG

5 Jwale ke a tshepa hore letshwele le ke ke la ferekana. Mme ke tshepetse ho Modimo hore nke ke ka ferekana, hoba ke bile le bosiu bo tsotehang, kgatello e ngata. Hoba ke a elellwa hore dintho tseo ke di buang hoseng hona di tla bewa kgahlano le nna Tsatsing la Kahlolo, mme ha ke—ke a kgona ho robala, mme ke a tseba hore ha ke sa di bolele di tla balwa kgahlano le nna Tsatsing la Kahlolo. Ka baka leo ke bothata, ha o kgone ho e hlalosa. 6 Mme jwale hoseng hona ke sehlooho seo se seholo seo re batlang ho qoqa ka sona Lenyalo Le Hlalo. Mme lebaka leo ke entseng sekolo sa Sontaha, ke hore re tle re bue ka sona mme re nke nako ya rona, ho ena le ho rera thero ka sona. Ke thuto e tswang Lengolong. 7 Mme ke—ke batla ho bolela hore, ha moruti kapa baruti bafe, tulong efe feela, ha teipi ena e ka wela matsohong a bona, ha eba re lokolla teipi ena. Ha ke tsebe hore kereke e tla etsang ka yona. Ke kopa Moena Fred ho bonana le lekgotla la kereke pele a lokolla teipi ena. Mme ho lona batho ho phatlalla le setjhaba, ba tjheileng dihatisi, le se lokolle teipi pele le utlwile ka Moena Sothmann mabapi le yona. 8 Jwale, ha e ka lokollwa, mme mang feela wa baena ba ka ba baruti, kapa Mokreste ofe feela sebakeng sefe, ya sa tlo dumellana le dintho tseo ke di buang ka temana ena, ke—ke tshepa hore o ke ke wa E nyatsa. Ha o sa E utlwisise kamoo ke E rutang kateng, be, o na le tokelo ya hono, jwaloka moruti, jwaloka modisa. Mme ke hlompha ntho efe feela eo o e dumelang. 9 Mme ho na le mehopolo e mmedi e meholo ya sena. Mme ha dipotso tse pedi di le teng, e nngwe ya tsona e ka kgona e nepahale, kapa hoseng jwalo e lokileng ha e yo hara tsona. Ka baka leo re tla leka ho sheba Lentswe la Modimo, hoseng hona, ho otlolla taba ena. Ho nna, ha e le potso ya Bibele, ruri Bibele e na le karabo ya yona. 10 Mme jwale pele re tshwarana le dintho tsena, ho qala temana ena, ke rialo, pele ke rapella Lentswe, ke batla ho hlalosetsa e mong le e mong wa lona, hore ke^lona Bakreste haholo, hore ke lakatsa^ke—ke batla hore le nthapelle hoseng hona. Mme lona bohle kantle kwana letshweleng le sa bonweng le mametseng hoseng hona, le nthapelle, hoba ke batla ho tshepahala mme ke be le nnete. 11 Jwale re a lemoha, ha re bolela mantswe ana, motho e mong, haele motho a le mong feela, o tla itshwarella ka Yona jwaloka hoja E le pakeng tsa bophelo le lefu. Ho na le ba bangata ba lona mona ba tla tloha ba dumela. Hoba, bongata ba lona, mohlomong, bo ke ke ba etsa jwalo. Empa ke a tseba, hore thutong ya ka, ho na le batho ba yeng ba tle ho mmamela, mme ba utlwe seo ke se buang; ho tswa, e, ba dutse hantle

LENYALO LE HLALO

3

mona hoseng hona, matjhabeng, ho tswa boholong ba United States, Canada, le mose ho mawatle. Mme le ka nahana hore kgatello e hodima motho e kae, ho tseba hore phello e sa Feleng ya motho eo e beilwe matsohong a hao, hoba o tla itshwarella ka seo o se buang. Ka hona Modimo o tla ntjarisa boikarabelo, mme ke batla ho atamela sena ka botshepehi kamoo nka kgonang. 12 Jwale ke—ke kopa bokgaitsedi ba rona. Mme ke fetotse a mang a mantswe hore ke tle ke a bue pontsheng ya bona. Billy o kentse mokotleng wa hae, hoseng hona, kantle mono, tse ding tsa dintho tse neng di ke ke tsa buuwa pela e—e letshwele le kopa–kopaneng. Mme a mang ao mohlomong ke tla a bua, le tshwanetse ho utlwisisa. Le a nke a tswa—a tswa ho moena wa lona, ka bokgoni boo ke bo tsebang. Le ye le dule ofising ya ngaka mme le mo mamele, o tla lokela ho bua le lona puo pha. Mme ba bang ba lona mafumahadi a matjha le bahlankana, ha ke batle ha le fihlelwa ke tshekamelo e phoso. Ke batla hore le dumele, mme le dule le itholetse. Hopolang, Nnete e loketse ho hlahiswa e le Nnete. 13 Mme, jwale, ntle le pelaelo bongata bo teng bo tla hanana le se tla buuwa, empa ke batla ho le pakela yona ka Bibele. Mme ke a kgolwa he, ha le ka ba le mamello mme la mamela, jwale ke moo le tla utlwisisa hantlenyana le moelelo wa seo ke nnileng ka se ruthutha, ho tla jwalo. Ke dumela hore sena se tla e hlalosa, mme tshepile se tla etsa hoo. 14 Jwale re ka tshoha re ya haleleletsana, hora le halofo, kapa mohlomong ho feta, tabeng ena. Ha ke tsebe o tla nka nako e kae. 15 Mme jwale hape, ke rata ho bolela, hore nakong ena, hore, ka ho tseba batho ba itshwarella mantsweng a hao; ba etsa jwalo, ho modisa wa bona. Mme, ehlile, ke bile modisa. 16 Mme ba itshwarella mantsweng a modisa, eka hoja e le pakeng tsa lefu le bophelo. Ba itshwarella mantsweng a moprista wa bona, eka hoja e le lefu le bophelo. Mme ehlile, modisa, ka tsohle tseo a tsebang ho di etsa, o ruta batho ba hae kamoo a rutilweng kateng kholesheng; ntle le pelaelo moprista, le yena, borapeding bo fapaneng bo sebedisang le baprista. Hoba, ka nepo modisa ke moprista; ke moemedi. Ka hona, ha moprista, hodima tsohle tseo a di rutwang, kholesheng le dimonastering, monna eo o bolela seo a se rutilweng ka botshepehi hantle feela. 17 Be, jwale he, ha ke na boitsebeleo ba kholeshe kapa boitsebelo ba monasteri, mme ha ke na le letho kgahlano le yona ho hang, empa ke na le bophelo bo hlollang haholo. 18 Ke bitsitswe ke sa le moshanyana feela. Mme tabeng ena ka fuwa pontsho e hlakileng, e ena le lentswe, e—e Topallo ya Mollo e lopaletseng sehlahleng, dilemong tse supileng, hantle

4

LENTSWE LE BUILWENG

mona Utika Pike. Ntate o ne a sebeletsa Mong. O. H. Wathen ya sa tswa hlokahala haufi. Mme le badile buka, le tseba pale eo. Mme ho tloha mohlang oo^Ya nto hlaha tlase nokeng ya hlaha pontsheng ya batho. Mme jwale setshwantsho sa Yona se katladitswe, hangata, mme se leketlile Washington, D.C., se sireleditswe ho qopitswa, mono Religious Hall of Art, e le bona feela Boleng bo kahodima tlholeho bo kileng ba pakwa bo fotilwe ke mahlale; yona Topallo eo ya Mollo, kamoo e bonahalang mokgweng o mong le o mong, yona e ntshitseng Iseraele Egepeta. Ke dumela hore Ke Jesu Kreste ka sebopeho sa Moya, lekgatheng la Modimo la Mora. 19 Hoba O bitsitswe “Mora motho” mohla A na a fihla pele, jwale O bitswa “Mora Modimo,” dilemong tse Sekete E tla ba “Mora Davida.” O tlile e le Mora motho, moporofeta, kamoo A neng a boletswe; jwale ke Mora Modimo, hodima tlholeho; dilemong tse kgolo tse Sekete tse tlang, E tla ba Mora Davida, a dutse teroneng ya Davida. Jwaloka ha babadi bohle ba Bibele ba tseba eo e le tshepiso e Kgethehileng ho Modimo, ho Davida, O ne a tla hlahisa Mora wa Hae ho dula teroneng ya hae. 20 Mme jwale thutong e mokgelo, e mohlolo, ke nnile ka rewa ntho e nngwe le e nngwe ho qala ho “Modimo” ho ya ho “diabolosi.” Mme hono, feela hoo ho jwalo kamehla. 21 Ke seo moarekabishopo wa kereke ya Katolike a mpoleletseng sona phirimana e nngwe tlase mono, moo puisano e ne e tshwaretswe teng, moo a itseng, “Moena Branham, Johanne Mokolobetsi o itsebahaditse ka ho hlaka Mangolong, jwaloka ha moporofeta Esaia a boletse.” A re, “Thuto ya hao e itsebahaditse e hlakile ho Kereke.” A re, “Maluthere a kahara Bibele.” A re, “Maluthere a tsebile Luthere. Wesele o tseba Wesele. Empa ho thweng ka Mapentekosta?” Ho re, “Ba ya phaphatheha. Ha ba tsebe moo ba yang teng.”

Mme ka re, “Monghadi, ke ananela seo.” Mme ke ka yona nako eo Moya o nong o tsholohela hodima mofumahadi, a eso mpone, mosadi wa hae^mme a bua a pepesa tsona dintho tseo. 22

23 Jwale, ka ho tshepahala, pela Molaetsa wona oo ke o buang hoseng hona, ha ke tsebe. Ka re ho yena, ka re, “Monghadi, nke ke ka rialo. Ke ntho e kgolohadi ho rialo. E ka re ke yona.”

Ntho e le nngwe eo ke e tsebang, ke hore ntho e nngwe e etsahetse, ruri. Dintho tsena tsohle, feela, di pakilwe ho latela mahlale, le ho pakwa ho potoloha le ho potoloha lefatshe, e ke ke ya ba kgopolotaba feela. Ke Nnete. Ke eng? A nke ke bolele, e le maipolelo, pele ke bua le lona hoseng hona, ha ke tsebe. Mme nke ke ka iteta sefuba ho nka kgato efe feela pele ke utlwile ho Yena ya buileng le nna nakong e fetileng mme a mpolella dintho tsena. 24

LENYALO LE HLALO

5

25 Hopolang, Morena wa rona Jesu Kreste le ka mohla ha A ka a Itsebisa e le Mora Modimo. O itse, “Le itse Ke yena; Ke tswaletswe hona,” le jwalo–jwalo, empa ha A ka Itsebisa le ka mohla. 26 Mme, jwale, eo e ne e le Topallo ya Mollo e eteletseng bana ba Iseraele pele, e ne e le Morena Jesu Kreste ka sebopeho sa Moya, (le a e dumela?) Logos e tswileng ho Modimo. [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] 27 Mme hape mohla A na le lefatsheng, O itse, “Ke tswa ho Modimo, mme Ke ya ho Modimo.” Bohle re tseba hono. 28 Mme ka mora lefu la Hae, kepelo, le tsoho. Saule wa Tarese o na le tseleng ya hae e theohelang Damaseka, ho hlorisa e— e Bakreste, hoba ba ne ba ruta dintho tse kgahlano le tseo ba di rutilweng. Mme e ne e le mohlabani e moholo; tlasa Gamaliele, e mong wa baruti ba hlahileng ka mahetla ba letsatsi, sekolong sa bona, monastering wa bona; le monna e moholo, le ofisiri ya kereke. Mme e ne e le hona moo Lesedi le leholo, Topallo ya Mollo hape, e ileng ya mo dihela fatshe, hara mpa ya motshehare. Mme Lentswe la re, “Saule, Saule, o Ntlhorisetsang na?” 29 Jwale ha le ka elellwa eitse ha Paulose, Saule, a tsoha, o ile a re, “O Mang, Morena?” Jwale, moshanyana, ka ho ba Mojode, ruri a ka be a sa bitsa ntho efe feela, hola e sa tshwane le Modimo, akabe a sa e bitsa “Morena.” Ka baka leo, E ne e le yona Topallo eo ya Mollo. 30 Jwaloka ha Jesu a boletse, “Ke ya ho Modimo. Ke tswa ho Modimo, mme Ke ya ho Modimo.” 31 Ke eo moo A na le teng, a boetse a kgutletse sebopehong sa Topallo ya Mollo; A re, “Ke Nna Jesu eo o Mo hlorisang; mme ho thata ho wena ho raha ditsenene.” 32 Mme re a elellwa hore ha Moapostola Petrose, eo dinotlolo tsa ho haha Kereke di filweng yena, re mo fihlela teronkong, mme yona Topallo ena ya Mollo ya phunyeletsa ditshiya, ya bula menyako ya teronko, mme ya ntshetsa Petrose kantle, ka mohlolo, e sa hlophe molebedi. Ho nna, Ke Jesu Kreste yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. 33 Mme hape le ye le tsebe ntho ka semelo sa yona. Ntho e nngwe le e nngwe e tsejwa ka semelo sa yona, tholwana e bewang ke yona. Mme ke le kopa ho sheba tholwana e bewang ke Yona, Lesedi lena e leng Modimo, hoba kamehla le kgutlela Lentsweng la Modimo, mme le paka Lentswe la Modimo, le rera Lentswe la Modimo, mme Modimo o paka Lentswe leo ka ntho tse tshwarehang mahlong a lona. Ntho e nngwe e tshwanetse e be e le teng ka morao Lona. 34 Batho ba mpitsitse moporofeta. Ha ke ipitse moporofeta wa letho, hoba nke ke ka iteta sefuba ho rialo, empa ke na

6

LENTSWE LE BUILWENG

le^Be, nka bolela sena, Morena o ntumeletse ho bona dintho esale pele, ho bolela dintho tse etsahetseng, tse tla etsahala, tse etsahalang, mme le ka mohla o le mong ha eso fanye, makgetlong a mashome a dikete. Ntho e nngwe le e nngwe eo A itseng e tla hlaha, e ile ya hlaha. Re tseba hoo bohle. Ha ho ena le motho letshweleng lena le bonahalang hoseng hona, kapa tulong efe feela, a ka bolelang mohla e kileng ya fanya hang, o lokolohile ho ema le ho rialo. Empa ha motho e mong le e mong a tseba hore nako e nngwe le e nngwe, makgetlong a dikete, esale e nepile ka ho phethahala, e reng, “amen.” [Phutheho e re, “Amen!”—Mong.] Le a bona? Ka hona e tla ba ntho e tshwanang lefatshe ho pota. 35 Ntho e nngwe e mothating wa ho etsahala. Modimo ha o ke o romela dintho tsena morero o le siyo. 36 Ke ne ke ntse ke nahane mona feela. Ke beile ntho ena mona, e nngwe ya dintlha tsa ka. Hore hoseng hona, ke tlamme sete ya ditalama tsa matsoho^Mme bongata ba lona le utlwetse ka kgalala ena ya ditshwantsho, Jane Russell, mme mmae ke Mopentekosta; mme Danny Henry ke motswalae, motswalae wa hae wa pele, ngwana mmangwanae. E ne e le Mobaptise. O ne a eme sebokeng, sebokeng sa Borakgwebo mane Los Angeles, California, dilemo tse pedi tse fetileng. 37 Mme ke sa tswa qeta ho bua mantswe a maholo, a matla, a thata; hoo esita le mookamedi, e mong wa baokamedi ba akakaretsang ba Assemblies of God, a bileng a theohela kalaneng a tswa hodimo seotlwanamoyeng moo a na a dutse teng, mme a re, “Ha ke kgolwe hore Moena Branham o ne a hlile a rialo.” 38 Ka re, “Ke loketse ho rialo, monghadi. Ke HO RIALO MORENA.” Mme, jwale he, e ne e amana le kereke mongwaheng wona. 39 Mme nakong yona eo, mohlankanyana enwa e leng rakgwebo^Moenae o kwana^o ne a le mono a nka ditshwantsho tsa thelebishene hoseng hoo, moenae e mong ke—ke molaodi wa tsela wa naha wa California. Mme Danny Henry a tla kapele hoba kopano e tswe, hodima kalana, ka mokgwa wona, moo banna kaofela ba ne ba dutse teng, a tla jwalo ho nkopela ka matsoho a hae. Mme a bua mantswe ana, “Moena Branham, ke a tshepa hore sena ha e ke ho thunthetsa borapedi, empa,” ho re, “eo ekaba kgaolo ya 23 ya Tshenolo.” Athe, dikgaolo tsa Tsenolo di mashome a mabedi a metso e mmedi. A re, “Ke tshepa e sa ke ho thunthetsa borapedi.” A sa tswa rialo^Jwale, moshanyana e ne e le Mobaptise, mme a sa tsebe letho ka dintho tse kahodima tlhaho. Matsoho a hae a ne a nkopetse, mme a qala a bua puo e sa tsejweng.

LENYALO LE HLALO

7

40 Mme hoba a qete ho bua puo e sa tsejweng, ha ba le e—e mosadi ya dithohadi, a le mmala o rothofetseng a dutse ka pela ka hantle, a ema, ho re, “Taba eo ha e hloke ho hlaloswa.” A re, “Ke tswa Shreveport, Louisana; kapa Batona Rouge, Louisana.” Ho re, “Ke Sefora hantle.” 41 Victor Le Dioux, eo e neng e le monna wa Lefora, le yena a dutse mono, a re, “Ruri, ke Lefora le nna, mme e ne e le Sefora hantle.” 42 Ka re, “Be butle. Wena o ngole seo a se buileng fatshe, le wena o ngole seo a se buileng, pele o bua letho. Ngola seo o se buang, mme a re boneng dintlha tsa lona.” Mme ka hona e mong a ngola fatshe, mme e mong a ngola fatshe, esita le matshwao a ne a tshwana. 43 Mme hape nakong e kang eo, ha ba tlisa dintlha tsa bona, moshanyana e motle, mohlankanyana ya moriri o mosehla a tla a tswa morao. Teng, ho se moo a na a ka dula teng; o na eme ka morao. A tla a tsamaya, a re, “Be butleng, le nna, ke batla ho hlahisa ntlha.” A re, “Ke toloko ya Sefora ya U.N., United Nations.” A re, “Ke rata ho siya ntlha ya ka.” 44 Mme, mona, dintlha tseo boraro ba tsona di tshwana hantle, tsa Sefora. Mme e baleha tjena. Tsena ke dintlha tsa mantlha tse nkilweng, ntlha e qotsitsweng hantle. Ena ke taba ya Danny, ka sebele, a neng a e kentse mokotlaneng wa hae. Hoba, e ile ya kenngwa ho Borakgwebo ba Bakreste, le dinthong tse jwalo. Erekaha o kgethile tsela e tshesane, mokgwa o boima; o tsamaile ka boikgethelo ba hao. Efela o nkile qeto ya nnete e nepahetseng, mme ke Tsela ya Ka. Ka baka la qeto ena ya motsotswana, kabelo e kgolo ya Lehodimo e o emetse. Ke qeto e tlotlehang hakakang eo o e entseng! Ena ke yona ntho e tla phetha le ho hlahisa tlholo e kgolo BoModimo leratong. 45 Jwale, monna o ngotse lebitso la hae mona. “Taba e kahodimo e tolokilwe ke, ya Danny Henry ha a ne a porofeta Moena Branham, e hlahileng ka dipaki tse tharo kahara khefi ya Los Angeles, California.” 46 Jwale, yena mohlankanyana enwa ya hlahisitseng seporofeto sena, o ne a sa tsebe seo a se buang, o ne a le Jerusalema nako e ka etsang kgwedi e fetileng. A fuwa monyetla wa ho tswa le—le ho robala kahara lebitla moo Jesu a shweleng mme a patilweng teng. Mme yare a sa robetse mono, a re o ile a nkgopola ka matla mme a qala a lla. Ho re, “Kamoo ho bileng thata ho Moena Branham ho ema kgahlano le lefatshe le dintho tsena, le dikereke tsohle!”

