Copyright, Voice Of God Recordings

Mme re tla bea matsoho a rona hodima bona, hore Modimo a tle a hlohonolofatse tshebetso ya bona New York. Re na le tse pedi kapa tse tharo tsa dikerekana ...
179KB taille 46 téléchargements 1811 vues
1

QOSO

Qoso ` Ke a o leboha, Moena Neville. A re tswe re sa eme motsotso feela bakeng sa thapelo. A re inamiseng dihlooho tsa rona. Na ho na le dikopo tse boletsweng, haeba di ka tsebahatswa ka letsoho le phahameng, ho Modimo feela, e reng, “Ke_ke^”? Hopolang kelellong tsa lona jwale seo_seo le batlang ho Mo kopa sona, mme le dumele ka pelo tsa lona, le nna ke sa ntse ke hlahisa thapelo ya ka bakeng sa lona, hape. 2 Ntate ya Mahodimong, re a^nka ona e le monyetla o mokakang, ho ba ka tlung ya Morena, tsatsing lena le rothofetseng, le_le ho fumana Mora-Lesedi la Modimo le tjhabile, le ho utlwa Moya o Halalelang o bina ka batho, le ho bua ka batho, lelakabe feela la_la ho tjhabo-ya-Mora ka hare. Re O leboha ka hona, tjhabo-ya-Mora wa Lehodimo mathokong wohle a pelo tsa rona. Re O leboha hakakang ka hona! Jwale ba a^ 3 Batho ba Hao ba sa tswa phahamisa matsoho a bona ka phuthehong ena, hore ba na le dikopo, ka hore ba labalabela ha O ka di arabela hoseng hona. Mme kea rapela, Ntate, hore O tle o tlatse tlhoko e nngwe le e nngwe ya bona. Ho na le tse ngata haholo, tse bokeletsweng hodima deseke, le dikopo tse ngata hakana hohle, tsa batho ba kulang, ba mahlomoleng; mehala e letswang, e tswang hole, e ka bang mashome a mahlano ka letsatsi. Oho Modimo, re tla etsa’ng? Re tsamaise, Morena. Re_ha re tsebe re ye nqeng efe kapa hore re etse’ng, empa Wena o ka laola dintho tsena, mme re rapela hore O tle o re abele yona. Hobane, ke_ke morero wa rona, Morena, bophelo bofe feela boo re nang le bona lefatsheng re bo filwe ke Wena, mme re batla ho bo sebedisetsa ho tlotlisa Wena ka bona. Jwale O ke o re tsamaise dinthong tseo, Ntate. 4 Re hlohonolofatse kajeno jwalo re sa bokane mmoho ho utlwa Lentswe la Morena, ho bina dithoko, ho hlahisa thapelo. Utlwa thapelo tsa rona. Thaba le rona dithokong tsa rona, mme o bue le rona ka Lentswe, hoba re e kopa ka Lebitso la Jesu. Amen. Ho ka dulwa fatshe. 5 Ha ke tsebe feela sebaka seo nka se nkang e le monyetla o fetisisang ho ema ho sona, ho feta ho ema se_sefaleng, ho ngwathela batho ba lebeletseng Bohobe ba Bophelo, ba lapileng, ba nyorilweng. Mme wona ke monyetla o moholo. 6 Pele, ke rata ho botsa haeba_haeba ho e na le e mong wa ba lapa la Wright, Hattie kapa Orville, leha e le mang? Hattie. Na Orville o na le wena, Hattie? E, mmotse hore a ke se pote lapeng, hang-hang, mabapi le seo ke mmoleletseng sona, o a

2

LENTSWE LE BUILWENG

tseba. Ho feta le lapeng, ha a ka kgona. Ke lebeletse ho tla le yona, hoseng hona, nthwana e itseng bakeng sa ntjana ya bona eo ba e ruileng tlase mono. Ka baka leo ke_ke feela^Ha o kgona, feta le lapeng ha o tsamaya bakeng_bakeng sa tsheb-^ka mora tshebeletso. 7 Mme jwale, Edith, kgaitsedi ya Hattie, ngwananyana eo re mo tsebileng e le motho ya holofetseng ho tloha esale e_e lesea. Mme e se e le mosadi jwale, mme o maemong a mabe haholo. Jwale nna, lebaka le ka etsang selemo le fetileng, ke ile ka theohela mono ha a sa qala ho kgathatseha, mme hang ka fumana moo bothata ba hae bo neng bo le teng, ka thuso le mohau wa Modimo. Jwale, hantle, seo e leng bothata ka ngwana^ 8 O dutse, ditho tsa hae di tlamahane, mme ha a kgone le ho di arohanya, ke ka baka la kgatello e matla mono_mono tsamaisong ya methapo. Empa, taba ke hore, ha ho le phoso mmeleng ka ngwana eo, ntle le bohloko ba kgolofalo ya bosea a sa le dikgwedi tse tsheletseng. O ne a hweletsa a lla bophelo bohle ba hae, mohlomong, ho fihlela^Ra na ra mo rapella dilemong tse ngata tse fetileng, mme_mme esale a thabile ho tloha mohlang oo, ho fihlela ntho e ka etsang selemo e fetileng. 9 Mme jwale hantle-ntle ke menophose. Ka mantswe a mang, phetoho ya bophelo ba hae, mme methapo ya hae e boemong bo tshabehang haholo. Mme kelellong ya hae mosetsana o nahana hore o a shwa, a_a ke ke a phela, ho tloha horeng e nngwe ho ya ho e nngwe. Mme le a tseba. Le basadi ba phetseng hantle, ba matla ba fumana mathata, ka nako tse ding ba lokela ho hlabjwa dinale bakeng sa dihomone, le_le ho romelwa ditulong tsa tshokollo, ba tjhoukwe esita le ntho e nngwe le e nngwe, lekgatheng leo. Motho o na le phetoho tse pedi tsa bophelo. 10 Ba fetoha ho tswa ho moshanyana ho_ho ya ho monna; ho tloha ho mosadi^ho tswa ho ngwanana ho ya ho mosadi. Dilemong tse ka bang leshome le metso e tsheletseng, leshome le metso e supileng, ba itshwara jwaloka sehlopha sa di-fly-bynights. Mme_mme hola feela le ne le ka ba mamella dilemong tseo. Ke na le moradi ya dilemong tseo hona jwale, Rebeka. Mo rapelleng. Le Billy, oho, e mong le e mong wa rona, re fetile dilemong tseo tse nyarosang. Mme_mme ka hona re tshwanetse ho ba mamella, ka temoho ya hore ke ntho eo_eo ba_ba loketseng ho feta ho yona. 11 Mme jwale, Edith, phetohong ena feela ya_ya_ya dilemo tse supileng. Dilemong tse ding le tse ding tse supileng, bophelo ba hao bo a fetoha. Ka baka leo supa atisa ka supa, o a bona, mme_mme e baka bothata, mme ke phetoho e feletseng. Mme e_e kgathatsa basadi. Hangata banna ba ye ba itshware ka mokgwa o makatsang lekgatheng leo, mme ka nako tse ding

QOSO

3

ba tlohele basadi ba bona. Empa basadi ha ba_ba nona ka morao ho moo. Mme re feta moo bohle, mme re tshwanetse ho hopola hore ke dintho tseo re tshwanetseng ho mamellana ho tsona, le ho utlwisisa dintho tseo. 12 Mme Edith-nyana o kene maemong ana, mme boima ba hae bo theohile haholo, mme o shebeha a le mobe. Mme_mme_ mme ke a le bolella, bosiung bo bong, e seng lona kastela, empa leetonyaneng le theohang feela^Ba ne ba dula le yena, motsheare le bosiu. Mme ke_ke leetonyana ho theohela tlase mona ho tswa tabernakeleng ena le_le ditabernakeleng tse fapaneng, di tabernakele tse tswalwang ke ena mona, bang ba lona batho ting theohang mme le bone lapa la baWright. Kea kgolwa ba tla e ananela. Theohang feela, le dule le bona ho se hokae, mme le qoqe le bona, le tshwarane le bona ka letsoho, le letho haese ketelo ya setswalle feela. 13 Re_re lebala taba eo ha bonolo, le a tseba. Mme ereha e kena lapeng la rona ka sebele, rea e ananela. Mme re tshwanetse ho hopola, ba bang ba e ananela, le bona. Mme lapa la baWright, kea kgolwa, ba tla ananela hono. Kea_kea tseba le ka be le entse hono ha le ne le tsebile hore boemo bona bo hlahile. Empa le ne le sa e tsebe, ka baka leo_ka baka leo ke ne le bolella hoseng hona, ka yona. 14 Eyang le tjhakele lapa la baWright, mme le leke ho kgothatsa Edith. Jwale, le se ke la mmolella hore o bonahala a le maemong a mabe. Mmolelleng hore o “shebahala hantle,” o “tla hlaphohelwa.” Etswe, o tla itokela ha re ka nna ra dula re mo tsheheditse. Ke seo re leng mona ka sona. Ke kgaitsedi ya rona, mme_mme re mona ho tshehetsa ngwana nakong tsena. Jwaloka ha ke batla hore motho a ntshehetse le ho rapela mohla ke ne ke feta ditekong tsa ka, mme le wena o batla motho e mong ho tsa hao. 15 Mme_mme lelapa la Wright ka nako e telele e_e ebile^ ba bang ba ditho tsa kgale tse tlang kopanong ena. Bao, kea kgolwa, le Moena Slaughter le Kgaitsedi Slaughter. Mme ke ba bone metsotswaneng e mmalwa e fetileng, ka ba tsokela ho keneng ha bona. Ka nahana, ka bonna, nakong eo ke kgannang ke potela ka khona, “Ke dilemo tse kae ke bona Moena le Kgaitsedi Slaughter ba nka tulo tsa bona ka hara kereke ee, hodima meepa-le-metheo, mme ba ntse ba qaputsa? Lelapa la Wright, le jwalo ka mokgwa oo, le ananela batho bao, le a bona. Mme re ke_re ke re bontshe kananelo tsa rona ho bona. 16 Jwale, kajeno, ke na le Molaetsa o molelele. O mabapi le qoso. 17 Mme_mme hape, bosiung bona, ke utlwa hore ho na le selallo le hlatsuo ya maoto, jwalo le jwalo. Ka hona modisa o tla bua, mme re tla ba le^re tla theoha. Mme ha le_ha le le haufi, tloong le tlo thabela e_e molaetsa o tswang ho modisa,

4

LENTSWE LE BUILWENG

ho tswa ho Morena, le o tswang hlatsuong ya maoto hape le_le selallong, bosiung bona. Etlaba bo_bosiu bo petatsaneng haholo, ka baka leo re tla thabela ho ba mmoho le lona, ha ho se na sebaka seo le yang ho sona. 18 Mme re batla ho ananela Don Ruddel, le_le moena wa rona, Moena Jackson. Mme_mme bana ke baena ba rona, dikereke tse tswetsweng mona tse re tlatsang. Moena Jack Palmer hodimo mona, ya alosang se_sehlopha tlase Georgia. Mme re_re_re batla ho ananela banna bana ka pelo tsohle tsa rona. Hoba, ka nako tseo re tshwereng ditshebeletso, ha ke kena, le hona ba ye ba re etele, mme re a e ananela. 19 Ke bona, hoseng hona, motswalle wa ka ya kgabane, Ngaka Lee Vayle le mosadi wa hae. Ke ile ka elellwa Kgaitsedi Vayle mono, pele, mme ka nna ka qamaka mono ho sheba moo Moena Vayle a neng a le teng. Mme ke na le, polelo ya Borwa, “ke mo tjheile,” le a bona, nako le nako ha ke mo fumana. Ke ile ka mmatla tsatsi le leng le le leng, sebokeng seo, ho ba tlase mono ho nthusa. Mme ka re, “E bo, ha Lee a ka tla, ke tla re a rere, mme nna ke tla tshwarana le thapelo ya bakudi.” Mme re ile ra mo letsetsa, le ntho e nngwe le e nngwe, mme ra se ke ra kgona ho mo fumana. Ka baka leo, ke_ke, ke e fumane, ke mo tjheile, ha ke bua. Mme re thabetse ho ba mmoho le Moena le Kgaitsedi Vayle ka hare, hoseng hona. 20 Mme mohlomong ho na le ba bangata mona re sa ba utlusisiseng. Ke bona kgaitsedi mona, ke a kgolwa, ya tswang Chicago. Ha ke kgone^Ke tseba sehlopha se mona, empa ha ke kgone ho bitsa mabitso a bona hantle. Ka baka leo re_re a ba ananela ho tswa hohle, hohle moo le leng teng. 21 Ke bona baena mona, mathaka a mabedi a matjha a loketseng ho tlotswa (ba batjha masimong a molaetsa, bonnyane) hoseng hona. Ba babedi, ba baena ba rona ba bammala ho tswa hodimo New York, ba sa tswa fumana ditshwanelo tsa bona kerekeng ya Filadelfia, mme ba tsebisitswe kereke ena e le moo ba tswang teng. Mme re tla bea matsoho a rona hodima bona, hore Modimo a tle a hlohonolofatse tshebetso ya bona New York. Re na le tse pedi kapa tse tharo tsa dikerekana hodimo mono. Ke a kgolwa Moena Milano o na le sehlopha se seng mono, mme re a^re a ba ananela. Mme_mme ba babedi ke bana hape ba tswang ho ya sebetsa, ho tshwara ditshebeletso mono bakeng sa batho. Mme_mme re ananela dintho tsena. 22 Morena a le hlohonolofatse, haholo, ha ngata-ngata! Kea qamaka mme ke bona batho ba fapaneng, mme motho a ke ke a kgona feela ho bitsa mabitso a bona kaofela, empa ke a tseba O a utlwisisa. 23 Jwale, kea kgolwa, haeba kgaitsedi wa rona, moletsi wa piano, kapa e mong wa bona a ka tla kwano mme a re letsetsa.

5

QOSO

Ha leshala la mollo le amile moporofeta, Ho mo hlwekisa kamoo ho kgonehang, Le ha lentswe la^kodu ya Modimo e re, “Ho tla ya mang bakeng sa rona?” Yaba o arabela, “Ke nna enwa, roma nna.” 24 Nakong eo, re tlotsang bareri bana ka peo ya matsoho. Jwale, rea elellwa hore mokgwa wa Mangolo wa ho tlotsa moreri ke ka peo ya matsoho. Ke nahana hore ke hona moo, baena ba rona ba Dipula tsa Hwetla, kapa batho ba Battleford, le ba jwalo, ba ileng ba ferekana teng; mme ha ba bone hoo, peo ya matsoho, ho aba dineo tsa moya. Jwale, ha re dumele ha dineo di tla ka peo ya matsoho. Re dumela hore e^peo ya matsoho ke thasiseletso ya seo re seng re se bone. Le a bona? Ke “amen.” Le a bona? 25 Jwale, mohla ba neng ba bea Thimotea matsoho, le hodima baena bao, ba ne ba hlokometse ho e-na le neo ka hara banna bao. Hopola, “O tsoseletse neo e leng ho wena, e tswang ho Loise nkgona’o.” Mme ba bona ntho ena ka ho Timothea, mme ka baka leo baholo ba mmeha matsoho hodimo le ho mo tlotsa. E seng ho bea matsoho hodima motho eo ho seng letho le kileng la bonahatswa, le a bona. Mme ba mpa ba kopa mahlohonolo feela. Mme kaofela re dumela hoo. Ka baka leo ha re abe dineo tsa moya; re mmpa re di hlokomela feela, mme re ba bea matsoho, ho ba tjhaella, ka hore rea dumela hore Modimo o etseditse batho bao dintho tse jwalo. 26 Ke hlokometse hoseng hona, morao kwana motsheo, Moena McKinney ya tswang^Kea kgolwa ke Kinney kapa McKinney, moreri wa Methodise ya dutseng morao mane, ya sa tswa tlotswa mona haufi, le yena, kea kgolwa ho no lokile, ho tswa kalaneng; e le ho tswella hodimo kwana Ohio, mmoho le Moena Dauch le Kgaitsedi Dauch, le sehlopha se tswang hodimo Ohio. 27 Oh, ha re kopana bohle mmoho, ditulonyana tsena ha di kopana, ho a babatseha. Ha ho phutheho e hlophisitsweng; ho se ditlamo tsa letho, haese ho Jesu Kreste feela, ke phetho, le a bona, feela “ho dula mmoho dibakeng tsa Mahodimo.” 28 Ho lokile, kgaitsedi, ha o ka re fa^Ha re bineng temana e le nngwe feela ya yona, “Ha leshala la mollo le amile moporofeta.” Ha re e bineng mmoho jwale. Ha leshala la Mollo le amile moporofeta, Ho mo hlwekisa ka hlweko e kgonehang, Ha Lentswe la Modimo le re, “Ho tla ya mang bakeng sa rona?” Yaba o arabela, “Ke nna enwa, roma nna.” Bua, Morena ka, bua, Morena ka, Baena ba ka tla jwale, ha ba rata.

6

LENTSWE LE BUILWENG

^mme kapele ke tla ara-^ 29 Baena ba bang ba baruti ba ka tla, ha ba batla, ba tla ba bea matsoho hodimo. “^Morena ka^” Batlatsi ba tabernakele ena mona, Moena Ruddell, Moena Lamb, le bao. Hantle mona, ha le batla. ^mme kapele ke tla arabela, “Morena, roma nna.” Fokotsang lebelo la yona, ka kopo. Oho, dimilione jwale di shwa sebeng le maswabing; Utlwang sello sa bona se nyarosang se haulang; Akofang baena, akofang ho ba thusa; Kapele arabelang, “Monghadi, ke nna enwa.” Bua, Morena ka, bua, Morena ka, Bua, mme kapele ke tla O arabela; Bua, Morena ka, bua Morena ka, Bua, mme kapele ke tla arabela, “Morena, roma nna.” 30 Lebitso la hao o mang, moena? [Moena o re, “Orlando Hunt.”_Mong.] Moena Orlando Hunt, ho tswa New York City. Na ho nepahetse? Le Moena^[Jwale Moena e mong o re, “Joseph Coleman.”_Mong.] Joseph Coleman. Jwale na le ka sheba ho letshwele, baena beso. 31 Moena Hunt le Moena Coleman, pitso ya Modimo e dutse pelong tsa bona. Mme jwalo ka ha re sa tswa bina thoko eo, “Ho na le dimilione jwale tse shwang, sebeng le maswabing.” Ba utlwile seboko seo se nyarosang se haulang. Mme rea ba kopa: Akofang, baena, akofang le ba thuse! Le a bona, kapele arabelang, “Monghadi, ke nna enwa.” Ke kamoo ba arabelang kateng, hoseng hona. 32 Mme jwaloka rona, baena ba kereke ena, le sehlopha sena, re tjhaella taba ena, ka ho bea matsoho a rona hodima bona le ho ba otlollela letsoho le letona la setswalle, jwalo ho ba dipaki tsa Jesu Kreste, ka tshehetso ya rona mona, hore re tla ema le bona nthong e nngwe le e nngwe e kgabane le e lokileng, Evangeding. Thapelo tsa rona di tla phehella ho etsetswa banna bana, Modimo a tle a ba sebedisetse ho Mo tlotlisa. Mme tshebetso ya bona e ke kwene e be kgolo New York. A maphelo a bona_a bona a tlatswe ka tshebeletso ya Hae, ba tlise mangata a theko e thata Mmusong. Ba ke ba phele halelele, maphelo a thabileng. A Morena Modimo a ba tlame ka horoto ya Boteng ba Hae bosafeleng, le ho ba fa monate mmeleng le matla, le ho ba baballa tshebetsong ya Hae ho fihlela Jesu Kreste a e tla ho ba biletsa Lehaeng la bona la Bosafeleng ‘Hodimong la boiketlo.

QOSO

7

33 A phutheho ena jwale^re sa inamisa dihlooho tsa rona, le rona baruti re tsweleng ka pele ho bea matsoho a rona hodima bona. 34 Ntata rona ya Lehodimong, re bea matsoho a rona hodima Moena Hunt, ka Lebitso la Morena Jesu Kreste, kaha seo re se tsebileng ka yena, Morena, e sa le ho lokile. Mme re a O leboha ka pitso ena ya bophelong ba hae, ya tshebeletso ya bodisa. Morena, bua ka moena enwa, hapa meya, ho tlisa tokollo, Morena, ho ba ditlamong, malwetseng le_le kelellong hape, le mmeleng, le nameng le moyeng. Morena, mo abele tshebeletso ya nnete, e tle e re, pheletsong ya tsela ya hae, a tle a hetle morao mophuleng oo o molelele le ho bona hore o ile a kgona, ka baka la mohau wa Modimo, ho tlama sera se seng le se seng. Ka Jesu Kreste Morena wa rona, re a e kopa. Amen. 35 Hape hodima Moena Coleman re bea matsoho a rona, jwaloka dipaki, Morena, ho tiisa pitso ya hae, hore rona, kereke ena, sehlopha sena sa batho, se dumela hore ke mohlanka wa Kreste. Mme re O kopa ho mo hlohonolofatsa le ho mo abela tshebetso e kgolo, e matla, a tle a O hapele meya, Morena, mme a lokolle baholehuwa, le_le ho roba matla a Satane, a potileng maphelo a batho bao a kopanang le bona. Mo fe, Morena, bophelo bo beang ditholwana, monate mmeleng le bonatla. Mme, hape, etlere ha a fihla pheletsong ya tsela, Modimo, mo abele hore a tle a shebe tlase mophuleng o mosesane mme a bone moo, ka mohau wa Jesu Kreste, a kgonneng ho kgaola hlaahlela le leng le le leng la sera, tlotlisong ya Modimo. 36 Ntate ya Lehodimong, banna bana jwale ba phele ka mokgwa oo mme ba sebetse kotulong ya Modimo. A mahlohonolo a Hao a dule hodima bona mme o be le bona ho fihlela nako eo re bokanang maotong a Mong’a rona e moholo. Lebitsong la Jesu Kreste re a e kopa. Amen. 37 Modimo a o hlohonolofatse, Moena Hunt, a o abele tshebetso e nang le ditholwana. Modimo a o hlohonolofatse, moena, mme a O abele e_e tshebetso e beang ditholwana, le wena, Moena Coleman. Modimo a o hlohonolofatse. Hape: Ha leshala la Mollo le amile moporofeta, Ho mo hlwekisa ka hlweko e kgonehang, Ha Lentswe la Modimo le re, “Ho tla ya mang bakeng sa rona?” Yaba o arabela, “Ke nna enwa, roma nna.” Oh, bua^(A ke a bue le pelo tse ngata tsa ba batjha.)^bua, Morena ka, (Ho bitswa ke Modimo!) ^mme kapele ke tla O araba; Bua, Morena ka, bua, Morena ka, Bua, mme kapele ke tla arabela, “Morena, roma nna.”