8

LENTSWE LE BUILWENG

47 Jwaloka ha ho—ho boletswe tsatsi le leng, malebana le seabo sa Billy Graham, ho re, “Billy Graham re a mmona, hoba dikereke tsohle di kopane mmoho bakeng sa hae. Re bona Oral Roberts, Mapentekosta. Empa re ka e fumana kae ntho le ka mohla, hodima E le kgahlano le seo batho ba se rutilweng?” Ke Modimo. 48 Mme, Danny, seo a se etsang jwaloka boithabiso, o betla majwana. A tloha a ya moo Sefapano se neng se hlomilwe teng, moo ba itseng Sefapano se ne se hlonngwe lejweng. Ho se motho haufi, ka hona a qhetsola lejwana mme a le kenya mokotlaneng wa hae e le sehopotso, a tla hae mme a nketsetsa para ya dikonopo tsa mapetu a letsoho ka lona. Mme, ka mohlolo, yare ha a di etsa, yaka di qaphaleditswe ke madi. Mme hantle kahara e nngwe ya tsona, ho tsamaya, ho matha tselana e otlolohileng, e tshesane mahareng a tsona bobedi. Jwale hoo ekaba feela^Le a bona, mohlomong motho e mong a ke ke a e elellwa, empa ho nna ke tlotla ya dintho tseo ke di dumelang. Ke dumela hore ntho e nngwe le e nngwe e na le seo e se bolelang. 49 Mme jwale, nakong ena, sohle seo Morena a nang le sona. Efela ha taba ena e se eo A e porofetileng, e leng ya Malakia 4 le ya Luka 17 hape, le Mangolo a mang a mangata a loketseng ho hlaha tsatsing lena la ho qetela, a nke ke bue sena sena ho kwaleng, e tlaba e hahetse motho e mong motheo mohla a fihlang. Ka hona ke leboha haholo haele moo Modimo o Matlaohle, ha eba ho le jwalo, a ntumeletse ho etsa nthwana e itseng, maemong a ka a ho haellwa ke thuto, ho bontsha dikananelo tsa ka tsa lerato la Hae ho nna, lerato la ka ho Yena, le lerato la rona ho batho. 50 Ka baka leo, ka botshepehi, ke atamela temana ena ya Lenyalo Le Hlalo. Modimo o ke o re hauhele bohle. 51 Mme jwale mamelang ka hloko. Mme, bokgaitsedi, le se ke la ema la tswa; dulang le thotse ho se hokae. Baena, etsang jwalo le lona. Le se ke la kwala disete tsa lona kantle mono, ho tswa kgokanong ena. Le se ke la etsa jwalo. Dulang ka kgutso metsotso e mmalwa feela, ho fihlela o fela. Mamelang ka hloko. Ha o sa dumellane, ngola Mangolo ao ke a sebedisang, mme o ntano a bala thapelong pele o etsa qeto ya hao. Modimo, o re thuse re sa leka ho atamela temana ena. 52 Jwale, o ka ba molelele hanyenyane. Ha ke batle hore le potlake ka letho. Mme le nke nako ya lona feela, rona bohle, mme re hlahlobe Lentswe la Modimo, ka nnete le ka ho hlaka, kamoo re tsebang ho Le hlahloba kateng. 53 A re qaleng ka Mohalaledi Mattheu, kgaolong ya 19. Le ho qala, ke a kgolwa, ka temana ya 8 ya kgaolo ya 19, ke lakaditse ho qala. Hape nka nna ka qala ho ya 1, le ho bala tlase ho ya temaneng ya 8 ya kgaolo ya 19.

LENYALO LE HLALO

9

54 Jwale, hopolang, dintho tsena tseo ke di buang e ka kgona di tswe Lentsweng la Modimo. E ke ke ya ba kgopolo yaka ka sebele, hoba kgopolo yaka e tshwana le ya motho mang kapa mang feela. Empa e loketse ho ba tswelliso ya Lentswe la Modimo. Hopolang, Modimo o baballa ntho e nngwe le e nngwe tatelanong. Le ka mohla ha A fetohe. E sa le Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Le a e dumela? [Phutheho e re, “Amen.”—Mongodi.] O a tshwana. 55 Jwale na nka bala kgaolong ya 19. Eitse hobane, Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha Galalea, a ya naheng ya Judea mose wane wa Jordane; Matshwele a maholo a mo latela; mme a ba fodisa^ Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka,^ 56 Ke kgefutsa mono le tle le fihlelwe ke toboketso ya hore ke bomang ba neng ba Mo leka. ^yaba ba re ho yena, Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na? A ba araba a re, Na ha lea ka la bala, hobane ya ba entseng tshimolohong o ba entse e le e motona le e motshehadi, A re, Ka baka leo monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae: mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela? Ka hona ha ba sa hlola ba e–ba babedi, e mpa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho. Ba re ho yena, Moshe yena o laetse ke’ng ho nea mosadi lengolo la hlalo, le^mo hlala? Mme A re ho bona, Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona: empa tshimolohong ho no ho se jwalo. Jwale, Modimo, ako re thuse. 57 Lengolo lena, potso ena, e tjamelane le Jesu mathwasong a tshebetso ya Hae. Mme ya tjamelana le Moshe hona mathwasong a tshebetso ya hae. Ke potso e tswileng ka mahetla pelong tsa badumedi. Moetsadibe ha a tsotelle. Empa ke ho badumedi, hoba modumedi o leka ho etsa tseo a di tsebang e leng kamoo a kgonang ho phela hantle kateng pela Modimo. Ha ho le jwalo yona, ha potso e hlaha mabapi le bodumedi, ke moo taba ya Lenyalo Le Hlalo e ropohang, (hobaneng?) hoba ke sesosa sa sebe sa ho qala. Ke hona moo sebe se qadileng teng. Mme ke ka baka leo e hlahiswang nako le nako, hoba e le yona qalo ya sebe. 58 Jwale nke ke ka ba le nako ya ho hlalosa dintho tsena tsohle, empa nka thabela ho araba lengolo la hao kapa ntho efe

10

LENTSWE LE BUILWENG

feela eo nka e kgonang. Kapa, re na le dibuka tse ngotsweng ka yona, le dipotso tse ngata, mme esita le dikgetjhana tse tabotsweng maseding a ditaba le dintho mona, ho paka sena, rea tseba hore e ne e le Eva. Apole eo ho thweng o e jele, athe ha e dumelane le Mangolo, jwale ba re e ne e le poreime; e ne e se le e nngwe ya tsona. O entse bofebe, bo hlahisitseng ngwana wa pele, eo e neng e le Kaine, mora wa Satane ka sebele, hoba ho yena ho no ho dutse bobe. Ha bo a tla ka Abele. Mora wa Satane e ne e le Kaine. 59 Ke tseba potso ya lona jwale, “Eva a re, ‘Ke fumane monna ka thuso ya Morena.’” Ke hantle haholo. 60 Le ka nka mosadi ya mamphemphe ka ho feta motseng, monna e mobe ka ho feta; ha ba fumana lesea, e ka kgona le tswe ho Morena, hoba Modimo o beile melao hammoho. Mme melao ena, jwalo ka ho tjhaba ha letsatsi; ha o lema hlabahlabane tshimong e ntle, e tla mela. Mme e loketse ho mela, hoba e le molao wa Modimo. Ha peo e jalwa, e tshwanetse ho mela. Mme ha ho letho le ka hlahisang bophelo ntle le Modimo, hoba bo sebetsa tlasa melao ya Hae. Ka baka leo mohla peo e mpe e ne e jalwa popelong ya—ya Eva, e ne e loketse ho bea, hoba ke molao wa Modimo wa boikatiso. Mme e ne e ke ke ya etsa letho ha e se ho bo hlahisa, mme bo ne bo loketse ho tswa ho Modimo. 61 Ke ka hona batho ba reng, “Maseanyana,” ka dinako tse ding, “a sa tswalwang ke batswadi ba Bakreste, a lahlehile.” 62 Madi a Jesu Kreste a lefella ngwana, ha ke tsotelle hore o tswetswe ha kae le kamoo a tswaletsweng bobeng kateng. Ke Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe. Ngwana e monyenyane a ke ke a baka, hoba ho se letho leo a ka le bakelang, mme seo e ne e le sebe sa lefatshe se tlositsweng ke Madi Kreste. Masea a ya Lehodimong. 63 Ke sebe sa tshimoloho, mme ke ka baka leo e—e botswang. Ha taba efe feela e kgolo e tswang ho Modimo e botswa, ntho ya pele mohlomong: “Ka lenyalo le hlalo teng?” Jwale, jwalo le kamehla, esale potso hara batho. Jwaloka mehleng ya Jesu, jwaloka mehleng ya Moshe, esale ho le jwalo, mme esale yona ho fihlela la kajeno, ke potso hara batho, hoba batho ba batla ho tseba seo e leng Nnete.

Empa moo potso e leng teng, ho tshwanetse ho ba le karabo. Mme jwale ha e le karabo, jwalo ka ha ke boletse pele, bekeng ena, ho tshwanetse ho be le karabo e lokileng. Mme ha re fumana karabo nthong efe feela, mme e—e sa loka, e–ba rea tseba hore e ne e le phoso. Empa e teng, o no o tla botsa ho fihlela potso e lokileng e arabelwa, ha o batla ho tseba Nnete. Mme ereka ha ena e le potso ya Bibele ena, e ka kgona ho be le karabo ya Bibele. 64

LENYALO LE HLALO

11

Ho jwalo ka ha ke boletse, hola ke ne ke batla ho ya botjhabela hoseng hona; mme ntho e ntle eo ke tsebileng hona, ke ne ke loketse ho fumana ntho e itseng naheng, mme e ne e lebahane le botjhabela hantle, mme ke ne ke ya botjhabela. Motho e mong a re, “Moena Branham, botjhabela ke bona.” Ke botjhabela, ho ka ba jwalo, empa ke leboya– botjhabela. Ke ne ke tla feta yona ntho eo ke e batlang; ke ne ke tla kgutla, ke tseba hore e ne e le phoso. Mme haeba motho a itse, “Moena Branham, eya nqeng ena, letsohong la hao le letona.” Jwale, e ka nna yaba botjhabela, hape, empa ke borwa–botjhabela. Ke ne ke tla fosa ntho eo ke neng ke e batla, hoba ke tlotse meedi ya tsela e phethahetseng le e otlolohileng. 66 Jwale, haeba ho le jwalo, re na le mehopolo e mmedi ya Lenyalo Le Hlalo. Mme moo ke hore, o mong wa yona o bolela, ho re, “Monna a ka nyala hang feela, ha mosadi wa hae a shwele.” Mme ke e nngwe ya dipotso, empa, ha o latela taba eo, o kodumela kwana. Mme hape o mong o re, “Oho, ha monna kapa mosadi, e mong wa bona, a entse bofebe, e mong ho bona a ka hlalwa mme a nyala hape.” O tla iphumana o kodumela ka kwana ka yona. 67 Ka baka leo, le a bona, ha se borwa–botjhabela kapa leboya–botjhabela; re batla botjhabela hantle. O tla fellwa ke Mangolo ha o ya nnqeng ena, o tla fellwa ke Mangolo ha o ya nngeng yane. Re batla ho tseba moo Lengolo le kopanang le Lengolo, le ho tseba seo e leng Nnete ya sona. E mong le e mong o nka tsela e fapaneng, mme ba sitwa ho hlahisa karabo e loketseng, empa karabo e sa tshwanetse ho ba teng. 68 Eka feela, kajeno, ho na le dikolo tse pedi tsa thuto kerekeng; se seng sa tsona ke Calvinism, se seng sa tsona ke Armin–^Arminianism. Se seng sa tsona ke sa ba yang ka molao, se seng ke mohau. Mme re fumana hore batho ba dumelang mohaung, maCalvinists, ba re, “Ho bokwe Modimo, ho tsuba ha ho ntlhabehise. Ho nwa ha ho ntlhabehise. Nka etsa dintho tsena tsohle, ke na le polokeho ka Bohloleho.” Re ntano fumana lehlakore le leng, ho ba yang ka molao, ho thwe, “Oho, ke batla ho mo kgarumela, ke batla ho mo tsholela maqa, empa, ke Mokreste, ke loketse ho thola.” Le a bona, o iphumana o tsamaea tseleng tse pedi tse fapaneng, mme ha ho le e nngwe ya tsona e lokileng. Jwale, ho thata ho rialo, empa ke nnete. 69 Re iphumana re le ditseleng tse pedi tse fapaneng; e nngwe e ya nqeng e nngwe, e nngwe ho e nngwe. Jwale a re boneng hore na Nnete ke eng. 70 Jwale mamelang, mme le bone ha e–ba taba ena e bonahala e etsa kelello ho lona. Ho tea mohlala, ha e–ba ke itokisetsa ho ya mose ho mawatle. Mme ebe ke bokanyetsa lelapa la ka. 65

12

LENTSWE LE BUILWENG

Ke tla bitsetsa mosadi wa ka ho nna, mme ke re, “Re tlil’o tsa–^Ke ya mose ho mawatle, moratuwa.” Jwale lehlakore la ba yang ka molao ke lena, “Jwale, mosadi wa me, ke tla o beela molao! Ha o ka bonya le monna ha ke ntse ke le siyo, mohla ke kgutlang o se o le mosadi ya hladilweng. Mme ha ke batle ha o nts’o qhwayana, ha ke batle ha o nts’o bonya! O a utlwisisa? Ke monna wa hao! Ha o ka etsa sena, ke tla o hlala mohla ke kgutlang.” 71 Ebe o a nqotsa mme a ntshware ka tae, le ho re, “Mohatsa ka ya kgabane, ke batla ho o bolella taba, o a bona, o a bona, hore ha o ka qhwayana le mosadi e mong, kapa wa intsha le mosadi e mong, kapa ho bonya le mosadi e mong, o tla ba monna ya hladilweng mohla o kgutlang.” Jwale, na e ke ke ya ba lelapa le thabileng leo? Ke ba yang ka molao bao. Ke hantle. 72 Jwale, lehlakore le leng, ke hore ha ke ya mose ho mawatle mme ke etsa phoso^Ho ya le ho re, “Jwale, bona, ke tla tswa le mosadi enwa. Oho, ho itoketse ho mosadi wa ka, ha a tsotelle.” Mosadi wa ka o re, “Ke tla tswa le monna enwa. Ho itoketse ho Bill, ha a tsotelle.” Ha ke sa tsotelle, e tla ba ho na le ntho e phoso ka nna; ha ke rate mosadi eo hantle. Mme ha a sa tsotelle, e tla ba ho na le ntho e phoso ka yena. Ke mosadi wa ka; ha ke batle ha monna e mong a ntse a tshwenyana le yena. Ke mosadi wa ka. 73 Jwale, tsela e lokileng ya yona, ke ena, ho na le nnete bobeding ba tsona, empa e se Nnete–ya–makoma. 74 Jwale ha ke ya mose ho mawatle, ho e lokisa, lelapa laka le lenyenyane le a bokana, mme re a rapellana. Mme ke ba bea ho Modimo, mme le bona ba mpea ho Modimo. Mme ha re etsa jwalo, re ya mose, ke ya mose. Jwale, kea tseba o a nthata; ke na le tshepo ho yena. Mme kea mo rata; o na le tshepo ho nna. Ha feela ke mo rata ka mokgwa oo, ha a lokela ho ba le tsietsi ya letho ya hore nka ntshana le mosadi e mong. Ha feela a nthata hantle, kgele, ha ho hlokahale ke nahane ka monna ofe feela ya intshang le yena, hobane ke mosadi wa ka mme kea mo dumela. 75 Kea dumela, hore ha nka etsa ntho e phoso ruri, ho sitwa mme ka ba ka tswa le mosadi ya itseng, mme ke kgutle mme ke ipolela ho yena, mme ke re ho yena, “Meda, ke ne ke sa ikemisetsa ho etsa jwalo. Ke mpile ka tshwaswa lerabeng; mosadi enwa o ile a mathela ho nna feela mme—mme a ntshwara ka sephaka, mme a qala hore–le–hore,” ke dumela o ne a tla utlwisisa. Ke dumela o ne a tla ntshwarela hona. Empa ke ne ke sa tlo e etsa, ho se letho, hoba kea mo rata. Leha a ne a ka ntshwarela, ke ne ke sa tlo e etsa. Ke ne ke sa tlo mo kgopisa, ho se lebaka. Leha ke tseba o ne a tla ntshwarela hona, ha ke batle ho mo kgopisa.

LENYALO LE HLALO

13

76 Mme ho jwalo le ka Modimo. Efela ha e le^ha lerato la phileo, e leng lerato la botho, lerato la setswalle, le ka etsa monna a ikutlwe jwalo ka mosadi wa hae; ho ka thweng ka lerato la agapo, lentswe la seGerike le bolelang “lerato la Modimo,” ho no ho ka etsa ke ikutlwe jwang ka Jesu Kreste? Nna, ha feela ke ntse ke batla ho ya e etsa, e ka pelong yaka ho e etsa! Leha^ke re, ha feela e dutse pelong yaka ho e etsa, ke ilo e etsa. Lehlakore la molao le ke se ntumelle ho ya e etsa, ke kahobane ke tseba hore ke ne ke tla ahlolelwa ho e etsa. Empa Nnete ya sebele ya yona ke ena, ke hore ha lerato la Modimo le kena pelong ya hao ho fihlela o batla ho E etsa. Ke Nnete ya yona. Ho na le dikolo tse pedi. Ha se ba yang ka molao kapa ba bang, kapa boCalvinism, ke bobedi boo. 77 Jwale kajeno re fumana, hape, ho na le diphutheho tse ngata tse fapaneng tsa bodumedi. Ho na le kereke ya Katolike, kereke ya Protestanta. E nngwe le e nngwe ya tsona e re ke Tsela, le a bona, “Re na le Tsela, re Nnete.” Methodist e teng, e re, “Re tshwere Nnete.” Baptise e re, “Re tshwere Nnete.” 78 Be e, ho nna, ha feela ba ikutlwa ka tsela eo, ha ho jwalo, hoba Jesu o itse, “Ke Nna Nnete.” Le a bona? 79 Ka baka leo, jwalo ka thero ya ka ya maobane bosiu, hore ke Yena nqalo eo Modimo a beileng Lebitso la Hae ho yona, yona feela nqalo ya ho rapela. Ha o Mokreste hoba o le Moprotestanta. Ha o Mokreste hoba o le Mokatolike. Ha o Mokreste hoba o le Methodist, Baptist, kapa Pentekosta. O Mokreste hoba o kolobeditswe ho Jesu Kreste, ka Moya o Halalelang, e seng ka metsi. “Ho na le Tumelo e le nngwe; Morena o mong; kolobetso e nngwe,” eo ke kolobetso ya Moya o Halalelang. Kolobetso ya metsi e o kenya kopanong. Kolobetso ya Moya o Halalelang e o kenya ka ho Kreste. Nnete ke eo. 80 Hape re fumana dikolo tse pedi tsa Lenyalo Le Hlalo ena. Jwale, ha e le moo, Morena wa rona a re buletse sephiri sa Tiiso–e–ha–Supa sa Lentswe la Wona, matsatsing lena la ho qetela. Jwale, bongata ba lona, hona e ka ba Segerike ho lona, empa kereke ya ka e a utlwisisa. Ka eng? Mme le utlwetse ka dipono le dintho tse hlahileng. Mme potso ke potso ya Bibele, re memelwa mona ho dumela hore ho tshwanetse ho ba le karabo ya nnete sephiring sohle se patilweng esale ho thewa lefatshe. Mme Bibele e a porofeta mme ere tsatsing lena diphiri tsena di ne di tla tsebahatswa. Ditshenolo 10, “Mme ho letseng ha lengeloi la bosupa, moromuwa wa Laodisea, diphiri tsa Modimo di ne di tla tsebahatswa.” Mme ona ke mongwaha wa ho qetela, e leng Laodisea. 81 Shebang hore tsoseletso ena yohle e se e tsweletse dilemo tse leshome le metso e mehlano kapa ho feta, mme ha ho le phutheho e le nngwe ya mokgatlo e tswileng teng. Luther o bile le tsoseletso, ha tswa phutheho ya bodumedi; Wesley, ha