8

LENTSWE LE BUILWENG

38 Kamoo re lebohang Morena hoseng hona bakeng sa tlotla ena e kgolo, ya ha kereke e paka thomo ya basebeletsi tshimong tsatsing lena la qetelo. Mohau wa Modimo o be le lona, baena ba ka! Kea tshepa O tla le romela naheng disele le bophareng ba lefatshe, ho bolela menono e ke keng ya bolelwa ya Jesu Kreste, moo e hlokahalang haholo hakana. Ho ya kamoo lefatsheng le hlokang, kajeno. 39 Jwale, dintho tsena tse molemo di ngata haholo, re loketse feela ho nka ha nyenyane mona le ha nyenyane mono, re tle re fihlele tsohle tshebeletsong hoseng hona. Jwale kajeno re, ke bua ka temana eo ke^Ka mehla e meng ha ke rate ho atamela metsotso ena e nyarosang ruri. 40 Jwale, Sonataha se fetileng, ha ba bang ba lona ba ne ba le siyo mona mme_mme ba sa ka ba fumana Molaetsa wa Exoda Ya Boraro; mme ha le batla diteipi, ke dumela hore le tla thabela eo, Exoda Ya Boraro. 41 Re fumana’ng, moshanyana ya kulang mona, kapa ho hong? Oho, moshanyana e monyenyane, ya holofetseng. Eya. Modimo a ke a mo hlohonolofatse. Ke teng. Ke hantle. Pheletsong ya tshebeletso feela, re tla ya rapella bakudi, le hona, le a bona. Ka baka leo, jwale, re a^ 42 Re a le kopa, mohlomong ha le ka kgona, ho fumana Molaetsa wa Exoda Ya Boraro, kgetlong la boraro moo Lesedi, Lengeloi la Morena le bileditseng batho ho kena leetong, le Iponahaditseng pontsheng hodima lefatshe, exodeng. Le a bona? Ke nahana ha e le taba e ikgethileng ruri ho nna: exoda ya boraro! 43 Le ka tsotella na, ha nka hlobola baki? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] Ho futhumetse ha bohloko ka tabernakeleng hoseng hona, mme sefehla moya seo re nang le sona feela ke_ke seo le ka se fehlang. Le loketse ho fehla matla a lona ka sebele. Ka baka leo re rerile, ka tsatsi le leng, ho kenya hlohlomiso e phodileng ka mona, ha feela re ka lokisa dintho. 44 Jwale, re ka ananela, haeba le ka_haeba le ka rata ho_ho utlwa Molaetsa, Exoda Ya Boraro. Jwale, re bile le di-exoda tse ngata, empa ka tlhaloso re ka bea letsoho la rona nqalong, mehleng, ya di-exoda tse tharo tseo Modimo, ka sebopeho sa Topallo ya Mollo, a ileng a theoha ho bitsa le ho arohanya batho. Jwale, jwale, e arola batho. 45 Mme re fumana hore, nakong eo A memelang Exoda ya Hae ya pele, O ile a ba etella pele ka Topallo ya Mollo, le ho ba isa teng^ho ba isa lefatsheng leo hamorao A hlahileng ka pela bona, ka sebopeho sa Monna ya bitswang Jesu Kreste. O ne a tswa ho Modimo, mme A kgutlela ho Modimo. Mme e^yaba O a latolwa. Mme yaba O a tla e le ho bitsa batho ho

QOSO

9

tswa_ho tswa boemong bo tsepameng boo ba neng ba kene ho bona, jwaloka ha ba entse tlase Egepeta, ba inehetse sebe le di_ditsela tsa Baegepeta. Mme Modimo wa ba bitsetsa ka ntle. 46 Mme jwale re fuma hore, kgatlong la bobedi, ba ne ba itetse tlasa kgoleho ho e_e Mmuso wa Roma. Mme ba kgelohela ditumelong ba sutha bokgabaneng ba nnete ba thapelo, mme hape Modimo wa romela exoda e nngwe. Mme yona^A hlaha ka sebopeho sa Motho ya etellang motho pele. 47 Ho Exoda ya pele, E ne e le Topallo ya Mollo. Yaba, eitse ha A fihla lefatsheng, naheng eo A ba isitseng ho yona. E tla ba setshwantsho se setle hakakang Dilemong tse Sekete, moo A isang Kereke teng jwale. “Re tla Mmona kamoo A leng kateng, mme re tla ba le mmele o tshwanang le Mmele wa Hae ka Sebele o kganyang.” 48 Mme kajeno, ka Lesedi la Evangedi le hadimolang ho tswa Leseding, Topallong ya Mollo e bonahalang hara rona! Mahlale a Le bone. Le ka hara dimakasine, le lefatsheng ka bophara. Mme Lona, le teng ho latela mahlale le moyeng, le lemohuwa e le yona Topallo ya Mollo, ka dipontsho tse tshwanang le dintho tse tshwanang le tseo E di entseng kamehla. Mme jwale matsatsing ao ho nang le bohlanya bo bongata le dintho tse jwalo, leha ho le jwalo, Modimo o Itsebahatsa kamehla. Jwale re fumana taba ena. 49 Mme ke ntho e tlotlehang hakakang ho tseba hore, “Motlotlwana ona wa lefatshe, ka letsatsi le leng,” mmele wona o senyehang e leng oo re hlomohang ho wona, “o tla fetolwa mme o etswe jwaloka Mmele wa Hae ka Sebele o kganyang; mohlang oo re tla Mmona kamoo A leng kateng,” le ho aha le Yena Lefatsheng leo re le habileng kajeno. Oh, nka^e etsa hore ke ikutlwe eka nka ema mme ka bina Ke Habile ‘Fatsheng la Pallo. Ekaba ba tla e bina tshebeletsong ya kolobetso, le hona, etswe eo e le thoko ya rona ya kolobetso. 50 Jwale ho banabeso, ba leng teng mona le lefatsheng leo moo diteipi di yang, mme moo ke lefatshe ho pota. Melaetsa ena ha e a lebiswa ho motho ofe feela ka bonngwe. Mme ha re rate ha batho ba ka nahana hore re bora-seng ba mofuta o itseng, kapa sekgakgatha sa mahlanya moo re ipokantseng mmoho, “ho ikarola, kaha, re hloka Tumelo,” le ha e le ho ikarola ho mang kapa mang, kapa_kapa kgahlano le Modimo, kapa kgahlano le Kereke. Re emela le Kereke. Empa re leka ho bontsha feela, ka Moya o Halalelang le thuso ya Wona, lebaka le kgethollo ena eo re e fumanang kajeno. Rona, ha re dumele ho yona. 51 Re dumela hore dikereke tsohle di tshwanetse di be di rapela mmoho, e seng ho kgetheha ho ikarola; maMethodise, sehlopheng sa wona, le maBaptise ho sa wona, le maOneness, le maTrintase, le seo re se fumanang, ka karohano yohle. Re

10

LENTSWE LE BUILWENG

dumela e loketse ho ba mmoho, jwaloka sehlopha se seholo se bonngweng sa Mmele wa Jesu Kreste, ho emetswe ho Tla hoo ho kganyang. Ha di a lokela ho arohana, ho hang. 52 Mme se e arolang, ho loketse ho ba le lebaka la motheo leo ka lona re seng mmoho. Ha ke shebisisa taba ena, ke a hlokomela, ha ke e shebisisa, ha se mebala ya matlalo a rona; hoba, bosehla, botsho, bosootho, le bosweu, bao bohle ba ikarola ka mekgatlo e fapaneng. Ha se mofuta wa dijo tseo re di jang; re ja dijo tse tshwanang bohle. Re apara diaparo tsa mofuta o le mong, le jwalo le jwalo. Empa ke bona moo e itshetlehileng teng motheo, ke motho ya tswileng tseleng e butswitseng ya thuto ya Evangedi, motho e mong le e mong. 53 Mme ho loketse ho ba le mokgwa wa makgonthe ho bontsha hore ho lokileng le ho phoso ke hofe. Mme mokgwa o le mong feela le ka kgonang le ka mohla, ke ka ho se kenye boitlhalosetso bofe feela Lentsweng, le Le bale kamoo Le leng kateng feela mme le Le dumele ka tsela eo. 54 Motho e mong le e mong o kenya, boitlhalosetso ba hae, bo etsa hore Le bue ntho e fapaneng, taba e e kgutlisetsang hape mokgatlong wa mantlha wa kereke ya Katholike. Etswe, kereke ya Katholike e dumela hore Modimo o kerekeng ya Hae, “Mme ha ho moo Lentswe le kenang teng tabeng eo; mme Modimo o kerekeng ya Hae.” 55 Mme rona Maprotestanta, kamoo re fumanang kateng, le jwaloka Tshenolo ya 17, hore bao bohle ba ile ba etsa tutudu mmoho, le hore kereke ya Katolike e ne e le “mma” mekgatlo yohle. Mme re a bona hore mokgatlo wa Protestanta, le hona ka ho pompala, ka ho pompala, o na le semelo se tshwanang le sa kereke ya Katolike. Bibele e bitsa kereke ya Katolike “seotswa,” mme e bitsa kereke ya Protestanta “diotswa,” ha thwe seotswa e ne e le “mma diotswa.” Mme bao ke batho, ke mosadi ya setumo se sebe ya sa pheleng ka botshepehi dikanong tsa hae tsa lenyalo. 56 Mme bohle re itseka jwaloka Monyaduwa wa Kreste, homme leha ho le jwalo ka ho hloka botshepehi hakana-kana. Ho etsang ho hloka botshepehi ke eng? Ka ho phela kgahlano le_le tayo eo Modimo a e ralletseng Monyaduwa wa Hae ho phela ka yona. Ke kgopolo ya ka ka sebele, Bibele, mme Ke Lentswe la Modimo le sa foseng, ke a dumela. 57 Mme, ka baka leo, re fumana hore kereke ya Protestanta, ho ka ba le mokgatlo e ikarola Mangolong, ho bopa mokgatlo wa yona. Bareri, ba kgethilweng ba ye ba tiisetse dinthong tseo ba^ 58 Jwale, ba ye ba etele diphaposi tsa ka tsa ho balla, ka makgolo-kgolo, mme ba re ho nna, “Moena Branham, o etsa diphephetso tseo ho batho. Ha ho motho ya tla ema mono kgahlano le Hono. Ba’ tseba hore ke Nnete.”

QOSO

11

Hobaneng, ke re, “Hobaneng, hobaneng le sa e etse he?” 59 “E bo, o a bona, ha nka etsa jwalo, nka fetoha kokela ya bohobe ba ka. Ha ho motho mang^Ke na le tshebetso. Ke loketse ho fihla ho Morena, mme ke loketse ho fihla ho batho. Mme nke ke ka fumana tshehetso.” 60 Na lea hlokomela hore Kreste ke tshehetso ya rona! Bibele ke tshehetso ya rona. Le a bona? 61 Empa, hoo, le a bona, jwale taba eo e dihela ke_kereke ya Protestanta hantle nthong eo kereke ya Katolike e leng yona. 62 Kereke ya Katolike ha e tsotelle^E, ha ke re^Ha ke e bitsolle hakaalo, hore ha e tsotelle seo Bibele e se bolelang. Ba_ba dumela Bibele, empa, le a bona, ba na le^hlahlamano ya Boapostola ke sona seo kereke ya Katolike e theilweng hodima sona. Ke hlahlamano ya bomopapa, mme ba bitsa Petrose mopapa wa pele, le ho theoha jwalo. Jwale, ba_ba dumela hono. Bao, ba dumela taba eo ka ho hatella. 63 Mme Protestanta, le a bona, ba_ba bokana mmoho mme ba na le mokgatlo hantle jwaloka ha ba entse Nicaea, Roma, moo ba hlophisitseng yona_yona kereke ya Katholike ka^ Lekgotleng la Nicaea. Mme re fumana bobedi ba tshwana. Bobedi ba tshwana. Ba tlohela Lentswe la Modimo, ho etsa mokgatlo. Le a bona? Mme ere ha ho fihlwa Dinneteng tse ngata tse kgolo tse shebahalang di makatsa kajeno, Ke ntho e hoselesele ho bona, hoba ba rutilwe ka taelo feela. 64 Ha re na taelo haese Bibele. Ha re na letho haese Lentswe la Modimo le Halalelang, mme Ke hona moo re emang. 65 Mme jwale, kajeno, ke batla ho bala Lengolo le itseng, motsotso feela, ho tswa Lentsweng la Modimo le halalelang, le kgethehileng, le fumanwang Bukeng ya Mohalaledi Luka. Kgaolo ya 23 ya Mohalaledi Luka, ho thea, ho fumana moralo wa seo ke_ke batlang ho se bua, monahano wa motheo ka taba eo ke batlang ho bua ka yona. Mme jwale le ntse le phetla ho Mohalaledi Luka, kgaolo ya 23, mme ke batla ho bala temana e le nngwe. Ke phetho seo ke se hlokang bakeng sa motheo wona hoseng hona, ho e thea teng mono. Jwale re bala ya 20^ kgaolo ya 23, temana ya 33 ya kgaolo ya 23. Eitse hobane ba^fihle thoteng, e bitswang Lehata, ba mo thakgisa moo, le disenyi tseo, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi. 66 Jwale ke batla ho nka mantswe a mane ho tswa mono, ho tswa palong eo, ho tshetleha seo ke batlang ho se bolela, “ba Mo thakgisa moo,” mantswe a mane. Mme jwale sehlooho sa ka se bitswa^Ke_ke tlisa qoso dikerekeng tse hlophilweng tsa tsatsi lena, le ho bongata ba batho ba ikemetseng, ka ho thakgisa Jesu Kreste botjha tsatsing lena. Ho ba qosa! Hoseng hona, se bitswa: Qoso.

12

LENTSWE LE BUILWENG

67 Mme ke batla ho e sebedisa jwaloka hoja e ne e le lebala la lekgotla, moo ho neng ho e-na le^Mme etswe, sefala le dikereke ke lebala la lekgotla. Bibele e boletse, “Ke setulo sa kahlolo, hore_hore e ka kgona e qale tlung ya Morena.” Mme hona eka yona_yona terone le bo_le balekgotla, le dipaki, le ba jwalo. Mme seo ke se tshwereng, kajeno, bakeng sa paki ya ka, ke Lentswe la Modimo. 68 Mme qoso ya ka e kgahlano le dikereke tsa kajeno. Jwale ke_ha ke kenye moetsadibe tabeng ena. Taba ena ke e bua ho kereke. Mme e tla ba te_te_te teiping jwale, mme ke_ke tla leka ho haola kapele kamoo nka kgonang. Ke qosa moloko wona ka thakgiso ya bobedi ya Jesu Kreste. 69 Mme jwale ho ka etsa hona mongwaheng wona re phelang ho wona, ke_ke etsa hona, ke tshwanetse ho ntsha bopaki. Ha eba ke loketse ho tlisa qoso, o loketse ho ntsha bopaki ba molato wa tshito e entsweng. Ke_ke loketse, ho ba qosa, ke_ ke loketse ho tlisa po_pontsho ho e kgodisa, hore ke yona, e le hore seo ke se etsang se tle se eme pela Moahlodi e moholo. Etswe, mme ke ipona ke le jwaloka mmuelli ho^qosong ena ya lekgotla. Hore, Lentswe la Modimo, jwaloka ka paki ya ka, ke qosa moloko wona ka thakgiso. 70 Ke tshwanetse ho bontsha, mme ke tla bontsa, hore wona moya o hodima batho kajeno o hlahisitse pabolo ya pele, mme o etsa ntho e tshwanang. Ke_ke tshwanetse ho etsa hono, haeba e tla ba thakgiso, hore ba thakgisitse. Ke tshwanetse ho bontsha ba_batho hore maikutlo a tshwanang hodima batho kajeno a etsa ntho e tshwanang moyeng, eo ba e entseng mohlang oo nameng. Ba ile ba thakgisa, nameng, Jesu Kreste, Mora Modimo. Mme jwale, kajeno, ka Lentswe lona leo, le ka wona_wona Moya o Halalelang le ka Lentswe lona leo, ke_ke lakaditse ho bontsha kereke moo_moo di emeng, hore di etsa ntho e tshwanang kajeno, homme Bibele e boletse hore di tla e etsa, le ho kgodisa hore lena ke tsatsi leo re phelang ho lona. 71 Taba ena e ne e ke ke ya etswa dilemong tse mmalwa tse fetileng. Ke re, dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng e ne e ke ke ya etswa, empa kajeno e nakong hantle. Mme e ne e ke ke ya etswa, mohlomong, dilemong tse leshome tse fetileng, empa e ka etswa kajeno hobane na_nako e fedile. Re a_re nakong ya qetelo. Mme kea kgolwa, jwaloka mohlanka wa Hae, hore rea_re se re tla feta lefatsheng lena, ho ya ho le Leng. 72 Ka baka leo, nako ya pako, bakeng sa setjhaba, e fedile. Ke dumela hore setjhaba sena se ke ke sa baka. Ke dumela hore se tshetse moedi o pakeng tsa mohau le kahlolo. Ke dumela se le tjhatsi tekanyong. 73 “Moena Branham, pele o qala tseko ya hao, o ka kgodisa taba ee jwang?”

QOSO

13

74 Taba ena feela, hore re jere molato wa tsona dibe tseo Modimo o ileng wa senya lefatshe ka tsona, mehleng ya morwallo. Re molato wa tsona dibe tseo O sentseng lefatshe la Sodoma le Gomora. Mme, jwale, re tshwere yona kgodiso ya semoya e robetseng mona pela rona, kgodiso yohle ya moya e tshwanang, e tsebjwang lefatshe ka bophara, e tliseditseng meloko eo mehauhelo ya Modimo. Hore, hape, ka ho nyedisa, ho tlisitse kahlolo. Ha ho le jwalo ekare ha moloko ona o nyedisitse wona mohau o kgesitsweng matsatsing ao, Modimo o tla be o sa loka ho ba dumella ho feta ho se kahlolo. 75 Jwaloka Jack Moore, motswalle wa ka, a kile a re, “Efela ha tjhaba sena se ka phema kotlo e tswang ho Modimo, eba Modimo o tla tlameha ho tsosa Sodoma le Gomora le ho inyatsetsa ho ba tjhesa.” 76 Jwale, moyeng rea tseba ba etsa ntho e tshwanang kajeno, hoba ba etsa hona, le bona, ka morero wona oo, le ka mokgwa oo ba entseng thakgisong ya Morena, nameng. Ba e etsa ka baka la mona, ka baka la bofofu ba moya. Ke hore, ha ba batle ho bona. Ba ke ke ba Le utlwa. 77 Jesu, leetong la Hae mona lefatsheng, O boletse, “Esaia o buile hantle ka lona, ‘Le na le mahlo mme ha le bone, le ditsebe mme ha le utlwe.’” Le a bona? 78 Ka lebaka le tshwanang, le tshwanang. Morero o tshwanang le mabaka a tshwanang, ba tlisa thakgiso ya Kreste botjha, hape, (jwaloka re tla atamela taba ena ka mora nakwana), bakeng sa mabaka a tshwanang le ao ba a entseng mohlang oo. 79 Ba ke ke ba fumana letho kgahlano le Lona. Ba ke ke ba iteta sefuba ho leka ho Le phephetsa. Mme ba tseba kgodiso e teng mono. Mme ba tseba Bibele e rialo. Mme ntho e le nngwe eo ba ka e etsang ke ho Le nyefola. Ho jwalo hantle. Ka hona, le tsena tsohle, mabaka a le mang. 80 Mme jwale, hodima motheo wona, ke phephetsa moloko wona ka thakgiso ya Jesu Kreste; ka ho thakgisa, mme ba molato; ka matsoho a ditshila a diphutheho tse hlophilweng, a lonya, a boithato, ba thakgisitse Mong’a Bophelo ya neng a batlile ho Itlhahisa ho batho. Le re, “Motho yena eo?” 81 “Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe e ne e le Modimo. Mme Lentswe le ne le etswe nama, mme La Iponahatsa.” Lentswe le ne le bonahatswe nameng, mme ba ile ba tswa nama mme ba E bolaya, hoba Lentswe le ile la bonahatswa. Baheberu 13:8, e boletse, “Jesu Kreste esale yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng.” Ke Lentswe le tshwanang. Le a bona? Mme, ka lona lebaka leo, ba leka ho thakgisa Lentswe.

14

LENTSWE LE BUILWENG

82 Jwale, ho ya mohloditherong wa ka, ho qhaqholla thuto eo ke batlang ho e nka mono, mantswe a mane. A re hlaloseng, “moo.” “Moo,” motse o halalelang ka ho fetisisa lefatsheng, Jerusalema. “Moo,” motse o tletseng borapedi ka ho fetisisa lefatsheng. Moo, “ba,” batho ba tletseng borapedi ka ho fetisisa lefatsheng, moketeng o halalehileng, mokete wa Paseka. “Moo,” nqalo ya borapedi ka ho fetisisa, motse o tletseng borapedi ka ho fetisisa, mo_mokgatlo o moholohadi ho e meng yohle, hlooho ya yona yohle. Moo “ba,” batho ba tletseng borapedi ka ho fetisa lefatsheng lohle, ba bokane ho tswa lefatsheng lohle. Ba “thakgisa,” lefu le dihlong ka ho fetisisa le ka bang teng, ho bolaya, leo motho a ka bolawang ka lona; a le feela, a hlobodiswa diaparo tsa Hae. “A_A nyanya sekgobo.” Ba^Sefapanong ho na le e_e_e lerantha le Mo phuthetseng; empa ba ile ba Mo hlobodisa diaparo tsa Hae. Mahlabisa dihlong a feteletseng! 83 “Moo,” motse wa borapedi ka ho fetisisa, “ba,” batho ba borapedi ka ho fetisisa, “thakgisa,” lefu le dihlong ka ho fetisisa, “Mo,” Motho ya kgabane ka ho fetisisa. Ha hoo ho sa lekana ho ahlola moloko wona! 84 “Moo,” mokgatlo wa borapedi ka ho fetisisa, dikereke tse kgolohadi ho tsohle di ne di bokane mmoho tulong e le nngwe. “Ba,” morabe wa batho wa borapedi ka ho fetisisa ho e meng yohle, batho bao e ka kgonang e be e le bona barapedi ba Modimo. Ba ne ba bokane moketehading o halalelang ka ho fetisisa oo ba neng ba na le wona, hlatsuong ya^Paseka, mohla ba neng ba ntshwa bokgobeng ho kena tokolohong. Mme “moo” nakong eo, “ba” nakong eo, batho ba tletseng borapedi ho feta, moketeng wa borapedi ka ho fetisa, sebakeng sa borapedi ka ho fetisisa, ba dihela hodima Mong’a Bophelo ketso e dihlong ka ho fetisisa e neng e ka etswa, ho hlobodisa Monna le ho Mo feha sefateng. Hobane, “Ho rohakwe eo ya,” ho rialo molao oo ba neng ba rapela ka wona, “ho rokakwe ya fehilweng sefateng.” “Mme O ile a etswa thohako ka baka la rona.” Ho apola diaparo tsa Hae, ba Mo otla, mme ba Mo soma, wona Modimo wa Lehodimo; ba Mo amoha diaparo tsa Hae, mme ba Mo kgokgothela sefapanong. Yena! “Ba Mo thakgisa moo,” tlasa kahlolo ya lefu ya Roma. 85 Lefu le dihlong ka ho fetisisa kajeno e ke ke ya ba ho thungwa. Lefu le dihlong ka ho fetisisa kajeno e ke se be ho hatiswa ka koloi le ho bolawa, qwedisa metsing, ho tjheswa ka mollo. Empa lefu le dihlong ka ho fetisisa kajeno ke kahlolo e pontsheng ya lefu, teng moo lefatshe lohle le o tswang mme le re o molato. 86 Mme lefatshe lohle la isa matsoho a lona hodima Monna enwa mme la re O molato, hodima A ne a hloka molato. Mme O shwetse tlasa sera (e seng metswalle ya Hae, e seng melao ya Hae), empa tlasa thakgiso ya sera. Mong’a Bophelo, Motho ya

QOSO

15

kgabane ka ho fetisisa ya kileng a phela, kapa ya sa tla phela le ka mohla, Jesu Kreste. “Yena,” Motho ya kgabane ka ho fetisisa! Hopolang taba eo kelellong jwale re sa haha mohaolwana oo kajeno. 87 Na le ka akanya, setsheng se kang Jerusalema, moo dilemong tse makgolo a mashome a mabedi le metso e mehlano, kapa ho feta, moo batho^kapa ka makgolo a dilemo. E ka nna ya ba ke fetile ha nyenyane mono. Ekaba dilemo tse ka bang makgolo a robedi kapa dilemo tse makgolo a robong, kapa ho hong. Ha ke tsebe feela ke hakae, ke lebaka le le kae, ho tloha mohla Salomone a hahang tempele. Ke lekanya, mohlomong dilemo tse ka bang makgolo a robedi, ntho e kang eo. 88 Mme ba ne ba shebeletse Messia ya tlang. Ba ne ba bokane moo bakeng sa tshebeletso ya Paseka. Nahanang ka taba eo jwale! Hlooho ya Bafarisi bohle, Basadusi, mme le fumana’ng, sebokeng se le seng se seholo, ho rapela Modimo. Setsha se halalelang ka ho fetisisa, Jerusalema, tempele ya Morena, le batho ba Morena, ba tshwara Morena ka sebele sa Hae mme ba Mo thakgisa, ka kahlolo ya lefu. Ntho e jwalo! 89 Jwale mantswe ao a mane, bao, “Ba Mo thakgisa moo.” Jwale, hoo ho sa ntse ho supa Bibele, le a bona. Ke mantswe a mane feela, empa Bibele e patisa Dinnete tsa Yona. 90 Jwale, nna, ke loketse ho potoloha, ho ka hlalosa se ke buang ka sona, empa Bibele ha e lokela ho hlalosa letho. Ke Nnete yohle feela, ka baka leo bi_bi_bi Bibele ha e a lokela ho hlalosa letho. Ha E_E a lokela ho e hlalosa, hoba Ke Nnete yohle. 91 Mantswe a mane a ketane e kgolo ya Nnete ya Yona ke ana. Ke tla leka ho a hlalosa. Mme ho leka ho A hlalosa, ka ho hlaka, ho ka etsa pokello-buka. Ha ho mokgwa ho nna oo nka hlalosang mantswe ao a mane. Empa jwale rona, ka thuso ya Hae Yena Ya entseng hore E ngolwe, re ke re leke ho hlalosa mantswe ana a mane, ho tlisa taba ena ka mokgwa oo batho ba ka e utlwisisang. 92 Seo re se fumanang ka pela rona jwale, re fihlela thakgiso ya pele e robetse ka pele ho rona; sebakeng se halalelang ka ho fetisisa, batho ba borapedi ka ho fetisisa, lefu le dihlong ka ho fetisisa, ho Motho ya kgabane ka ho fetisisa. Oho, ke kgohlano e kakang. Kgele, oho, kgele, ho a swabisa! 93 Jwale a re nkeng, pele, lentswe la pele, “moo.” Ha re bueng ka lona metsotso e mmalwa pele re bea qoso ya lekgotla. Re tla le qapodisa mme re le bontshe seo ba neng ba se etsa, jwale re fumana haeba qoso ya ka e lokile kapa tjhe. “Moo,” Jerusalema, sebaka se halalelang ka ho fetisisa se ithobileng, hoba tempele e ne e le moo; sebaka se halalelang ka ho fetisisa, hoba, yona, tempele, e ne e le moo. Mme Bajude ho tswa lefatsheng lohle ba ne ba bokane sebakeng sena se le seng,