14

LENTSWE LE BUILWENG

tswa phutheho ya bodumedi; Alexander Campbell, ha ba le phutheho ya bodumedi; ba bang bana bohle ba baholo^John Smith le bao jwalo, phutheho tsa bodumedi, Moody, ho ya jwalo. Empa mona ho bile le e nngwe^Ka tlwaelo tsoseletso e tswella dilemo tse ka bang tharo. Empa ena esale e tsweletse dilemo tse fetang leshome le metso e mehlano, mme ha ho phutheho ya bodumedi e ropohileng ho yona, hoba ena ke nako ya Peo. Ha ho sa na lekgapetla; kamora hoba lekgapetla le le leng le nyamele, ke Peo. 82 Modimo o itokisitse, haeba A sa e etse jwale, O tla bitsetsa Kereke phethehong ka Lentswe la Wona, Jesu Kreste. Lemohang, ho tshwanetse ho be le karabo kae–kae, mme erekaha e ne e le Hono, sephiri sa Modimo se tiisitsweng–ha– supa, Ditiiso tse Supileng. 83 Ke ba bakae ba utlwisisang hoo, phahamisa letsoho la hao. A re boneng. Ke nahana bongata ba bona ke phutheho ya rona e tswang ka mathoko, ba mamelang. Ha ho se jwalo, dibuka di tla tswa kapele ruri, mabapi le temana eo. Re na le dibuka, dibuka tse itseng ka Yona jwale. 84 Jesu, therong ya rona, o re mema ho kgutlela morao tshimolohong, bakeng sa karabo ya nnete e Lengolong. 85 Jwale, mohla A na a tobana le sena, dintho tse pedi di ne di bonahala. Baprista ba ile ba re ho Yena, “Na monna a ka hlala mosadi wa hae, a nyala e mong, ka eng le eng?” Mme Jesu a re, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” Yaba ba re, “Moshe o re dumeletse ka lengolo la hlalo, le ho mo lahla ka baka la ntho e nngwe le e nngwe eo ba ratileng ho e etsa.” 86 A re, “Hore, Moshe o entse hoo ka hobane,” ke tlohella hono ho lokotseha nakwana, “ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa ho tloha, kapa tshimolohong ho no ho se jwalo.” Potso! 87 Potso kajeno, e kang ya kgotso ya lefatshe, “Na e tla tla ka dipolotiki, kopano ya ditjhaba, tse kopaneng?” Ke re ho lona, le kgale. E hlolehile kamehla, mme e tla hloleha hape. Empa ho sa saletse karabo ya nnete potsong, “Na ho tla ba le kgotso lefatsheng?” E, mohla sebe se fedisitsweng hodima lefatshe, kgotso e tla ba teng. Empa ho fihlela nakong eo, kgotso e ke ke ya ba teng; “setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, le mmuso o eme kgahlano le mmuso.” Modimo o fane ka setlhare sa sebe. Mamelang ka hloko jwale. Modimo o fane ka setlhare sa ho fedisa sebe hodima lefatshe, empa motho wa lefatshe ha a batle ho amohela setlhare sa Modimo. 88 Modimo o re file setlhare le mokgwa wa ho nyala mafumahadi a rona le ho phela le bona, empa motho ha a amohele setlhare sa Modimo, ha a batle ho amohela Lentswe

LENYALO LE HLALO

15

la Hae ho yona. Jesu o boletse taba ena. Mme hona ho re hopotsa kaha—kaha Mantswe a Hae, ka tsebo ya hore O itse, “Mahodimo le lefatshe di tla feta, di tla fela, empa la Ka le ke ke.” 89 Potso, karabo ya nnete eo Jesu a batlang re kgutlele ho yona, ke ho kgutlela morao tshimolohong. Ka hona, moo e tla ba ho Genese, hoba lentswe Genesis ke kgaolo ya peo karabong e nngwe le e nngwe Bibeleng. Mme kamehla le tshwanetse ho kgutlela morao peong ho bona mofuta wa peo e ka hara tshimo, ho fumana seo dijalo tsa lona di tla ba sona. Jwale, ke mofuta o jwang wa peo e jetsweng? Genese, ka ha e le kgaolo ya peo, re ne re tla kgutlela ho Genese. Jesu o re hlahisetsa Lengolo leo, “tshimolohong.” Jwale, hopolang, ke mohla nako e neng e qalella ho qala. Pele ho moo, e ne e le BosaFeleng. Jwale, potso ya rona mono e ne e le, lemohang, ha re ka kgutlela morao tshimolohong. 90 Jwale le se hlolehe tabeng ena! Mme ke lona lebaka leo ke batlang ho bua butle, e le hore batho ba kwana mehaleng, le hore lebanta le tle le e bue ka ho hlaka. 91 Ha eba Jesu a itse, “Kgutlelang morao tshimolohong,” ho ne ho e–na para e le nngwe feela ya ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng. Ho e–na le Adama a le mong, Eva a le mong, ba ne ba kopantswe ke Modimo a inotshi. Pere e le nngwe e tshehadi, e le nngwe e tona; papagayi e le nngwe e tshehadi, e le nngwe e tona. “Tshimolohong,” jwaloka ha A re laetse ho kgutlela morao, ho ne ho e–na le para e le nngwe feela ya ntho ka nngwe. Na ke nnete? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Jwale he, re fumana jwale hore ntho e nngwe le e nngwe “tshimolohong” e ne e matha ka taolo e phethahetseng le kutlwano ho Modimo, ho se letho le sekameng. 92 Ntho e nngwe le e nngwe lehodimong e sa dutse taolong; dinaledi tsohle, makgotla a lehodimo, letsatsi le mahlahana a lona, ntho e nngwe le e nngwe e taolong e phethahetseng. Ha e le nngwe ho tsona e tsamaya, e tla sitisa lenaneo lohle. 93 Jwale mamelang. Na le a bona? Tshitiso e le nngwe e senya lenaneo lohle! Jwale, mohla batho ba ne ba tsamaya ka tatelano le Modimo, ka monna a le mong le mosadi a le mong, mosadi enwa o ile a etsa sebe mme hoo ha faposa lenaneo lohle tatelanong le Modimo. Ka baka leo, lentswe le le leng le eketswang Bukeng ena, kapa Lentswe le le leng le fokotswang ho Yona; le ntsha Mokreste tatelanong le Modimo, le ntsha kereke tatelanong le Modimo, le ntsha lelapa tatelanong le Modimo. Modumedi e mong le e mong a ka lahlelwa ka ntle, ka ho se amohele Lentswe ka leng lohle la Modimo. 94 Jwale he, e ne e le mosadi ya hlahisitseng karohano ya lelapa le babatsehang. E ne e se Kerubime e ferakantseng

16

LENTSWE LE BUILWENG

lefatshe. E ne e se Adama ya hlanamisitseng lelapa. E ne e se ntho e nngwe e sele e hlanamisitseng lelapa, le ho ntsha ntho yohle tatelanong, empa mosadi, Eva. Mme ke yona ena “tshimolohong,” eo Jesu a buileng ka yona, e ileng ya robjwa. Jesu o itse, “Tshimolohong, Modimo o entse e le nngwe e tona, e tshehadi e le nngwe, ya mofuta o mong le o mong.” Mme jwale eitseha mosadi enwa^e seng pere e tshehadi, e seng ntja e tshehadi; empa mosadi, o robile tatellano yohle ya tshebetso ya Modimo lefatsheng, mme a dihela ntho yohle lefung. Mosadi, e seng monna, o robile selekane. O robile selekane, hobane (hobaneng?) a hata ka nqane ho meedi ya Lentswe la Modimo. Jwale, ha eba a robile selekane sa hae le monna wa hae, o robile selekane sa hae le Modimo; jwale he, ka hobane a robile selekane sa hae le Modimo, o se robile le monna wa hae. 95 Mme ha o roba tshepiso ya hao le selekane sa hao Lentsweng la Modimo, ke yona ntho e hlahisitseng maloko a mangata hakana a bonyatsi a kereke, hoba sehlopha sa banna se ile sa phutheha mme sa re, “Hantle, Le ne le sa bolele hono,” mme taba eo e ntsha mokgatlo tatelanong le Lentswe. “Ha re dumele Hono. Ngaka Jones o boletse hore Le ne le se jwalo.” Empa ha feela Modimo a itse Le jwalo, O itse, “lentswe la motho e be leshano, mme la Ka ebe Nnete!” Ke moo e roba tatellano mono. 96 Jwale re a bona, haele mo tatellano e kgaotswe, jwale moedi wa Bophelo o kgaotswe, hape moedi wa nako o kgaotswe, selekane se ile sa robjwa, ntho e nngwe le e nngwe e pshatlilwe! E bakilwe ke eng? Mosadi. Ke yona ntho e robileng selekane. Jwale, ha le batla ho bala hono, le ka e bala, Genese 3. 97 Jwale, ke hona mohla monna a neng a bewa ho busa mosadi, ke Lentswe la Modimo. A sa hlole a lekana le yena. O ne a ena le maemo a leka–lekanang le tlhaho, le a tseba; empa, eitseha a roba Lentswe la Modimo, Modimo wa beha monna ho mo busa. Genese 3:16, ha le batla ho le ngola fatshe. O ne a sa hlole a lekana le monna. E ne e le motlodi wa Lentswe la Modimo. 98 Ana ha le bone na, “yena,” yena, kereke tlase mona? Motlodi wa Lentswe la Modimo, taba eo ya mo ntsha tatelanong ka botlalo. Mme ke seo kereke e se entseng, mme ya dihela lefu la semoya hodima ntho yohle. Jwale le tla utlwisisa ho reng ke harinya dintho tsena ka moo ke etsang. Ke Nnete! Ena ke dinnete tsa Bibele. 99 Lemohang, hobaneng a entse ntho e kang ena; ho tlile jwang hore mosadi eo ya ratehang, e motle, ya phethahetseng? 100 Ke bone setshwantsho ka mohla o mong, ke a kgolwa e ne e le Greece, sa setaki se neng se takile setshwantsho sa Eva. E ne e le ntho e tshabehang ka ho fetisisa eo le kileng la

LENYALO LE HLALO

17

e bona. Hoo ho bontsha seo kelello ya nama e ka se shebang. Empa, o ne a se jwalo; o ne a le motle, hoba e ne e le mosadi ya phethahetseng, mosadi ka hohle. 101 Lemohang, hobaneng a entse ntho e kang eo, a le taolong e hodimo eo? O ne a eme hantle le monna, a leka–lekana le yena. Empa jwale re tseba bohle hore o lahlehetswe ke teka– tekano ya hae le monna, ha a ne a etsa sebe, mme Modimo wa re, “Monna e tla ba mmusi wa hao ho tloha mona ho tswella.” Jwale, leo ke Lengolo. Ha le batla, re ne re ka le bala. 102 Ke le fa Mangolo, e le ho boloka nako bakeng sa kgokahano e kgolo ena ho phatlalla le naha, le tle le ipalle lona. 103 Lemohang lebaka leo a entseng seo ka lona. Ho tlile jwang hore Satane a fihle ho yena? 104 Na le ne le tseba hore Satane o ne a leka–lekana le Modimo ka tsatsi le leng? Ehlile o ne a le jwalo, ntho yohle feela e se mmopi; e ne e le ntho e nngwe le e nngwe, a eme letsohong le letona la Modimo, Mahodimong, Kerubime e kgolo e eteletseng pele. 105 Lemohang lebaka leo a entseng taba ena ka lona, o ne a le siyo popong ya mantlha. Ha a yo popong ya Modimo ya mantlha; ke kgwabi. Ha ho le jwalo, “tshimolohong,” kamoo Jesu a lebisitseng ho yona, e ne e se sebopuwa sa mantlha se bopilweng ke Modimo. Ke kgwabi ya monna, mohla Jesu a ne a lebisa “tshimolohong.” 106 Hopolang, Adama e ne e le botona le botshehadi mmoho, popong ya mantlha, a le mong, empa yaba o arolwa ka kgopo. 107 Lemohang, empa kgwabi, mme, lemohang, yena feela popong yohle ya Modimo, phoofolong e nngwe le e nngwe le nthong e nngwe le e nngwe e sele, ya eba yena feela ya radilweng ka mokgwa wona. Dithole tse ding tsohle di ne di le teng popong ya mantlha. Dithole tse ding tsohle di ne di le teng popong ya mantlha, empa Eva o ne a le siyo popong ya mantlha. Le a bona, hoo ho no ho loketse ho etswa jwalo. Re tla kena ho yona ka mora nakwana. Lemohang, popong ena eo a neng a le ho yona, e seng ya mantlha, empa kgwabi. Mme popong ena, ho na le^ 108 Jwale ha ke batle ho thonkga maikutlo a lona, empa ke batla ho le bolella Nnete. Mme le dule le thotse feela; le sa ntse le sebetsa hantle. 109 Ha ho letho le reretsweng ho thetsa hakana, jwaloka mosadi ya thetsang. Ha ho letho le ka bang teng; ha ho letho le entsweng hore le be jwalo. 110 Hape, ha ho letho le ka thetswang habonolo jwaloka mosadi. Jwale, tlolo e a thasisetsa hore polelo ena e nepile, tlolo tshimolohong.

18

LENTSWE LE BUILWENG

111 O ne a le siyo mmopong wa tshimoloho wa mantlha. O ne a le ka ho Adama, empa e seng botshehadi, ka sebele sa hae, tshimolohong. O ne a etswe e le kgwabi. 112 Jwale, ha ho letho le radilweng ho thetsa, mme la ba la thetswa, habonolo jwaloka mosadi. Ha ho letho le radilweng kapa le ka nyehlang la ya tlase jwaloka ha mosadi a ka etsa. Nahanang jwale. Ha ho letho le radilweng, popong yohle, le ka nyehlang la ya tlase jwaloka mosadi. A ka tabola pelo ya monna dikoto–koto habonolo ho feta ntho efe kapa efe e leng teng lefatsheng, ke mosadi wa hae. Ere feela mosadi eo ya kgabane a hlwahlwaele le monna e mong ya itseng; shebang thaka leno le dutseng mono le bana ba lona, dikeledi di rotha mahlong a hae. O entswe jwalo. O reretswe ho etsa sena. Ha ho kolobe, ha ho ntja, kapa ha ho phoofolo esele, e radilweng jwaloka yena kapa e ka nyehlang jwaloka ha a ka nyehla. Jwale, hoo ke nnete. Ka kelohloko ho dikgaitsedi tsa ka, ke batla hore le hlokomele. 113 Ha ho phoofolo e ka bang le mekgwa e mebe. Le ye le bitse ntja “letarapola,” ntja e tshehadi, e tona le e bitsa^kolobehadi “seraburabu,” empa maitshwaro a yona a feta a kgalala tsa Hollywood makgetlo a milione a dimaele. O reretswe ho nyehlela fatshe hakaalo. A ke ke^Nahanang sena jwale. Ha ho letho lefatsheng, le entsweng mmopong wa Modimo, le ka bang le mekgwa e mebe, hakaalo. 114 Le re, “Bea butle, ‘monna’!” Re tla fihla tabeng eo. Mosadi eka kgona a re “e.” 115 Lemohang, ha ho letho le radilweng ho nyehlela fatshe hakana, kapa ho silafala, haese mosadi. Ntja e ke ke ya etsa hoo, kolobe e ke ke ya etsa hoo, nonyana e ke ke ya e etsa. Ha ho phoofolo e mekgwa e nyehlileng, le jwalo e ke ke ya etsa jwalo, hoba ha e a ralwa hore ebe jwalo. Kolobe e tshehadi e ke ke ya nyehla mekgweng, ntja e tshehadi e ke ke ya nyehla mekgweng, nonyana e tshehadi e ke ke ya nyehla mekgweng. Mosadi ke yona feela ntho e ka etsang jwalo. 116 Jwale le bona moo Satane a ileng a ya teng? Le a bona? Empa leha ho le jwalo o ruile, ke yena ya nang le matla a ho re “e” kapa “tjhe.” Le a bona, e itshetlehile hore o batla ho ipea kae. Le a bona? Jwale mona re ka bona peo ya noha ka ho hlaka, moo e kenang teng. Sebaka se seng feela seo a neng a ka ya ho sona. Ha hoo ho sa e otlelle, motho e mong o foufetse. Le a bona? Le a bona, e ne e loketse ho ya mono. 117 Lemohang, lebaka leo diphoofolo di neng di ke ke tsa e etsa, phoofolo e tshehadi, di ne di le teng popong ya mantlha. Empa mosadi o ne a le siyo popong eo ya mantlha. Jwale re kgutlela morao ho fatakanya taba ena, re ntano le tlisa re le theolela tsatsing la kajeno, Testamenteng.

LENYALO LE HLALO

19

118 O rerilwe jwalo, a le mong, ho etsa ditshila le ho phela bophelo bo sa hlwekang. Ntja e ke ke ya kgona, mme ha ho sethole se seng se ka e kgonang. Ke mosadi feela ya ka kgonang. Ntja kapa diphoofolo tse ding, hang ka selemo, mme mono ke bakeng sa masea a yona; eseng ho inyakalatsa ka thobalano, empa molemong wa bana ba yona. Motswetse wa kgale wa kolobe, motswetse wa kgale wa ntja, hang ka selemo, nakwana e le nngwe, mono ke sebakeng sa masea a yona. Empa mosadi o etseditswe nako efe feela eo a lakatsang ka yona. Ke na le dintho tse phumutsweng mona jwale; le ka nahana tse setseng. Ntja e ke ke ya kgona; mosadi a ka kgona. Ke tshepa hore Moya o Halalelang o tla le senolela dintho tsena tsohle tseo ke di hlakotseng mona. 119 Ke lona feela lesika, lesika hara dithole tsohle, le letle ho feta e tona. Ha ho lesika le leng nthong efe feela. Dihlodilweng tse ding tsohle tsa Modimo tse tona ke tsona tse ntle, jwaloka diphoofolong, dinonyaneng, le jwalo–jwalo, kamehla e tona e ntle. 120 Shebang poho e kgolohadi ya kgama, ka dinaka tse kgolo tse ntle, lesika le leholo; le kgamahadi e nyenyane, e ithobileng. Shebang mokokohadi ka masiba wohle a wona a matle; le sethojana, se se soothwana. Shebang dinonyana, mokoko le sethole. Hobaneng, hobaneng ho bile jwalo, hara dihlodilweng tsohle tsa Modimo? Sebopuwa se seng le se seng, tse tona di ntle ho feta. Hara manku, hara e–e dikolobe, hara dipere, hara ntho e nngwe le e nngwe e sele, kamehla e ntle ke e kgolo e tona, le dinonyaneng. 121 Empa morabeng wa batho, ke mosadi e motle, e seng monna; ha a le jwalo, phoso e teng, ho na le peo e fapantsweng kae–kae. Qalong ho jwalo. Hobaneng, hobaneng e entswe? Ho thetsa ka yena. Moetsi wa hae, Satane, o sa ntse a sebetsana le yena, hape, matsatsing ana a qetelo. 122 E reng ke eme mona motsotso feela. “Botle!” Na le tsebile, hobane tshenyehong ya pele, lefatshe ka bophara, ya lefatshe, kapa lefatshe ho pota, e ne e bakwe ke basadi ba batle? “Hoba bara ba Modimo ba bone baradi ba motho hoba ba batle, ba inkela basadi.” Na ho jwalo? 123 Na le lemohile keketseho ya botle ba basadi tsatsing lee? Ke bone setshwantsho sa Pearl O’Brien, eo ho nong ho thwe ke mosadi e motle ka ho fetisisa setjhabeng, ka nako e nngwe. Ha ho mosetsana wa sekolo ya leng dilemong tsa borwetsana ya ke keng a mo rothofatsa, ha ho tluwa botleng. 124 Keketseho ya botle ba basadi e supa nako ya thetso. Ke neneng kereke e kileng ya shebeha e le ntle ho feta kamoo e leng kateng kajeno? Ntho e nngwe le e nngwe e itlhahisa ka boholo, mehaho e meholo e kgabane, le dimilione tsa sena le dimilione tsa sane. Na ha le bone, “yena,” thetso!

20

LENTSWE LE BUILWENG

125 Jwale, ha ho letho le ka nyehlang jwaloka yena, mme o radilwe hore a thetse. Mme ruri Satane o a mo sebetsa kajeno, matsatsing ana a ho qetela, hoba ke yena morali wa hae. Nka kgodisa taba eo jwale. Le kgutlele morao tshimolohong, ke mang ya qadileng ho sebetsana le yena, Adama kapa Satane, Modimo kapa Satane? Le a bona, ke yena morali wa hae. Ke sehlomo sa hae se ka sehlohong ho dihela monna ditshileng tsa hae, ka ho ba mosadi e motle, a ka sokollela monna tseleng efe feela eo a e batlang. Moena, ha se tamene ya jwala tlase mona e qhautsang monna; ke mosadi e motle ya theohang a tsamaya seterateng, a meneka, a apere boseberwana. Ke yona ntho e nkang^Ke eo mothetsi hona moo. Mme o kotsi ka yona, o kotsi ruri. Le ka mpotsa malebana le hore Satane ke moetsi wa hae, empa hoo ke Nnete. Satane ke yena ya mo radileng. O sa ntse a e etsa kajeno. 126 A nke ke le bontshe ntho e nngwe Lengolong. Ke loketse ho le kgutlisetsa Lengolong, mme le rale moralo wa lona ha le e sheba kajeno. 127 Satane ke yena ya itlhahisang ka mofuta oo wa botle. Ha re ka lemoha, o ne a le motle ho feta Mangeloi wohle Lehodimong. Na ho jwalo? Mme o ne a lakaditse ho fetola Lehodimo tulo e ntle ho feta mmuso wa Mikaele. Na ho jwalo? Hape, ho bontsha hore Kaine e ne e le mora wa hae, a nyehela borapedi bo botle ho feta, a kgabisa dialetare ka ditholwana le dipalesa, le jwalo– jwalo. Na ho jwalo? Botle! Sebe se setle, hoo re ho bitsang botle kajeno. Mme sebe se thetsa, ka botle. Le ke ke la sheba mosadi ya theohang ka seterata mme la bolela se ka pelong ya hae. Le a bona? Empa ke ne ke ratile ho bolela dintho tsena le tle le bone hobaneng Satane e le moetsi wa hae. Ke hantle haholo, mora wa hae ka sebele o e pakile, Kaine. Jwale, o motle hore a tle a thetse. 128 Lefatshe le letle hore le tle le thetse. Ke bolela kosmos, tsamaiso ya lefatshe. E ntle hore e tle e thetse, ditsha tse kgolo tse ntle le mabothobotho. 129 Hopolang moporofeta, Amose, mohla a nyolohang a tla ka kwano mme a bona motse, mme a o bona o tshwana le Hollywood ya sejwale, mahlwana a hae a sesefala, tlasa moriri oo o moputswa o lepeletseng sefahlehong sa hae. A tswela tlase mono ka Molaetsa, mme a O qhomisa hodima sebaka seo. A re, “Wona Modimo oo le ipoledisang ho o sebeletsa, o tla le timetsa!” Ke hantle. 130 Sebe se setle. Ba bapisa Judase le lehlena la kgale kantle mono seterateng kae–kae, le molomo wa hae o ahlame o tletse dintsintsi, le jwalo–jwalo, eka Judase. Judase e ne e le tjaka, a le matla, mothetsi. Hase mothaka eo o tlamehang ho mo hlokomela pela moradi wa hao, ha se lethaka leo (sehwai

LENYALO LE HLALO

21

sa kgale) le kenang le apere para ya diofarolo, leo o lokelang ho le ela hloko pela mosadi wa hao; ke thellanyane eo, ke molotsana. 131 Sebe se setle mahlong a lefatshe, empa Modimo ha a hlahe ka mofuta oo wa botle. Na le ne le tseba hoo? Modimo o hlaha ka semelo, semelo se setle. 132 Bibeleng, Esaia 53, ha le batla ho ngola Lengolo fatshe. E na le letoto la Lengolo le ngotsweng lehlakoreng mona mabapi le yona. Esaia 53, Bibele e boletse hore Morena wa rona Jesu, ho re, “Ho ne ho se sebopeho seo re kgahliswang ke Yena. Mme re ile ra ipatela Yena eka hoja e le difahleho tsa rona.” Na ho jwalo? Ha A re kgahle, hoba A ne a se motle. Mohlomong e le lethakanyana, le mahetla a kobameng, eka o mokgubetswana, mme A sa kgahlise ho ba moetapele. E sa ke moetapele. A bua puo ya seterateng e tlwaelehileng, le jwalo–jwalo, jwaloka ha batho ba etsa, batho ba tlase, ka baka leo E sa ke moithuti e moholo, ya rutehileng, ya kgabane, a apere ka botlalo, le ntho e nngwe le e nngwe. E le monna ya tlwaelehileng feela. “Ho no ho se botle ho Yena, boo re ka kgahliswang ke Yena.” O ne a kena a bile a tswa ho motho, hantle feela, ba sa tsebe le hore E ne e le Mang. E sa ke modimo ha a tsamaya, seo re ka se nahanang e ne e le modimo. Empa, leha ho le jwalo, E ne e le wona! 133 Na le lemohile ha Morena Modimo a ne a re ho—ho Samuele, “Nyolohela tlung ya Jese mme o tlotsetse e mong wa bara ba hae, morena, ho tlatsa sebaka sa Saule”? 134 Jwale, batho ba ile ba kgetha Saule, hodima Samuele a ne a ba boleletse ruri ho se etse seo. O ile a re, “Modimo ha o batle hore le ka ba le morena; Ke Morena wa lona.” Mme a re, “Na nkile ka le bolella taba, ka Lebitso la Morena, e sa kang ya hlaha? Na nkile ka le kopa tjhelete kapa ntho e nngwe, e itseng, ke tle ke phele?” 135 Ba re, “Tjhe, ha o e–so ka o re kopa tjhelete. Mme sohle seo o se buileng ka Lebitso la Morena, se hlahile. Empa re batla morena, leha ho le jwalo,” ha ho le jwalo ba kgetha Saule. Shebang seo lefatshe le se kgethileng! Shebang seo Iseraele e se kgethileng! Israele, motlotsuwa wa Modimo, ba kgetha monna ya hlahileng ka mahetla hodima monna ofe kapa ofe setjhabeng; e moholo, wa motonana, tjaka, thaka le bohehang, mme kamehla ya e–ba lehlokwana ka leihlong. 136 Empa Modimo wa re, “Ke tla le kgethela morena wa kgetho ya Ka.” Ka hona A re, “Samuele, nke ke ka o bolella hore ke mang, empa nyoloha o ye teng. Ke e mong wa bara ba Jese.” 137 Mme Jese, mosadi wa hae, le bao bohle ba qamaka, ba re, “E, mora wa rona wa letsibolo, o moholo, o molelele, tjaka ya monna, o tla tshwanelwa ke moqhaka wa borena hantle. O hlalefile. O rutehile. Ke monna ya kgabane. Ke tseba feela hore o tla loka. O bea mantswe a hae ka tshwanelo.”

22

LENTSWE LE BUILWENG

138 Eitse ha ba mo ntsha, Samuele a nka lefiso la oli mme a tswela ho yena. A re, “Tjhe, Morena o mo hanne.” Ka hona a theoha jwalo, ho fihla ho bara ba tsheletseng, mme Morena a hana e mong le e mong wa bona. A re, “Ha ho sa na e mong?” 139 “Oho,” a re, “e, e mong o teng, o alositse manku motsheo kwana. O dutse mono o letsa dipina feela, a ba a e bine, mme o a hweletsa, mme o itshwere jwalo. Empa, o batla a le lekokoto, motho e mokgubetswana, a ke ke a tshwanelwa ke borena.” 140 A re, “Eyang le mo late.” Mme yare ha Davida a bonwa ke moporofeta, moporofeta a matha ka lefiso la oli a le tsholella hloohong ya hae, a re, “Enwa ke mokgwethwa wa Modimo.” E seng botle; empa semelo. Modimo o sheba semelo. 141 Motho o sheba botle ba tlhaho. Bo a thetsa. Mme ke ka hona mosadi a filweng botle boo, bakeng sa thetso, ho thetsa. Mosadi e motle, ha a sa bo sebedise ka tshwanelo, ho yena ke thohako; bo tla mo isa diheleng ka potlako ho feta ntho efe feela eo ke e tsebang. Ha feela a^Holane a ka ba motle, ehlile, ha a ka dula le monna wa hae feela mme a etsa ho loketseng, mme hoo—hoo ho hotle ho kgabane. Empa a ka nka yona ntho eo mme, kgele, kamoo a ka thetsang ka bona, hoba bo filwe yena ho etsa jwalo. 142 Lemohang, jwale, empa Modimo o bonahatswa ka semelo. “Ho ne ho se botle boo re ka kgahliswang ke Jesu,” empa ha ho so be semelo se kang Yena, lefatsheng. 143 Jwale re a fumana, kajeno, hore e—e semelo sa kereke, Satane le sehlopha sa hae, ba sheba dikereke tse kgolo, tse ntle, dintho tse ntle. Ke seo lefatshe le se shebang kajeno. “Oh, ke modisa, nako ya semanya-manyane e moholo, semanya-manyane, o tletse boprista le borapedi, o tswa ka dikobo tsa hae tse kgolo, le dintho tse kang tseo.” Hoo ba ho bitsa botle. 144 Empa bahalaledi ba Modimo ba nnete ba sheba semelo sa Lentswe le netefaditsweng. 145 Ke seo bahalaledi ba se entseng tsatsing leo, mohla ba bonang Jesu. Ho se letho le ka shebjwang ho Yena, empa ba bone hoba Modimo o ne a e–na le Yena. Ba bona hore Modimo o ne a le ka ho Yena. 146 Ke kamoo bao, Joabe le batho bao mmoho le Davida, thakanyana la kgale la batho, empa ba bone e—e monna ya leng ka ho yena. Ba bone hore Modimo o ne a le ka ho yena, mme ba tseba hobane tsatsi le leng o tla bewa boholong. Bao^E mong o ile a bolaya bana’babo Goliathe ba bahlano, ka letsoho le le leng. E mong a bolaya banna ba makgolo a mararo; mohla

LENYALO LE HLALO

23

basadi ba bang ba neng ba kga dinawa tse mmalwa bakeng sa tinare, mme lebotho le futuhile, yaba o tshwara lerumo mme a bolaya banna ba makgolo a mararo, Baflista. Semelo! Hobane’ng? Ba ile ba kgomarela Davida hantle. Ba ne ba tseba hore tlolo e dutse hodim’a hae, mme ba tseba hore o tla bewa boholong. 147 Setshwantsho sa Kereke kajeno e emeng Lentsweng! Re a tseba hore Le tla netefatswa. Re a tseba hore Le tla behwa boholong ka tsatsi le leng. Leha Saule^Mme e ne e le mmalehi ditjhabeng tsohle, empa ba tseba hore o tla bewa boholong. Re a tseba hore O tla bewa boholong, le rona, ka baka leo re nka Lentswe leo mme re ema hantle hona mono, ho sa tsotelehe hore ho qosang. Haeba re tshwanetse ho hlaba Baflista, kapa ho tshethemela kahara lemena le ho bolaya tau, jwaloka ha e mong a entse, re a ya leha ho le jwalo, hoba ke yona^ke kamoo Modimo a e rerileng ho ba kateng. Re batlana le semelo. 148 Jwale mohlomong le ka mpotsa, “Hobane’ng a Mo dumeletse ho ralwa jwalo?” Ha ke batle ho qeta nako e ngata haholo, hoba ke na le tse ngata tseo ke lokelang ho di bua mona. “Hobaneng,” potso e ka hlaha he, “hobaneng Modimo a entse mosadi enwa tjena? Hobane’ng A mo dumeletse ho ba jwalo?” E ne e le bakeng sa boithatelo ba Wona ka Sebele. Ehlile. 149 Jwale ha le batla ho phetla Bibeleng tsa lona motsotso feela, a re phetleng ho Baroma 9, motsotso feela, le ho le bontsha ntho e nngwe, kamoo Modimo a sebetsang dintho tsena, ha le batla ho—ho e bala. Mme re ka bona seo Modimo a se etsang bakeng sa boithatelo ba Wona ka Sebele. Baroma 9:14. Ka hona re tla re’ng? Hleka bokgopo bo teng pela Modimo na?^ 150 Mohla A ne a kgetha Esau, kapa ho kgetha Jakobo mme a hana Esau, le pele moshanyana ofe feela a eba le tokelo ya ho etsa kgetho, ka boyena, ho se le ya mong wa bona; pele ba tswalwa, ba sa le polelong ya mme, Modimo o itse, “Ke hloile Esau, mme Ke rata Jakobo.” Le a bona? Hobane’ng? Empa o itse ho Moshe, Ke tla hauhela eo Ke mo hauhelang, mme ke tla rekolohela eo Ke mo rekolohelang. Ka baka leo ha se^ya ratang, leha^ya mathang, empa ke eo Modimo o mo hauhelang. Hobane Lengolo le itse ho Faro, Seo ke o hlahisitseng ka baka la sona, ke hore ke bonahatse matla a ka ka wena, mme ke tumise lebitso la ka ka wena lefatsheng lohle.

24

LENTSWE LE BUILWENG

Ha ho le jwalo o^(jwale bonang mona)^ hoba^hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa. Jwale o tla re ho nna, Na le yena he^o sa nyatsetsang? Na ke mang ya ka hanang ho rata ha wona? Empa, wena motho, o mang ha o phephetsa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng, O no o nketsetsa’ng see? Na mmopi ha a na tokelo ya ho etsa ka kgwabi e le nngwe ya letsopa, pitsa ya ntho tse bokwang, le e nngwe ho tse sa bokweng na? Mme ho ka thwe’ng ha Modimo, o ratileng ho bontsha bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse^pelo e telele hakana le dipitsa tsa bohale tse bopetsweng tahleho: >o tumise monono wa kganya ya wona ka pitsa tsa kgauhelo, tsee o nong o di lokiseditse kganya e sa le pele, 151 Jwale hanang taba Eo nakwana. Modimo o e entse! O no o loketse ho e etsa ka mokgwa ona. E ne e loketse ho ba teng. Jwale mamelang metsotso e ka bang mehlano, ke batla ho hulela maikutlo a lona nthong e nngwe. 152 Modimo ke’ng? Modimo ke Mohlolehi e moholo. Tshimolohong, morao kwana pele tshimoloho eba teng, E ne e se le Modimo. Na le ne le tseba hoo? Modimo ke “tlotla e rapelwang,” mme ho ne se letho le Mo rapelang. O ne a itulela a nnotshi. 153 Mme ka ho Wona ho ena le bokgethi. Bokgethi ke eng? Mohopolo. Jwale le tla fumana ntho e nngwe e tla sehela thuto ya phirimana ena moedi. Lemohang, Yena e ne e le bokgethi ba Wona bo nong bo le ka ho Wona. Jwale, ka ho Yena ho no ho dutse Ntate, ka ho Yena ho no ho dutse Modimo, ka ho Yena ho no ho dutse Mora, ka ho Yena ho no ho dutse Mopholosi, ka ho Yena ho no ho dutse Mofodisi. Mme dintho tsena tsohle mona di pepesa mehopolo ya Wona feela. Ha ho letho le tswileng taolong. Le nahana hore Modimo o sitilwe ho bona pheletso esale qalong? Ruri, O kgonne. Ha ho letho le tswileng taolong, empa e le ho pepesa mehopolo ya Wona feela. 154 Jwale, A ke ke a etsa hore motho a tlole mme a ba le toka. O ne a loketse ho mmeha hodima motheo o lekanang, wa boikgethelo ba botho bo lokolohileng, ho ikgethela ka boyena, empa a ntse a tseba hore o tla wa. 155 Jwale, E ke ke ya eba Mopholosi haese ha ntho e nngwe e lahlehile. E ke ke ya eba Mofodisi haese ha ntho e nngwe e kula. Dintho tsena di ne di loketse ho ba jwalo. Modimo

LENYALO LE HLALO

25

o di entse jwalo e le hore bokgethi ba Wona bo boholo bo tle bo pepeswe. Hola hoo ho no ho se jwalo, E ka be e sa ba Mopholosi. Empa rea tseba hore E ne e le yena, le pele nako eba teng, E ne e le Mopholosi. E ne e le Mopholosi, ka hona ha lokela ho ba le ntho e lahlehang. E tla etswa jwang? 156 Efela ha A nka ntho mme a lahlehelwa ke yona, e le hore a tle a e pholose, e ka be eba ha se toka kahlolong ya Wona. A ke ke a isa motho diheleng, mme a ba le toka. O mosa, o bonolo, o na le nnete, o a tshepeha, mme Ke Moahlodi e moholo. Le a bona, E ka eba O sebetsa kgahlano le Yena. 157 Ka hona A lokela ho bea motho kantle mona, mme a mo etsa motho ya nang le boikgethelo bo lokolohileng, hore a tle a kgone, tsebong, ya hore o tla wa; mme motho, ya setshwantshong sa Wona ka Sebele, o n’a ka wa jwang? Jwale na le bona Lesedi la motshehare? Ka baka leo, O ne a loketse ho etsa kgwabi, ntho e nngwe e ho sele le mmopo wa mantlha. Jwale le a e bona. Le a bona? Ke lona bao le tla he. Le a bona? Jwale he, ke yona ntho e ileng ya wa. O e entse, ka tsebo ya hore e tla wa. Mme e beilwe matsohong a Satane, e le kgwabi e sa tlotleheng. Tlotla e lebiswa kae kajeno? Le nahane ka taba eo. Lemohang ka thata jwale. 158 Hape hape, hore’ng a radilwe ka tsela ena mme e seng jwaloka dithole tse ding, hore’ng mosadi a radilwe tjena mme dithole tse ding di se jwalo? Ha ho se seng sa dithole se radilweng jwalo. Ha di jwalo, kajeno. Di ke ke. Erekaha di sa etswa jwalo, se ke ke sa etsa hoo. Hobane’ng A sa etsa sethole sena mohlang oo, mosadi, jwaloka dithole tse ding, hore a itshwanele mokgweng, hore a hodise masea a hae feela? Jwale o ne a tla hlola le monna wa hae, mme a phele; mme ereha nako ya lesea e fihla, a fumane lesea la hae. Hobaneng, hobaneng A sa mo etsa tjena? 159 Nke ke ka bua mantswe ana. Mme le utlwisisa seo ke buang ka sona, ha ke re? Ha le utlwisisa, e reng “amen.” [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Eya. Le a bona? Ho na le basetsana ba dutseng mona, le bashanyana, le a bona. Empa le a tseba, hore phoofolo e loketse ho fihla nakong e itseng ya selemo, le molekane wa yona, mme ebe ke phetho. Empa, mosadi, ke nako e nngwe le e nngwe. Mme hobane’ng A mo entse tjee? 160 Jwale bonang morero wa Hae o moholo ha o phutholoha, re sa feta mona re tswela pele, ka ho phethahala feela ka ho phethahala ho ka etswang. Ke ne ke sa tsebe taba ena ho fihlela tsatsi le leng.