16

LENTSWE LE BUILWENG

nqalo ya kopanelo ya ho rapela. E fetisisang^sebaka se seholo ka ho fetisisa bakeng sa ho rapela se neng se le teng, e ne e le Jerusalema. Tempele e ne e le moo. Ke hore, “Ho ngodilwe, ‘Batho bohle ba tla rapela Jerusalema,’” ke hantle, hoba ke nqalo e bohareng ya ho thapelo. 94 Mme kajeno le ye le utlwe batho, e mong wa bona o batla ho re, bao, “Oho, re tlile dibokeng tsena tse kgolo,” moo phutheho tsena tse hlophilweng di di tshwereng. Mme_mme hape re na le pu_pulo ya^mane Motseng wa Mopapa, le_le kgetho ena ya bomopapa, le jwalojwalo. Bao, motho ka mong o re, “Re loketse bohle ho ya setsheng seo maMethodise a hlomilweng teng, kapa teng_teng sebokeng sa Bible Baptist.” Kapa_kapa, “Re loketse bohle ho ya_ho ya Roma, e leng hona moo setsi setsing se seholo,” ba e bitsa jwalo, sa “ba Bokreste.” 95 Kgabareng ya ntwa ya ho qetela, mohla Roma e ne wa, masole ana a Jeremane^Bongata ba lona bashanyana le tseba taba ena. Masole ao a Jeremane a na fihle hodimo mono Motseng wa Mopapa, mme ba thunya maAmerika ha ba ntse ba atamela. Moena Funk, le Moena Roberson, le ba bangata, le Moena Beeler, le bongata ba baena bao ba neng ba le teng ntweng eo, ba tseba. Mme lea tseba ke’ng? Re ile ra ntsha ditaelo tsa hore ba ne ba ke ke ba thunya motse oo. MaAmerika, le ne le eme mono, mme le le phofu ya bona. Empa West-^Westmister Abbey mono^Engelane, le ka thunyetsa teng hantle; ke moo Maprotestanta a neng a bokane teng. Ka hona ho ne ho itoketse ho ka thunyetsa mono, empa e seng ho thunya Vatikane. Kahobane, jwaloka ha Mopresidente Rooseveldt^ke ile ka utlwa puo ya hae mohla a_mohla a neng a e hasa bosiung boo, e neng e bitswa A Fireside Talk. [Puo Ya Mollong_Moft.] O ile a re, “Mohla Roma e ne wa,” a re, “dihlong tse kakang, hoba Roma ke hlooho ya Bokreste bohle.” Na le ka nahana ka Moprotestanta a rialo? 96 Ka baka leo setsi se seholo sa tumelo ya Bokreste, e bo, re tla_re tla se nka e le jwaloka Jerusalema, haeba le rata jwalo. Haeba le rata ho etsa jwalo, a re se beeng Jerusalema. Hlooho ya tsena tse ding tsohle, sa_sa_sa Sanhedrine, le_le ya Bafarisi, le ya Bassadusi, bao bohle ba ile ba nyolohela Jerusalema. Hantle-ntle moo e le ntlokgolo. 97 Mme bophelong ba mokgatlo, le loketse ho amohela hore Kereke ya Roma e Katholike ke mma tsona kaofela. Ehlile ke yena. Mme e qadile Pentekonta. Ke hona moo ba fihlileng teng mohla ba neng ba hlophisa. Jwale, rona, Maprotestanta, re dikgaitsedinyana feela tse tswalwang ke kereke eo. Mme jwale ha re reng ekaba mono Vatican, kajeno. 98 Kapa, mono Jerusalema, jwaloka tsatsing leo, “Batho bohle e ka kgona ba tle Jerusalema ho sebetsa^ho rapela teng.” Hore’ng ba entse taba eo matsatsing a_a Jesu? Hobane’ng ho

QOSO

17

itswe batho bohle e ka kgona ba rapele Jerusalema? Ka hobane, ho na le nqalo e le nngwe feela eo Modimo a tla kopana le motho, ke ka tlasa madi a sehlabelo. Ke ka hona ba ne ba loketse ho tla Jerusalema. 99 Modimo a ke ke a teana le motho tulong efe esele haese tlasa Madi. Ha le latola Madi, eba nqalo ya lona ya teanelo le Modimo e tlositswe. Modimo o entse qeto ya Hae ya pele tshimong ya Edene, hore motho o tla Mo rapela feela tlasa madi a tsholotsweng a sehlabelo. Mme ke yona feela nqalo eo Modimo a kopanelang le motho teng mehleng eo, mme ke yona feela nqalo eo Modimo a kileng a kopanela le motho teng. 100 Mme ke yona feela nqalo eo A teanang le motho kajeno, ke tlasa Madi a tsholotsweng a Sehlabelo. Le a bona? Ha ke tsotelle haeba o le Methodise, Baptise, Presbeteriene; ha le ka lebala dikgang tsa lona feela, Roma e Katolike, seo le ka bang sona feela, mme le ka kena tlasa Madi a tsholohileng, Modimo o tla kopana le rona mmoho hona moo. Ke hona moo re ka teanelang teng le ho kopanela setsheng se le seng. Empa, ho seng jwalo, A ke ke a kopana feela kahobane le le Methodise; A ke ke a kopanela feela kahobane le le maPentekosta. O tla kopana le lona tlasa peelo e le nngwe, e leng, tlasa Madi a tsholotsweng, ha dibe tsa lona di se di boletswe mme di lelekilwe ka pela Sefahleho sa Hae, eba jwale, ka Madi. Mme Madi a pela Hae kamehla, mme ka hona A ka kgona ho le sheba feela ka Madi ao a tsholotsweng. Mme le ba sweu jwaloka lehlwa, le a bona, ha le ipoletse dibe tsa lona. Ho seng jwalo, ha le yo mono, le ke ke la kopana. 101 Ke ka hona le sa boneng dintho di etswa ka hara dikereke. Ba bolela ha ba dumela Madi, empa ba hana lona leano la ho fihla Mading; Lentswe. Le a bona? Ke yona feela tsela eo Modimo a ka hlomphang Lentswe leo. Le ke ke la hlompha Lentswe leo ka ho tla, mme le re, “Ke Roman Catholic. Ke kopa hore ho etswe hona.” Le ke ke la etsa hono. Methodise, Baptise, maPentekonta, le ke ke la etsa hono. 102 Tsela e le nngwe eo le ka etsang taba eo ke ka tlasa mehauhelo ya Modimo, ka mohau wa Hae, ke tla ho tla ka Madi a tsholohileng a Jesu Kreste, ho re, “Morena, ke tseka tshepiso.” Le bona? Mme ha o le tlasa Madi ao ruri, Modimo o tlamehile Lentsweng leo. Empa, pele, o loketse ho ba tlasa Madi ao. Le a bona jwale? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] 103 Ha ho makatse ha ba sa dumele mehlolong. Ha ho makatse ha le sa dumele mehlolong. Ha ho makatse ha ba e kgesa. Lona lebaka leo ba e kgesitseng morao mane, ke lona lebaka leo ba e ahlolang kajeno. Ba molato kamoo ba ka bang molato. Hoba, ke tlasa Madi a tsholohileng feela! 104 Mme bao ba itetang sefuba, moena ya itseng ya itetang, tlasa boikokobetso, ho nka Modimo Lentsweng la Hae, mme a

18

LENTSWE LE BUILWENG

tswela ka ntle mono ho ipolela dibe tsa hae, mme a lebala ditshomo tsena tsohle le dintho, mme a ema mono tlasa Madi mme a Le dumela, jwale ba batla ho mmitsa “lehlanya.” Ba batla ho mo hlopha e le^jwaloka re ye re bue; ha se lentswe le letle ho sebediswa sefaleng, empa e le hore le tle le utlwisise, ke “mosollane.” 105 Fale, na ha re mesollane kaofela na? Le a bona, modumedi ke mosollane ho moetsadibe, mme moetsadibe ke mosollane ho modumedi, ka hona eo e leng mosollane ke mang? Le a bona? Sehwai ke mosollane ho rakgwebo; rakgwebo ke mosollane ho sehwai, le a bona, ka baka leo ke mang eo e leng yena, le hona? 106 Kea le bolella, pholoso ke taba ya bonngwe le motho le Modimo, ba le bang, motho a le mong, “ho hlahloba pholoso ya rona ka tshoho le ka thothomelo.” Mme ha ke tsebe motheo o mong, jwaloka moruti, hoseng hona, kapa jwaloka mosebeletsi ya tswang ho Kreste, haese ho rala taba ena hodima Lentswe. Nke ke ka e rala hodima letho le sele. 107 Jwale, mona rea fumana, he, hore ke ka tlasa madi feela, Modimo a neng a kopana le morapedi, ka baka leo ba kopana Jerusalema. 108 Mme Kreste ke Konyana ya Modimo e hlahisitsweng ya Sehlabelo. Mme kajeno ho na le sebaka se le seng feela seo Modimo a tla kopanela le motho teng, mme ke tlasa Madi a Jesu Kreste. Nqa e nngwe e sele, e a nyatsuwa; Modimo a ke ke a e utlwa. Le ka nna la bopa mefuta yohle ya diphudueho, le mefuta yohle ya mekga, le ho tsokotseha, le ho qhoma, le ho ba le madi le mollo le mosi, le ntho e nngwe e sele; empa ha feela bophelo boo bo sa bape le Lentswe, mme Modimo a bonahatsa bophelo boo ka ho hlaka, eba ha ho tlhokahalo ya ho leka, kahobane o ka ntle. Mme Modimo a ke ke a kopana le bona pele bo kena tlasa paballo eo ya Madi. Ke hantle. 109 Ka hona, le a bona, ka hara Lengolo, re na le Jerusalema, ke ya Kereke; e Lehodimong, Jerusalema wa Lehodimo, moo Modimo e leng Modimo. Mme, kajeno, ha se tlasa tumelwana e itseng kapa ho hong, moo re lekang ho e etsa Jerusalema. Re ka rata, hore maMethodise, a ka rata jwalo, jwale ho etsa e_e ntlokgolo ya Methodise Jerusalema. Katolike e ka rata ho e etsa Roma. Le_le dibakeng tse fapaneng moo re fumanang dintlokgolo tsa rona, re ka rata ho etsa hono^Jerusalema. Empa Bibele e a bolela, ho re, “Jerusalema wa rona ke wa Hodimo, e leng mma badumedi bohle.” 110 Jwale, Kreste ke Konyana ya Modimo e hlahisitsweng. Lemohang kamoo taba ena e neng e tshwaneleha jwale, taba e neng e supa hore Jerusalema eo e ne e fela. Neneng? Ebile tshebetsong ho fihlela hora eo. Madi a konyana a ne a itoketse ho fihlela tsatsi leo, empa jwale thakgisong phethoho e teng. Tsamaiso ya kgale e fedile. Ho ne ho e-na le e ntjha, ko_ko

QOSO

19

Konyana e ne e le Sehlabelong. Konyana, Konyana ya sehlabelo, e ne e le teng setsheng. Ba ne ba nyedisa mme ba etsa mono yona ntho eo ba neng ba loketse ho e etsa. Ke hantle. 111 Modimo o bokwe, ka ho bona Lesedi lena la Lehodimo tsatsing lena la qetelo! Hobane, dikereke di etsa ntho e tshwanang kajeno. Ho fihlela hora eo bodumedi ba mokgatlo bo ahlolwang mme bo pakelwa hore bo thakgisa Lentswe la Kreste, ho tloha mohlang oo ho ya pele Lentswe le a kena, homme Lentswe feela. Ho tloha, konyana ya kgale ya paseka e ne e fetile mme Kreste o fetoha Konyana ya rona, tsatsing la thakgiso. Mme tsatsi leo phutheho e hlophilweng e ne e thakgisa Lentswe la Modimo mme e ne e amohela tumelwana bakeng sa Lentswe, ke lona tsatsi leo Lentswe le kenang tshebetsong ka botlalo. Taba eo e sa tswa etswa haufi. 112 Lemohang, bobeding. Pele, “moo,” Jerusalema. Bobeding, “ba,” bao. Bomang? Bajode, barapedi. Nahanang ka yona! Barapedi ka bobona ba ne ba bolaya Eo ba neng ba ipolela hore ba mo rapela. Na le ka nahana ntho e kang eo, banna ba bohlale bao e neng e le baprista, ba neng ba kwetlisitswe, ba neng ba e-na le dikgau tsa bongaka hoo ba neng ba ka^Bao, ba ne ba loketse ho tswa mothapong o ikgethileng pele ba ka^kapa_kapa morabe, le pele e ka ba moprista. Ba loketse hore e be e le baLevi. Bontata bona e ne e le baprista. Bontata bona moholo e ne e le baprista. Bontata-ntata-ntata-ntatantata-ntata bona moholo e ne e le baprista. Mme ba loketse ho phela bophelo ba boitlamo, hoo, jota e le nngwe kgahlano le bona, ba ne ba tla tlapungwa ka majwe. Ho se mohau o fumantshwang. Kgalalelo? Ruri, empa kgalalelo ya maikeketso. O ne a loketse ho itshwara jwalo, ho hlahisa tshobotsi tsa bona kerekeng tsa bona. “Ka hara bona,” Jesu o itsalo, “le tletse masapo a batho ba shweleng.” 113 Kamoo nka dihang qoso hona moo! Homme motho ya tsebang hore Hono ke Nnete, Lentswe lena hore ke Nnete, mme a ka thinyetsa mantswe ka Lona, ho hlahisa tshobotsi ya hae mokgatlong o itseng, ah-hah, ke na le tokelo ya ho mo qosa, hantle, hodima Lentswe la Modimo. 114 Lemohang, “ba,” bona barapedi, banna ba neng ba shebeletse tshepiso, banna bao esale ba e shebeletse, dilemong le mengwaheng, mme ba sa etse letho haese ho dula ka pheello ka hara koleshe eo ya thuto. Empa ba ne ba arotse Lentswe ho latela thuto ya koleshe ya thupello, mme ba ne ba fositse yona Nnete ya Lona. “Ba,” baprista, tshebeletso ya bodisa ya tsatsi leo! “Moo,” ntlokgolong ya bona, “ba,” tshebeletso ya bodisa ya tsatsi leo, e ne e bolaya Modimo wona oo, yona Konyana. Yena Eo ba neng ba ipolela hore ba mo kgumamela, ba ne ba mmolaya. 115 Mme, kajeno, ke qosa sehlopha sena sa baruti ba kgethilweng; tumelong tsa bona le phuthehong tsa bona tse

20

LENTSWE LE BUILWENG

hlophilweng, ba thakgisa, bathong, wona Modimo oo ba ipolelalng hore ba mo rata le ho mo sebeletsa. Ke qosa baruti bana, ka Lebitso la Morena Jesu, hodima thuto tsa bona, ba bolelang hore “matsatsi a mehlolo a fetile,” le ho re, “kolobetso ya metsi ka Lebitso la Jesu Kreste ha e a lekana le hona ha e a loka.” Hodima lefe feela la Mantswe ana, ao ba fapanyeditseng ka ditumelwana, kea ba qosa, ba le molato, mme Madi a Jesu Kreste a matsohong a bona, ka ho thakgisa Morena Jesu hape, kgetlo la bobedi. Ba thakgisa Kreste, ho bohle, ho ba amoha yona ntho eo ba neng ba loketse ho ba fa yona. Mme ba hlomile ntho e nngwe tulong tsa Lona; tumelo ya kereke, bakeng sa botumo. 116 Moo ba, “ba,” bona ba e ka kgonang ba be ba tsebile hantle. Haeba motho a na loketse ho tseba hantle, e loketse ebe-bile baruti bao. Haeba motho a loketse ho tseba hantle, e loketse ho ba bareri ba tsatsi lena. Haeba motho a loketse ho tseba dibishopo, le boarekabishopo, le_le badisa, le dingaka tsa bomodimo, ba loketse ho tseba ka mokgwa o fapaneng. Empa hobaneng ba sa kgone? He! Ke ngangisano e kakang! Re fumana’ng ka pela rona ha e se e_e kgohlano! Ba bolela ha ba rapela Modimo, mme ba bolaya Mong’a Bophelo. Ba, “ba Mo thakgisa moo,” mme ke bana hape ba etsa ntho e tshwanang, kahobane Ke Lentswe. 117 Ke seo A leng sona, ke kgadimolo ya Lentswe feela. Mme ke seo A leng sona kajeno, kgadimiso ya Lentswe, ho leka ho fumana motho ho Ikgadimisa ka yena. 118 Mme batho bana ba tima phutheho Modimo. Mme_mme ha ho ka hlaha taba, mme ho buuwa ka yona phuthehong, ba e ahlola ho tswa kalaneng, ho tswa sefaleng, mme ba re, “Ke bohlanya. Tlohang ho yona!” Ka ho etsa jwalo, ba thakgisa Jesu Kreste ka 1963, mme ba molato jwalo feela ka mathaka ao tsa_ tsatsing leo. Ke polelo e mpe eo, empa ke nnete. Hodima^Ke seo ba se etsang hantle kajeno. 119 Mme hodima moralo wona, hodima moralo wa ho thakgisa Kreste, hodima moralo wa ho nka Lentswe le ho le amoha batho; ke hantle seo ba neng ba se etsa mono. Lona Lentswe leo Modimo a neng a le hadimisa ka Mora Hae ka Sebele, ho kgodisa hore E ne e le lona, le Eo ba neng ba ipolela hore ba ne ba mo rata, Jehova ya neng a Iponahaditse ka Mangolo, ho etsa hantle seo A boletseng hore O ne a tla se etsa, hantle seo Modimo a boletseng hore O tla se etsa, le ho Se hadimisa ka pela bona. Ka baka la lerato la dihlopha tsa bona tsa kereke, le dintho tse kang tseo, ba kgesa Kgosana ya Bophelo. 120 Mme ke qosa sona sehlopha seo kajeno, mme ke ba qosa ba le molato pela Modimo, ka Lentswe la Modimo, hore ba etsa ntho e le nngwe. Moloko wona o a qoswa. Hopolang Baheberu 13:8, “E sa le Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng.”

QOSO

21

121 Ba ile ba Mo qosa jwang? Hoba tumelwana tsa bona di ne di sa batle ho Mo amohela, mme tlase pelong tsa bona ba tseba ka mokgwa o fapaneng. Na Nikodema, kgaolong ya boraro ya Mohalaledi Johanne, ha a hlalosa taba eo hantle? “Rabbi, rona, Bafarisi,” bareri, baruti, “rea tseba hore O moruti ya tswang ho Modimo, hoba ha ho motho ya ka etsang tseo O di etsang Modimo o se ho yena.” Le a bona? Ba e paka phatlalatsa ka e mong wa banna ba bona ba tsebahalang, mme ba kolokotjhana^ka baka la tumelwana tsa bona, ba thakgisa Kreste. 122 Mme kajeno ha ho mmadi ya ke keng a bala Diketso 2:38 jwaloka ha nka E bala, le kaofela ha Yona, jwalo ka ha nka E bala. Empa ka baka la tumelwana tsa bona, le ka baka la ditlankana tsa bona tsa phutheho tse hlophilweng tseo ba di kentseng ka mekotlaneng ya bona, matshwao a sebata ao a ba a jereng ba ya kwana le kwana jwaloka ditlankana tsa botho; mme, mme ba nka dintho tseo, ba ithakgisetsa Jesu Kreste botjha, le ho Mo thakgisa pela bohle, le ho nyefola wona Modimo o tshepisitseng ho etsa Hona, ho dihela tsuo hodima moloko. 123 Jwale, moo, “ba,” e seng moetsadibe. “Ba,” moo ke, kereke ya tsatsi leo, ba fumana molato ho Monna Eo e neng e le Lentswe. Na ho jwalo? Ba fumana molato ho Monna Eo e neng e le Lentswe. Jwale ba fihlela phoso Lentsweng le sebetsang ka motho. Le a bona, ba mpa ba e fapanya feela. Lona, le ka hara motho, Hona, Moya o Halalelang o sebetsa ka yona, ke netefatso ya Modimo. 124 Ba tsebile jwang hore E ne e le Kreste? Hobane mesebetsi ya Hae e pakile seo A neng a le sona. O ile a re, “Ke mang wa lona ya ka Nqosang ka sebe? Haeba Ke sa etsa hantle feela seo Lengolo le itseng Ke tla se etsa! Mme athe^Motho a ke a Mpolelle moo Ke hlolehileng sebakeng se seng, haeba Ke sa bontsha pontsho e nngwe le e nngwe hore Ke Messia, hore Ke Nna eo le mo tshepisitseng.” Ha thwe, ba re, “E, re na le Moshe. Re dumela ho Moshe.” 125 Ha thwe, “Ha le ne le dumetse Moshe, le ka be le dumela ho Nna. Hola le^Moshe o bone tsatsi la Ka mme a lapela ho_ho phela tsatsing lena. Moshe o bonetse hole, le baporofeta. Mme ke lona bana, le phela hantle ho Lona, mme le a nyatsa.” Ha thwe, “Baikaketsi ting,” ho re, “le ka kgona ho lemoha maemo a lehodimo, empa pontsho ya mehla ha le e lemohe.” 126 Ke eo moo e leng teng, pontsho ya mehla. E ile ya Mo hlophisa jwaloka eng? “Lehlanya, monna ya sa nkeng hantle.” Eya, ba fumana phoso ho Monna Eo e neng e le Lentswe. 127 Yena e ne e le Lentswe. Mohalaledi Johanne, kgaolo ya pele, e a paka, “Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo. Mme Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona.” E ne e le Lentswe la Modimo le

22

LENTSWE LE BUILWENG

phelang, hobane O ne a bonahatsa Modimo ka BoYena. O ne a ineetse ka botlalo ho_ho Lentswe la Modimo, hoo Yena le Lentswe e neng e le ntho e le nngwe. Mme ke hantle feela seo Kereke e loketseng ho ba sona kajeno, hore Lentswe la Modimo le a tshwana. 128 Le ka ba karolo ya Lentswe leo jwang le Le latola mohlomong kaofela? Mme lebaka leo ho etswang jwalo ka lona, ha se ka baka la batho; ke lona lebaka leo ke nahanang hore Modimo o buile le nna ka ho bitsa batho ba Hae “Rickys” le “Rickettas.” Ke ka baka la ho nona pelo ha phutheho tsena tse hlophilweng, di phedisa batho bana ka ntle mono ka moo ba phelang. Ba thakgisistse Nnete. Mme batho ba Le bitsa nyefolo, mme ba Le etsa nyefolo, ke rialo. Ba Le bitsa bohlanya, le jwalojwalo, mme ba sa tsebe hore ba nyefola wona Modimo oo ba yang kerekeng ho o sebeletsa. 129 Ka baka leo, ke qosa sehlopha sena sa badisa kajeno. Ke qosa mofuta wona, ka Lebitso la Jesu Kreste, tlasa boholo ba Lentswe la Modimo. Le boela le Mo thakgisa hape. 130 Lemohang, “E sa le Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng,” Lentswe la Modimo le netefatswa ka hara motho. 131 Bapisang diKalvari tse pedi mmoho esita le tsuo ya tsona. Hopolang, “Kahobane O Ikentse Modimo, re ke ke ra dumella Monna enwa ho re busa.” Ke qoso efe eo ba neng ba ka e fihlela, lekgotleng hoseng hoo, mohla ba neng ba thakgisa Jesu? Ho re, “O ne a Iketsa Modimo.” E ne e le Modimo. “Mme O tlotse Sabatha.” Homme E ne e le Morena wa Sabatha. Ba Mo nyatsa kahobane A Ikentse Modimo. “Ha O na tokelo ya ho etsa hono. Ha O na tokelo. Baprista ba rona ba baholo, haeba ho e-na le ntho e tlang, e tla ka baprista ba rona.” Jwale bapisang hono le Kalvari ya kajeno. 132 Hodima, Modimo, ho kgahlile Ntate, Modimo Moya, ho tsosa Mora wa Wona ka Sebele; ho kgurumetsa Maria, ka Moya o Halalelang, le ho hlahisa mmele o neng o ka Mo sebeletsa le ho phetha morero wa Hae ho Yena. “Modimo o ne o le ka ho Kreste, botlalo bohle ba BoModimo nameng, ka ho Yena,” ho hadimisa seo Modimo a neng a le sona, bathong, ho re dumella_ho dumella lefatshe lohle ho tseba seo Modimo a ratileng motho ka mong a be sona: mora, le moradi. O ile a nka Monna a le mong mme a etsa hona. Mme kahobane A sa ka a ikgomathisa le diemo tsa bona tsa mokgatlo, ba Mo tswa mme ba Mo thakgisa. 133 Jwale bapisang Kalvari eo le kajeno. [Sekgeo lebanteng_Mong.] Ka baka la tshekamelo ya mohopolo wa mokgatlo, ka baka la dintho tse sa reng letho pakeng tsa baithuti ba loketseng ba be ba tseba Lentswe la Modimo le morero; ka baka la hona, Modimo o ka nka sehlotshwana sa

QOSO

23

batho seo A ka sebetsang ka sona, sebakeng se seng, mme a Ikgadimisa, se tla ikokobeletsa Lentswe. Mme ba ke ke ba re taba eo ha e jwalo. 134 Ba ne ba ke ke ba re ha A e etsa, hoba phutheho tsa bona e ne e le e dipaki tsa yona. E ne e le ka pela bona. Ba ke ke ba e latola. Ba ke ke ba latola maipolelo a Hae, hobane, lona Lentswe leo ba itseng ba le dumetse, e le Yena Ya kgodisitseng hore E ne e le yena. Hobane, Modimo Wa nka Lentswe le neng le loketse ho ba Messia wa Le bontsha ka Motho, mme ba lokela ho Mo falatsa. E le wona feela mokgwa oo ba neng ba ka tswella ka wona, e le ho falatsa Messia. Mme ba entse taba eo ka bofofu le bothoto, ho sa natse thuto ya bona. Ba ne ba hlalefile, le kelello; ha ho buua mokgweng wa lefatshe. 135 Jwaloka re e tshwantshitse bosiung bo bong, mohla Lesedi le neng le tjhabela mohlanka wa morui, bonang seo a se entseng. A nyatsa; monna ya hlalefileng. Paulose, monna e mong ya hlalefileng, Lesedi la mo tjhabela. O ile a etsa’ng? A Le amohela. A di lebala, tsohle tseo a di tsebileng, a tle a tsebe Kreste. Taba eo ya etsa hore bophelo ba hae bo tshwanele Evangedi. (Molaetsa wa bosiu ba Sontaha se fetileng.) 136 Ke eo moo e leng teng kajeno. Mohlomong Le ye le tjhabele monna wa ho reng e moyenyane, ya kgelohileng, a e-na le pitso ya Modimo, a e utlwileng, a ye kolesheng e itseng ho ithuta tumelwana e itseng. O tshwanetse ho phela ka tumelwana eo kapa a tele setlankana sa hae sa botho. Haeba a ka ho etsa, o a thunthetswa, ha ho motho ya tla mo amohela, hobane pele e ne e le setho sa ntho e nngwe mme jwale haesale setho sa yona. Ba lekanya ha ho e-na le ntho e phoso ka monna eo, mme ha ba batle ho mo boloka phuthehong ya bona. Ha, phutheho e shebile pontsho e le nngwe feela, ke ho re, ha feela a dumela seo ba se dumelang. 137 Ha a e-na le setlankana, haeba e le Methodise, haeba a e-na le setlankana^e le wa kopano e nngwe, kapa Oneness, kapa boTrinitase, kapa seo e ka bang sona, kereke ya Modimo, kapa diemo tsa Pentekonta, le diemo tseo tsohle. Haeba a tshwere setlankana, ba utlwa hore ntlokgolo di mo hlahlobile, mme ba fetisa kelello ya hae tekong, le ho mo fetisa tekong ya mahloko a kelello, le ho sheba haeba I.Q. [Tsebo hlalohanyo _Moft.] ya hae e ne e phahame ho lekaneng hoo a ka buang pela bona. Ha ho se jwalo ka yena, ha ba mo dumelle. Ke hantle. 138 Empa, le a bona, phutheho e loketse e be e shebile letsoho la Morena, ho bona hola Modimo a mo file tlotso ya hae kapa tjhe. Ke seo re loketseng re be re se shebile. Empa kajeno ba thakgisa mo_mo_mo Mora Modimo botjha. Ha, motho a kgona, ka mohau wa Modimo, a ka bitswa ke Modimo, ho dumella Modimo ho Ikgadimisa ka yena. “Mesebetsi eo Ke e etsang le tla e etsa le lona,” O boletse jwalo. Lemohang le le kakang tsatsi leo re phelang ho lona!