Hobaneng A sa mo etsa jwalo tshimolohong, jwaloka dithole tse ding tsa Hae? Ke kahobane hoo ho ne ho tla Mo rona. Ke Sediba sa hlweko yohle. Ke ka hona A dumeletseng 161

26

LENTSWE LE BUILWENG

Satane ho mo qhautsa, se entsweng ke yena e le kgopamiso. Sebopuwa se jwalo se be se tla, se ne se sa tla Mo rona, se reretsweng hona qalong. 162 Mesebetsi yohle ya Hae eo A e rerileng, e le ya mantlha, e ituletse tatelanong. Mesebetsi yohle ya Hae e ne e ituletse tatelanong. Ntja e tshehadi, ntja e tona; le a bona, kgomo e tshehadi, kgomo e tona; ntho e nngwe le e nngwe e ituletse tatelanong. Tlhaho yohle e ituletse tatelanong. Peo e a shwa, e kena mobung; jwaloka lefu, kepelo, tsoho. Lero le theohela tlase le tswa sefateng, lehlaku la sona le a foforeha, le kgutla isao ka tsoho ya lehlaku le letjha. Le bona seo ke se bolelang? Ntho e nngwe le e nngwe, esita le hlaho, ya Modimo, yohle e ituletse tatelanong, bonngweng; mme e nngwe ke ena e radilwe e tswile taolong ya Modimo. Tlhaho e radilwe jwalo hore e se ke ya etsa sebe. Nahanang! Tlhaho ya mantlha, ya Modimo, e ne e ke ke ya etsa sebe. 163 Oh, ana ha le e bone, ponong ena mona, kgopamiso ya kereke? Ntho ya mantlha ke Lentswe la Modimo! Sebe ha se yo ho Modimo. Le bona seo ke se bolelang? Ke mona ho hlaha sebopuwa ka kgopamiso. Modimo o tla ba le Kereke, empa shebang kgopamiso eo ba e tshwereng kantle mona. 164 Modimo o na le ntho e tona le e tshehadi. Empa, mosadi enwa, le a bona, tsona ditshupo tsa yona di supa se neng se dutse morao mohopolong wa Modimo. Re ka nka hora, kapa tse pedi, mme ra e qhaqholla. Yena, o entse sebopuwa sena bakeng sa mokgwa oo, O entse sebopuwa sena mme wa se lokolla hore Satane a se tshware, mme o entse hona. O sa ntse a mo tshwere. A mpe a balehele Sefapanong, jwaloka monna, le yena. 165 Lemohang, tlhaho yohle e matha e ituletse tatelanong. Hola Wa etsa mosadi popong e le nngwe ya mantlha, sebe se ka be se bile siyo, hoba a ka be a sa e etsa, a ka be a sa e etsa. Ke kgopamiso ya popo ya mantlha. 166 Ho jwalo le sebe sohle ke kgopamiso ya Nnete ya mantlha! Leshano ke’ng? Ke Nnete e kgopamiswang. Bofebe ke’ng? Ke ketso e tshwanelang e kgopamiswang. Ka baka leo ke seo sebopuwa se kgopamisitsweng, ke eo ntho yohle e kgopamisitsweng. Mme ntho yohle e peletwang s–e–b–e, e robetse mono hantle. Ke ka baka leo potso e leng kgolo hakana. 167 Phatsa feela, lekumane, le entsweng ka monna, ho mo thetsa ka lona; Modimo o se entse, e pakilwe mona hantle. O etseditswe hona. 168 Mosadi ya mekgwa e mebe ke ntho e tlase–tlase e ka hopolwang, lefatsheng. Tshwarelang sena, mafumahatsana. Hase letho empa ke moqomo wa batho o tshelang matlakala, pepeso ya motabo. Ke phetho seo a leng sona, mosadi wa seraburabu, ke moqomo wa batho wa matlakala a motabo,

LENYALO LE HLALO

27

tshilafalo, moo tshila, e silafetseng, e nyonyehang, tshila ya bobe boselesele e lahlwang ke yena. Hore’ng a entswe jwalo? Bakeng sa thetso. Sebe se seng le se seng se kileng sa fihla hodima lefatshe se hlahile ka mosadi. 169 Mme mohlopholli wa ditaba ya tswang Chicago, e—e mosadi o ile a ngola seratswana sena sa ditaba, sepolesa; hore ba ile ba sala mohlala, mona United States, United States e kgolwanyane, ho re, “Dipheresente tse mashome a robong a metso e robedi tsa bonokwane bo bong le bo bong bo kileng ba etswa ka sebopeho sefe feela, United States, mosadi o ne a teng kahare kapa a bo tsheheditse.” 170 Jwale ke bua dintho tsena tsohle, ho finyella ntho e le nngwe mona qetellong, le tle le bone hore molato ke eng. 171 O bopetswe ho thetsa, jwaloka ha a entse Adama tshimolohong, ho mmolella hore tholwana e monate, le jwalo– jwalo, ho mo thetsa le ho mo tlosa Lentsweng. Kereke e sebetsa jwalo kajeno, ntho e tshwanang. Empa he, kamora moo, a fetoha mmusi wa hae, ho mo busa. 172 Jwale phapang e kakang kajeno, tsatsing lena la kemaro ya kelello. Ho ena le hore monna ebe mmusi wa hae, mosadi o fetohile modimo wa monna. Ehlile, mosadi o a mo busa. Jwale mohlomong le ka utlwisisa ntho eo e sa leng ke e harinya. Ka botle ba hae le kamoo a laolang botshehadi ba hae, sebopeho sa hae seo a se filweng ke Satane, kgwabi eo Satane a e entseng, o rometswe ho thetsa bara ba Modimo. Mme a ka tjebela bongata ba bona diheleng ho feta sehlomo sefe feela seo Satane a se tshwereng. Ke hantle haholo. 173 Jwale ke bua ka mekgwa e pherehlaneng, e seng ka lona dikgaitsedi. Re tlilo le hlophisetsa ditulo tsa lona, madulo a tshwanelehang, metsotsong e mmalwa, kahara Lentswe la Modimo mona. E ne e le morero wa Modimo ho tloha tshimo— tshimolohong. 174 Jwale ho etsa sena kajeno, modimo wa United States ke mang? Na le sa hopola ka tabernakeleng dilemong tse fetileng, ke rera taba eo? Modimo wa tsatsi la jwale, seraburabu se ne se dutse mono se netilwe ka ferefe, mme mose wa kgutlela o le hodima mangole a hae, le dintho tse kang tseo. Ke ile ka re, “Bonang modimo wa lona!” Mme ke hantle, o fumanwa dipapatsong, o batla a tsotse. O fumanwa seterateng, a ntse a itshwanela. 175 Ke sehlomo sa Satane, “ho tloha tshimolohong,” Jesu o a bua. Le a bona? Re a bona hore ho jwalo jwale, mme “ho tloha tshimolohong,” le seo A buang ka sona. 176 Jwale, bahetene ba ne ba mo etsa modimotsana, (na le tsebile hono?) modimotsana. Ehlile ho no ho le jwalo. Ba mo

28

LENTSWE LE BUILWENG

etsa modimotsana, hoba borapedi ba bona bo ne bo ne bo akga diketso tsa motabo kahare. Ba bua ba re, “Ke mmopi. Ka popelong ya hae o ne a jere peo mme o ile a bopa.” Ke leshano. Mmopi o mong feela, ke Modimo. Empa na le sa hopola Paulose mono? “Diana, wa Efese,” setshwantsho sa lejwe, ha thwe, “modimo–mme wa Lehodimo, ya wetseng fatshe.” Kana ha le bone kamoo borapedi ba bohetene bo leng kateng? 177 Mme rona, re sa tsebe, re boela re kgutlela borapeding ba bohetene, ho basadi, sona sebopuwa se tlase–tlase ka ho fetisisa lefatsheng, ho rapela mosadi! A ka tjebela monna ofe feela hohle moo a batlang. Mme ha a tsebe, hobane botle boo bohle bokantle, kahare ke dihele. Solomone o itse, “Yena, dikgoro tsa hae di lebisa nqalong ya dihele.” 178 Jwale re bona ka ho hlaka mona seo Jesu a buileng ka sona ho Tshenolo, kgaolo ya 2 le temana ya 15, ka thuto ya Banikola, ho tla ha kereke eo e ikgulelang thoko le Lentswe. 179 Hape re ka bona mona, ka ho hlaka, mananeo a nyonyehang, a kgopo, a silafetseng thelebisheneng, a mafumahadi a Hollywood a motabo. Re bona ditshila tsa motse wona, ka nako ha bana bana, basetsana ba theosa–ba–nyolosa le seterata mona, ba apere boseberwana, diaparo tse ba kgamotseng, ba meneka, homme ho bata hoo ba ka hwamang ba ba ba e–shwa. Ha ba tsebe hore ke Diabolosi ya etsang hoo. Ba tshwerwe ke moya o mobe, mme ha ba ho tsebe! Ha le ke le bona ntja e tshehadi e etsa jwalo, ha ke re? Ha le ke le bona tshehadi efe feela e etsa jwalo, mme ho se be monna ya lekang ho atamela ho yena, le hona. 180 Le a bona, jwale le bona setshwantsho? Re tla kenyeletsa ntho e nngwe motsotsong feela, ha Morena a rata. Jwale le bona ba–Nikola, le bona thuto ya bona. 181 Le bona basetsana ba mafumahadi, ba bitswa jwalo, baeki bana ba tsotseng kwana seterateng. Batho ba ne ba tlwaetse ho ya shoung e manyala kathoko, ho boha setantshi se tsolang. Bulang mahlo a lona feela, shebang seterateng, ke phetho seo le lokelang ho se etsa jwale. Ntho yohle ke ho tsola ho qholotsang. Ehlile. Ba etsetsa’ng hono? Ho hohela, ho eka, ke yona feela ntho eo a e etsetsang yona. O e etsa hoba a le ditshila. O e etsa kahobane a entswe jwalo. Ha a elellwe hore ke sesebediswa se matsohong a Satane, mme ke seo a leng sona. 182 Esita le ka dikolong tsa rona, ba ruta diketso tsa motabo. Lefatshe la rona le bodileng le kgumamelang basadi! Ke a tseba hore ha ba batle ho e dumela. Ho a engwa mme ho binwa sefela sa mofuta, le jwalo–jwalo, ka tsatsi le leng; mme a tswe le basadi, ho hlwahlwaela hohle, bosiu bohle. Le a bona? Ke hantle. Athe, mahlong a Modimo, Lentswe, ke phoofolo e tlase ho feta diphoofolo tsohle tseo Modimo a di beileng lefatsheng. Bonang.

LENYALO LE HLALO

29

183 Ke ka hona Modimo a mo hanelang ho ruta Lentswe la Wona. Ke hantle. Timothea wa Pele 2:9–15, “Ha ke dumelle mosadi ho ruta, kapa ho laola ka tsela efe.” Le a bona? Le Bakorinthe ba Pele 14:34, “Basadi ba lona ba kgutse dikerekeng, hoba ha ba dumellwe ho bua, hoba ba laetswe ho kgutsa; jwaloka ha Molao le wona o bolela.” Empa, kajeno, kereke e etsang? Ba mo etsa baruti, baevangedi, hodima Bibele e e hana ka botlalo. Mme Bibele e boletse, “jwaloka ha Molao le wona o bolela,” ho e mathisa ka tatellano, ntho yohle. 184 Hantle feela kamoo Konyana e ne e le kateng, bosiu bo fetileng, yona feela nqalo ya ho rapela, tlasa Madi a tsholohileng a Konyana. Ke yona feela nqalo kajeno, ka ho Kreste. Kamoo le sebetsang kateng ke ho kena ka ho Yena. Ke yona feela nqalo ya ho rapela. Esale ho le jwalo kamehla. Nqalo feela ya ho rapela ke tlasa Madi a tsholotsweng. 185 Ka hona jwale re bona setshwantsho sohle sa yona se phuthullelwa rona. Ke eo moo a leng teng. Ke ka baka leo Modimo a sa mo dumelleng ho ruta, a ke keng a mo dumella ho etsa ntho efe feela ka kerekeng haese ho dula ka kgutso ka sefahleho se dihlong. 186 Jwale le ka bona hobane’ng ke buile dintho mme ke entse tseo ke di entseng, ke ntse ke tseba tsena tsohle pelong ya ka, moena, dikgaitsedi? Ke a tseba, dikgaitsedi, ke^le na le sebaka sa lona (motsotsong feela), le semelo se setle seo Modimo a ka se bopang ka ho lona. Empa ke leka ho bua ke lebisitse lehlakoreng le leng, ho le bontsha moo le tswang teng hantle ho tloha, “tshimolohong.” Jesu o re boleletse, ho “kgutlela morao tshimolohong,” ho e fumana. Ke seo re se etsang. 187 Jwale ke ile ka tlameha ho ama dintlha tsa sehlooho nthong ena, mme kea tshepa le a e utlwisisa. Mme lona batho ba tla be ba mametse teipi ena, kea tshepa le a utlwisisa. Kgutlelang morao feela. Ke ho bontsha feela hore Jesu o itse, “Kgutlelang morao, ho tloha tshimolohong, mme le fumane.” Dintho tsohle, kgutlelang morao tshimolohong. Le ka bona, kajeno. 188 Kgele, batho, ho thwe mohloyi–wa–basadi. Taba eo e hole le Nnete. Ha ke etse jwalo. Ba hlaba mokgosi, “Mohloyi–wa– basadi!” Hopolang, ba ne ba reile Pauluse mohloyi–wa–basadi. Moreri wa mosadi, nakwana e fetileng, o n’a re, “Oh, o tshwana le Pauluse wa kgale, sohle see a n’a loketse ho se etsa e le ho kgetholla rona basadi.” 189 Mohalaledi wa Modimo, ya dumeletsweng ho ngola Bibele, Testamente e Ntjha, mme o tsekisana le Mantswe a hae? O boletse, “Ha Lengeloi le theohang Lehodimong le ruta ntho e nngwe e sele ho Ena eo ke e boletseng, le rohakwe,” ha ke sa bua ka moreri wa mosadi.

30

LENTSWE LE BUILWENG

190 Ba itse Elia e ne e le mohloyi–wa–mosadi. E ne e se mohloyi–wa–mosadi, wa basadi ba makgonthe. O n’a mpa a sa rate bo–Jesebele bao. 191 Mme ha ho le jwalo, jwale e tshwanetse e be le Modimo, e tshwanela ho tshwana, hoba Yena ke Lentswe le tlang ho baporofeta. Ka hona e tshwanetse e be e le Modimo, ka ho tshwana, ka hona, le a bona, O tseba popo ya mantlha, “ho tloha tshimolohong,” O ile a re, “ho tloha tshimolohong.” Baporofeta ke bao Lentswe le neng le tla ho bona. 192 Mme O mo etseditse monna, mme monna ha a etsetswa yena. Na le ne le tseba hoo, hore, “Mosadi o etseditswe monna, mme monna ha a etsetswa mosadi”? Ke ba bakae ba tsebang hoo? [Phutheho, “Amen.”—Mong.] Bibele e ruta hoo. Ke hantle. O ne a filwe sebaka ka ho monna, pele tlolo e fihla, tekano hodima tlhaho yohle. Empa “ka morao” ho tlolo, jwale mona re kenya thero ena. Empa “ka morao” ho tlolo, monna e ne e le mmusi wa hae, o tshwanela ho kgutsa dinthong tsohle, jwaleka ka mora hoba qalo ya mantlha e fete. 193 Jesu o boletse, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” Ke mohla nako e ne e qala, mohla Modimo a ne a e etsa pele popong ya Hae ya mantlha. Bohle ba utlwisisang, e reng “amen” hape. [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Tshimolohong Modimo o hlodile e tona e le nngwe le e tshehadi e le nngwe. Empa yaba mosadi o etswa a fapane le diphoofolo, diphoofolong tse ding tsohle, bakeng sa thetso. Jwale bonang jwale, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” O ne a entswe, hola a dula maemong a mantlha, a ka be a sa fetoha tlolo ho hang. Empa o hlahisitse tshito le tshitiso e kgaotseng tatelano yohle ya Modimo, le ho lahlela lefu, maswabi, le ntho e nngwe le e nngwe e sele, hodima lefatshe. O entswe jwalo. 194 Jwale lemohang “ka morao” ho tshimoloho, ka morao ho tshimoloho, hoba nako e qale; morao mono e ne e le BosaFeleng, bo fetile. Lemohang, ka mora tlolo eo e tlisitsweng ke Eva, ka mora tlolo, ho no ho hlokwa hore ho hlajwe selekane se seng. Jwale hona ho tlil’o le kgopa, empa ke tla le fa Lengolo ho paka hore hona ke Nnete. Jwale lemohang ka morao ho tlolo, Jesu o boletse^Modimo, tshimolohong, o entse ntho ya mofuta o le mong; empa jwale, ka mora tlolo, jwale re tshelela ka nqane ho mono. Selekane se ne se leka–lekana; empa jwale, ka morao ho tlolo, ho hlajwa selekane se seng. Jwale keha e sa hlole e le mmusi–mmoho le yena, e mong le e mong o tshwanela ho fuwa selekane se ikgethang. 195 Jwale a re boneng haeba e lokile. A re nkeng Genese 3, mme re fumaneng haeba sena se lokile, jwale re sa tswela pele, hoba re batla ho kgodiseha dinthong tsena, di a rutwa di ntshwa

LENYALO LE HLALO

31

hantle feela di nepahetse. Ha ho le jwalo mohlomong teng mona re na le nakwana, hoba ha re sa le hole haholo le qetelo jwale, ho finyella karolong e kwalang ya thero, ho bontsha hobaneng le lebaka la dihlalano, le dintho tse jwalo. Jwale ho Genese kgaolong ya 3, mme re tla qala jwale ka ya 3, le temana ya 16. A re qaleng temaneng ya 14. Yaba JEHOVA^o re ho noha, (jwale O tlil’o e rohaka), Ereka ha o—ka ha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle,^hara diphoofolo tsohle tsa naha; mme o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao: Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya mosadi; mme peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe. (Tshepiso, “e tlang ka mosadi,” Messia, ho lopolla.) A re ho mosadi,^ 196 Jwale shebang, jwale selekane sa noha ke seo. Athe, ba ne ba ituletse hantle pele ho moo, tshimolohong, kapa pele ho tshimoloho. A re ho mosadi, Ke tla o atisetsa mahloko ba hao haholo–holo kemarong ya hao; mme o tla beleha bana; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena, ha ba sa hlola ba leka–lekana ho hang. 197 Jwale o fetohile hantle, mme jwale mosadi ke mmusi. A re ho Adama, Ereka ha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate, seo ke o laetseng sona, ka re, O se se ke wa^ja: lefatshe le rohakilwe (e seng ho rohaka Adama, jwale) lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao; mme o tla ja tsa lona ka thata ka matsatsi wohle a ho phela ha hao; Le tla o medisetsa ditshehlo le^meutlwa; mme o tla ja jwang ba naha; Mme o tla ja bohobe ba mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung; oo o ntshitsweng, ho wona: hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng. 198 Dilekane tse pedi. Jwale hoo ho phethela “tshimoloho,” ya seo Jesu a se buileng, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” Re fumana selekane se seng jwale. Lemohang, ke selekane se seng. Jwale ho na le selekane bakeng sa sehlahiswa, le bakeng sa kgwabi. Lemohang, tlolo e hlahisitse bothata, lefu, sebopuweng ka seng sa hloleho, ntho e etsang phapang tlhahong yohle. Jwale a re lemoheng seo Jesu a se boletseng ka, “ho tloha tshimolohong ho no ho se jwalo.” Jwale ha ho jwalo “ho tloha,” ho jwalo jwale ke ka “morao” ho tshimoloho. Jwale ho na le selekane se menahaneng habedi.

32

LENTSWE LE BUILWENG

199 Pele e ne e le selekane feela, Adama le Eva ba leka–lekana, monna a le mong le mosadi a le mong. Jwale mosadi o entse sebe, mme (o etsa’ng?) hoo ho ba dihela lefung bohle, mme Modimo o ne a loketse ho hlaba selekane ka hono, selekane se seng. Ke sena moo se leng teng hantle mona ho Genese 3:16, O hlabile selekane se seng. 200 Jwale lefatshe le tlil’o tlatswa, e seng ka popo ya mantlha ya Modimo, jwaloka tshimolohong, e seng ka popo ya mantlha, empa ka takatso ya motabo. Jwale taba eo e batalatsa “tshimolohong,” ha e etse jwalo? Tshimolohong ho no ho ena le monna a le mong le mosadi a le mong, e le nngwe e tona le e le nngwe e tshehadi; empa eitse ha a tshela mola oo mme a hlahisa sebe sena, jwale lefatshe le se le tla tlatswa hape, ka motabo, e seng ka popo; ka motabo. Le bona moo mosadi a leng teng jwale, jwale? Empa lefatshe le ngatafala jwang kajeno, ka basadi. 201 Ke ka baka leo Jesu a na loketse ho tla ka mosadi, ho e kgutlisetsa hape tshimolohong ya yona ya mantlha, takatso ya nama e le siyo. O tswetswe ke morwetsana. Empa, allelua, ho tla nako mohla e sa tlo hlola eba kopano ya nama, empa Modimo o tla bitsa bana ba Wona leroleng la lefatshe, morao kamoo ba neng ba le kateng qalong, e seng ka mosadi ofe feela; empa ka ho boptjwa ha letsopa le ka masedi a khosmiki, le petroleamo, O tla bopa hape jwaloka ha A entse Adama nakong ya pele. Jesu o entse kgonahalo ena, ka hore Modimo a Iketse Monna mme a tle lefatsheng e le hore A tle a shwe, ka mosadi enwa. Jwale ke nako ya teko, ka sebe.