24

LENTSWE LE BUILWENG

139 Bao, ba nka, bao_bao ba nka yona_yona Kalvari, re ka kgona hoseng hona, le ka lebaka lona leo. Jwale, ba tsebile hore e ne e le Nnete; empa ka baka la mona, le tshekamelo. Jesu o ile a reng ho bona? “Ha Nna ke leleka matemona ka monwana wa Modimo, jwale lo_lona le a leleka ka mang? Taba eo e ke e be moahlodi wa lona, le a bona, ha Nna ke leleka matemona ka monwana wa Modimo.” 140 Jwale, jwalo feela kaha le ba utlwile ba re, “O ka paka hore ke monwana wa Modimo?” Ke lakatsa ho bona, eka nkabe ke utlwile A botswa potso eo. Ba ne ba e hlalefetse haholo. 141 Lemohang, “Hobane A Ikentse Modimo,” homme E ne e le Modimo. “Mme re ke ke ra Mo dumella ho re busa.” 142 Empa jwale lebaka, sello seo sa kgale se fihlile hape, “Bibele eo e ngotswe ke motho,” ba rialo. “Ha rea tlameha ho phela ka Hono.” Ke ya Modimo^Hoo ke Lentswe la Modimo. Ke Modimo, ka boYena. Ke ne ke qoqa le monna maobane, a re, “Be, motho wa horeng e ka nna yaba o ngotse Bibele eo.” Ka re, “E, o bile teng. Lebitso la Hae, re Mo tseba e le Modimo.” 143 E ngotswe e siana ka dilemo tse dikete tse nne dipakeng, mohlomong, Mangolo, morao kwana ho tloha ho Jobo, ho ya fihla kwana Testamenteng e Ntjha, mme e ngotswe ke makgolo ke_ke^mme e siana ka makgolo a dilemo; mme e ngotswe ke banna ba fapaneng, homme bao ba sa tsebane, dikarolong tse fapaneng tsa naha, mme ha ho Lentswe le le leng la Yona le ka nyatsang le leng. Ke phephetsa motho mang kapa mang ho kena tlasa Madi a Jesu Kreste le ho tseka tshepiso efe feela ka Mono! Modimo o tlamehile ho Le hlompha. 144 Empa ba ke ke ba e etsa. Ba tla tla, ho thwe, “O Morena, ke batla ho etsa ntho e nngwe. Mphe neo e kgolo. Allelua, Morena! Ho bokwe Modimo, ke dumela ke e fumane. Allelua!” E ke ke ya sebetsa. Mohlomong o ka hlahisa saekholoji e ngata, empa e ke ke ya sebetsa. 145 Modimo o loketse ho elellwa pako eo. Modimo o loketse ho etsa hoo. Re ka bua tse ngata mokgweng oo, empa ke tshepa hore lea_lea utlwisisa. 146 Bonang, empa jwale ha ba batle ha Lentswe le ba busa. Ke re, “E mong le e mong wa lona a kgutle. Le kolobeditswe ka phoso. Le kolobeleditswe kerekeng ya Katolike.” 147 “O mang wena o ka re bolellang taba eo?” Ha se nna; ke Lentswe. “Empa ke a o bolella, re_re a dumela^” Ha ke kgathalle seo le se dumelang; ke se bolelwang ke Bibele. “Empa ha re a tlameha ho phela ka Hono.” 148 Le tla etsa hono, ho seng jwalo le tlasa kahlolo ya Bibele ena. Ka hobane, “Ya tlosang Lentswe le le leng ho Yona, kapa

QOSO

25

a ekeletsa le le leng ho Yona, le yena ho tla tloswa ho yena, kabelo, ya Buka ya Bophelo,” leha e ka ba moruti; modisa, kapa e ka ba mang. O tshwanetse ho kena tlasa puso ya Lentswe lena, hoba Ke Modimo. Bibele e re Ke Modimo. 149 “Re ke ke ra Le dumella ho re busa.” Ba nka tumelwana tsa bona, le diphutheho tse hlophilweng, le dinthwana tsa bona_tsa bona tseo ba dumelang ho tsona, homme di hlomilwe ke makgotla a batho, mme ba di nka bakeng sa Lentswe la Modimo. 150 Ba ile ba etsa’ng? Ba nka Barabase, mmolai, bakeng sa Mora Modimo, tsatsing la thakgiso ya pele. 151 Mme kajeno ba nka lentswe la motho ya itseng, e leng leshano homme tsela ya lefu, mme ba hana ho nka tsela ya Bophelo, Lentswe la Modimo. Ke ahlola moloko wona, ke o qosa, Lentsweng la Morena, hore ba phoso. Ba jere molato wa thakgiso, kapa ho leka ho thakgisa Moya. 152 Ba batla tsoseletso, hohle. Le ka ba le tsoseletso jwang ha Lentswe ka bolona le sa kgone ho sebetsa ka batho? Ke rata motho a nkaberele hono. E ka kgona jwang, haele moo le latola Tsoseletso ka Sebele sa yona? Moporofeta o boletse hantle ka bona, “dibopeho tsa borapedi.” Dibopeho tsa bona, morao mono, di latotse Lentswe la Bophelo. Dibopeho tsa bona, kajeno, di latola yona ntho e ka ba tlisetsang tsoseletso; tumelwana tsa bona le dibopeho. E, monghadi. 153 Ba nka phutheho e hlophilweng le tumelo tsa bona ho e-na le_le Lentswe, mme hoo ho thakgisa Lentswe la Hae le ho etsa Lentswe la Hae ntho e se nang matla bathong. Ha ba bona Lentswe la Modimo ka ho hlaka mme le Itlhomamisa feela, hore Modimo o entse tshepiso ya hore O tla phetha sena, mme ke Enwa o a e etsa, mme ba soma ka Lona mme ba tloha ho Lona, ke nyefolo. Mme ba leka ho thakgisa Lentswe ka boLona. 154 Hobane’ng ba Le thakgisa? Ba ke ke ba thakgisa Lentswe esita le jwaloka ha ba ne ba ke ke ba thakgisa Modimo. Ba ne ba ka thakgisa mmele o neng o haeleditse Modimo, Mora Modimo. Ba ka thakgisa hono, empa ba ke ke ba thakgisa Modimo. O ne a loketse jwalo, mohlang oo, lebakeng la ho ba sehlabelo, ho kenya bara ba bangata ba reretsweng Bophelo bo sa Feleng. Ba ne ba loketse ho e etsa mohlang oo, empa ba ke ke ba e etsa jwale. Ba ke ke ba e etsa, hoba Lentswe ka boLona le tla phela le tswele pele. Empa bao^ 155 “Ba etsa’ng? Ba hlophisa jwang? O reng he, moreri? O haha moralo wa hao jwang mona, hore ba Mo thakgisa, he?” 156 Ba thakgisa tshebetso ya Evangedi bathong, ka ditumelwana tsa bona. Ke eo thakgiso. Moo batho ba dutseng ka hara dimoshara tsena tse kgolo, tse reilweng dikereke,

26

LENTSWE LE BUILWENG

diphutheho tse hlophilweng, mme ba seha molawana wa tumelwana, mme hoo ho na le^Lentswe la Modimo ha le kgone ho ba le matla hodima bona, hobane ba_ba nyedisa tsona dintho tseo Kreste a boletseng hore di tla hlaha. E mpa e sa tle ho latela tumelwana ya bona. 157 Mme ka mokgwa o tshwanang Jesu ha a tla ho latela kutlwisiso ya bona ya ho tla ha Hae. O tlile kamoo Modimo a Mo rometseng, mme A tla ka Lentswe hantle. Ha ho makatse ha A itse O, “E patetse mahlo a ba bohlale le ba masene, le ho E senolela masea a batlang ho ithuta.” Le a utlwisisa? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] 158 Oho, ba thakgisitse tshwaetso ya Lentswe. Ke tshwere sehlopha sa Mangolo mona. Mohlomong nka qotsa a mabedi kapa a mararo a wona. Ba Le thakgisa. O ka re, “Ba thakgisa Lentswe jwang?” 159 Hodima Jesu a itse esale Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng, Baheberu 13:8; ba re, “O jwalo ka mokgwa o itseng.” Le a bona? Ke hantle. 160 Mme Jesu o boletse, taelo ya Hae ya ho qetela Kerekeng, “E yang ke hona lefatsheng lohle,” Mareka 16, “e yang ka lefatshe lohle, le bolele Evangedi. Mehlolo e tla tsamaya le ba dumelang ke yona ena. Lefatsheng lohle; ho sebopuwa ka seng!” Mme halofo ya lona le jwale ha eso fihlelwe. Mme ho na le dimilione tse shwang, selemo le selemo, tse sa kgoneng, ba eso utlwele le ka Lebitso la Jesu. Ka baka leo, e sa ntse e le ditaelo tse akaretsang. E sa le molao wa Modimo. “Lefatsheng lohle, mme le bolelle sebopuwa se seng le se seng Evangedi. Ya dumelang mme a kolobetswa o tla bolokeha; ya sa dumeleng o tla ahlolwa. Mme mehlolo e tla tsamaya le ba dumelang ke yona ena: ka Lebitso la Ka ba tla leleka matemona; ba bue ka dipuo tse ntjha; ha ba tshwara dinoha, kapa ba nwa dintho tse kotsi, di ke ke tsa ba ntsha kotsi; ha ba bea matsoho hodima ba kulang, ba tla fola.” 161 Mme ba re, “Taba eo e ne e baletswe moloko oo,” homme ba etsa hore molao wa Modimo o hloke matla tabeng Ena, mme ba thakgisa tshwaetso ya Lentswe bathong. Amen. 162 Petrose o ile a re, ka Tsatsi la Pentekonta, ka dinotlolo tsa Mmuso; tseo Jesu a na sa tswa mo fa tsona, “Sohle seo o se buang mona, Ke tla se bua hodimo Kwana.” 163 Mme ka Letsatsi la Pentekonta ba botsa seo ba ka se etsang ho fumana Moya o Halalelang, oo ba neng ba nyakalla hakana ka baka la Wona; ba shebile batho ba neng ba itshwere kamoo ho thweng ke bosawana; ba thekesela, mme ba tlola, le ho wa, mme ba itshwere jwaloka hoja ba ne ba tahilwe. Mme bao, ba re, “Batho bana ba kgotshe veine e bohale.”

QOSO

27

164 Empa ha eba le monna ya emang, ya bitswang Petrose, ya neng a tshwere dinotlolo tsa Mmuso, mme a re, “Batho bana ha ba tahwa,” Diketso 2, “jwaloka le lekanya, etswe esale hora ya boraro ya letsatsi. Empa ena ke taba eo e boletsweng.” Le a bona, hantle morao Lentswe hape, a bontsha hore Moya e sa le Lentswe, mme le Lentswe e sa le Moya, Lentswe la Modimo. “Mme ho tla etsahala, jwaloka ho boletswe ke moporofeta Joele, Joele 2:38. ‘Mme ho tla etsahala matsatsing a qetelo, ho bolela Morena, Ke tla tshollela Moya wa Ka hodima nama yohle.’” 165 Utlwang moporofeta eo ya emeng mono. Mo shebeng, a hloka tshabo, a eme mono a okametse sekgakgatha seo, mme a ba ahlola, a ba qosa. Ho re, “Taba Ena ke Lengolo! Ena ke taba eo e boletsweng ke moporofeta! ‘Ke tla tshela nama yohle ka Moya wa Ka. Bara ba lona le baradi ba tla porofeta. Hodima bahlanka ba Ka le makgabunyane Ke tla tshollela Moya wa Ka; mme Ke bontshe mehlolo hodimo mahodimong, le lefatsheng; mollo, le ditshiya tsa mosi, le mouwane.’” A E paka ka Lentswe, hore E ne e le Lentswe. 166 Mme ba tsheha le ho soma ka Yona, mme ba ya kahlolong. Mme motse wa tjheswa, mme ba ja e mong ngwana wa e mong. Mme kajeno ke batho ba qhalaneng lefatsheng ka bophara, ho bontsha hore Moya o Halalelang e sa le Lentswe la Modimo, ho tlisa Lentswe lena Le tle le phele. 167 Jesu Kreste e ne e le Motho, Monna, Modimo. Allelua. E ne e le ponahatso ya Modimo. E le Modimo ka sebopeho sa mmele, ho hadimisa Lentswe la Modimo bakeng sa mongwaha oo, ho etsa hore mongwaha oo o bone tshepiso ya Modimo bakeng sa mongwaha oo. 168 Mme Moya o Halalelang ke ntho e tshwanang le kajeno. Ke Moya wa Modimo hodima Lentswe le ngodilweng, mme o leka ho fumana motho ho Ikgadimisa mongwaheng wona, ho kgodisa hore esale Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Mohalaledi Johanne 14:12, “Mesebetsi eo Ke etsang le tla e etsa le lona.” “Jesu Kreste yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng.” Le a bona, ka pheello ho leka ho fumana tsela ya Wona ya ho Ikgadimisa. 169 Mme ba ne ba sa kgone ho e etsa. Keha batho ba nahanne haholo ka diphutheho tsa bona, dihlahanyana tsa bona tseo ba neng ba na le tsona, le jwalojwalo, tse reilweng “dikereke” tsa bona, ka baka leo ba ke ke ba e mamela. Ba etsa le kajeno, ntho e tshwanang, ho thakgisa botjha. 170 Petrose, ka tsatsi la Pentekonta, o ile a re, “Lona ba ahileng Jerusalema, Judea, utlwang mantswe a ka. Batho bana ha ba tahwa. Hola le ne le thola, nka le bontsha seo e leng sona.” Mme o tswela pele o a ba hlalosetsa.

28

LENTSWE LE BUILWENG

171 Eitse ha ba hlabjwa dipelo, ha ba utlwa Sena, ba re, “Re tla etsa jwang ho bolokeha? Re tla etsa’ng ho amohela Sena? Re kgodisehile hore polelo ya hao ke nnete.” 172 O ila re, “Bakang, e mong le e mong wa lona, mme le kolobetswe ka Lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe tsa lona, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang. Hoba taba ena e etseditswe lona le bana ba lona, ba leng hole kaofela, le bao Morena Modimo wa rona a sa tla ba bitsa. Ke sona seo ba loketseng ho se etsa. Bakang, mme le kolobetswe ka Lebitso la Jesu Kreste.” 173 Mme, kajeno, Kereke ya Roma e Katolike e hlomme, “Ntate, Mora, Moya o Halalelang,” ho tlatsa sebaka sa Hono. Bakeng sa Hono, ke selallo. “Ntsha leleme mme o je thathana ya bohojana, mme moprista o nwa veine, mme le ntho e le nngwe mmoho.” “Selallo,” bakeng sa hore e be Moya o Halalelang, ho thwe ke, “Eukariste e halalelang.” Le “Ntate, Mora, Moya o Halalelang,” kolobetso ya botrintase, hodima ho sa buuwe le ka yona ka hara Bibele. Lebitso la Ntate, Mora, Moya o Halalelang ke Morena Jesu Kreste. Mme ha o bonthsa mofuta wona o kgopo taba ena^ 174 Jwaloka Petrose a boletse, “Ipolokeng mofuteng wona o kgopo.” 175 Ha o ba bontsha Yona, ba etsa’ng? Ba tshehisa ka Yona, mme ba re, “Kereke ya rona ha E rute jwalo.” Etlaba le molato, le molato wa thakgiso ya Jesu Kreste, ka ho tlosa Mmatla a Modimo bathong. Le thakgisa lona Lentswe la Modimo ho bona, mme le ikahlola mmoho le phutheho tsa lona, le ba isa sefing sa lefu. 176 Jwaloka ke boletse ka moruti eo Sontaha se fetileng, e ne e le Martin Luther King tlase mono le batho bao ba kgabane, o ba isa hantle sefing sa lefu. Oh, hola motho e mong a na ka bua le monna eo! Eka nka kgona. Ka baka la letsoso la peelo ya sekolo, le a bona, kapa dintho tse ding^Phapang ke efe? Kgele, jo nna! Efela ha batho ba haellwa ke pelo ya ho thea setswalle le motho ka baka la lebala la hae, ba ahlotswe mme ba shwele, le hona. Setjhaba se ba fa tokelo. Le se ke la lwantsha taba eo. Le se ke. Ho ka thweng hola motho a na ka re maIrishi wohle kapa motho e mong, Majeremane wohle, kapa motho e mong o sele, ba loketse ho ikgetha? Taba eo e ne sa tlo hlopha Bakreste ho hang. Ba ne ba tla tswela pele hantle. Mme monna eo ke Mokreste. Jwaloka_jwaloka moruti, ha lokela ho etella batho bao pele letsosong le kgahlano le taba eo. Ba tla etsa ho bolawe dimilione. E tla qala letsoso le leng. Mme ke dihlong ho etsa taba eo. 177 Yona ntho eo e etsahala hona mona hantle. [Moena Branham o kokota sefaleng hang_Mong.] Ntho e tshwanang hantle hape. Ke hantle. Le a bona? Batho, ho ka thwe’ng hola

QOSO

29

feela ba ne ba ka sheba Nnete le ho bona seo Nnete e leng sona. “Kereke ya rona ha e dumele ntho eo. Re na le tsela e nngwe.” E, ha se tsela e lokileng. Ha se yona ntho. 178 A re, “Bakang, mme le kolobetswe ka Lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe.” Jwale ha ba batle ho e etsa. Oh, jwale yaba ba etsa’ng? Jwale eo ke taba e le nngwe feela, hodima tse makgolo. Re tla finyella ho tsona, mohlomong, kapele kamoo re ka kgonang. 179 Jwale thakgiso ya bobedi, he. Ha motho a amohela “Ntate, Mora, le Moya o Halalelang,” e_e tumelwana bakeng sa Lentswe, maemedi bakeng sa Lebitso, o etsa’ng ho batho? O thakgisa tshwaetso ya Lentswe bathong, ha a bua, a re, “Mareka 16 e ne e etseditswe moloko oo feela.” 180 Mme Modimo o buile, ka boYena mona hantle, Jesu o ne a bua le bona, ho re, “E yang ka lefatshe lohle, mme le bolelle sebopuwa ka seng Evangedi. Ya dumelang a kolobetswa o tla bolokeha; ya sa dumeleng o tla tsuwa. Mme mehlolo ena e tla tsamaya le bao^” Ho fihlela hakae? Setjhabeng ka seng, tumelwaneng ka nngwe, puong e nngwe le e nngwe, morabeng ka mong, bathong ba bang le ba bang, yona Evangedi e tshwanang. “Mme mehlolo e tla tsamaya le ba dumelang ke yona ena.” Mme ha motho a leka ho tabola taba eo Bibeleng, o thakgisa tshebetso ya Evangedi phuthehong. Ka baka leo ke a le qosa, ka Lebitso la Jesu Kreste! Le jere molato wa ho fenetha Morena! 181 Kereke e ne e Mo hloile. Hobaneng? E ne e le Modimo wa bona. Ba ne ba Mo hloile, mme ba Mo hana hore ke Messia wa bona. Tjhe, monghadi, ba ne ba sa batle Messia ya kang eo. 182 Mme kereke kajeno e etsa ntho yona eo. E latola Lentswe. Ha ba Le batle. Le thulana le seo ba rutilweng ho se dumela ka ditumelwana tsa bona. 183 Mme Lentswe ke Messia. Le a e dumela? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] E, phatsimo ya Lentswe ke’ng he? Kgadimiso ya Messia, e leng Moya o Halalelang hara rona. O a Ikgadimisa, o a leka, hohle feela moo A ka fumanang lebone leo A ka shebang ka lona, le sa tlatswang mosi ke ditumelwana le dintho, leo A ka tjhabisang Lesedi ka lona. 184 Hopolang, “ba ema ba lokisa mabone a bona,” mme ba hlatswa ditjhomela, empa e se e le morao haholo. Ka baka leo motho ha bona maLuthere ana, Presbeteriene, maMethodise, ba leka ho kena ka hare matsatsing ana a ho qetela ho amohela Moya o Halalelang, kgele, lea tseba ha ba O fumane. E, ba ka bua ka dipuo mme ba qhomela hodimo-le-tlase, empa lemohang taba e hlahang. Bao ruri^Ke pontsho ya nako hore ho fedile ka yona. Re pheletsong.

30

LENTSWE LE BUILWENG

185 Nakong efe feela, yona_yona Kereke e ka utlwa phephetso, “Nyolohela Hodimo!” Amen. 186 Dintho di dutse madulong hantle feela. Moya o Halalelang o teng mona o etsa Jesu Kreste e be nnete ka bao A ka sebetsang ka bona, ho Ipaka; ho theoha, ho nka setshwantsho sa Hae, ho se bontsha, ho etsa mahlale a se nke, a bue ka sona, le ntho e nngwe le e nngwe e sele, ho kgodisa hantle seo A boletseng hore O tla se etsa. Ho etsa hantle feela dintho tseo A itseng O tla di etsa, ho latela Mangolo. Jwale, e seng tumelwana e itseng, kapa monahano o sebeditsweng wa motho ya itseng, madi a mangata, mollo, le mosi, le dintho; empa ke kgodiso e Mangolong ya boMessia. Ho na le boipeho bo bongata, le baipehi, le_le jwalojwalo; empa hoo ho etsa Lentswe la nnete le tjhabe bokgabaneng ba Lona, ke hantle, ho dumella batho ba moyeng, ba ka kgonang ho ahlola pakeng tsa botle le bobe. Le a bona? 187 Ho Mo latola! Ba latola Messia wa bona, “Re ne re sa Mo batle.” Mme ke ntho eo ba e etsang kajeno, “E, haeba ke loketse ho theohela mono le ho itshwara jwaloka sehlopha seo, ha ke E batle ho hang.” Ke hantle, etlaba ha o na Yona, ho hang. Ke phetho. O a bona? Le jwale ho a tshwana. 188 Leha A ne a tsebaditswe ka ho tshwaneleha, ba sa Mmatle. Ba Mo hloile. Hore’ng ho no le jwalo? Re bitsitse badisa ba bona sehlopha sa “dinoha.” O ile a re, “Le sehlopha sa mabota a sweufaditsweng. Ha le letho empa le mabitla. Bokantle ba lona bo bentshitswe ka diaparo le mapetu a molala a shebetseng morao, mme ka hare ke masapo a batho ba shweleng.” Le a bona? A sa thinyetse mantswe a letho. MoGalelea-nyana a le mong, mora wa mmetli, empa A sa thinyetse mantswe a letho. A ba bolella. 189 “Le se hopole,” Johanne o boletse, moetellipele wa Hae, ho re^Ke e mong ya sa kang a thinyetsa mantswe a letho. A re, “Le se ke la tla mona le bolela kamoo Abrahama e leng ntata rona kateng. Modimo a ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.” E, monghadi. “Selepe se beilwe motsong wa sefate, mme sefate ka seng se sa beeng tholwana se a rengwa mme se lahlelwa mollong.” E, monghadi. Modimo o ya ka molao, o tiile mme o thata ka Lentswe la Wona. E, monghadi. 190 Lemohang, Jesu, ya pakilweng ke Lengolo! Le a nkutlwa na? [Phutheho, “Amen.”_Mongodi.] Jesu o ne a supilwe ke Modimo, ka Mangolo, hore E ne e le Messia. Na ho jwalo? [“Amen.”] Re tla fihla qosong ya Petrose, metsotsong e mmalwa, mme le tla fumana hore e ne e le yona kapa tjhe. O ne a tsebahaditswe ka ho hlaka, hore E ne e le Modimo ya bonahaditsweng ka hara Monna, ya bitswang Mora Modimo.

QOSO

31

Ke hantle. Leha, A ne a supilwe ka ho hlaka le ho netefatsa Lentswe le tshepisitsweng, hore E ne e le Messia. Moshe o boletse, “Messia enwa, mohla A tlang, E tla ba moporofeta,” mme dintho tsena tsohle di tla etsahala. 191 Mosadi e monyenyane ya nang le^a eme sedibeng, le maemo ao wohle a ditshila a ne a le ho wona, hoo ho ne ho lekanyan’ng? Hore Modimo matsatsing ana a qetelo o tla hula ba lelekilweng. 192 Hopolang bosiung bo fetileng, lenyalong^Kapa, ka nako e nngwe mohla ke ne ke rera mona. Selallong sa lenyalo, ba re, kamoo ba buileng. “Ke entse mokete o moholo, le jwalojwalo. Mme banna bana bohle, ke ba memme, mme e mong le e mong a ba le lebaka. ‘Nke ke ka kgona, hoba e tla senya tumelwana tsa rona. Nke ke ka tla, hoba ke na le^Ke nyetse mosadi; a ke ke a ntumella ho tla. Kgele, ke_ke nyetswe ke kereke tlase mona. Mme wa ka e ne e le moMethodise, kapa Baptise, kapa Katholike, kapa Protes-^Nke ke ka mamella Hono.’” 193 A re, “Mme ha le batle ho tla? Mme ha le batle ho latswa selallo sa Ka! Empa tswelang ka ntle mane mme le susumetse diotswa le dihlola, le matahwa, le eng feela e leng teng. Ba kenyeng ka hare, mme Ke tla ba otlolla. Ke tekile selallo sa Ka, mme bamemuwa ba Ka_Ka^Tafole ya Ka e lokisitswe, mme ho tla ba le motho e mong mono.” Ha ba ka ba tla. O ne a ahlola Bajude. 194 Ho ka thweng kajeno? “Ke_ke_ke leloko la Presbeteriene. Ke_nke ke. Ke Methodise, moLuthere. Ke oneness. Ke twoness. Ke sena. Nke ke ka kgona. Nke ke ka kgona.” Ke lona bao. O ke ke wa ba teng mono he! Ke seo A se boletseng hantle. Ke hantle. 195 Ho netefatswa ka ho hlaka, Messia. Ho netefatswa ka ho hlaka, Lentswe, Lentswe la tshepiso. Modimo ya tshepisitseng Lentswe, hore sena seo Messia enwa a tla ba sona, ke enwa A tla mme a ema hantle. A re ho bona, “Jwale, ke ho kae moo Ke hlolehileng? Ha le sa dumele Nna jwaloka Motho, dumelang mesebetsi eo Ke e etsang; hoba ke tsona dintho tse bolelang hore Ke Mang. Ke yona e bolelang hore Ke Messia. Ha le batle ho dumela ho Nna, hoba le nahana hore_hore Josefa hodimo mane^Mme Ke tswaletse hodimo mane ka hara motlotlwana oo, mme_mme ntate ya Nkgodisitseng mona ke e_e mmetli tlase mane. Mme_mme le^” 196 Eitse ha A kena Galelea mono, bao, mme a tlile ho etsa^O ile a re, “Helang, Thaka lee ke Mang? Enwa ke Mang? Tjhe, Monna enwa, na eo ha se^Na Joses le bao bohle ha se bana babo ba Hae mona? Na dikgaitsedi tsa Hae ha di hara rona? Na mmaE ha a bitswe Maria, mme ntataE o bitswa Josefa? Ke ho kae, le mo fumane kae Moeka ya kang eo? O tswa

32

LENTSWE LE BUILWENG

sekolong sefe? Ha A na le tekete ya botho. Yena, ha A na ditshwanelo tsa letho. Ke ho kae moo Thaka le kang leo^Hoo le ho fumane kae, le hona?” 197 Mme Bibele e boletse hore O ne a_O ile a hlabeha. A re^Mesebetsi e meholo ha A ka a e etsa; mme a sokolla mokokotlo wa Hae feela mme a tloha ho bona. A re, “Moporofeta ha a hloke tlotla haese hara batho ba habo, le a bona, lebatoweng la habo,” hlokomelang, “kapa naheng ya habo.” 198 Ke eo moo A leng, a netefaditswe ka ho hlaka, Messia. A sa Ipatlele tlotla. A re, “Nke ke ka etsa letho Ke eso ho ka ke bona Ntate a le etsa.” Mme A ba phephetsa a botsa hore eo e ne e le Messia na. 199 Mme bonang mosajana eo ya setumo se sebe; o ile a e lemoha. Yena, o ne a sa foqwa ditokomane. Lebone le ne le sa^Mekgweng o ne a fosahetse, ehlile. Ha ho motho ya neng a ka emela taba eo. Melao ya Modimo e nyatsa taba eo. Mekgweng o ne a fosahetse. Empa yena^ 200 Le a bona, Modimo ha a o ahlole ho latela^seo o leng sona. O thabela^Ha A ahlole ka hore o moholo ha kae kapa o monyenyane ha kae. O ahlola pelo ya hao, seo o batlang ho ba sona. 201 Mme o ne a sa batle letho la dintho tseo. Mme yare ha Hona ho hadima ka pela hae, ke Sona seo a neng a se batla. Ho sa tsotelehe seo a neng a le sona lekgatheng leo, o ne a itokiseditse ho tla. Le a bona? Modimo o ahlola pelo. Motho o ahlola tjhebahalo ya ka ntle. Modimo o sheba pelong. Ho sa tsotelehe seo a neng a le sona; Lesedi leo le ile la hadima, mme yaba ke phetho. O ile a fumana bo_bo_bo_bo bohlokwa ba Bophelo bo sa Feleng. 202 Oho, kgele, taba ee e enne hakakang, ho nna, le a bona, ho bona le ho tseba hore ke Nnete. Ke tla_ke tla ema le ntho Ena. Ke tla dumella^Modimo wa Lehodimo o tla ema, mme lentswe la ka le tla manehwa teiping ya makenete ya nako e kgolo ya Modimo kwana, mme le tla tswa moloko ona tsatsing la qetelo. Hoba, le_le teiping ya makenete, mohlang oo le tla be le le hodima teipi e hlolang ka ho sa Feleng mohlang oo. Ke hantle. Ho ahlola mothapo ona wa bareri ba nang le sebopeho sa borapedi, mme ba hana Matla a Lentswe le ponahatso ya Lona ha E tsebahatswa ka ho hlaka hore esale Yena Jesu Kreste, yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Ke a ba qosa, ka Lentswe la Modimo. 203 Ke tla lokela ho kena tshepisong e nngwe, ka potlako, hoba re na le metsotso e ka bang leshome le metso e mehlano feela. 204 “Moo, ba_moo ba^” Eng? Oho, kgidi! Kalvari! Mme ba Mo “thakgisa,” tabeng ya boraro. Ba Mo thakgisa, ka ho se

QOSO

33

hlokomele tshepiso ya Lentswe la Modimo ha e bonahatswa. Mme hobaneng ba ile ba thakgisa Monna eo? Na le ka lekanya feela? Ha nke ke kgutlele morao motsotso feela. Hobaneng batho bao ba ne ba ka thakgisa Monna ya kang eo? Jwaloka ha Maria^ 205 Jwaloka ha ke badile buka ka tsatsi le leng, e bitswang Kgosana ya Ntlo ya Davida. E ngotswe ke Ingraham, Ngaka Ingraham. Buka e babatsehang! Ke terama, eka karolo ya yona ke nnete, ya mamatjana a kgale a ngotsweng ka letsoho ho tswa ho mosadi ya bitswang Adina, moo a^O n’a ye Palestina, a tswa_a tswa tlase Egepeta, a ya Cairo, kea kgolwa e ne e le teng, ho qetela dithuto tsa hae. Mme a phela mehleng ya_ya Kreste, mme eka o ne a loketse ho ngolla ntatae hape. E ka ba ntho e ntle hola le ne le ka e nka la e bala. Eo, ruri e ntle, Kgosana ya Ntlo ya Davida. Yena monna ya ngotseng Topallo ya Mollo; le, ho tswa moo, Cecil DeMilles a nka Melao E Leshome. 206 Jwale re fumana hore, bukeng ena, Adina enwa a ngola hape. Mme a re, ka tsatsi la pabolo, hore Maria Magdalena, yena eo A neng a lelekile matemona a supileng ho yena, o ile a tswa a mathela ka pela bongata, a re, “O entse’ng? O entse’ng? Haese ho fodisa bakudi feela le ho leka ho lokolla ba neng ba le ditlamong! O entse’ng haese molemo? Motho a ke a bolele!” 207 Mme motho wa horeng a mo wahlela a wela kwana serapeng, mohlomong, mme a re, “Le ka kgolwa mosadi eo ya bosawana, pela baprista ba lona?” 208 Ke lona bao he. Le a bona? O na entse’ng? A sa etsa letho. Hobane’ng ba ne ba ka Mo thakgisa? Hobaneng? Hobaneng? Hoba ba sa ka ba Mo elellwa hore e ne e le Mang. 209 Ke ntho e tshwanang kajeno. Bareri, le batho ba matsatsi ana, le baruti ba rona ba sejwalejwale, ba foqile batho ditokomane tjena ho dumela hore ntho Ena e ne e le “boloi, kapa diabolosi, kapa ho bala kelello, kapa malepa a itseng, kapa leqheka la mofuta,” hoo batho ba sa elellweng hore ke netefatso ya Lentswe la Modimo la tsatsi lena. Ke dipontsho tsa tsatsi-la-qetelo. 210 Dikereke, ha o se setho sa mokgatlo wa bona, ba tla re, “Ah, e bo, ke ntho e itseng e entsweng. Hoo ke_ke malepa. E bo, shebang Semanya-manyane tlase mane le Semanyamanyane.” Empa e re ba pake hang hore Ntho ya nnete ke malepa. Ah-hah. E re ba ke ba pake hang hore E phoso. Ba ke ke ba kgona ho e etsa. Ha E-so ka e tsebjwa e le phoso, mme E ke se hlole, hoba E le Modimo. Le a bona? Empa ba rata ho supa. 211 Ba ye ba nahane, “Oh, e bo, hoja e ne e le monna ya itseng ya nang le lebitso le phahameng!” Ka hobane e le sehlotshwana, lemulwana le kang dilahlwa, “E, motho eo re

34

LENTSWE LE BUILWENG

mo lelekile kerekeng ya rona.” Le a bona? “Bao, ba ne ba le sehlopheng sa rona, le a bona, empa jwale ba tsamaya le hona, mme ba tsamaya le hane, mme jwale, le a bona, ba qeteletse^E bo, bonang ke’ng, hore ke mang.” 212 Ha ke tsotelle. Ba ka be ba buile yona ntho eo ka Petrose, Jemese, le Johanne. Kapa, “Monna ya sa tsebeng ho bala ya sa rutehang,” ba rialo. Empa ba loketse ho lemoha hore, ho na le ntho e etsahetseng ho tloha mohlang oo. Ba ne ba tsamaile le Jesu. Ke yona ntho e entseng phapang. Le a bona? 213 Ba e entse hoba ba ne ba sa tsebe hore E ne e le Mang. Ba sa tsebe hore netefatso ya Lentswe la Modimo e ne sa ema mono tsatsing leo^Jwale, e ne e le yona tsatsing le leng, mme e ne e le nnete; e ne e le yona, tsatsing le leng, ho boloka melao eo feela le dintho. Empa yona melao e neng e le teng, ba neng ba e boloka, e ne e ba supisa nakong eo mohla A na tla tla mme e be Monna enwa eo E ne loketse ho ba yena. Ba ne ba tshwere karolo ena, empa ha ba ka ba nka karolo e nngwe. 214 Mme ke yona ntho eo ba e etsang jwale. Ba na le kereke, mme ba “dumela ho Jesu Kreste,” mme ba re ba etsa jwalo, le dintho, empa ba latola hora eo re phelang ho yona! E sa le maele a kgale hape: kamehla motho o rorisa Modimo bakeng sa seo A se entseng, a shebile pele ho seo A tla se etsa, mme, kapa se tla etswa, mme a hlokomolohe seo A se etsang, mme a tsuwe ke sona. Le a bona? Ba nahana, “Modimo o motle! O moholo hakakang! Seo A tla se etsa: O tla kgutla, mme ho be le Hlwibilo, ka le leng, mme ho uwe Hae,” mme a latole tsona dipontsho le meeka hantle mona mehleng eo Lengolo le reng O tla be a e etsa. Ho foswe Ntho yohle! 215 “Efela sefofu ha se tsamaisa sefofu,” Jesu o boletse, “di tla wela selomong bobedi.” Rapelang Modimo feela ho tutubolla mahlo a rona matsatsing ana a qetelo. Ke hantle. 216 Jwale, ho a tshwana, ba etsa ntho e tshwanang kajeno. Ba latola le ho thakgisa wona Modimo oo, kajeno, ka ho se Mo tsebe. Ntho e tshwanang, ka ho Mo latola. Mme ka ho etsa, ka baka la ho latola dintho tseo ba di etsang kajeno, ha ba thakgise Kreste hape, hantle-ntle, empa ba nyefotse Moya o Halalelang. Mme ka ho etsa hono, ba a^Ba nyefola Moya o Halalelang jwang? Jwang? 217 Ba O nyefotse jwang mono, morao mono? Kgele, ba ne ba ke ke ba O nyefola nakong eo; O ne o eso ho tle. Ba bitsitse Jesu “Belsebule,” ho Mo bitsa “Belsebule,” hoba A ne a kgona ho tseba merero ya dipelo tsa bona, le dintho. Ba re, “Enwa ke diabolosi.” Ka mantswe a mang, “Senohe-ramahlonolo. Ke ka moo A etsang sena, ke ka bonohe. Ha se letho empa ke diabolosi.” Le a bona, ba ne ba hlokile moporofeta ka dilemo tse makgolo a mane, mme ba se ba hodile ba e siile. Le a bona? Ba e na le melao ya bona feela. Ba re, “Enwa ke Belsebule.”

QOSO

35

218 Mme Jesu a re, “Ke tla le tshwarela hona, empa mohla Moya o Halalela a tlang,” le a bona, jwale, “ho bua lentswe le le leng kgahlano le Wona, le ke ke tshwarelwa hona.” 219 Hopolang, ho tla ba jwalo, mme ho ke ke, le ho leka, ha ho mohau, ha o nyefola, mme o bitsa Moya wa Modimo, Lentswe la Modimo le netefatswang ke Moya^Le a bona, Lentswe le rialo, Moya o a E netefatsa, mme o E bitsa “ntho e sa hlwekang,” o tshetse moedi o pakeng tsa mohau le kahlolo, mme o ke ke wa hlola o tshwarelwa hona. 220 Ke ka hona ke qosang moloko ona, o le molato, ho thakgisa, ho nyefola Mora Modimo ya bonahaditsweng jwaloka ha ho baletswe ke baporofeta bohle, le ke Kreste ka BoYena, ho ba teng matsatsing a qetelo; jwaloka ha ho bile matsatsing a Noe, matsatsi a Sodoma. Nyefolo! Etswe, ba thakgisa, bathong, Mora Modimo ka botjha, Lentswe la Hae le pakilweng e le nnete. Lentswe le le leng kgahlano le Yona le ke ke la tshwarelwa. 221 Jwale le tla etsa’ng he? Le tla hokae? Ba ahlotswe, ho emetswe feela hora ya bohale ba Modimo ho tshollwa. Ba tla ba tjhesa. 222 Ba rata dithuto tse entsweng ke batho le ditshomo ho feta kamoo ba ratang Lentswe la Modimo le netefaditsweng; mofuta ona wa batho. Oho! Ke_ke eka nkabe ke e na le nako e ngata bakeng sa taba ena. Le a bona? Moloko ona wa batho, moloko ona o nyedisa tshenolo ya Modimo. [Moena Branaham o phaphatha Bibele ya hae makgetlo a mmalwa_Mongodi.] Empa re tsamaya moo baapostola ba hatileng. Ke hantle. “‘Modimo,’ o rialo? Tjhe, ba bang ba rialo le bona.” Modimo o A e netefatsa. 223 Jesu o itse, “Ekare ha_ha_ha mesebetsi e sa bue ka Nna, jwale le ka tswela pele la re Ke mpa ke ipuela ka BoNna. Empa ha mesebetsi e bua, le mpe le dumele mesebetsi, le a bona, hoba ke yona hora.” Ho re, “Le a tseba hosane letsatsi le tla tjhaba, kapa etlaba boso bo bobe; ka bofubedu ba sebaka mme ho sithabetse, hosane ho tla ba ho tle.” Ho re, “Le tseba ho lekanya maemo a sebaka; empa dipontsho tsa mehla, ha le tsebe letho ka tsona. Ha le ne le tsebile Modimo, le ka be le tsebile tsatsi la Ka.” 224 Mme ba re, “O Iphahamisa haholo; O Iketsa Modimo.” Yaba ba Mo feha sefapanong. 225 Mme Moya o Halalelang, kajeno, ha se Motho wa boraro. Ke Modimo, ka Sebele, a bonahetse nameng ya motho, ka Madi a Jesu Kreste, ho hlwekisa bophelo A tle Ikgadimise ka bona. Mme ba thakgisa lona Lentswe leo le bonahaditsweng. Le a utlwisisa? [Phutheho e re, “Amen.”_Mongodi.] Thakgiso ya Kreste, kajeno, ke batho ba tla latola Mora Modimo ya

36

LENTSWE LE BUILWENG

netefaditsweng le ya bonahaditsweng pakeng tsa batho, ka dintho tsa Hae_Hae tseo A boletseng hore di tla etsahala tsatsing lena ka Lentswe la Hae. Le a bona? 226 Jwale, netefatso e tshwanang, e tla lokela ho tshwana, haeba e le yena Mora Modimo ya tshwanang, hoba O boletse ho Mohalaledi Johanne 14:12, jwale, hore, “Mesebetsi eo Ke e etsang le tla e etsa le lona.” Baheberu 13:8, “Esale yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng.” “Ekare ha le dula ho Nna,” Johanne 15, “ekare ha le dula ho Nna, le Mantswe a ka a dula ho lona, kopang feela seo le se batlang mme le tla se etsetswa.” E, Mongahdi! 227 Hopolang, e ne e le batho ba borapedi haholo ba entseng taba eno. E se matswantle. E le batho ba barapedi ba tsatsi leo. Mme ke hona ho e etsang kajeno, ke batho ba nang le borapedi; thakgiso e tshwanang, ntho e tshwanang kajeno. Ka potlako^ 228 “Moo ba Mo thakgisa.” Mohlang oo, mohlang oo? Ehlile. Mohlang oo ba be ba hana Lentswe la Modimo le bonahaditsweng, ba amohela tumelwana tsa bona bakeng sa Lentswe. 229 Na ke seo ba se etsang kajeno? Ke hantle haholo, ba etsa ntho e tshwanang kajeno. E ne e le Lentswe; mme ba ile ba latola Lentswe. Ke ntlha e nngwe eo ke batlang hore le se ke la e fosa, le a bona, ha ke batle hore le e fose. E ne e le Lentswe, mme, ha ba ne ba Mo hana, ba hana Lentswe. Mme eitse ha ba Mo latola, qetellong ba Mo thakgisa. Mme ke seo ba se entseng kajeno: ho latola Lentswe la Modimo, mme ho amohetswe ditumelwa tsa bona; mme ba thakgisitse, pontsheng, ka pela phutheho tsa bona, tshebetso ya Moya o Halalelang. Mme ba molato, mme ke ba qosa ka Lebitso la Jesu Kreste. 230 Ke Mmone a haola le naha ka dilemo tse leshome le metso e mehlano, mme ba sa ntse ba fupere tumelwana tsa bona. Ba molato! Ba nkile Lentswe le ka beng le tlisitse kereke, dikereke tsohle mmoho, mme ba etsa kopano e kgolo ya boena hara Mapentekosta le ba bang bohle; ho ena le ho etsa jwalo, ba Le latola, mme ba Le kgesa, ba Le somme, le ho Le bitsa ntho e nngwe le e nngwe jwale. 231 Mme jwale, ka selekane sa kereke, ka leano la diabolosi, ka ho leka ho kena le ho re, “Jwale re tla tla, re reke Oli e seng kae.” Ba latotswe. Mme ba^Ba molato wa ho thakgisa Jesu Kreste. Le e nka dipeelong tsa Modimo, ho seng jwalo dipeelo tsa hao di ke ke tsa sebetsa. Le a bona? 232 Ba latotse Lentswe la Modimo le bonahaditsweng, bakeng sa tumelwana tsa bona, mme ba etsa yona ntho eo kajeno. “E ne e le Lentswe,” Johanne, Mohalaledi Johanne I. Baheberu 13:8 e re, “Esale Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng.” Jwale ba Mo thakgisa botjha.

QOSO

37

233 Na le tsebile Bibele e boletse hore re tla etsa taba eo? Ke ba bakae ba ratang ho bala ho ya pejana? Na le tla mpha metsotso e meng e leshome le metso e mehlano mabapi le yona? [Phutheho, “Amen.”_Mong.] Ke hantle. A re phetleng jwale, motsotso feela, “thakgisitse botjha.” Ha re phetleng kwana ho Baheberu, kgaolong ya bo-6, le ho bala ho se hokae. Baheberu wa bo-6, le ho bona hore na re “thakgisa Mora Modimo ka botjha,” ho bona ha eba ho ka etswa. O ka re, “O ke ke wa Mo thakgisa kgetlo la bobedi.” 234 Re tla fumana hore re ka kgona kapa tjhe. Lentswe la Modimo le nepahetse. Ho jwalo? [Phutheho, “Amen.”_Mong.] Ke Baheberu 6:1. Ka baka leo a re feteng ditaba tsa thuto ya Kreste tseo ho qalwang ka tsona, mme re feteleng ho tsa kgolo e phethahetseng; re se ye boele ra thea motheo wa ho baka le mesebetsing e shweleng, le wa tumelo ho Modimo, Le wa thuto ya kolobetso,^peo ya matsoho, le wa tsoho ya bafu, le wa kahlolo ya ho sa feleng. ^re tla etsa jwalo, ha Modimo o re dumella. 235 Le a bona, Paulose o batla ho tseba hore dintho tsena mona di hlokolosi ka ruri; dikolobetso, peo ya matsoho, tsoho, ho kgutla la Bobedi. Dintho tsena tsohle ke tsa bo-sa- Feleng. Dintho tseo ke Nnete ruri. 236 Jwale, lemohang, “Hoba ha ho kamoo.” E baleng le nna mmoho, temana ena e le nngwe. Ke batla hore le e bale le nna jwale, temana ya bo-4. [Moena Branham o kokota sefaleng mme phutheho e bala temana tse tharo tse latela mmoho_Mong.] Hobane ba seng ba kile ba bonesetswa, ba lekileng neo ya lehodimo, ba filweng kabelo Moyeng o Halalelang. Ba latsitsweng ho lentswe le monate la Modimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla, Bao ha ba ka wa, ha ho kamoo ba ka boela ba ntjhafatswa kateng hore ba boele ba bake; hobane ba boela ba ithakgisetsa Mora Modimo, ba mo etsetsa nyediso. 237 Na ke lentswe la ka leo, kapa la Hae? “Motho ya fihlelang tsebo ya Nnete.” Hopolang, ha ba ka ba E fumana. E ne e le badumedi ba moedi. “Hoba re amohele tsebo ya Lentswe la Modimo,” o e fumana tsebong, ho bala le ka ho Le bona, “mme a ntano Le latola, eba, wena, ha ho kamoo o ka bolokehang hape.” Na le badile taba eo jwale? Le a bona, “Ba amohetseng tsebo ya Nnete,” feela, ho e utlwisisa. Ha o a ka wa E amohela.