Jwale le a bona he, “ka mora” tshimoloho, ntho e nngwe e ile ya kenngwa. Jwale taba ena e tlil’o le harola letswalo. Na le kgathetse? [Phutheho e re, “Tjhe.”—Mong.] Dulang le thotse nakwana hape. 202

Jwale ha selekane se menahaneng habedi se ne se hlajwa ka monna le mosadi, ka kopano ya botho, selekane se sele ruri (e seng selekane sa mantlha, empa selekane se seng), jwale ho kenngwa eng? Sethepu, nthong tsohle. Ebile, ka mora tshimoloho, sethepu se kenngwa bathong le diphoofolong mmoho; ka morao ho tshimoloho, tlolo. Modimo jwale, bobeding, o boela a rala tlhaho e ntjha, ka motabo. Modimo o bopile ya pele ho se motabo. Le dumela hoo? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Jwale ke selekane se seng le tlhaho e nngwe, O e rala ka tsamaiso e sele, ka motabo. Selekane sa bobedi: e tona e le nngwe, tse tshehadi tse ngata; poho e tona ya kgama, sekgakgatha sohle sa dikgamahadi. Na ho jwalo? Poho e le nngwe, mohlape wohle wa makgomo, dithole; mokoko o le mong, serapa se tletseng dithojana. Na ho jwalo? Davida a le mong, ya dutseng pelong ya Wona ka Sebele, ka basadi ba makgolo a mahlano; bana ba lekgolo ba 203

LENYALO LE HLALO

33

tswallwang yena, selemong se le seng, basadi ba fapaneng, monna ya dutseng pelong ya Modimo ka Sebele. Salomone a le mong, ka basadi ba sekete. Empa lemohang jwale, tshimolohong ho no se jwalo, empa jwale ke ka “morao” ho tshimoloho. Mosadi o entse hona, mme o fetoha seo a leng sona jwale. Le a bona? 204 Davida, morena ya neng a tshwantsha Kreste! Hopolang taba eo mohopolong wa lona. Davida o na tshwantsha Kreste. Le a e dumela na? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Kreste o dutse, o tla dula teroneng ya hae. Mme Davida enwa, monna ya dutseng pelong ya Modimo ka Sebele, o ne a ena le basadi ba makgolo a mahlano. Le bona seo ke se bolelang? Davida ka basadi ba hae ba makgolo a mahlano, Salomone ka sekete sa hae. Mme Salomone ke mora wa Davida, nameng; taba e tshwantshang Jesu Kreste, Mora wa Davida, moyeng. Empa moo ke nameng, bophelo ba thobalano. Bona e tla ba ba semoya, ho boptjwa. Hobane’ng? Ho boptjwa. Le a bona, ho no ho le jwalo tshimolohong, empa e seng jwale bophelong bona boo re phelang ho bona jwale. 205 Lemohang, le se ke la hloleha mona jwale, e kenyeng dipelong tsa lona. Empa ha ho le a mong wa basadi bao ya neng a ka ba le monna e mong. Monna ke mmopo wa mantlha, e seng yena. Ha ho le a mong ho basadi bao ya neng a ka ba le monna e mong, empa monna eo a le mong o na ka ba le basadi ba sekete. Ke HO RIALO MORENA. Ke Bibele. Jwale ke kgutletse morao, ka nka nako ya ka mme ka le bontsha kwana moo e qadileng, seo Jesu a se boletseng. Jwale na le e bona ka ho hlaka? Ba ka ba le ba bangata^ 206

“Oh,” le re, “e ne e etseditswe Iseraele feela.” Ho jwalo?

Mohla Abrahama a ne a nka Sara a theohela naheng ya Filesta, ho no ena le morena tlase mona ya bitswang Abimeleke. Mme Sara a le dilemo tse lekgolo, hantle ho tsona, empa o ne a fetoletswe ho mosetsana mme a entswe botle. Na le a e tseba? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Ke hantle. Mme Abimeleke a mmatla hore e be mosadi wa hae. Le hopola Molaetsa waka ka yona? Abimeleke o na batla ho etsa Sara mosadi. Mohlomong a ena le sekgakgatha, empa o ne a ke ke a mo nka ha feela a nyetswe ke Abrahama. Ka hona Abrahama a re ho Sara, “E re o ‘kgaitsedi ya ka,’ hoba o tla mpolaya a tle a o fumane.” Hobane’ng a sa ka a tebela Abrahama naheng eo feela, mme a nka mosadi wa hae mme a tswelapele? E ne e se molao wa badumedi feela, empa ho batho bohle tlholehong. Moetsadibe kapa mohalaledi, o jere boikarabelo, monna, ka baka la diketso tsena. Eo e ne e le morena wa mohetene. Ke ba bakae ba tsebang hore pale eo ke nnete? [“Amen.”] Ke Bibele, Genese, mohlomong kgaolong ya 16, ke a kgolwa. 207

34

LENTSWE LE BUILWENG

208 Le a lemoha, Abimeleke a ka be a inketse yena hore e be mosadi wa hae. A itokisetsa ho nka ngwanana e motjha enwa wa Moheberu. Mme a re, “Enwa ke^” A re, “Ke moholwane wa ka eo.” A re, “Ke kgaitsedi ya ka.” 209 Mme Abimeleke a re, “Ke tla mo nka ke mo etse mosadi he.” Na le ka nahana ka monna ya etsang ntho e kang eo? Empa o e entse. 210 Mme ebile ka phirimana eo, a sa ya robala, Morena a iponahatsa ho yena torong, mme a re, “Abimeleke, o se o le monna ya shweleng.” E le ha A sireletsa hoo, mophula oo wa madi a bo–Jode mono, le a bona. A re, “O se o le monna ya shweleng. Mosadi eo o itokisetsang ho mo nyala ke wa monna e mong.” 211 A re, “Morena, o tsebile ho hlweka ha pelo ya ka.” A re, “Na ha a ka a re ho nna e ne e le ‘moena’ wa hae? Na yena ka sebele ha a ka a re, ‘Ke kgaitsedi ya ka’?” 212 A re, “Le Nna ke tseba ho hlweka ha pelo ya hao, Ke bile ke o thibetse ho Ntshitelwa.” Na ho jwalo? A re, “Busetsa mosadi wa hae, hoba monna eo ke moporofeta wa Ka. Mme ha o sa mo buseletse mosadi wa hae^Mme o re a o rapelle, e seng moprista wa hao. Ha a sa o rapelle, ho fedile ka setjhaba sohle sa hao.” Amen. Mohau o makatsang ke oo. Hantle. “Ho fedile ka setjhaba sa hao sohle. Ke mosadi wa monna eo, mme ke moporofeta wa Ka.” Amen. Ke HO RIALO MORENA. Ke Lengolo. Hantle. 213 Jwale re fumana hore, lefu le bakilwe. Lefu le bakilwe ke sebe sa mosadi, se tlile ka mosadi e seng monna. Ka baka la ho phela bophelo ba hae, le ka yena, ho tlile lefu lohle. Tsela ya hae ya ho tlisa bophelo ke ka lefu. Ke ba bakae ba tsebang hoo? Jobo 14, ha le batla ho ngola Lengolo fatshe. 214 Ke tshwere, ha le botsa sena, ke na le Mangolo a ngotsweng bakeng sa nthwana ka nngwe ya sena. 215 Ha le batla ho bala Jobo 14 mona, E re, “Motho ya tswetsweng ke mosadi o na le matsatsi a se makae, mme o kgotshe ditsietsi.” Na ho lokile? “O mela jwaloka palesa, o a kgaolwa, o a feta,” le jwalo. Le a bona? Motho ya tswetsweng ke mosadi, o tswaletswe lefung hang feela ha a fihla. 216 Empa ha a tswallwa popong ya Modimo, a ke ke a shwa; o tswa Sefateng se seng se neng se le tshimong ya Edene, Kreste. Bophelo bo sa Feleng bo tla ka Sefate. 217 “Oh,” o re, “e ne e le sefate?” Ehlile. “E, ba itse, ‘O se ke wa ja sefate sena.’ Modimo o itse, ho Genese morao mane, ‘O se ke wa ja sefate sena.’”

LENYALO LE HLALO

35

218 Kgele, mosadi ke sefate. Ke sefate sa tholwana. Wena o tholwana ya mmao. Tholwana ya popelo ke wena. Ke hantle. Mme jwale he tholwana ya Sefate sa Bophelo, se neng se le tshimong ya Edene, ke Kreste. Ka mosadi ho fihla lefu; ka Monna, popong ya ho qala, ho fihla Bophelo. Ho tswalwa ke mosadi ke lefu; ho tswalwa ke Kreste ke Bophelo. Le fumana mohopolo? Ke hona moo. Jwale le bona moo modimo wa mosadi a ileng teng, ha ke re? 219 BoAdama le Eva ba pele ba ne ba tshwantsha boAdama le Eva ba bobedi, le a bona, katiso. Jwale boikatiso ba Adama le Eva e ne e le ka kopano ya nama, ho ngatafala lefatsheng, empa tshimolohong ho no ho se jwalo. Modimo o no o entse e tona le e tshehadi feela, jwaloka ha A entse dibopuweng tse ding, le a bona, semolao, jwaloka Kereke feela. 220 Jwale ha rona, tekolong ya Dinnete tsena tsa Modimo tse netefaditsweng, re ke re hlahlobeng ho ya pejana, ha le batla. [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Ke hantle. Jwale taba ena e ka thonkga ho se hokae ho fihlela re fihla botebong ba yona, ke mpa feela ke tla le bontsha Nnete ya yona.

Ha ho modisa ya ka nyalang mohlolohadi. Na le ne le tseba seo? Le batla ho e bala? Ke hantle, fetelang ho boLevitike, Levitike 21:7 le Ezekiele 44:22, mme E tla le bontsha hore boprista bo ne bo sa lokela ho nyala mosadi ya amilweng ke monna. Papiso ena ke ya Monyaduwa wa Jesu Kreste wa morwetsana, hoba ba ne ba tshwara Mollo wa Modimo, baprista e, bara ba Arone. Ha re na nako ya ho Le bala kaofela, mme re tswe hara mpa ya motshehare, re sa na le metsotso e mashome a mabedi. Mme bao ke bara ba Arone ba neng ba tshwara e—e—e Mollo wa Modimo, ka hona ba ke ke ba nyala mosadi ya anngweng ke monna e mong. Modimo o sa fetoheng o itsalo. Ba ke ke ba nyala mosadi e mong, le mosadi ya anngweng ke monna, ho bontsha ka papiso mona, ha le batla ho e bona, hore Kereke ya Modimo o phelang e hlwekile, ha e a silafatswa, Lentswe la Modimo, mme ha se phutheho ya bodumedi e anngweng ke motho. 221

222 Lemohang, ha re baleng taba ena mona. E le mokgwa wa ho le fetisetsa taba ena. Mattheu 5, Jesu o buile mona ka ntho e nngwe e bohlokwa–hlokwa ruri. Re batla ho e bona, Mattheu 5. Ke ngotse nthong ya ka^ 223 Ke tshwaile tse ding tsa dintho tseo ke neng ke batlile ho di bua ho monna feela, ka hona ke bile le nakwana ya ho e bua pejana feela ho dikgaitsedi tsa rona. Empa ke batla ho—ho tswela mona pele^

Jwale, kgaitsedi, ke batla ho o bea madulong ao Lentswe la Modimo le o tshepisitseng wona, mme o hlokomele ke hona ho dula madulong ao, hape. 224

36

LENTSWE LE BUILWENG

225 Mattheu 5:32. Ke batla hore le lemohe mona, ho tshehetsa oona mohopolo oo wa “a le mong,” le “ba bangata.” Mattheu, mashome a mararo–^Ke nahana ke Mattheu 5:32, 31 ho qala feela.

Ho boletswe hape ho thwe, Motho ha a hlala mosadi wa hae, a mo nee lengolo la hlalo: 226 Ke Jesu ya buang, Yena ya itseng, “ho tloha tshimolohong.” Jwale hlokomelang.

Empa nna ke re ho lona, Motho leha e ka ba mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, ha e se^baka la mafebe, o mmea hore a fetohe mofebi; le a bona, leha e ka ba mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, ha e se^baka la bofebe; o mmea hore a fetohe mofebi: (hobane’ng? o tla boela a nyalwa) mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba. 227 Le a bona, o na le monna ya phelang, ka hona ha ho monna ya ka mo nyalang. A ka etsa eng le eng eo a e etsang le hore ke mang, o na le monna ya phelang, ha a na mabaka ho hang. Empa, hase, sebakeng sa monna. “O bea mosadi hore,” e seng monna. Le a e tshwara? Le loketse ho mathisa Lentswe ka tatelano. Le a bona, ha ho letho le reng monna a ke ke a kgona, empa yena a ke ke a kgona. Le a bona, “ho mmea,” e seng monna. Ke seo Bibele e se bolelang ka nepo, “ho mmea.” Ha ho buuwe kgahlano le monna ho nyala hape, empa “mosadi.” Hobane’ng? Ke papiso ya Kreste. 228 Lemohang, ho thwe a ke ke a nyala, ha e se morwetsana feela. A ka nyala hape. A ka kgona, a ka nyala hape ha e le morwetsana, empa a ke ke a nyala mosadi wa motho e mong. Le ho leka. Mme ha a ka nyala mosadi ya hladilweng, o phela bofebeng, ha ke tsotelle hore ke mang. Bibele e boletse, “E mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o phela bofebeng.” Ke lona bao, bahladi ba basadi ha ba yo.

Le bona qalo eo morao mono, “ho tloha tshimolohong,” jwale? Ho nyala hape, jwale lemohang, yena a ka kgona, empa yena a ke ke. Jwalo ka Davida, jwalo ka Salomone, jwalo ka tatellano yohle ya Bibele, jwale, jwalo ka Davida le ba bang bohle. 229

230 Jwale le a lemoha ho Bakorinthe ba Pele 7:10, lemohang, Paulose o laela hobane mosadi ha a le teng, ya hlalang monna wa hae, a itulele a nnotshi kapa ho boelana, e seng ho nyalwa hape. Eka kgona a itulele a nnotshi, kapa a boelane le monna wa hae. A ke ke a nyalwa hape. Eka kgona a itulele a nnotshi, empa, lemohang, ha a bua letho ka monna. Le a bona, le ke ke la buisa Lentswe leshano. “Ho tloha tshimolohong,” molao wa motabo ka sethepu. Jwale, Lentswe la Modimo le matha ka nepahalo le tlhaho ya Modimo, le matha ka tatellano.

LENYALO LE HLALO

37

231 Le bona kamoo ho nang le sekolo se ileng botjhabela, mme seng se ile bophirima, ka yona? Le loketse ho kgutlela Nneteng hape, ho fumana seo e leng sona. 232 Esale ho le jwalo, ke selekane sa kamehla le Modimo ho tloha tshimolohong. Pele, pele ho tshimoloho, ho tloha tshimolohong ho ne ho e na le e nngwe homme e nngwe feela. Ka mora hoba sebe se kene, ebile ho ba le monna a le mong le sehlopha sa basadi; e matha jwalo tlhahong, phoofolo e nngwe le e nngwe, mme batho le nama ya tlholeho ke phoofolo. Re dinyantshi, re tseba seo, rona bohle, le a bona, mme tsohle ke tlholeho ya Modimo tatelanong. 233 Empa jwale erekeha Ditiiso di butswe, Moya wa Nnete o re tataisetsa Lentsweng. Hoo ho hlalosa lebaka hobaneng diphoso di bile teng ho theosa jwalo mengwaheng, hobane Ditiiso di ne di sa bulwa, taba Ena e ne e sa senolwa. Ke nnete. 234 Lemohang, lona, le ke ke la etsa hore diriti di hlolehe. Jwaloka ha ke le reretse phirimaneng ya maobane ka seriti se sirelang fatshe, se tshwanetse ho tswa se lokile. Ho ka ba le seriti sa tlou jwang se sirelang fatshe se etla, homme seeshana sa monna, mothwana ya fokolang ebe tlou, kapa tlou ebe monna, seeshana sa motho? 235

Jwale ha le ka e lemoha e le papisong e phethahetseng.

Jwale, ho na le mosadi wa nnete, mosadi wa nnete, morwetsana, ya nyalwang ke monna wa hae, mme a phele, mme ke ntho e hlohonolofetseng ho monna. Hola Modimo a ka nea mora wa Hae ntho e bohlokwa ho feta mosadi, O ne a ka mo fa hono. 236

237 Empa o bopetswe ketso ya thobalano, mme ha ho phoofolo e nngwe e radilweng jwalo. Ha ho sebopuwa se seng lefatsheng se radilweng jwalo. Ke ka hona le bonang sethepu, ke ka baka la hoo. Ke yona ntho e se kentseng. 238 Jwale bonang, hlophollong ya ho qetela, bonang, ho na le Jesu Kreste a le mong (na ho jwalo?), Monna a le mong, Modimo, Immanuele. Na le dumela hoo? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Empa ditho tsa Mosadi wa Hae di ngata, le a bona, dikete atisa ka dikete tsa dikete (na ho jwalo?), Mosadi wa Hae, Monyaduwa, Kereke. Le a utlwisisa jwale? [“Amen.”] 239 Ke baka leo A itseng ho Adama, le pele thobalano e hlahiswa kapa e kenngwa, “Ngatafalang, le tlale lefatshe,” a sa le tshimolohong, e sa le botona le botshehadi ka ho yena. Mono, ho bontsha he hore Monyaduwa e ka kgona a tswe Lentsweng, ka katiso ya semoya, dikatiso, le a bona, ho tlatsa lefatshe.

Jwale ketsong ya thobalano, le a bona, dikolo di lobokantse dintho tseo tse pedi. Ka baka leo le ke ke la e etsa, le loketse ho e kgutlisetsa Nneteng ya yona hape, “tshimolohong.” 240

38

LENTSWE LE BUILWENG

241 Mme qetellong ho tla ba le Morena Jesu a le mong, le Monyaduwa wa Hae ka bongata, bonngweng. Le a e tshwara? Ho no ho ena le Davida a le mong teroneng, morena a le mong (ya pelong ya Modimo ka Sebele) ka basadi ba makgolo a mahlano. Jesu o dutse Teroneng ya Hae, allelua, dilemong tse Sekete, ka Mosadi; jwaloka ha ho etsahetse tshimolohong, ya bopilweng a tswa leroleng, ka letsoho la Modimo o Matlawohle, tsohong, ka ditho tse ngata. Ke lona bao. 242 Basadi, le phehelle ho ba hoo, kenang ka ho Kreste, ebile ha le na ho kena ditshileng tse nyonyehang kantle mono. Empa ha feela o le setho sa kereke o leka ho phela ka boitshwaro le ka toka, ka bowena, o ke ke wa kgona. Le jwalo monna a ke ke a kgona ka ntle ho Kreste. Jwaloka ha Paulose a tsweletse pele ho bolela, “Empa ba leng ka ho Kreste, ha ho monna kapa mosadi.” Ke ntho e le nngwe bohle. 243 Empa ho otlolla taba ena ya Lenyalo Le Hlalo, le tle le tsebe se neng se lokile le se neng se le phoso, jwale O bontsha ka ho hlaka mona dipapisong tsena. Ho na le Kreste a le mong; le ditho tsa Mosadi eo tse ngata. Lemohang, A ka re hlala ka baka la bohlola ba semoya le thuto ya bohata, nako le nako ha A batla; empa le ka hla la leka jwang ho Mo hlala, mme la tswella? Monna a ka hlala mosadi wa hae mme a nyala e mong; empa e seng mosadi a hlale monna wa hae mme a nyalwe ke e mong. Na le bona ha diriti tsohle le dipapiso mono di leka–lekana ka ho phethahala? Bonang popo ya mantlha; ha se kgwabi kae kapa kae. E seng kereke; Monyaduwa ka Lentswe. E seng mosadi; monna, nako le nako. Ke ka hona e sa bueng letho kgahlano leha monna a e etsa; ke mosadi kamehla. Ke teng. 244 Empa ekaba Monyaduwa wa Kreste, ka ho ba^Mme hopolang, ka ho ba karolo ya monna, Bibele e boletse hore a ka kgona fee–^ “Ha ke dumelle mosadi ho ruta, kapa ho busa, empa e le ho ikgutsetsa. Hoba ke Adama ya entsweng pele, e ntano ba Eva. Mme ha se Adama ya thetsitsweng, empa kgwabi ke yona e thetsitsweng. Empa o tla bolokeha ha a hlola kgalalelong le ka phadimeho, mme a tswala bana, le dintho tse jwalo,” hoba jwale o fetoha karolo ya monna enwa. Ke yona ntho e tlisang^ 245 Hobaneng Abrahama a sa^Hobaneng Modimo a sa ka a bolaya Sara a dutse mono hantle, a latola, mme a bua leshano hantle ka pela sefahleho sa Modimo? A dutse mono jwalo ka Monna ya buswang ke lefu, a ja nama, a ja bohobe, a nwa lebese, mme A re, “Sara o tshehile ke’ng motsheo mono ka morao,” ka mora Hae, ka tenteng, O ne a eso mmone, “a bolela sena, ‘Dintho tsee di ka hlaha jwang’?”