38

LENTSWE LE BUILWENG

238 Eka badumedi bao ba neng ba tswe. Ke sona setshwantsho sa leeto. Lena, lena la boraro, exoda ena ya boraro, ke setshwantsho feela sa bao bohle kaofela. Shebang, shebang morao mane. E reng ke le bontshe ntho e nngwe jwale, motsotso feela. Tshwarelang tlhahiso ena. Shebang. 239 Iseraele e ne e ntshe banna ba leshome le metso e mmedi, ho tswa lelokong le leng le le leng, hloho ya phutheho, mme ba ba bea dintshing tsa moedi, lefatshe la pallo, le ho ba bontsha menono e tla tla, tseo ba neng ba na le tsona. Mme ba kgutla, ba dumaduma, ka ho re, “Ha re a ka ra kgona ho etsa hono.” 240 Empa ha ba le ba babedi ho tswa ho leshome le metso e mmedi, Joshua le Kalebe, ba reng ba ile ba sheba Lentswe. “Modimo o itse ke la rona, mme re ka kgona ka ho fetisisa ho le hapa.” Na ho jwalo? [Phutheho, “Amen.”_Mong.] 241 Hoo e ne e le eng? Badumedi ba moedi. Le a bona, hantlentle ba tswaletswe ka kerekeng. E le dihlooho tsa batho. E le dibishopo, ka mantswe a mang, ba tsamaileng hantle ho fihlela moo Lentswe la Modimo le bonahaditsweng hore ke Nnete. “Lefatshe ke lane!” Ba ne ba eso fihle mono. Ba sa tsebe hore le teng mono. Empa ba theohela teng ho bona hore le teng. “Ke leo le ne le teng!” Mme Kalebe le Joshua ba tshelela teng, mme ba kgutla ka_ka_ka lesihla la merara mme ba ba jesa e meng ya yona. Mme ba latswa lefatshe le monate, mme ba kgutlela morao ba re, “Re ke ke ra kgona. Le a bona? Re ke se kgone feela.” 242 Sehlopha seo ke sena, nakong ya Jesu Kreste. “Rabbi, re a tseba O moruti ya tswang ho Modimo.” Le a bona? Ntshing tsa moedi! “Re a tseba O moruti ya tswang ho Modimo. Ha ho motho ya ka etsang tseo O di etsang. Re a elellwa hore Modimo o loketse ho ba teng mono.” Hobaneng ba sa ka ba e amohela? Hobaneng ba sa ka ba e nka? Ntshing tsa moedi! Ntshi tsa moedi! 243 Ke bana moo ba leng teng exodeng ena ya boraro; pontsho e tshwanang, ponahatso e tshwanang, Kreste ya tshwanang, Moya o Halalelang o tshwanang, mesebetsi e tshwanang, Modimo o tshwanang, Molaetsa o tshwanang, mme ha ba kgone ho O nka. Ba ne ba tla lokela ho tela dikarete tsa bona tsa botho. Ke eng? “Ba bile le tsebo ya Nnete.” Ba ile ba sheba mme ba bona hore ke Nnete ruri. Ba ke ke ba Le latola. Dimakasine di ne di loketse ho paka hore di Le bone. Ditshwantsho, dipampiri, bopaki, tsoho ya bafu, ditlaleho tsa dingaka tsa bakudi, di loketse hore ke Yena. Le dikakanyo, ha ho le e nngwe ya tsona e hlolehileng le ka mohla dilemong jwalo, e nngwe le e nngwe hantle botsekeng, ba ke se bue letho haese hore ke Modimo. Empa ba ke ke ba E amohela. 244 Sekgakgatha seo sa baruti Chicago, makgolo a mararo le ho hong a bona, ba ne ba tlilo theoha le ho kolobetswa ka

QOSO

39

Lebitso la Jesu Kreste. Ba kae? Moputso o moholo haholo. Ba ke ke ba etsa hono. Ke eng? Bibele e boletse, hore ha ba etsa jwalo, ba etsa’ng? Ba ikarola ka bobona pakeng tsa mohau le kahlolo. “Hoba ha ho kamoo bao ba kileng ba bonesetswa,” ba fihlisitswe moo ba neng ba ka Le sheba, “mme ba bile le tsebo ya Nnete, mme ba latswitse Lentswe le monate la Modimo, bao ha ba kgutla ba tloha ho Lona, sebakeng seo ba ka intjhafatsang hape, ho re, ‘Tjhe, jwale, ke tla, e^’” 245 Lona maPresbeteriene, lona maMethodise, le maBaptise, le maLuthere, le dintho tsena tsa Evangedi e Tletseng ya Borakgwebo, ba reng, “ba kena ka hare,” ba lahlile Molaetsa. Kereke tsa lona di tla etsa jwalo. Ho tla ba le batho ka bonngwe ka mono, ehlile. Empa, e seng kereke; le loketse ho tswa kerekeng, ho Le fumana. Le a bona? Ke hantle. Batho ka bomong ba itoketse. 246 Empa, ha le hopola hore kereke ya Presbeteriene e tla amohela Moya o Halalelang, mme bao bohle ba nto lahla ditokomane tsa bona, le, le se nahane taba eo. Mme le nahana hore lona maMethodise le tla etsa taba ena? Le ke ke la e etsa le ka mohla. Le nahana hore lona baTrintase le tla amohela Lebitso la Jesu Kreste mme le kolobetswe e mong le e mong ka^Le ke ke la e etsa. Le ke ke la e etsa. Empa batho ka bonngwe ba tla tswa mme ba e etse, ke hantle, mme eo ke pontsho ya ho Tla ha Hae. Empa dikereke tseo tse boneng Nnete, mme ba E hana makgotleng a bona, “ha se ntho e ka etswang.” 247 Jwale he, ba jere molato wa thakgiso ya Jesu Kreste. Mme ke ba qosa ka Lentswe la Modimo, hore Modimo o^”O ba qosa jwang, Moena Branham?” Ke a ba qosa, ka hore Modimo o Itsebahaditse ka ho hlaka Lentsweng la Hae, matsatsing a qetelo, mme A Iketsa ho tseba hore esale Yena maobane, kajeno, le kahosafeleng, mme ba Le hanne hanang. Mme le jere molato wa thakgiso ya Jesu Kreste, ka ho nyefola Moya o Halalelang. Ke hantle. 248 Re le isa kwana ho Baheberu 10, hape, moo e re bolellang hape Mangolong, e seng feela ho re, “ha ho kamoo,” empa le ka mohla o ke ke wa hlola. E o arohanya le Modimo, ka ho sa Feleng. O ke ke wa ema pela Sefahleho sa Modimo hape, ha o hana Moya o Halalelang mme o tshehisa ka Wona. 249 Jwale, bonang, “ya latswitseng Lentswe.” Le a bona, badumedi ba moedi! “Oh, o itse mathaka ao e ne e le badumedi?” 250 E ne e le badumedi, kapa badumedi ba ipolelang, empa ha ho fihlwa Lentsweng^E ne e le Iseraele. Ba tswa ba le tlasa madi. Ba tswa ba le tlasa dipontsho tsa Moshe. Ba bone dipontsho tseo di sebetsa.

40

LENTSWE LE BUILWENG

Modimo o itse, “Ke tla le isa kwana.” 251 Mme ereha ho fihlwa molaong wa Lentswe la tshepiso le neng le tla tla, ba ile ba reng? “Oh, re ke ke ra kgona ho etsa hono.” Le a bona? 252 Mme ke bana ba kgutla, ka merara le ka ntho e nngwe le e nngwe, ho paka hore lefatshe le ne le le letle. Lentswe la Modimo le lokile. Modimo o itse, “Ke le fa lona.” 253 Empa mabaka, “Kgele,” ha thwe, “re jwale ka mehlwenyane, kgahlano le bona. Re ke ke ra kgona ho etsa hona, ho sa tsotelehe hore ke eng.” 254 Dilemong tse mmalwa tse fetileng lehaha lena la kgale le ne le eme mona jwaloka tabernakele, motho o na kene, mme a tswela ka ntle mono a qoqa le nna, ho re, “Billy, o tla rerela ditshiya tse nne, ka le le leng la matsatsi ana, ka melaetsa e kang eo.” 255 Ka re, “Ke tla be ke rerela ditshiya tse nne hoba Modimo a ka tsosetsa Abrahama bana le ka ditshiya tsena.” E, monghadi. Ke Nnete. Ka re, “Ha ho na le ntho eo o ka Le hanetsang ka yona, ha re e fumane.” Ba mpa ba rata ho korotla feela, empa ha ho fihla sebaka sa ho e bontsha, ho fapane. E, ke yona ntho e etsang phapang. Ke hantle. 256 Eya, ka ditumelwana tsa bona ba Mo thakgisa botjha. Jwale Baheberu kgaolo ya botshelela, mme re tswele pele jwalo. Mme re ne re ka bala re theoha jwalo ho theosa re feta le mono. Re e-na le nako e ngata. Ke tshwaile Lengolo mona moo e tla fumanwa teng, Baheberu kgaolo ya botshelela. Feela, kea kgolwa, nka le bala kaofela. “Ha ho kamoo bao ba seng ba kile ba bonesetswa, ba fuwa kabelo Moyeng o Halalelang^” Ha re na nako ya ho tswela pele haholo, hoba ke tshwere Lengolo le leng leo ke batlang hore le le bale motsotsong feela. Lemohang sena, “Ba boela ba ithakgisetsa Mora Modimo.” Ba ile ba etsa’ng? Eng? Ka ho latswa, le ho tseba hore Ke Nnete, mme ba ntano reteleha le ho Le latola. Taba eo ya etsa’ng? “Ha ho kamoo^” 257 Ka hona ke taba e entsweng ke setjhaba sena. Ke taba e entsweng ke batho bana. Ke taba e entsweng ke dikereke tsena. Ba Le lahlile, mme ba thakgisitse Molaetsa. Ba thakgisitse Nnete, bathong. Ba ile ba mo etsa’ng Jesu? Ba Mo etsetsa nyediso, ba Mo hlobodisa diaparo tsa Hae, ba Mo feha sefapanong le ho Mo kgokgothela hodimo mane, Mong’a Bophelo. Ke yona ntho eo ba e entseng kajeno ka ditumelwana tsa bona! Ba entse ntho e tshwanang. Ba hlobodisitse dintho, ba hlobodisitse ho loka le diaparo tsa Evangedi, ka ho leka ho Le bea sebakeng se seng se sele, le ho Mo feha sefapanong. Oho, kgidi! Hobaneng? 258 “Moo ba_moo thakgisa,” jwale qotso ya ho qetela, “Yena,” Yena, Motho enwa ya kgabane ka ho fetisisa. Hobaneng ba ile

QOSO

41

ba etsa taba ee? Ba ne ba sa Mo tsebe. Hobane’ng ba e etsa kajeno? Ha ba tsebe hore sena Ke Nnete. Ke_ke dimumu mme ba E foufaletse. Ha ba E tsebe. Ke lona lebaka. Ditumelwana tsa bona le meetlo di ba isitse hole le Lentswe la Modimo. 259 Jwale ho lona ba leng teng mona, ho kwaleng feela jwale, fanang ka maikutlo a lona ka hlokomelo. Le a bona? Kea tseba ho a tjhesa. Kea tjha, le nna. 260 Empa, oho, moena, Lentswe lena ke Bophelo ha o ka itshwarella ka Lona. Bonang, ha se ntho eo rona re buang ka yona, e ka hlahang mona le hamorao; Ke ntho e seng e le teng mona e-na le rona mme e etsahala jwale. E seng ntho e tla hlaha; ntho e seng e hlahile. Ha re pake re re, “Re tseba seo A se entseng; re tseba seo A tla se etsa,” empa re bolela jwale seo A se etsang. Le a bona, ena ke hora ya rona. 261 Mohlomong re ke ke ra salla ho phelela ho bona Hlwibilo. Nka nna ka shwa kajeno; o ka nna wa shwa kajeno. Ha ke tsebe. Empa Tlhwibilo e a tla. Ke hore_ke hore, ha ntho eo e fihla, re tla ba teng mono, le se tshwenyehe; ah-hah, ho tla etsahala jwalo le ka bao bohle ho kgutlela morao mengwaheng, ba ileng ba e dumela mme ba e shebella. Ba ile ba tsamaya Leseding la tsatsi la bona. 262 Mme Lesedi ke lena, Jesu Kreste yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Telang tumelwana tsa lona mme le dumele Lentswe lena. Nnete ke ena. [Moena Branham o phaphatha Bibele ya hae_Mong.] Lentswe ke Nnete. Jesu o boletse, “Mantswe a Ka ke Moya, Lentswe la Ka ke Bophelo.” O ka amohela Bophelo jwang ha e le moo o hana Bophelo? O ka kenya tshomo jwang ka hare, e leng lefu, mmoho le Lentswe la Bophelo? Ka ho leleka Lentswe la Bophelo, ho nka lefu, le ka di amohela jwang di le pedi ka nako e le nngwe? O ke ke wa kgona. “Lentswe la motho e be leshano, tshomo e nngwe le e nngwe e be leshano.” Lentswe la Modimo ke Nnete. 263 Ke phephetsa motho ho mpontsha, motho mang kapa mang^Mme kea tseba teipi ena e ya lefatsheng ho pota. Motho ofe feela, bishopo ofe feela, ya ka tlang phaposing ya ka ya ho balla, kapa pela phutheho ena, mme ba supa ka monwana wa bona sebaka se le seng motho a kileng a kolobetswa ka Lebitso la “Ntate, Mora, Moya o Halalelang,” ka Testamenteng e Ntjha. Ke tla o bontsha moo motho e mong le e mong a kileng a kolobetswa^Mme bao ba neng ba kolobeditswe ka mokgwa o sele, ba ne ba loketse ho tla, mme ba kolobetswe hape, ho ka fumana Moya o Halalelang. 264 Le tlilo etsa’ng ka hona? Ho dula ka ntle mono hara ditumelwana tsa lona? Ho dula ka ntle mono hara ditshomo tsa lona mme le shwe? Le molato! Ka matsoho a kgenathetseng, le nkile Mong’a Bophelo, Lentswe la Bophelo, mme la Le thakgisa bathong.

42

LENTSWE LE BUILWENG

265 Jwale ba ile ba etsa’ng? Keha ba sa tsebe taba ena. Kajeno batho ba tsamaya ka bothoto. Ha ba tsebe hore ke Nnete. Ba hopola ha e le mokga wa mofuta o itseng. Ha ba tjheke botebo bo lekaneng ho ka kena Moyeng wa tshenolo. Ha ba rapele ka ho lekana. Ha ba bitse ho Modimo ka ho lekana. 266 Ba E nka ha bobebe feela, “Oh, kea dumela hore Modimo o teng. Ehlile!” Diabolosi o dumela ntho eo le yena. Diabolosi o e dumela le ho feta kamoo batho ba bang ba bolelang hore ba e dumela. Diabolosi o e dumela a bile a thothomela. Batho ba e dumela feela homme ba tswele pele. Empa Diabolosi o a thothomela, tsebong ya hore Kahlolo ya hae e a tla, mme batho ba e dumela le hona ba sa tsotelle hore Kahlolo e a tla. 267 Molato wa ho Mo thakgisa! Ehlile! Ke qosa moloko wona, ho ba fumana ba le molato, ka lona Lentswe le ba fumaneng ba le molato tshimolohong. Ke hantle. Jesu o boletse, “Ke mang ya Nqosang?” E ne e le Lentswe le entsweng nama. Mme le kajeno lona Lentswe leo le entswe nama. 268 Petrose o boletse qosong ya hae, ho Diketso. A re e baleng feela. Patrose, ha a ne a bona sena se etsahala, taba eo ba neng ba e entse, Moya^Shebang, Petrose o ne a sireletsa Kreste, taba eo ba neng ba e entse. Ke sireletsa seo Dievangedi di leng sona. Nna^Petrose o na ba qosetsa ho bolaya Monna, Kreste, Eo e neng e le Lentswe. Ke qosa moloko wona ka ho leka ho bolaya Lentswe le bonahatswang ka hara batho. Hlokomelang se boletsweng ke Petrose. Eka boitshepo ba hae ba ho loka bo ile ba tlokoma ba phahamela hodimo. Mo utlweng mona ho Diketso kgaolong ya 2, le ho qala ka temana ya 22. Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena; Jesu wa Nazaretha, ya supilweng, monna eo le mo paketsweng ke Modimo ka diketso tse matla,^mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara jwaloka^lona, jwaloka le tseba le lona: 269 Shuu! Ekare ke a bona ba ne ba ikutlwa jwang! Utlwang polelo eo. Banna ba Iseraele, mahosana, le lona banna ba kereke, lona banna ba halalelang, lona baprista, lona banna e ka kgonang le be le le banna ba Modimo, utlwang taba tsena; Jesu wa Nazaretha eo le mo supisitsweng ke Modimo^ 270 Jwale ke re ho lona baruti-badisa, le ho lona batho ting. Jesu wa Nazaretha, Moya o Halalelang, O leng mona ka Botho ba Moya o Halalelang, oo e neng e le Bophelo bo neng bo le ka ho Yena. O mona o sebetsa ka batho, mme o Ipolela ka mehlolo le meeka eo A e etsang. Mme ke bana ba dikadika marakong, boitsebiso ba mahlale. Le batho ba dutseng mona, ba neng ba

QOSO

43

shwele, ba’ phela kajeno; mme ba jelwe ke mofetshe, ba phetse kajeno; ba foufetseng, ba bona kajeno; le diritsa, tse tsamayang kajeno. Ke Jesu wa Nazaretha. O, teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo le ka ho itsebela pele ha wona, a reretswe pele tshebetsong ya Hae, mme le mo thakgisitse, ka matsoho a bokgopo mme le^mmolaile: 271 Na hoo ke_na hoo ke qoso? [Phutheho, “Amen.”_Mong.] O qosa eng? Lekgotla la Sanhedrine. 272 Mme kea qosa, hoseng hona, selekane sa dikereke. Ke qosa maPentekosta. Ke qosa maPresbeteriene, maBaptise, le phutheho efe feela ya bodumedi lefatsheng. Ka bokgopo, meharo ya boitshepo le nkile Lentswe la Bophelo mme la Le thakgisa ka pela batho, mme le Le nyefotse, la Le bitsa “bohlanya,” leo Modimo a le hlahisitseng hara rona ho supa hore esale Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Ke qosa moloko wona! 273 Modimo o Itshupile hore o a phela. Modimo o supile hore ke Lentswe la Wona Lena. Le na le eng haese sehlopha sa ditshomo le ditumelwana! Ke kae moo le ka bontshang Modimo o phelang? Ka hoba le furaletse Lentswe la Bophelo le ka beng le le neile ntho tsena. E, monghadi! Oh, ke hora e kakang eo re phelang ho yona. Shuu! Ho a tshwana! Oh, ke bitsa^ Petrose a re^le nkile, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bokgopo le mmolaile: Modimo^mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu: kahobane ho se kamoo a ka tiiswang kateng ke lona ruri. 274 Mme ka ditumelwana tsa lona, le mekgatlo ya lona, le diphutheho tsa lona tsa bodumedi, ka sebopeho sa lona sa borapedi, le ntse le bua. Dibopeho tsa lona tsa borapedi, le latotse matla a tsoho ya Hae. 275 Empa hora e tlile, matsatsi a qetelo a mona, moo Modimo a tshepisitseng, ho latela Malakia 4, hore O tla hlaha matsatsing a qetelo, “mme o tla busetsa dipelo tsa batho mahlohonolong a ho qala le Tumelong ya pentekosta ya bontate.” Mme le ke ke la e latola, le hona le ke ke la e hanela. 276 Mme jwale ke le qosa, le le molato, le ho le phephetsa, mme ke le qosa pela Modimo, hore ka matsoho a bokgopo, a boitshepo, a phutheho tsa bodumedi le thakgisitse Lentswe la Modimo ka pela batho. Mme ke re le molato mme le loketswe ke Kahlolo. Amen. E, monghadi! 277 Ke bitsa yona ntho eo Petrose a e entseng. A memela pako molokong oo. Ke memela pako molokong wona, pako ho

44

LENTSWE LE BUILWENG

Modimo, le ho kgutlela Nneteng ya mantlha ya Lentswe. Ho kgutlela Tumelong ya bontata rona. Ho kgutlela ho Moya o Halalelang, hoba Modimo a ke ke a Le fetola. 278 Ha Modimo a ne a re, “Mehlolo e tla tsamaya le ba dumelang ke yona ena,” O loketse ho dula le hono ka Bosafeleng. Ke Lentswe la Wona. 279 Ha lona le re, “Tsukutlang matsoho, kapa jang selallo,” kapa ntho e kang eo, kapa ntho e nngwe tumelwaneng eo, kapa ntho e nngwe ya mohopolo oo; eo monna ya itseng, letahwa lefe feela, moetsadibe ofe feela a ka e etsang. Moikaketsi ofe feela, seotswa sefe feela_seotswa se ka etsa taba eo. Ho ja selallo, ho ba le dibopeho le dintho tse kang tseo, le ka di etsa. 280 Empa Jesu o boletse hore boitsebiso etlaba bona, “Mehlolo ena e tla,” e seng mohlomong e tla, “e tla ba teng, melokong yohle, ho ba dumelang! Ka Lebitso la Ka ba tla leleka matemona; ba tla bua ka dipuo disele, ho bua ka dipuo tse ntjha; ba tshware dinoha; ha ba nwa dintho tse tjhefo di ke ke tsa ba ntsha kotsi; ha ba bea matsoho a bona hodima ba kulang, ba tla fola.” “Ho fodisa bakudi, ho tsosa bafu, ho leleka matemona; le filwe feela, fanang feela.” 281 Merero ena yohkle ya ho etsa tjhelete le dintho, le ho tlamellwa dinthong kajeno, ha ho makatse ha di lokelwa ke kahlolo hakana. E, monghadi! Oho, kgidi! 282 A re boneng jwale. E, monghadi. Memo ya ho baka, e leng qoso ya ka jwale. 283 Kalvari ena e ntjha ke ke_kereke, e bitswang jwalo, nqalo tse halalelang ka ho fetisisa, dithala tse kgolo, aletare ya Bokatolike, aletare ya Katolike, e reilweng alatare ya bona. Methodise, Baptise, Presbeteriene, Luthere, maPentekosta, dinqalo tse halalelang ka ho fetisisa, [Moena Branham o phathatsa ha tshelela sefaleng_Mong.] ke hona moo A fumanang maoma a Hae a tebileng teng. Kalvari e ntjha! E fumanwa hokae? Ka hara dinqalo tse halalelang, kereke. 284 O thakgiswa hokae? Ho tswa ho badisa. Lona baikaketsi, le tseba hantle ho feta moo! Ha kea halefa, empa ho na le ntho e fuduhang ka ho nna. Modimo o supilwe ka ho hlaka hara lona. 285 Marumo a Hae O a nkile kae, lehlakoreng la Hae? Maoma a Hae O a fumane kae? Hodima Kalvari. Kajeno O a nka kae? Hodima sefala. Bao ba ne ba tswa kae? Jerusalema. Baa ba tswa kae? Phuthehong ya bodumedi. Ba ipoletseng hore ba Mo rata, ke bona ba entseng ketso ena. Ke bona ba etsang ketso ena kajeno. Kalvari ya Hae ya bobedi, moo A nkang maoma a Hae kgahlano le Lentswe, ke yona ntho e Mo hlathang. Yena ke Mang? Ke Lentswe. Ke Lentswe. Moo A hlabjwang haholo ke kae? Sefaleng dinqalong tse halalelang, jwaloka mohla oo.

QOSO

45

286 Ke na le tokelo ya ho qosa moloko ona. [Moena Branham o kokota sefaleng ha hlano_Mong.] Ke na le tokelo ya ho e etsa, jwaloka mosebeletsi wa Evangedi ya Jesu Kreste, ka dipontsho tsa Hae, le ho kgodisa hore Ke Modimo. Ke na le tokelo ya ho bea qoso kgahlano le moloko ona. Hoba, lerumo la Hae le ntlha e ntjhotjho le tswile difaleng hantle, moo ba nyatsitseng le ho re, “Le se ke la ya utlwa ntho eo. Ke ya diabolosi.” Hantle ka hara nqalo e loketsetseng ho Mo rata! 287 Mme tsona dipontsho tseo Jesu a itseng di tla hlaha, “Lentswe la Modimo le bohale le feta sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi; Lentswe, le senola mehopolo, ya merero ya pelo.” Mme Le bitswa diabolosi, ho tswa kae? Difaleng, dinqalo tse halalelang. 288 Oho, Modimo, A ka sheba fatshe jwang? Feela_feela mohau, ke pheto, lereko. Ha ho letho leo re ka le etsang haese ho ya kahlolong. Re se re fihlile mono. Ah-hah. 289 E nahaneng. Maoma a Hae a mabe a tswa sefaleng. Ke hona moo Kalvari ya Hae e ntjha e leng teng. Ba Mo thakgisa, Lentswe, sefaleng. Ke hantle. Jwang, taba ena ba e etsa jwang? Ka dibopeho tsa bona tsa borapedi. Ke hantle haholo! 290 Moqhaka o wa letshweleng, ke basomi! O fumane moqhaka o motjha wa meutlwa, basomi!. Ho hlabjwa ho tswa sefaleng; ho rweswa moqhaka ke basomi. Na O thakgiswa hape, botjha? Ho hlobodiswa ke tumelwana tse entsweng ke batho, baruti ba phutheho tsa bodumedi kgahlano le Lentswe la Hae. Ba Le hlobodisa, ka dihlong, ho Le ahlola. 291 Jesu o boletse, “Ba Ntshebeletsa lefeela.” Lefeela, “ha ho thuse letho.” Ba rapela Mang? Ba rapela wona Modimo oo. Ba ne ba rapela wona Modimo oo thakgisong ya Hae ya pele, mme e le borapedi ba lefeela. Ke ntho e tshwanang le kajeno. Phutheho tsena tsa bodumedi ba di hahela lefeela. Dikoletjhe tsena ba di hahela lefeela. Ditumelwana tsena ba di bolokile lefeela, ba ruta thuto eo e leng melao ya batho, le ho latola Lentswe la Modimo. Ba molato ka ho thakgisa Kgosana ya Bophelo, ho ruta thuto tsa batho bakeng sa Lentswe la Hae. “Ba Ntshebeletsa lefeela,” ho hlobodiswa, ho hlabjwa, ho rweswa mofapahlooho. 292 Ha le bona hoo ho theosa ka seterata, mme ba bang ba lona mafumahadi ka moriri o molelele; ho re, “O itshwere sekgale, ha ho jwalo?” Hopolang, bao ke basomi, ke wona mofapahlooho oo le o rwetseng. Modimo o itse ke kganya ya lona; e rwale ka motlotlo. Allelua! [Moena Branham o opa diatla hararo_Mong.] O rwaleng ka motlotlo, jwalokaha le ne le ka rwala moqhaka wa Morena wa lona. Le o rwale ka motlotlo. Le se ke la swaba. O boletse jwalo, ho sa tsotelehe seo boJesebele bana ba se buang kajeno. Baipehi bana ba

46

LENTSWE LE BUILWENG

borapedi ba emeng sefaleng, bathakgisi ba Kreste, ho sa tsotelehe seo ba se buang, le o rwale ka motlotlo. Modimo o itsalo. Le o baballe. 293 Ho rweswa moqhaka, ka basomi hape, meutlwa. Ho hlabjwa ho tswa sefaleng, ka ditumelwana. 294 O na le Golgotha e ntjha, moo ba Mo isang teng: dihlopha tsena tsa mmino tse apereng, basadi ba tenang marikgwe a makgutshwane, ba pomang moriri, ba itshasang difahleho, ba binang sehlopheng jwaloka Mangeloi, ka ditalenta. Ke eo Golgotha ya Hae e ntjha, ke ditantshi tse hlobolang tsa sejwalejwale feela tse sireleditsweng ke molao, jwaloka Sodoma le Gomora. 295 Le ye le bone ntjanyana e tshehadi e theosa ka seterata. Ka dinako tse itseng le ke ke la bona ntja e tona e ya le moo e leng teng. E reng feela ntho e itseng e etsahale, mme e nngwe le e nngwe e tla matha ka mora yona. Ho na le ntho e etsahetseng ho yona. Lea tseba hobaneng. E reng^ 296 Ho’reng basadi bana ba hlobola diaparo tsa bona, mme ba theosa ka seterata? Le se ke la mpolella hore ha se ntho e tshwanang. Ke sesupo. Le se ke la ahlola monna. Empa ba sireleditswe ke molao wa Sodoma. Molao oo o loketse hore ke tlolo molao ho bona ho ba ntle mono. 297 Mme bareri sefaleng ba loketse ho apara dibaki tsa kgauho e seng dibaki tsa boruti; ho ema mono mme ba e dumella, mme ba swaba ho bua kgahlano le yona, hoba phutheho tsa bona di tla ba ntsha. Le thakgisa, phu_phuthehong, Lentswe la Modimo le reng, “Ke manyala ha mosadi a apara seaparo se kang sa monna.” 298 Ke_ke ahlola ketso eo. Ke_ke_ke_ke_ke_ke e bea molato ka ho thakgisa Lentswe la Modimo ka pela batho. Basadi ba pommeng moriri, ba tenang marikgwe a makgutshwane, le mofapahlooho^ho engwe sehlopheng sa mmino! 299 Motho o na re ho nna, ka tsatsi le leng, mosadi e mong o na mpotse, a re, “E, o nahana o ka ba fumana kae?” 300 Ka re, “Ha Morena a ka nkopa ho ntsha ba leshome le metso e mebedi, lefatsheng ka bophara, ke ne ke_ke ne ke tla tshohela lefu.” 301 Ha, ka temoho ya Moya, ke ema mono mme ke ba sheba, le ho ema ka mokgwa oo mme ke bona dintho tseo hodima bona; ditshila, manyala, ntho tse tlase-tlase, dihopa-disakrete, ntle mono ba itshwere ka mokgwa oo, mme ba eme sehlopheng sa mmino se apereng mme ba bina ba le maemong ao, mme ho thwe mokgupi o ba bone. Ba tla re, “Tjhe, haeba a ka kgona ho etsa hono, le nna nka kgona.” Bophelo ba Mokreste ke bophelo ba kgalalelo, hlweko, ho hloka sekodi!

QOSO

47

302 Kea ba qosa, ka Lebitso la Jesu Kreste, ka baka la manyala a bona le tshila. Ba hlabisitse Evangedi dihlong. Mme bao ba lekang ho tiisetsa ho Yona, ba bitswa “mahlanyana,” ho thwe, “Ke sekgale-kgale, bosawana.” Kea ba qosa, ka Lebitso la Jesu Kreste. 303 Ke ditantshi tsa sejwalejwale tsa maponopono seterateng, tse binang dihlopheng, tse tsubang disakrete, ba bolela meswaso, banna ba bararo kapa ba bane, mme o matha ka mora wa botshelela, mme a bina sehlopheng hoba a e na le lentswe. Mokgerane towe wa mohlalefi, ya tinngweng moyeng, o lahlilwe motheong wa hao ka sebele. O bala yona Bibele eo motho ofe feela a ka e balang, empa o hanne Moya wa Modimo, hoo Bibele e reng, “ba tloheletswe moyeng o se nang kelello, ba tle ba dumele leshano mme ba ahlolwe ka lona.” Hantle-ntle o dumela hore o lokile, mme Bibele e boletse hore o tla e dumela mme o ahlolwe ke lona leshano leo o dumelang hore ke Nnete. 304 Ka baka leo, ke le qosa ka Lentswe la Modimo. Le ruta batho phoso, mme le thakgisa ditaelo tsa Kreste, tsa kgalalelo le Bophelo bo tswang hodimo, hore motho a tle a tsamaye ka ntle seterateng mme ebe motho ya fetohileng. 305 Bareri ba emang mabaleng a bolo, ba tsuba disakrete; kutu tse kgopang; dibodu tse ding tsohle tseo ba di emelang. Basadi dihlopheng tsa bona tsa mmino, ba tenne marikgwana a makgutshwane, moriri o ponngweng, mme ba itshwere jwalo, difahleho tse takilweng, mme ho thwe, “Ke kgaitsedi hona, le hane,” mme Bibele e ahlola ntho tseo. Ke hantle. Ho uwe meketjaneng mme ba tswelle jwalo, esale setho sa kereke; le ipoloketse bopaki ba lona, mme le phele ka tsela efe feela eo le batlang ho phela ka yona. 306 Le se hopole ha ke bua kahohle ka Mapresbetrine feela. Ke bua ka lona Mapentekonta. Ke hantle. Ka mohla o mong le ne le tseba Nnete, empa la nahana hore le se E nke. Le ke ke la kgona ho tshehetsa moruti wa lona. Moruti wa lona_wa lona o na sa tlo fumana mosebetsi o moholo oo ka didolara tse makgolo a ma kana ka beke, le kereke e ntle e kgolo ho rera ka hara yona, le ho palama le ho tswella jwaloka ha ba etsa. Haeba a ahlola taba eo, mokgatlo o tla mo kgarameletsa ka ntle; ka hona o tshwanetse ho e emela, o loketse ho e bua. Ka baka leo, o rekisitse tshwanelo ya hae ya boholo, ka baka la moapeho wa lefatshe, hlekehleke ya Esau. Mme o tla fumanang ka wona? Ba tla wela bobedi selomong sa tsuo, mme ba tsuwe. Ke ba qosa, e le diotswa tsa Evangedi. 307 Ke ne ke le sehlopheng sa mmino, se seng sa tse tsebahalang, dibaka tse kgolo, nakong e seng kaalo e fetileng, seemo se seholo se leng teng Pentekonteng. Mme ha etsahala hore ebe ke dutse ka phaposing ya monna enwa ya ho balla nakong eo dihlopha tse nne kapa tse hlano di kopanang. Mme

48

LENTSWE LE BUILWENG

ke e nngwe ya^e meng ya mekgatlo e metle ka ho fetisisa ya Mapentekosta. Mme ba sa tsebe hore ke ne ke le ka phaposing ya ho balla ya moruti enwa, mane Oklahama. Ke dutse mono, tlase, moo moruti enwa a ballang teng pela a fihla kalaneng ya hae. Mme hoba ke etse jwalo^ 308 Ke moo ho na le bo-Rickies ba banyenyane mono moo; le boRickettas, ferefe, ho se le a mong wa bona ya neng a na le moriri o molelele, e mong le e mong wa bona ka moriri o ponngweng, e mong le e mong wa bona a tshasitse ferefe ya sefahleho, mme e mong le e mong wa bona a apesitswe kobo. Mme Ricky-nyana a eme haufi, a tsamaya ka mokgwa oo, (mme monna e mong a phutha monehelo wa boromuwa), a iketsa sefofu ka sejana, mme a ntsa potoloha a ntsa bua mantswe wohle mefuta a nyefolo mabapi le monehelo, le dintho tse kang tseo. Empa ba ya mono mme ba leka ho bina yena_Yena Messia, oho, kgidi, mme_mme ba kgona ho sebetsa hantle mono, empa e ne sa letse lekodilo. Tjhe, e ne e shwele, le a bona. Oho, kgidi! Ke lona bao. Ke Golgotha ya Hae e ntjha eo. 309 Le nahana eng ka mosetsana, kapa mosajana wa ho reng ka mono? Kgele, hola a na ka kena ka mono, apere kamoo a tshwanetseng ho apara, ka moriri o molele, mme ferefe e le siyo ka hohle, le dintho tse kang tseo, ba ne ba tla tshehisa ka yena; hoja a na ka ema, mme ere ba sa etsa ketso-boitshwaro eo moo, sehlopha seo sa batho ba batjha, mashome a mararo kapa a mane a bona. Karolo a thontshweng ya Pentekosta, mme ba etsa dintho tse kang tseo! Mme hola ngwana eo a na ka bua ntho e nngwe ka hona, ba ne ba tla mo ntsha sehlopheng sa mmino. 310 E reng feela moreri wa Evangedi a eme sefaleng mme a bue kgahlano le yona, ba ne ba tla mo ntsha mokgatlong oo. Le thakgisa Mora Modimo ka botjha, mme le Mo etsetsa nyediso ya phatlalatsa. Evangedi ya Hae eo le ipolelang hore le a e rera, le a Mo thakgisa. Ke qosa moloko ona o latolang Kreste, ka Lentswe la Modimo, le ka Matla a Lona a matsatsi-qetelo ana a netefatso ya hore O sa ntse a phela. E. Ba kgahlano le Lentswe la Modimo le tswileng-matsoho, le netefaditsweng. Mekgatlo ya bona e ke ke ya kgona ho Le emela. 311 Dikereke tse kgolo le phutheho tse kgolo tsa bodumedi ke Kalvari ya Hae e ntjha. Ke phetha hape. Hona, ditantshi tsa bona tse hlobotseng tsa sejwalejwale, ke dihlopha tsa bona tsa mmino. 312 Moprista e moholo wa phutheho ka nngwe ya bodumedi o howa jwaloka moprista e moholo wa tsatsi leo, “Jwale tloo o re bontshe mohlolo.” Ah-hah. Eo e ne e le thakgiso ya pele. 313 Ke ntho e tshwanang kajeno. Ke utlwile ho thwe, “E, jwale, o tsosa bafu, ha ke re? Hobane’ng o sa nyolohele hodimo mane? O na le mosadi setsheng sa bafu. O na le lesea hodimo mono.”

QOSO

49

314 Ba ile ba re ho Yena, “Re utlwile hore O tsositse bafu. Re na le setsha sa bafu se tletseng bona hodimo mona. Tloo ba tsose.” Oho, bowatla bo ye bo tswale bowatla bo bong. Le a bona? Uh-huh. 315 Dikereke tse kgolo, dihlopha tse kgolo tsa mmino, baprista ba baholo ba tsatsi lena, “Theohang le tle, le re bontshe mohlolo oo phutheho ya rona e sa kgoneng ho o etsa.” 316 Ke ile ka kopana le monna nakong e seng kaalo e fetileng, ya ileng a ntsha tlhahiso mabapi le^ka mora kgasonyana eo ke bileng le yona Jonesboro, Arkansas, a bua ka mosetsana ya ileng a fodiswa. Thaka lena e le setho sa phutheho e itseng ya kereke, mme a potela ka morao ka mono mme a re, “Ke phephetsa motho ho ntlisetsa le ho mpontsha mohlolo.” 317 Ka tloha mme ka lata ngaka. Mme monna e mong o ne a ile a fodiswa, mofetsheng. Ka theoha mme ka nka mosadi ya neng a dutse setulong sa bakudi ka dilemo tse ka bang mashome a mabedi; a ba a fodiswa arthritis, a bile setulong sa bakudi. Ka e hlahisa ho yena mme ka re, “Jwale ke batla tjhelete, didolara tse sekete.” 318 A re, “E bo, ah, ah, ah, ah, ha e yo mona. E kwana Waco, Texas moo ntlokgolo ya rona e leng teng.” 319 Ka re, “Ho lokile, re tla ya hona mono re e late.” Ho re, ka re, “Etsa dihlophiso, mme re tla ya hosane.” Le a bona? Ka re, “Re tla romela^” Ka re, “Ke ena ngaka e ka bolelang ruri hore batho bana ba ne ba jewa ke mofetshe. Ke ena moo e teng lenaneong, ho ekeserei. Mosadi ke enwa eo tikoloho yohle e tsebang hore o ne a dutse setulong sa bakudi dilemo tse mashome a mabedi, mme o a tsamaya hantle hona jwale. Mme dingaka, ha ba le ngaka ka mora ngaka ka mora ngaka ka mora ngaka, le ntho e nngwe le e nngwe, mme ke enwa o a phela kajeno. Jwale, o itse o tla mpha ‘sekete sa didolara.’ Ke batla ho se kenya letlotlong la boromuwa. Ke a se batla.” Le a bona? Le a bona? A re, “E bo, kwana Waco, Texas.” Ka re, “Re tla ya hosasa.” 320 A re, “Be butle motsotso. E re ke o bolelle ntho e nngwe. Ke tla tla le ngwana e monyenyane. Mme a k’o re ke nke lehare ke kgaole letsoho la hae, mme o ntano mo fodisa, ka pela baena ba rona. Mme ba tla o fa tjhelete.” Ka re, “Diabolosi towe!” 321 “Ha O le Mora Modimo, theoha sefapanong.” “Re bolelle ke mang ya O otlileng,” ka sekatana se phuthetseng sefahleho sa Hae. Ba Mmata hodima yona, ha thwe, “Jwale, ha O le Moporofeta, re bolelle ke mang ya porof-^” “Ha O le Mora Modimo, theoha sefapanong.”

50

LENTSWE LE BUILWENG

322 Baetapele ba difofu! Ba hloka phodiso ya kelello, motho ya etsang ntho e kang eo, kapa ya ka bolelang tlhahiso e kang eo. Ruri. 323 Sello sa kgale se tlwaelehileng, le hona, “Tloo re O bone o etsa mohlolo. Monghadi, re batla mohlolo o tswang ho Wena.” Hodima, tsatsi le leng le le leng, hora e nngwe le e nngwe, e ne ntse etsahala jwalo hantle, jwalo feela kaha Modimo a e etella pele hore e etswe. Empa keha ba le siyo. Ha ba ne ba le teng, ba e bitsa “Belsebule, diabolosi.” Le a bona? “Monghadi, re rata ha O ka re etsetsa wona kamoo re batlang hore O etse kateng.” Ke moo. “Eya moo re batlang hore O ye teng, etsa seo re se batlang.” Oh, e. Ah-hah. Ba ne ba se na maqhaama le Yena. Tjhe, monghadi. Ke ka hona ba ne ba loketse ho Mo tlosa hara bona. E, monghadi. Ba leka ho etsa ntho yona eo kajeno. Mme ka tlamahano ya dikereke, qetellong ba tla e phethahatsa, le a bona, bao bohle ba tsamaya mmoho. Sello sa kgale se tsebahalang. 324 Ke mona re bona, hape, sebaka se tletseng borapedi ka ho fetisisa, se kgabane, baithuti ba tsa thutamodimo ba bentshitsweng, ba howa hape, homme kgahlano le Yena, ho hweletsa. Baithuti ba kgabane ka ho feta ba tsa thutamodimo, ba loketseng ho tseba phapang; tsona dikereke tse phahameng, le baithuti ba tsa thutamodimo ba kwetlisitsweng ka bokgabane, ba Mo leleka mahareng a bona. Ha ba E batle. O ka re, “Taba eo e fosahetse, Moena Branham.” 325 Etlaba o ne o le siyo mona ho bona Mengwaha ya Diphutheho, kapa ho utlwa e rerwa. O ne o le siyo mona, mohla, Mongwaha wona wa Phutheho ya Laodisea e neng e le wona feela o neng o Mo lahletse ka ntle ho kereke. Mme O ne a le ka ntle, bokantle, a kokota, a leka ho kena ka hare hape. Ba Mo lahlela ka ntle hoba ba se na molemo wa Hae. Ba Mo thakgisa botjha. Amen! Re ne re ka tswella ha kae? 326 Hopolang, moporofeta wa Lentswe o re boleletse pele, ho Timothea wa Bobedi 3, haeba le ntse le a ngola fatshe. Ha re na nako ya ho le bala. Empa ho boletswe, hore, “Matsatsing a qetelo, basomi ba tla hlaha. Ebe bahlalefi, bakaki, ba ratang menate ya lefatshe ho feta ho rata Modimo; ba etseletsang, ba sa kgoneng ho itshwara, bahalefi, le ba nyedisang ba molemo, balotsana, bahlalefi, bakaki, baithuti; ba nang le setshwantsho sa borapedi, empa ba latola Matla a jona: le ba jwalo o ba furalle! Hoba bana ke bona ba nkang basadi ba tletseng bosawana, ba pommeng moriri,” ba tenang marikgwana a makgutshwane, difahleho tsetakilweng, “tulong e nngwe ho ya ho e nngwe, mme ba ba hape.” Ke hantle. 327 O itse, “Le e furalle, matsatsing a qetelo.” A re utlweng moporofeta. Le furalle dintho tseo matsatsing a qetelo. Di teng mona. Ke bitsa Kereke jwale. E, monghadi. E furalle!

QOSO

51

328 Ba entse, bao, bo_bo bareri ba tsatsi lena, ba loketse ho tseba dintho tsena. Ba loketse ba be ba tsebile Jesu matsatsing a Hae. Ba loketse ba be ba tsebile. Mme jwale ba loketse ho e tseba, empa ha ba e tsebe. Jwalo feela kaha baruti ba Bajode ba matsatsi a Hae ba ne loketse ho Mo tseba ka tsatsi la Hae, ho jwalo le tsatsing la kajeno, la Lentswe la Modimo le netefaditsweng ka ho hlaka mohlang oo. E ne e le Lentswe, mme A kgodisa hore E ne e le Lentswe. A kgodisa hore E ne e le Lentswe la tsatsi leo. Mme Modimo o kgodisitse kajeno hore Ke Lentswe la tsatsi lena, Lesedi la hora. Mme ba loketse ba be ba e tsebile mohlang oo, mme ba loketse ho e tseba jwale. 329 Ba Mo thakgisitse mohlang oo, mme ba Mo thakgisa jwale. Ke ba qosetsa yona! Hantle. E dula e ntjhabela, “Ke a ba qosa, hoba Modimo o tla phethetsa ho bona!” 330 Bajude ba tsatsi la bona. Modimo hape, matsatsing a lefatsheng, Jesu o ile a re, “Jerusalema, Jerusalema, Ke ratile ha kae ho o bokanyetsa sehlopheng se lee seng se seholo, empa o hanne.” 331 Kamoo Modimo a lekileng, matsatsing lena la qetelo, ho kopanya batho ba Hae mmoho, empa le hanne. Le ratile tumelwana ya lona, jwale he le neetswe tshenyeho. Ke seo Jerusalema e ileng ya se fumana; e ile ya heletswa, ya tjheswa, ha e sa le yo. Mme ke sona hantle se tla hlaha, ho le leng la matsatsi ana, dinthong tsena tsohle tse kgolo mona. Tumelwana tsa lona tse kgolo le phutheho tsa bodumedi di tla shwa di timele, empa Lentswe la Modimo le tla hlola ka ho sa Feleng mme le phele ka mehla le mehla. Le a bona? 332 Maqeba a Hae a tebileng a tswa tlung ya bao ho thweng ke metswalle. Nahanang, e nahaneng. E nahaneng! Emang! Ke sa kgefutsa motsotso. Bareri, e nahaneng! Maqeba a Hae a tswile kae? Matlung a bao ho thweng ke metswalle ya Hae. Jwaloka ho etsahetse, ho jwalo. E nahaneng! Kalvari O ne a sa dikanyetswa ke_ke dilala, ba barebare, empa ke bareri ba neng ba bolela hore ba Mo rata. Mme kajeno, ha Evangedi e tsebahatswa ka ho hlaka, ha mehlolo e meholo ya tsoho ya Hae e pakwa mahareng a rona, ha se seterata se ka ntle mane se qhomelang hodima hao, ke bao ho thweng ke bareri. 333 Bao ba loketseng ho Mo rata, ke sona se Mo teetseng hare kajeno. “Re ke ke ra dumella Ntho eo hara rona. Re ke ke ra dumella Monna enwa ho re busa. Re ke ke ra e tshehetsa. Re ke ke ra ba le tshebedisano-mmoho le Yona, motseng ona, ha Ntho eo e ka tla ka le kwano. Ha se letho empa ke boloi. Ke diabolosi.” Ka baka la ho se tsebe Lentswe la Modimo, difofu tse etellang difofu tse ding pele. Jwaloka ha ho etsahetse mohlang oo, nahanang, ho jwalo jwale. Jwalo feela kaha ho etsahetse mohlang oo, ho jwalo le jwale. Nahanang!

52

LENTSWE LE BUILWENG

334 Matla a Hae a fodisang a lokollang monna le mosadi leratong la lefatshe la jwale, meriring e ponngweng, boJesebele ba fahleho di takilweng ba ipitsang Bakreste; mme ba bea bophelo bo kang boo, ditsuba-disakrete, ba bolelang meswaso e mebe. Ba dula fatshe mme ba hlahise setjhaba sa boromuwa, le ho tshwarisa le ho roka, le ho bua, le bobodu, le_le ho tswela ntle seterateng le ho tena marikgwana a makgutshwane, le ntho e nngwe le e nngwe ka mokgwa oo; mme ba ntano ipitsa Bakreste, ka pela basadi ba bang. Le sa hopola pale yaka ka lekgoba le neng le tseba hore e ne e le mora morena, boitshwaro ba hae. Re loketse ho ba eng? Banna le basadi, le ho latola^ 335 Baetapele bana ba bodumedi, difala tsena e leng moo A tholang maoma a Hae, ba mameletse mme ba tjhaeletse bophelo ba mofuta oo hara batho, moo ba Mo hlathang. Ba latola Matla a ho_a ho ba lokolla ho tsona, mme ba e tjhaella e le jwalo. Hodima e le taba e kgahlano le Lentswe la Modimo, ha mosadi a kuta moriri wa hae, leha e le ho taka sefahleho sa hae, kapa ho tena marikgwe a makgutshwane. E kgahlano le Lentswe la Modimo, empa ba e tjhaella, ba etsa Kalvari e nngwe (ho tswa kae? ho tswa seterateng? ho tswa tameneng?) ho tswa sefaleng, ho tswa sefaleng. 336 Mme, hape, mohweletso e ne e le ofe? “O Iketsa Modimo.” Ba latola Boholo ba Hae. Ba leka ho Mo poma mme ba Mo etsa Medimo e meraro kapa e mene. Hodima, E le Modimo; E ne e le Modimo; E tla be sa le e Modimo, yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Ha o bua ka Modimo o le mong, ho bona, ba tla o tsheha. “Re dumela ho boraro bo halalelang.” 337 Ke dumela ho Modimo o le mong o halalelang, e, monghadi, Matla a Hae a fodisang, ho lokolla, le ho ntsha batho bana leratong la lefatshe, ho ba lokolla jwaloka ha A lokolotse Maria Magdalena. Hopolang, e ne e le Jesebele-nyana ya takilweng, le yena. A e na le matemona a supileng ka ho yena. E ne le setantshi se hlobolang. 338 Jwalo feela ka mosadi wa sejwalejwale seterateng kajeno; e yang hoohle moo le batlang mme le shebe. Ha le sa dumele hore batho ba kgumamela diseto tsa basadi ba tsotseng, shebang seterateng kajeno. Jwaloka ho bile matsatsing a Sodoma, ho tla ba jwalo. Sehbang ka ntle, ha le sa e dumele, e yang hohle feela. Phetlang pampiri, phetlang makasine, shebang matlapa a ditaba, le fumana’ng? Hopolang seo e se boletseng, “Eitse hobane bara ba Modimo ba bone baradi ba batho hobane ba batle, ba inkela basadi.” Shebang bobodu bo Engelane, shebang bobodu mona, shebang ntho yohle, e fetohile ntlo ya bootswa. 339 Hobaneng ho le jwalo? Hobaneng Rashia e fetohetse bokomonising? Ka baka la mankgoto le ditshila, le ho hloka

QOSO

53

Matla ha kereke ya Katholike. Mme ke ka lona lebaka leo hantle setjhaba sena se hapakwang, bokomonisi le selekane sa dikereke, mme se ikopanya le kereke ya Katholike. Etswe, bokomonisi le le Bokatolike di tla kopana mmoho, le a tseba, mme ke tsena di etsa ntho eo. Hobaneng? Hoba ba nyedisitse Evangedi e ba kgethang mme e ba etsang batho ba kgethehileng!^?^Ke lona lebaka hantle. 340 Mme bareri sefaleng ba ema le yona, bakeng sa tekete ya dijo, ka baka la kemo ya botho ya tumelwana e itseng, ho thwe, “Ke setho sa Hore-le hore,” ba fapanyetsa thuto ka Matla a Modimo; ho ba lokolla lephallong lena la bohlanya, jwaloka Maria Magdalena. 341 Wona Matla a ka nkang setantshinyana seo se hlobotseng seterateng, le ho etsa hore a apare diaparo tsa hae le ho itshwara jwaloka mofumahadi, ho mo etsa Mokreste, ba nyedisitse Matla ao, le ho thakgisa Monna ya neng a na le Wona, Kalvari. 342 Mme kajeno, yona Evangedi le Moya o Halalelang o ka nkang sehlobodinyana seo se tantshang le ho etsa hore se apare jwaloka mofumahadi le ho itshwara jwaloka Mokreste, ba re Ke, “bohlanya.” Ha ba Mmatle a kopantswe le phutheho tsa bona, ho Le fuduha hara bona, ho etsa hore basadi ba bang ba etse hono. Ba etsa’ng? Ba A ntshetsa ka ntle, jwaloka ha ba entse mohlang oo. Mme jwale ba thakgisa lona Lentswe mme ba re Le ne le etseditswe mongwaha o mong. Ke ba qosa hape, e, monghadi, jwalo feela kaha ba qositswe mohlang oo. 343 Pontsho e entseng hore Legione wa kgale a apare diaparo tsa hae. Hopolang, motho ya hlobolang diaparo tsa hae o a hlanya. Le a bona? Ho ka thweng ka mosadi? Legione o ne a hlanya; o ne a hlobola diaparo tsa hae. Modimo wa nka Matla a Wona le ho etsa hore a apare diaparo tsa hae. O ile apara, kelello ya hae e lokile, a dutse fatse maotong a Jesu. 344 Bonang Matla a entseng hore Bartimea wa sefofu a bone, hara tumelwana tsa bona hantle. O ne a le lefatsheng mohla ho no tletse ho se dumele ho kale ka ho leng teng kajeno, empa taba eo ya se ke ya Mo kgina. A tswela pele. O ne a sa thinyetse mantswe ho bona. O ile a re ho bona, “Le bana le ntata lona, diabolosi.” A ahlola ntho yohle. 345 Bonang Matla a neng a ka tsosa Lasaro lebitleng, mme a kgutlisetsa mosadi wa Naine mora wa hae! O Modimo! Matla a neng a ka etsa dintho tseo, a neng a ka lepa dintho tse etsahetseng. “Ho na le tse pedi^Petsana, ho na le petsana ya esele e tlanngweng tseleng tse pedi,” le dintho tsena tsohle tseo A di boletseng esale pele. Yena Monna ya neng a ruile Matla ao, “Ha re Mmatle. Ha re Mmatle hara batho ba rona. O silafatsa dithuto tsa rona,” mme ba Mo thakgisa.