LENYALO LE HLALO

39

246 A re, “Ha kea e bua ho hang!” Uh–oh, kgidi, o re Modimo O leshano, sefahla–mahlo ka pela Hae? Empa A ke ke a mo tlosa. Hobaneng? Ke karolo ya Abrahama. Amen. A ke ke a mo utlwisa bohloko a sa utlwise Abrahama bohloko. 247 Jwale lona basadi bonang moo le tshwanetseng. Mme Bibele e itse, “Lona basadi le be jwaloka Sara, ya neng a itlhophile ka seaparo se tshwanelang, a phela ka botshepehi le ka nnete ho monna wa hae, a mo rata hoo (yena) a mmitsitseng ‘morena’ wa hae,” mmusi, mong’a hae. 248 Mme lona, ba bang ba basadi, ba aparang tse ding tsa diaparo tsena tse mpe mme ba tswela kantle mona ho itahlela ka pela monna. Jesu o itse, “Ya shebang mosadi ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.” Jwale ke mang ya sitilweng, monna kapa wena? Ke monna, o bopetswe hore a tle a etse ketso ena, le a bona; mme wena o mosadi, ya lokelang ho hana. 249 Mme hore’ng o itlhahisa jwalo? Ha se bakeng sa phutholoho, o a tseba ho ke ke ha ba jwalo, hodima o batla o hwamme ho isa lefung kahara marikgwana ao a makgutshwane. O a bona, e ke ke ya ba ka baka la boiketlo. Jwale he ke’ng? Ke bakeng la ditshila! O ke ke wa e amohela, empa ke Bibele e rialong. Ke Nnete. Ke moya o ditshila o kahare ho wena. Ha o batle ho ba ditshila; empa ha o elellwe, semoyeng o ditshila, hoba o itlhahisa ka mokgwa o ditshila. 250 Jwale, monna, ka mangwejana a hae a kgale, a ditshila, a dikoto, mme le hola a sa apara diaparo ho hang, ho ne ho sa tlo etsa phapang ya letho, mmele wa hae ha o hohele. Hobane’ng? O ne a le popong ya ho qala, semelo; ho loketse jwalo, le a bona. Empa, wena o kgwabi, ho eka ka yona. 251 Modimo, ak’o hauhele! Oh, kgidi, lefatshe le tletseng sebe! Ke tla thaba mohla le fedileng. 252 Lemohang, A ka hlala mosadi wa Hae nako le nako ha A batla, empa yena a ke ke a Mo hlala; A ka mpeha, A ka ntahlela leroleng nako le nako ha A tlelwa ke kakanyo eo, empa, oh, moena, ke se leke ho Mo lahlela mono le ka mohla, ho fedile ka nna. 253 Salomone o ne a ka nyala mosadi ofe feela ya neng a sa nyalwa, o ne a ka nyala mosadi ofe feela a neng a mmatla. Moprista o ne a ka nyala mosadi ya neng a e–so angwe. Salomone^ 254 Jwaloka Davida, o ile a nyala (lebitso la hae e ne e mang?) Abigale. Etswe, ho no ho ena le monna ya bitswang “sethotho,” a e–na le mosadi ya kgabane, mme a shwa. Mme Abigale a nyalwa ke Davida; e ne e le morena, e seng moprista, le a bona, ka hona a—a nyala.

40

LENTSWE LE BUILWENG

255 Empa moprista a ke ke a etsa hoo, hobane o se a amme kapa o nkile mosadi wa monna e mong hore ebe mosadi wa hae. Ha ho le jwalo hoo ho bontsha borwetsana ba Kereke ya Morena Jesu Kreste, Monyaduwa o tla lokela ho hlweka, Lentswe, ho se be Lentswe le haellang kae kapa kae. Ruri. Na le ka akanya ka monyaduwa ya lokileng, letswele le leng le kgaohile, mme, le leng, ntho e nngwe e le phoso, le a tseba? Hoo e ke ke ya ba Monyaduwa wa Kreste. O phethahetse. Ke Lentswe nthong e nngwe le e nngwe, ha ho Lentswe le le leng le hlolehang kae feela. Tjhe. 256 Lemohang, A ka mo hlala, empa mosadi a ke ke Mo lahla. O se a kile a e etsa, mme a e paka, matsatsing a Luther, Wesley, le Pentekosta, mohla ba hanang ho fetoha karolo ya Hae e tswelang pele ka ho kena kamanong kopanong ya semoya e leng ho emariswa ke karolo e ntsheletsang pele ya Lentswe. Le a utlwisisa? O ile a hana. Kereke ya Lutheran e hanetse Kreste ho ba le takatso e nngwe le yona; Luther o ile a hana hono. Mme a nke ke bolele hona, etswe le tla mpitsa ka mabitso; ho jwalo le kajeno ka e nngwe le e nngwe ya tsona, di sitwa ho nka Lentswe, di hana Kreste! 257 Mme mosadi e mong le e mong ya hanelang monna ngwana wa hae, ha a lokelwa ke ho ba mosadi wa hae. Amen. Le hopola, ka Bibeleng, mohla morena a ne a nyala Esthere? Ka hobane mofumahadi a hanne, a inkela e mong feela. Mme ha^Ha etsahala’ng mohla a hanang ho tswa le morena le ho mo mamela? Ho jwalo le ka mosadi ya hanang ho ba mofumahadi monneng wa hae.

Mme ho jwalo le ka kereke e hanang ho emariswa mongwaheng oo re phelang ho wona jwale, ho tswala bana ba mongwaha wona. Ha re maLutheran, ha re maWesleys, le jwale ha re maPentekosta! Re loketse ho ba bana ba mongwaha wona, ka kemariso ya Lentswe la Modimo, ho tswala Ngwana wa mongwaha wona, Ngwana wa Peo. Amen. Ke a tshepa hore le a utlwisisa. Ha ba ka ba kgona ho emariswa, tjhe, ka baka leo A etsa’ng? A mo lahla, hlalong. Ke hantle. Empa yena a mpe a se leke ho Mo lahla. O ile a lahla mosadi. 258

A nna a tswela pele ho senolela Mmele Lentswe la Hae, le ho Mo netefatsa, ka ho tshwana, ka boYena. Bana ba Hae ba qala ba nka tshobotsi ya Hae ho feta, hoba Le butswa ka mokgwa o tletseng, kapa, ba fetoha bana ba Lentswe, e seng bana ba kereke. Bana ba Lentswe! Mme Monyaduwa etlaba Mofumahadi e monyenyane ya ratehang wa Lentswe, ya hlwekileng, ya sa angwang ke mekgatlo efe feela ya motho, kakanyo efe feela e entsweng ke motho. O tla be a hlwekile a se na sekodi, Monyaduwa wa Lentswe! Amen hape amen! Ke a tshepa le a e tshwara, ka ntle moyeng. E tla be e le moradi ya emarisitsweng wa Modimo. 259

LENYALO LE HLALO

41

260 Le bona tlotla e kgolo eo mosadi a ka bang yona? Le bona ntho e kgolo eo kereke e ka bang yona, empa na le bona moo ditshila di e beileng teng? Ebe moo le lekang ho bapisa kereke eo kantle mono le Kereke mona, le ke ke la etsa jwalo. Le ho leka ho bapisa sehlola sa seterata le Kereke ya Modimo o phelang; kapa mosadi, mosadi ya imametseng, le sehlola?

Hobane’ng ntho e jwaloka eo e le teng? Ke molao wa Modimo, molao wa kgohlano. Re ka kgona jwang ho thabela mahlasedi a letsatsi hola bosiu bo le siyo? Re ka kgona jwang ho thabela boso bo ommeng hola pula e ne e le siyo? Re ne re tla tseba jwang ho thabela le ho hlompha mosadi wa sebele, hola ya ditshila a le siyo? 261

Ho tswela pele hantle ho Le senola, ho senola Lentswe la Wona, empa e mong wa rona a ke a itete sefuba a se leke ho Mo lahla mme a nyale e mong. 262

Jwale ruri e totobetse hobane’ng mehopolo eo bobedi e le phoso. Le ke ke la e mathisetsa nq’a ena, ho fedile ka yona; ha le e mathisetsa ka mane; e tla matha e kodumele ka nqane ho tshepiso. Tshepiso ke ena, ntho ke ena hantle mona. Lentswe ha le thulane. Le loketse ho itulela tatelanong jwale, ho jwaloka ha Matheu 28:19 e sa thulane le Diketso 2:38. 263

264 Jwale, ba bang ba lona basadi, ba bang ba lona banna, ke— ke a tseba hore le—le hanana le Yona. Hoba, le a tseba, le ke ke la pata hoo hona jwale. Le ke ke. 265 Empa e re ke le bontshe ntho e nngwe. Ha eba Mattheu 28:19 e itse, “Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetsa ka Lebitso la Ntate, le la Mora, le Moya o Halalelang,” mme yaba ba hlanoha, mme motho mang le mang ya kileng a kolobetswa a kolobeditswe kgahlano le hoo, a kolobetswa ka Lebitso la Jesu Kreste, hoba esita le mongwaheng wohle wa Bibele le dilemong tse makgolo a mararo ka morao ho mongwaha wa Bibele, ho ya fihla Nicaea Council. Yaba ba hloma ditshomo ditulong. Phapang ke efe, haeba e sa senolwa? 266 Mme na le a tseba hore Buka yohle, Bibele yohle, ke tshenolo? Ke ka hona le lokelang ho tseba nnete pakeng tsa ntho ena le e nngwe, ke kahobane E le tshenolo. Mme tshenolo e tshwanetse ho nepana le Lentswe, e seng kgahlano le Lentswe. Le ka re, “Be, nna, ke e senoletswe.” Jwale ha e le kgahlano le Lentswe, ha e ya ka ya tswa ho Modimo le ka mohla. Ke hantle. 267 Jwale ha le batla ho nka Mat–^Mattheu 16:18. Jesu o boletse, ka sebele sa Hae, hore Kereke yohle, Kereke ya Hae, etlabe a theilwe hodima tshenolo ya Hae ya moya, e leng Lentswe. “Ke re ho wena, o Petrose^Mme ha se nama le madi tse o senoletseng hona, empa Ntate wa Ka ya Lehodimong o o senoletse yona. Me hodima lejwe lena^”

42

LENTSWE LE BUILWENG

268 Jwale, ke a tseba, metswalle ya rona ya Katolike mono, le re, “E hahilwe hodima Petrose, mme Petrose boapostola, ka hona, Sekete–kete, tumelong ya boapostola, hlahlamanong.” Maprotestanta ba itse, “E hahilwe hodima Jesu Kreste.” 269 E seng ho fapana, empa ho nka seo A se boletseng feela! O itse, “Nama le madi ha di a o senolela hona, empa Ntate wa Ka ya Lehodimong o senoletse hona. Mme hodima lejwe lena, tshenolo ya semoya ya hore Lentswe ke eng, Ke tla haha Kereke ya Ka; mme dikgoro tsa dihele di ke ke tsa E heletsa.” Mosadi wa Hae a ke ke a ekwa ke monna e mong. “Ke tla haha Kereke ya Ka, mme dikgoro tsa dihele di ke ke tsa E heletsa.” 270 Le Abele le Kaine, tshimong ya Edene. Kaine o ile a ntsha kutlwisiso ya hae ka sebele, o itse, “Jwale, shebang, Modimo ke Modimo o lokileng. O ka hodima hlolo yohle, ka hona ke tla kga dinawa le ditapole, mme ke tla fumana e—e dipalesa, mme ke Mo etsetse aletare e ntle haholo.” Ke kereke eo. A kgumama. O ne a dumela Modimo. A rapela Modimo, a phahamisa matsoho a hae, mme a neela sehlabelo sena. A etsa ntho e nngwe le e nngwe ya borapedi e entsweng ke Abele. 271 Abele a haha aletare e tshwanang. Empa eitse ha Abele a tlisa ya hae, a tla le konyana. Jwale, Kaine a hopola jwalo, ha a ne a etsa sehlare sa sebe, hore ntatae le mmae ba tshwanetse ba be ba jele tholwana, jwaloka ha ba rutilwe tshimong. Empa Abele, ka tshenolo e Kgethehileng, a tseba hore e bile madi a e entseng. Ka tshenolo e Kgethehileng! Mme Bibele e boletse ho Baheberu, kgaolong ya 12, kgaolong ya 11, hore, “Abele, ka tumelo, tshenolo, o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetang sa Kaine, mme Modimo o pakile hore o ne a lokile.” Na ho jwalo? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Amen! Moena, kgaitsedi, e hlakile jwalo feela ka ntho efe feela e ka bang teng, ho nna. Ntho yohle ke eo. 272 Jwale mabapi le Lenyalo Le Hlalo, le a bona, e loketse ho senolwa. Ho fihlela e senolwa, ha o e tsebe. Empa O tshepisitse matsatsing ana a qetelo, mongwaheng ona, hore sephiri ka seng se patilweng ka hara Bibele se tla senolwa. Ke ba bakae ba tsebang hoo? Tshenolo, kgaolo ya 10! Jesu o e tshepisitse, hore diphiri tsena tsohle tse patilweng mabapi—mabapi le Lenyalo Le Hlalo, diphiri tse ding tsena tsohle tse bileng teng, di tla senolwa nakong ya qetelo. Jwale le a hopola, Lentswe le itse, “Eya Tucson.” Le hopola Lesedi le mohlolo sebakeng; Mangeloi a supileng a eme mono; ho kgutla, le ho manolla ya Ditiiso tse Supileng? Hlokomelang se ileng sa etsahala. Hoo ho nepahetse. 273 Jwale ho tswela pejana hape. Empa jwale, utlwang! Ke a tseba nako ya lona ya ho ya ja e a fihla, empa ke ja ha monate feela. [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] 274 Lemohang, jwale, mosadi o na le sebaka sa hae, mme ke lehakwe le theko e hlokwang. Salomone, monna enwa ya

LENYALO LE HLALO

43

neng a e-na le basadi ba dikete tse leshome^kapa a ena le basadi ba sekete, ke rialo, o boletse ho re, “Monna ya fumaneng mosadi, o fumane ntho e molemo.” A re, “Mosadi ya molemo ke lehakwe le hlokwang moqhakeng wa hae,” ke tlotla eo. “Empa ya kgopo ke metsi mading a hae,” boo ke bophelo ba hae. A re, “Ho ka ba le monna a le mong ya lokileng ho ba sekete,” Salomone o boletse hona, “empa,” a re, “o ke ke wa fumana mosadi a le mong ya lokileng ho ba sekete.” Salomone o itsalo, le a bona. Jwale le lemohe seo, ka moo ho leng kateng. 275 Empa, o a bona, mosadi, o a—o lehakwe le hlokwang ha o batla ho ba lehakwe le hlokwang, empa takatso e loketse ho ba ho wena. Mme na le a bona hore’ng Lenyalo Le Hlalo di bile teng, morao kwana moo Jesu a supileng teng, ke kahobane sesosa sa sebe sohle e le ba mofuta wa hao. Ke ka hona sethepu le hlalo, le dintho, di ileng tsa kenngwa. Tshimolohong ho no ho se jwalo le ka mohla, mme ho ke ke ha ba jwalo lefatsheng leo le ka kwana. 276 Shebang Jakobo, eo bapatriareka ba tswang ho yena. Bonnyane o ne a ena le basadi ba leshome le metso e mmedi. A nyala dikgaitsedi tse pedi, mme a ena le basadi ba dinyatsi ka thoko ho moo, basadi ba seng molaong bao a neng a dula le bona. Mme bapatriareka bao ba tswetswe ke basadi bao ba dinyatsi. Na ho jwalo? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Le a bona, le loketse ho etsa hore Lentswe le mathe ka thello. 277 Oh, ke tshwere maqephe–qephe a tsona. Hore ha tshebeletso ya bodisa e ka tshoha e mpotsa ka yona, mme re ka kopana, re ka e bua. Empa ruri, haeba a ena le moya wa letho, a ka bona hantle mona hore ke Nnete. Ha ho potso Teng. 278 Mosadi ya molemo ke ntho e kgabane. Ke tseba seo. Ke tseba basadi ba makgonthe. Ke kopane le basadi ba makgonthe ba sebele, ba makgonthe jwaloka monna ofe feela ya kileng a tsamaya. 279 Ke kgwabi mme ke phatsa ya hae, mme tlolong o ile a mo mamela. O feela^Ke karolo ya hae. Empa, ho ho yena, o bopetswe hore a be ditshila, mme o filwe tokelo ya ho hana kapa ho amohela. Taba eo e hohlana le popo ya mantlha tshimolohong, le a bona, empa ke lona bao he. 280 Jwale ke hora ya leshome le metso e mmedi, ka hona ke tla tlola ntho e nngwe mona metsotso e mmalwa. Ke batla ho le botsa ntho e nngwe. 281 Jwale, hopolang, ke bua taba ena ho sehlopha sa ka feela. Mme ka ntle moyeng, ke bua taba ena ho balatedi baka ka sebele. Molaetsa ona o lebisitswe ho bona feela, le taba eo ke tla e bua mona.

44

LENTSWE LE BUILWENG

282 Moruti ofe, yena, ya hae, eya, ke modisa wa mohlape wa hae, a ke a etse seo a se batlang. Ho ho yena le Modimo. Moprista ofe, moreri ofe, ho ho wena, moena wa ka. 283 Ke bua Jeffersonville mona feela, sebaka se le seng seo nka buang taba ena hona teng, ke ka hoba e le mohlape waka ka sebele. Ke mohlape oo Moya o Halalelang o mphileng oona ho utlwisisa ho ba mookamedi wa wona, mme O tla batla boikarabelo ho nna. Mme batho bana baka ke meya e sokolotsweng e tswa ka makgalo wohle a naha, eo ke e isitseng ho Kreste. Mme, lona bana, ke mona ho le thusa, mme ke motswalle wa lona. Le ka nahana hore ke bua kgahlano le lona; ke bolela taba ena, le a bona, molemong wa lona. Kea le rata. Mme ha ho se jwalo, Modimo ke Moahlodi wa ka. Lea tseba kea le rata. 284 Ke taba e thata e matla haholo, ke ne ke sa tsebe hore ke e tlise jwang. Ke tla etsa’ng, hodima ke ena le banna le basadi ba dutseng phuthehong ya ka, ba bang ba bona ba nyetse habedi kapa hararo? Banna ba lokileng le basadi ba lokileng, ba ferekane ka botlalo! Taba ee e bakilwe ke’ng? Thuto ya bohata, ke yona, ka baka la ho se emele Morena. 285 “Se kopantsweng ke Modimo, ho se be motho ya se arolang.” E seng se kopantsweng ke motho; seo “Modimo” a se kopantseng mmoho! Ha o fumane tshenolo e totobetseng e tswang ho Modimo, ke mosadi wa hao, mme hoo, ke wa hao, bophelo bohle ba hao. Le a bona? Empa seo motho a se kopanyang mmoho, motho mang kapa mang a ka se arohanya. Empa se kopangwang ke Modimo mmoho, ho se be motho ya ka itetang sefuba ho se ama. “Sohle seo Modimo a se kopanyang mmoho,” O itse, “ho se be motho ya se arolang.” E seng seo magistrata ya itseng a batla a tahilwe kapa ntho e sele e se kopanyang mmoho, kapa moreri ya itseng ya weleng ka sehlopha sa ditumelwana bukeng, ya ka ba dumellang ho etsa ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng, mme Lentswe la Modimo le robetse mono hantle. Le a bona? Ke bua ka seo Modimo a se kopantseng mmoho. 286 Jwale ke tla le bolella taba ena. Ke kelohloko haholo ka seo ke le bolellang sona. Ha ke a ikemisetsa ho kgohlahala ho lona batho ting. Ha kea ikemisetsa ho kgohlahala ho lona, baena baka ba badisa. Ha kea ikemisetsa hono. Empa ke jere boikarabelo, ke lemoha hobane taba ena e beilwe matsohong a ka. Mme haeba^Nke ke ka E kwetla. Ha ke tsebe hore ke E ntshe jwang, mme kea tseba hore lebanta lena le tla kgona. Oho, kgidi, ke tla dula ke le malalaalaotswe, ofisi e a bulwa, hoba ke ena e tla. Le a bona? 287 Jwalo feela kaha ho etsahetse ka Peo Ya Noha, empa e pakilwe e le nnete e tiileng. Ke tshwere dipampiri hona mona hantle, tse tswang pampiring, moo basadi hona jwale^mme

LENYALO LE HLALO

45

esita le—le boholong^Esita le mabatowa a mang a maholo a dibishopo a tshwere ditshwantsho tsa sa mantlha, noha e hahabang leotong la mosadi, le ka moo e ithatikang ka yena feela; o kenwe ke ditshisimoho tsohle tsa mefuta le dintho, ntho e nngwe eo monna a ke keng a mo thetsa ka yona, ka moronono wona wa noha o ithatikang ka yena, le jwalo–jwalo. Ke nnete ruri. Mme ho ntse ho mpefala ho mpefala, mme ho tla mpefala. Noha, athe e ne e se yona, e ne e ke ke ya ba le kamano ya bong le yena hola e ne e le noha, empa hopolang^ 288 Nkile ka kena phehisanong tsatsi le leng le^e seng phehisano, moruti feela wa Assembly of God, le ba mo tlatsang, ha thwe, “O fositse, tabeng Eo.” Ka re, “Be, mohlomong ke fositse. Ke batla hore lona le mpolelle.” 289 Ebile o a bua, a tswela pele mme a qala a bua ka yona. Ntho ya pele le a tseba, a itshophahanya. Mme ntho e nngwe eo a e buileng, a re, “Moena Branham, lesika leo le kae? Modimo o itse, ‘ya mofuta wa yona.’ Jwale lesika leo le kae leo o itseng le pakeng tsa motho le sebata, leo mahlale a sa le tholeng jwale? O kae?” Ho re, “Na le teng lefatsheng? Na e ne e le shimpanse?” 290 “Tjhe, hoba madi a shimpanse a ke ke a tswakana le mosadi, ha ho phoofolo e nngwe e ka tswakanang le yena. Tjhe, a ke ke, le senna sa monna se ke ke sa tswakana le—le e tshehadi. E ke ke ya etsahala.” 291 “Jwale ebe phoofolo eo ya hore’ng e kae? Jwale, Modimo o itse, ‘Ntho e nngwe le e nngwe e hlahise se sa yona.’” 292 Ka ema motsotso feela. Mme mosa wa Moya o Halalelang wa re, “Mmolelle, ‘Le teng mona.’” Jwale, pele ka re, “Be, mohlomong le nyametse mme la fela.” A re, “Empa, Moena Branham, mono, re bua ka Lentswe, ha ke re?” 293 Ka re, “E, monghadi.” Mme ka re, “Ka hobane, bao, ba re dintho tse ding, tse kang didinosara le—le mamothe, le dintho tse jwalo, dimamose, dimamose, ke rialo, di nyametse, le jwalo– jwalo.” Ka re, “E ne e ka ba hono.” 294 A re, “Moena Branham, re bua ka bopaki ba Lentswe. Ha sebe se le teng mona; jwale he, sebe sa mantlha, e loketse ho ba teng mona le yona.” 295 Mme ka re, “Morena Jesu, O itse, ‘Le se nahane seo le tla se bua ha le ema pela motho, hobane le tla se fuwa horeng eo.’ Morena, ke tla reng?” A re, “Mmolelle, ‘E teng mona.’” Jwalo feela kaha ke bona dipono kalaneng. 296 Ka re, “E teng mona,” ke sa tsebe hokae.

46

LENTSWE LE BUILWENG

A re, “Hokae?” Mme le pele nka nahana, A re, “Ke sepente.” 297 Ke sona seo e neng e le sona hantle, hoba ha e sa hlola e le sebata. O ne a rohakwe mme a hahabiswa ka mpa matsatsi wohle a bophelo ba hae. O teng mona. Na ho jwalo? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Mme o sa ntse a tshwarane le ketsong eo a e entseng, sebe seo se sebetsang hohle hodima mosadi se sa le teng, jwaloka botona ba monna ka mokgwa oo. Ke hona moo mosadi a fumanang maemo a hae a mahlo a lephekga le dintho, mohla ditshisimoho tsa hae tse tlodisang ntho efe eo monna a ka e etsang le ka mohla. 298 Ke tla emisa mono hoba re kahara mokgupi o kopaneng. Ke tla nka banna ba mmalwa, ke tla^re tla e nka haholwanyane. Ke tshwere dipampiri le dintho tsohle tse robetseng mona, hantle letsohong la ka hantle hona jwale, mme ke ne ke tlilo le tlisetsa tsona hoseng hona. Ke ne ke tlilo qeta letsheare lohle tabeng ena, empa jwale ke tla kwala ka ho bolela sena. 299 Taba ena e ya kerekeng yaka feela. E seng kereke ya ka^Mohlatswana o dumelang ho nna le ba ntatelang, taba ena e ya ho bona. 300 Tsatsi le leng, erekaha ke tseba hore ha ke le jwetsa taba, e tshwanetse ho tla e le HO RIALO MORENA, ke ne ke tshwere Mangolo ha A ntshenolela yona. Empa, “Morena Modimo, nka reng ho phutheho eo? Ke tla ba le dikarohana. Monna o tla be a dutse mathuleng le ka ntle kahara seratswana, le hohle feela, ‘Na nka mo tlohela?’ Basadi, ‘Na nka tlohela monna wa ka?’ ‘Ke tla etsa’ng?’” Ka re, “Morena, nka etsa’ng?” 301 Ntho ya re ho nna, “Nyolohela thabeng mane, mme Ke tla bua le wena.” 302 Mme yare ke sa le hodimo thabeng, ke sa tsebe hore tlase Tucson ba ne ba Le bona. Empa esita le mesuwe ya bitsa bana ho tswa^ngwananyana wa ka a e–na le bona, ho tswa phaposing ya sekolo, mme a re, “Shebang mane thabeng yane! Ho na le Leru le lesehla le kang mollo le nyolohelang hodimo sebakeng mme le boele le theohele fatshe, le ya hodimo sebakeng mme le boele le ye fatshe.” 303 Mof. Evans, o teng moo? Ronnie o teng moo? Ke ile ka theoha ke feta seteisheneng, mohlankanya enwa wa karatjheng, karatjheng ya Evans mono. Mme le pele nka tseba seo moshanyana a neng a tla se bua, a nkemisa tlekelele, a re, “Moena Branham, o no o le hodima thaba eo mane, ha ke re?” 304 Ka re, “O bolela’ng, Ronnie? Tjhe,” le a bona, ho bona seo a neng a tla se etsa. Ho hlaha dintho tse ngata, ha ke, ha o di bolelle batho. E fetoha^Taba ya hono ke ena, o bona dintho tse ngata hakana di etsahala, ebe e be tlwaelo ho wena. Le a bona? Ke mpa feela ke sa bolelle batho. Ka re, “Ronnie, o ne o^”

LENYALO LE HLALO

47

305 A re, “Nka o bontsha moo o nong o le teng hantle.” A re, “Ke ile ka bitsa mme, mme ra ema mona mme ra boha Leru leo le lopaletseng hodimo mono, le ya hodimo le tlase. Ke ile ka re, ‘E loketse e be e le Moena Branham ya dutseng hodimo mono kae–kae. Ke Modimo o bua le yena.’” 306 Mme motse wohle, batho, ba Le shebile. Tsatsing le hlakile maru a le siyo kae kapa kae ho hang, mme Leruhadi lena le lesehla le lopaletse mono; le theohela sebopehong sa fanele, le boele le kgutle le phatlalle jwalo. 307 Metswalle, mme ke ntano kwala, le ka tloha nthong ena. Ke ka yona nako eo ha ntho Ena e ne e senolelwa nna, eo ke tla le bolella yona hona jwale, ka hona le se E fose. 308 Jwale ke bua le balatedi ba rona feela, ba latelang nna le Molaetsa wona feela, e seng ba ka ntle. Le mpakele taba ena pela Modimo. Ho sehlopha sena feela! 309 Jwale re fumanwa re le hara ditshila tsena ka baka la thutabomodimo e tolokilweng ka phoso. Na ho jwalo? Ke ka hona lona basadi ting le nyetsweng habedi, le lona banna, ka baka la thutabomodimo e tolokilweng ka phoso. Jwale ke batla ho le bontsha ntho eo A mpoleletseng yona. 310 Mme ha eba Modimo, Mmopi wa rona, a botsitswe potso mohla A ne a le lefatsheng mona, Jesu Kreste; le mohla moporofeta wa Hae ya lokollang a na hlaha, Moshe, tlase Egepeta, ho ntsha bana mono—mono Egepeta, ho ba kenya lefatsheng la pallo; mme Jesu o boletse mona hore Moshe o bone batho ba le maemong ana, mme a ba nea lengolo la hlalo, kahobane ditaba di ne di le jwalo. Moshe a fumana jwalo, jwale ka, “A ba fe^” Modimo wa dumella Moshe, moporofeta eo ya rometsweng bathong, ho ba neela lengolo lena la hlalo. 311 Mme ho Bakorinthe ba Pele, e—e kgaolo ya 7, temana ya 12 le ya 15, ho moporofeta wa Testamente e Ntjha, Pauluse, ya kopaneng le ntho e tshwanang kerekeng, mme a bolela taba ena, “Mona ke nna, e seng Morena.” Na ho jwalo? Ka baka la maemo a hlalo. 312 “Tshimolohong ho ne ho se jwalo.” Empa Moshe a dumellwa hona, mme Modimo wa bona hobane ho molemo. Mme Pauluse le yena a fuwa tokelo, mohla a neng a fumana kereke ya hae e le maemong ao. 313 Jwale le dumele hore taba Ena ke nnete, mme le dumele hore E tswa ho Modimo! Mme ka netefatso ya Leru la Hae le Molaetsa wa Hae o ntshikileng ho fihla mona, ana Modimo hodima thaba o n’a ke ke a ntumella ho etsa ntho e tshwanang, ho le dumella ho itsamaela le le jwalo, mme le se hlole le e etsa hape! Tsamayang le basadi ba lona mme le phele ka kgotso, hoba hora e se e phirimile. Ho Tla ha Morena ho haufi. Ha re na nako ya ho pshatla dintho tsena. Le se leke la e etsa hape! Ke

48

LENTSWE LE BUILWENG

bua le phutheho yaka feela. Empa ha o nyetse^Mme Modimo o mpaketse taba eo, hodimo thabeng, hore nka bua taba Ena, tshenolo e mohlolo–hlolo, ka baka la manollo ya Ditiiso tse Supileng, mme ena ke potso e ka hara Lentswe la Modimo. “Ere ba itsamaele ba le jwalo, mme ba se hlole ba etsa sebe hape!” 314 “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” Ho jwalo, ho no ho se jwalo, mme ho ke ke ha ba jwalo qetellong. Empa tlasa maemo a mehla ya kajeno, jwale ka mohlanka wa Modimo^Nke ke ka ipitsa moporofeta wa Hae; empa ke dumela hore mohlomong, ha ke sa romellwa hono, ke ntse ke haha motheo wa hae mohla a tlang ruri. Ka baka leo tlasa maemo a mehla ya jwale, ke o laela ho ya lapeng la hao, le mosadi wa hao jwale. Ha o thabile le yena, phela le yena, hodisetsa bana ba hao tshabong ya Modimo. Empa Modimo a o hauhele ha o ka phetha wa etsa hoo hape! Le rute bana ba lona hore ba se etse ntho e kang eo, ba hodisetseng tshabong ya Modimo. Mme jwale erekaha le dutse kamoo le leng kateng, a re yeng jwale, horeng ena e phirimileng ya mantsiboya eo re phelang ho yona, mme “o hahamalle pheong e hodimo eo re e biletswang ho Kreste,” moo dintho tsohle di tla etswa. 315 Ho fihlela ke le bona phirimaneng ena, Morena Modimo a le hlohonolofatse, re sa rapela. 316 Morena Modimo, re lebisa diteboho ho Wena. Re a O boka. E sa le Wena Jehova e moholo ya dumeletseng Moshe. Moshe, mohlanka eo, mme o n’a ka reng bathong ba habo? Mme, Modimo, O ile wa mo dumella ho ntsha lengolo la hlalo. Pauluse, moapostola e moholo eo e neng e le mongodi wa Testamente e Ntjha, jwaleka ha Moshe e ne e le wa ya Kgale. Moshe o ngotse Melao le lekgathe la melao. Baporofeta ba bangata, mantswe a bona a kentswe ho Yona, empa Moshe o ngotse Melao. Mme O mo dumeletse ka lengolo, ho ba ngolla lengolo la hlalo, ka baka la bothata ba pelo tsa bona. 317 Mohalaledi Pauluse e moholo, ka ho ba mongodi wa Testamente e Ntjha, le yena o ne a ka omela jwalo, ho re, “Ke bua tlasa maemo ana; nna, e seng Morena.” 318 Ho jwalo le kajeno, Morena Modimo, pheletsong ya lefatshe, re sa le mona tlasa mohau wa Modimo, tsebong ya hore hang– hang re tla arabela ka pela Sefahleho sa Hae. Mme erekaha O entse tse ngata hakana, Morena, ke kgodisehile, mahlong a batho bana, hore ba tla itshwarella tabeng Ena jwaleka hoja E tswa ho Wena. Le ho paka mona kajeno, ka batho ba bangata ba dutseng mona ba boneng Pontsho eo hodima thaba le hona, moo Mangeloi a Morena a tlileng ka setsokotsane, moo e tlileng ka Mangeloi a supileng, moo tshenolo ya Diphiri tse Supileng e phuthulotsweng teng; le lona Lengeloi leo, nqeng yona eo, hodima yona thaba eo, ka lona tsatsi leo taba Ena e neng e senolwa!

LENYALO LE HLALO

49

319 Modimo, ke rapela hore batho ba tle ba ye hae ba tletse teboho haele moo Modimo o ba file mohau ona. Ke mpa ke E buile feela, Morena, ka tumello. Mme ke E bua ka tumello feela, Morena. Mme batho ba be motlotlo hona hoo ba sa tlo leka ho etsa sebe seo hape! Mme ba se leke ho etsa sebe sefe feela, empa ho O rata ka dipelo tsohle tsa bona. Morena, thabisa malapa ana, mme ba ke ba hole mme ba hodisetse bana ba bona tshabong ya Modimo. 320 Hoba, Molaetsa wa ka o neng o dutse pelong yaka o rerilwe, Morena. Ke entse tsohle kamoo ke tsebang ho di etsa. Mme e se e le dibeke Satane a ntwantsha, le dihora ke sa robale. Empa jwale ke a O laeletsa, Morena, bathong bana, ba tle ba O badisise, le ho tsamaya ho phelela Wena. Fana ka sena, Morena. O tlohile mahetleng a ka jwale. Ba matsohong a Hao. Ke rapela hore O tle o ba hlohonolofatse. 321 Hlohonolofatsa disakatuku tsena, Morena, tse sa tswa behwa mona, bakeng sa bakudi le ba mahlomoleng. Bosiu bona e be bo bong ba a maholo, masiu a matla, moo batho bohle ba tla fodiswa. Fana ka sena, Morena. Re hlohonolofatse mmoho. 322 Re ke re ikele ka kgotso, re thabile re nyakaletse, hoba Modimo wa dihlodilweng o re bontshitse “ho tloha tshimolohong,” mme o re otlolletse, hara ditshila tsa rona tseo re leng ho tsona, mohau wa Wona hape, matsatsing ana a qetelo. O Modimo o Moholo homme Modimo Rabosafeleng, re O leboha hakakang ka hona! Mme dipelo tsa rona di ke di thabe hakana, hoo re sa tlo hlola re eba le takatso ya ho O sitelwa. Lebitsong la Jesu. Amen.

Ke a Mo rata, (hobane’ng le ke ke la Mo rata?) Ke a Mo rata Hoba A nthatile pele O lefeletse pholoso ya ka Fateng sa Kalvari^ 323 Ke e bua jwale hore baruti ba tle ba utlwisise. Taba ena e ya ho bao ba latelang Molaetsa ona feela! 324 Oh, le thabile na? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Ke le boleletse Nnete, HO RIALO MORENA, ho haola jwalo! [“Amen!”] 325 Jwale ha re emeng re phahamise matsoho a rona, re sa e bina hape, “Kea Mo rata.” Ke Mo ratela mohau wa Hae. Ke Mo ratela lereko la Hae. Ke Mo ratela Lentswe la Hae. “Mme Lentswe la Morena le tlile ho baporofeta!”

Ke a Mo rata. Tloo, Moena. [Moena Branham o re motho e mong a tl’o qhalanya phutheho ho ikela—Mong.] ` 326

L ENYA L O L E HLA L O

SST65-0221M -ARRIAGE!ND$IVORCE

Molaetsa wona, ka Moena William Marrion Branham, o rerilwe sethatong ka Senyesemane hoseng a Sontaha, Hlakola 21, 1965, mane odotoriamong ya Sekolo se Phamameng sa Parkview, Jeffersonville, Indiana, U.S.A., o ntshitswe kgatisong ya teipi ya makenete mme o ngotswe o sa kgaolwa ka Senyesemane. Petolelo ena ya Sesotho sa Borwa e ngotswe mme e abjwa ke ba Voice Of God Recordings. 3/54(3/4(/ €6'2 !,,2)'(432%3%26%$

VOICE OF GOD RECORDINGS, SOUTH AFRICA OFFICE P.O. BOX 178, SOMERSET WEST, 7129 CAPE PROVINCE REPUBLIC OF SOUTH AFRICA

VOICE OF GOD RECORDINGS

P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, INDIANA 47131 U.S.A. www.branham.org

Temoso Ea Tokelo Ea Qopitso Litokelo tsohle li babaletsoe. Buka ena e ka porintoa ka porintara ea lelapa molemong oa motho eo kapa ea abjoa, ntle ho tefiso, e le thepa e jalang Evangeli ea Jesu Kreste. Buka ena e ke ke ea rekisoa, ea boela ea hlahisoa ka bongata, ea manehoa leboteng la website, ea bolokoa ka tsela eo e ka boelang ea ntšoa, ea fetoleloa ka lipuo lisele, kapa ea sebelisoa ho qela matlole ntle le tumello e ngotsoeng ea Voice Of God Recordings®. Ho fuoa boitsebiso bo bong kapa bakeng sa thepa e nngoe e ka fumanoang, ka kopo ikopanye le:

VOICE OF GOD R ECORDI NGS

P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, I NDIANA 47131 U.S.A. www.branham.org