54

LENTSWE LE BUILWENG

346 Ke yona ntho eo kajeno, “Ha re batle Moya o Halalelang,” ha batle ho kenakenana le Wona ka letho. “O a ahlola mme o etsa dintho tsena, mme o bolella batho ba rona dintho tsena tseo re sa batleng ha di kengwa hara mekgatlo ya rona. O kgahlano le tumelwana tsa rona.” Ba Mo thakgisa hape. Oho, kgidi! Lemohang jwale ha re kwala. Ke loketse ho kwala. Mme, hape, ba Le bitsa “bohlanya.” 347 Mme ba Mmitsitse “lehlanya.” Ba re, “O ne a hlanya.” Motho mang le mang o a tseba hore Bibele e boletse hore, “Jesu o ne a,” Bafarisi ba itse, “Motho enwa ke Mosamaria, mme O a hlanya.” Jwale lentswe hlanya le bolelang? “Ho kopanahlooho.” “Monna eo o kopane hlooho. Ke sehlopha sa dikopana-hlooho tse Mo latelang. Ke Belsebule.” 348 Mme, hape, ba bua ntho e tshwanang, “Ke ntho e kang boloi. Ke bonohe,” ba Mo bea sefapanong sa maswabi hape. Sefapano sa eng? Dihlong tsa eng? Ke Lentswe le netefaditsweng; ba tshehisa ka Lona, ka ho bolella batho hore Ke diabolosi. Ho etsa ntho e itseng, le ho bitsa^ 349 O ile a re, “Bao ba re mosebetsi o halalelang wa Modimo ‘o etswa ke moya o sa hlwekang,’ ha ho tshwarelo ho yona.” 350 Ba hlabisa Lentswe la Hae dihlong, ho leka ho Le hlahatsa le ho Le bitsa qhekanyetso kapa bohlanya, “Le se ye teng. Le se ye dikopanong tseo.” Ah-hah. 351 Ka ho etsa jwalo ba etsa’ng? Ba nka dipekere tsa tumelwana tsa bona tsa phutheho tsa bodumedi. Ke hantle. Baruti bana ba tsomang menyaka, lefatshe, ba hlokang borapedi, ba hlanyetsa phutheho tsa bodumedi, ba nka dipekere tsa phutheho tsa bodumedi le ho thakgisa Mora Modimo ka tsona, botjha, ho tswa difaleng tsa bona. 352 Hobane’ng ba etsa hona? “Ba rata thoriso ya motho,” dikgau tseo kereke e ka ba fang tsona, “ho feta kamoo ba ratang Lentswe la Modimo.” Ke a ba ahlola. Ha ba kgone ho ipapisa le lefatshe, hobane^Ha ba kgone ho ipapisa le Lentswe, hoba ba se ba ipapisitse le lefatshe. Ba se ba entse ketso ena. Letsatsi la boikaketsi leo re phelang ho lona! Na hona ha se^ 353 Na Kalvari e le nngwe ha e lekana Morena wa ka? Hobane’ng le ka etsa taba ee? Lona ba loketseng ho Mo rata, lona ba tsebang hore lena ke Lentswe la Hae, lona ba ka balang Tshenolo kgalo ya 22, hore, “Ekare ha motho a fokotsa Lentswe le le leng kapa a eketsa lentswe le le leng,” hore’ng le ka etsa taba ee? Na Kalvari e le nngwe ha e a Mo lekana? 354 Ke Mo lwela ka matla. Ke leqwetha la Hae, mme ke le qosa ka Lentswe la Modimo. Fetolang ditsela tsa lona ho seng jwalo le tla ya diheleng. Phutheho tsa lona tsa bodumedi di tla

QOSO

55

kumeha. Ke le qosa ka pela Sefahleho sa Moahlodi, hantle, lona, ka dibopeho tsa lona tsa borapedi, boikaketsi bo bongata. Mme hobaneng le E bitsa^Na Kalvari e le nngwe ha e a lekana? 355 Jwaloka Petrose a boletse, “Baholo ba lona ba phutheho tsa bodumedi,” Petrose o le qositse ka^Ho re, “Ke ofe ho bontata lona ya sa kang a etsa hona?” Setefane o ile a etsa yona ntho eo: “Ka matsoho a bakgopo le thakgisitse Kgosana ya Bophelo.” Na Jesu ha bolela, ka Sebele, “Ke mang ho bontata lona ya sa kang a kenya baporofeta mabitleng? Mme hamorao le a ntlafatsa”? Ho bile jwalo le ka banna bohle ba lokileng mengwaheng! 356 Ka baka leo ke qosa batho bana ba bentshitsweng haholo sehlopha sa mathapa-a-kereke batho mahana-Kreste a tsatsi lena. Lona ka dibopeho tsa lona tsa borapedi le thakgisa Kreste wa ka la bobedi, ka ho bolela batho hore Mantswe ana a etseditswe tsatsi le leng, mme ha etsetswa tsatsi lena. Ke a le qosa. Le jere molato o kang oo ba neng ba le wona tsatsing la thakgiso. Bakang le kgutlele ho Modimo, kapa le timele. 357 Mme ke boela ke re, “Mona,” dikereke, “ba,” baruti, “thakgisa,” ka ho nyefola, “Yena,” Lentswe. Modimo eba le mohau! E reng ke bolele taba eo hape. Mohlomong e kopane teiping. “Mona,” dikereke, “bao,” baetapele ba bodumedi, “thakgisa,” ka nyefolo, “Yena,” Lentswe. Ha ho makatse hape ke: Mafika a petsoha hara sebaka se fifalang Mmoloki wa ka a kebisa hlooho ya Hae a shwa, Empa lesira le butsweng la bula tsela Eyang thabong ya Lehodimo le tsatsi la kamehla. 358 Ke bua taba ena teiping, le bakeng sa mokgupi wona. Ke bua sena tlasa tshusumetso ya Moya o Halalelang. Ke mang ya lehlakoreng la Morena, a ke a kene tlasa Lentswe lena! Ruri Modimo o tla hulela moloko wona o kgopo, o latolang Kreste, o nyedisang Kreste kahlolong, ka baka la nyefolo, thakgiso ya Lentswe la Hae le supilweng. Ba tla tla Kahlolong. Ke a o qosa! “Ke mang ya lehlakoreng la Morena,” Moshe o itsalo, “a tle ho nna,” nakong Topallo ya Mollo e lopaletseng mono e le pontsho e kgodisang. Ke mang ya lehlakoreng la Morena, a ke a nke Lentswe, a tele tumelwana ya hae, mme a latele Jesu Kreste letsatsi le letsatsi. Mme ke tla kopana le lona hoseng. A re inamiseng dihlooho tsa rona jwale bakeng sa polelo ya thapelo. 359 O Morena Modimo, moabi wa Bophelo bo sa Feleng le Moqadi wa Lentswe lena, Ya tsositseng hape Morena Jesu bafung, Ya ileng a tsebahatsa taba eo ka tshwanelo ka pela e_e moloko wa batho ba sa dumeleng. O ne o le molelele hoseng

56

LENTSWE LE BUILWENG

hona. Bongata esale bo dutse mona. Kereke e tletse. Batho ba eme ka nqa tsohle. Mme diteipi di a hatiswa, ho ya lefatshe ka bophara, dibakeng tse fapaneng. Bareri ba tla utlwa taba ena ka phaposing tsa bona tsa ho bala. Ke a ba rapella, Morena. A mantswe ana a ke a thopothele pelong tsa bona, ho hlatha ka ho teba, ho hlaola lefatshe lohle. Hore ba tle ba bue jwaloka^ 360 Morerinyana enwa wa Methodise tlase kwana Kentucky, o na tle ho nna tsatsi le leng, mme a re, “Ha ke ne ke mametse Mengwaha ya Diphutheho tse Supileng eo, ke utlwile e hlaba mokgosi, ‘Suthang marakong ao a Babilona,’” ho re, “Ke ile ka tela mme ka tsamaya. Ha ke tsebe hore ke ye nqeng efe kapa ke etse’ng, empa ke ile ka tsamaya.” Ho hlohonolofatswe sebete sa mohlankanyana eo, le mosadi, le bana ba babedi kapa ba bararo. 361 Modimo, a bongata bo fumane tsela ya bona e yang Lentsweng la Modimo, yona feela tsela ya Bophelo, hoba Yena ke Lentswe. Ke rapella e mong le e mong, Ntate. Ka nako tse ding ha ho buuwa dintho tsena, ha se ka ho kgohlahala; ke ka lerato, hoba lerato ke tayo. Mme ke a rapela, Modimo, hore batho ba tle e utlwisise e le ka mokgwa oo, hore e reretswe tokiso. Wena Ya neng a loketse ho lokisa, le ho ba rapella sefapanong, ho re, “Ntate, o ba tshwarele. Ba, ba foufetse, bao_bao ha ba utlwisise seo ba se etsang feela.” 362 Ke rapella baruti bao kajeno ba thakgisang Lentswe hape, ka ho nka tumelwana tsa bona le phutheho tsa bodumedi le ditshomo, mme ba di bea sebakeng sa Lentswe la Bophelo. Mme hape, ka pela batho, ba_ba nyatsa Nnete ya sebele eo Modimo a e netefatsang hore ke Nnete ya Hae. Re a ba rapella, Ntate, hore O tle o ba memele Selallong sa Lenyalo hape. Mme ba ke ba tle esale nakong ena, mme ba se ke ba fumana meitatolo, hoba ke elellwa hore e ka nna yaba mohoo wa ho qetela o se o utlwahetse. E ka ba morao haholo jwale. Kea tshepa hore ha ho jwalo. 363 Hlohonolofatsa phuthehwana ena e leng teng mona, bathwana bana ba phuthehetseng ka mona ba makgolo a mmalwa hoseng hona, tsatsi lena le tjhesang, ho dula mona halelele, mohlomong dihora tse pedi kapa ho feta, tshebeletsong, le ho mamela. Ha ba ka ba tsamaya. Ba ile ba dula ka kgutso le ho mamela. Bongata ba bona bo emetse dijo tsa bona tsa motsheare, mme basadi ba eme ka masea a bona, mme ba letile. Ba itshwareletse Lentsweng le leng le le leng. 364 Modimo, ke elellwa se tla ntlhahela ka Tsatsi la Kahlolo haeba ke kgelositse batho. Ke fadimehile, Morena, ho fadimeha hoo nka utlwang. Hore, ke leka ho ba isa Lentsweng, le hore ba phele ka Lentswe, ho ba bolella hore esale Wena “maobane, kajeno, le ka ho sa feleng,” hore Moya o moholo o Halalelang ke Jesu Kreste, ka sebopeho sa Moya o Halalelang feela, yena

QOSO

57

Monna eo. O boletse jwalo. “Ho se ho se ho kae mme lefatshe ha le sa tla Mpona; empa lona le tla Mpona, hoba Ke tla ba le lona, le ka ho lona.” Mme kea tseba hore Enwa ke Wena, Morena. Mme re a O dumela, hoba re O bona o etsa ntho tse tshwanang hara rona. 365 Re a itela kajeno, ka phadimeho, re etsa jwalo mona phuthehong ena le diteiping. Morena, motsotsong ona feela, a monna e mong le e mong le mosadi, moshanyana kapa ngwanana, ba leng_ya leng leng teng mona, kapa a eme ka ntle, kapa a e utlwa teiping, a rona motsotsong ona re etse boineelo bo tebileng le ho tella botho bohle ba rona mosebetsing wa Modimo. 366 Tsamaya hodima letshwele, Morena, ka Matla, le ho fodisa bakudi. Ba itse ba na le moshanyana ya holofetseng ya dutseng mona. A Moya oo o moholo o Halalelang^Re a tseba, hore ho dula pela Sefahleho sa Hae ka mokgwa ona ke, O tla e phetha. Haeba O kgona ho haola ka seyalemoya le thelebishene, ka ntle kwana mafatsheng, le ho fodisa bakudi, “O rometse Lentswe la Hao mme La ba fodisa,” O ka etsa yona ntho eo motsotsong ona. Ke a rapela, Modimo, hore O tle o fodise motho e mong le e mong ya kulang, seritsa se seng le se seng, e mong le e mong ya mahlomoleng, ya leng mona le ya utlwang Mantswe ana. Modimo, fana ka sena. Thapelo yaka e etsetswa bona. 367 Ka_ka lerato la Kreste pelong ya ka le maikutlo bakeng sa bahloki, ke a ba hlahisa, Morena, ho Wena, hodima aletare ya sehlabelo, moo Mmele o fophang madi wa Konyana o robetseng teng e le pheko ya dibe tsa rona le malwetse, o robetse mono. Ke rapedisa mohau bakeng sa batho. Ke batla ho ema jwaloka ha Moshe a entse, sekgeong bakeng sa bona, Morena, mme ke re, “Modimo, eba le mohau, ho bona, nako e teletsana, mme o ba fe monyetla o mong.” O se ke_o se ke wa etsa taba ena hona jwale, Morena. A_a Evangedi e ke e tswele pejana ho se hokae. 368 Bao ba_bao ba ahlolehile, Morena. Ke rapella hore mohau o moholo wa Hae le lereko o tle_o tle o otlollelwe mothong wa ho qetela eo lebitso la hae le ngotsweng Bukeng. Mme ke a tseba ba tla kgona. Ha ho boima ho rapela kgahlano le Lentswe la Hao le Kgethehileng, kapa kgahlano_kapa kgahlano le^mmoho le Lentswe le Kgethehileng, ke batla ho rialo, Morena; Lentswe le tshepisitsweng, Lentswe le netefaditsweng, Lentswe le rerileng batho bana pele morao kwana pele ho thewa lefatshe. Ha ho_ha ho boima ho_ho rapella hore O pholose bao mabitso a bona a ngotsweng Bukeng, hoba ke a tseba O tla ho etsa. Jesu o boletse jwalo, “Bohle bao Ntate a Nneileng bona ba tla tla.” Mme ha ho motho ya ka tlang a sa ho fuwa. 369 Jwale ke a rapela, Modimo, hore hohle moo Mantswe ana a welang teng, ho ba leng teiping le ba le teng mona, hore Moya

58

LENTSWE LE BUILWENG

o Halalelang o tle o hwehle motho e mong le e mong ya reretsweng pele hona jwale feela, esale ho thewa lefatshe mohla lebitso la bona le neng le ngolwa Bukeng ya Bophelo ya Konyana. Ba ke ba utlwe Lentswe la Modimo le bua kajeno, ka Lentswe leo le le sesane, le kgutsitseng, le le nyenyane tlase pelong ya bona, ho re, “Tsela ke ena, tsamaya ho Yona.” Fana ka sena, Ntate. Ke se kopa Lebitsong la Jesu. 370 Mme re sa inamisitse dihlooho tsa rona mona jwale letshweleng. Ha le dumela hore hona ke Nnete, mme le_le^ Ke beile, ke beile matsoho a ka hodima disakatuku tsena tse robetseng mona, le diphuthelwana tsa bakudi le ba mahlomoleng. Ke batla ho le botsa potso, ka botshepehi jwale. 371 Ha ke theohele kwano feela ho tla utluwa. Ke_ke_ke kgathetse. Ke fedile. Ha ke sa le motjha jwaloka mehleng, mme ke_mme ke a tseba matsatsi a rona a badilwe. Mme kea tseba ke loketse ho kenya nthwana e nngwe le e nngwe eo nka e kgonang, bakeng sa Mmuso wa Modimo. Ke loketse ho rera nako le nako ha ke fumana monyetla. Ke loketse ho ya, ke loketse ho ya e leng hore ke ikutlwa ke rata kapa tjhe. 372 Ke tla mona hobane ke_ke ikutlwa ke batla ho e etsa. Ke batla ho e etsa. Ke a le rata. Ha ke bue dintho ka thata le ka boima, hape_hape, hoba ke batla jwalo. Ho na le_ho na le ho uba ka ho nna. Yona ntho ena e netefaditsweng ke yona ntho e nqophellang ho etsa dintho tsena. Ke e bua ka mosa, ka lerato. Ha ke a rera ho omanya basadi ba rona le banna ba rona. Ha ke a rera ho etsa hono, moena, kgaitsedi. Ke mpa ke hopotse feela ho le tlisa sebakeng se_se bohale, moo le ka bonang tayo le phafa ya Morena, hore le tshwanetse ho kena jwale. Le se ke la e suthisetsa nako e nngwe; le ka tshwana le ema nako e telele haholo. 373 Mme lona ba ratang ho ema lehlakoreng la Morena, ka boineelo bo shwetseng pelong tsa lona, pontsheng ka hara letshwele jwale, kapa ho seng jwalo mafatsheng ao diteipi di tla fihla teng; na le ka kgona, ka dihlooho tsa lona tse inamisitsweng^O se ke wa phahamisa letsoho la hao ha o sa tiya tabeng eo. Jwale haeba o tiile ruri ka yona, o batla ho tla ho Morena, ka bophelo bo ineetseng ho feta, na o ke ke wa phahamisa letsoho la hao hantle hona jwale. Wena, Morena a o hlohonolofatse. O neela bophelo ba hao ka botjha ho Kreste, ho leka ho jara sekgobo. O re, “Kajeno ke ikemiseditse ho jara sekgobo.” 374 Le nna, ke phahamisitse matsoho a ka bobedi. Nna, ke batla ho jara sekgobo sa Jesu Kreste hodima ka. Ke apara ka thabo letshwao lena le bitswang “mothethehi ya halalelang,” eng kapa eng feela le batlang ho e bitsa yona. Ke le jara ka boikgantsho, hoba e le bakeng sa Morena. Ke le jara ka boikgantsho.

QOSO

59

375 Na le ha batle ho etsa ntho eo? Phahamisang matsoho a lona, mme le re, “Ka mohau wa Modimo, ke_ke_ke batla^ kea^” Barutuwa ba ne ba kgutle mme ba nahana ha ebile tlotla e kgolo ho jara sekgobo sa Lebitso la Hae. Kapa, na o batla ho jara sekgobo sa kgalala e itseng ya Hollywood, kapa ntho e itseng ya thelebishene, kapa setho se itseng sa kereke, ka ho hong? Kapa, o batla sekgobo sa Lentswe la Jesu Kreste? “Mphe sekgobo sa Lentswe, Morena. Ke a tseba O ile a jara sekgobo sa Lentswe la Modimo. Ha nke ke se jare, le nna, Morena.” Ke tla jara fapano sena sa boitelo Lefu le be le ntokolle, Ke nto ya hae, ke rwale moqhaka. 376 Ka tsatsi le leng moqhaka wa rona o tla ba teng. O nts’o etswa jwale. Phelo bona ba lefatshe ha bo se bo mathilwe, re tseba jwale hore ho tla be ho lokile he. 377 Jwale ha ho sebaka sa ho tlisa batho aletareng. Setulo sa hao, moo o leng teng, ebe aletare. “Ba neng ba dumela^” Re sa rapela. 378 Ntate ya Lehodimong, ho nna eka letsoho ka leng la ba batjha le ba baholo, le ne le phahame, lentshweleng. Mme ke rapella hore, nako le nako ha teipi e letswa, batho ba tle ba phahamise matsoho a bona, mme ba kgumame ka phaposing; ntate le mme ba tlohe mme ba tshwarane ka matsoho, ho re, “Moratuwa, re bile ditho tsa kereke halelele ho lekana. A re tle ho Kreste.” Fana ka sena, Morena. 379 Hlohonolofatsa batho bana mona. Ke rapela hore O tle o ba fe, Morena, bophelo bo ineetseng. Bongata ba bona, Morena, ke batho ba lokileng. Bao_bao ke batho ba Hao; ba mpa ba sa ka ba tseba Nnete feela. Mme ke rapella hore O tle o ba bontshe Nnete ya Hao, Morena. “Lentswe la Hao ke Nnete.” 380 Jwaleka ha O boletse ho Johanne, nka re kgaolong ya 17, O itse, “Ba halaletse, Ntate, ka Nnete. Lentswe la Hao ke Nnete.” 381 Mme Lona hape, Lentswe la Hao, esale Nnete. Ke Nnete ka mehla, hobane Lona ke Modimo. Mme ke a rapela, Modimo, hore O tlo ba halaletse ka Nnete. Ke ho re, halaletsa, ba hlwekise ditumelwaneng tsohle le phutheho tsa bodumedi. Ba hlwekise dinthong tsohle tsa lefatshe, ho ya bophelong ba boineelo ba Lentswe. Fana ka sena, Morena. Ke ba Hao jwale. O tshepisitse ho e etsa. Mme jwaloka mohlanka wa Hao, ke hlahisa thapelo yaka bakeng sa bona. Ka Lebitso la Jesu Kreste. 382 Jwale ka dihlooho tsa rona tse inamisitsweng, ha re bineng thoko ena re ntse re rapela. Jesu o lefile tsohle, Tsohle ho Yena^(E nahaneng!) Sebe^

60

LENTSWE LE BUILWENG

383 Maobane ke ne ke ke le e_e sebakeng, mme monna o na ntekanya sutu eo moena ka kerekeng mona a ntheketseng yona. O ile a re, “Sutu ya hao e ne e shebahala e tjhesa, mme ke o reketse e phodileng.” 384 Mme ka e isa ho ya sehwa, mme a re, “Be, lehetla la hao le letona le kobamela fatshe. O loketse o bo no jere morwalo o boima ka tsatsi le leng.” 385 Mme ka nahana, “E, morwalo wa sebe. Empa Jesu o lefile tsohle.” Utlwang ha re se bina. Jesu o lefile^tsohle, Jwale, phelo baka bohle, ho Yena ke^ Sebe se na be se entse’ng? Sebe se siile theba le lefubedu, A se hlatswa bosweu ba lehlwa. 386 Modimo, re hauhele. Nakong ena ya boimamelo bo tebileng, Lentswe ke le thopothele ka botebo, Morena, pelong. Batho, leha ba le morao tinareng ya bona^Empa, Morena, hona ho fetisa nama. Hona ke Bophelo. “Lentswe la Ka ke sejo,” O boletse jwalo. Mme ke seo meya ya rona e lephako e ketekang ka sona. 387 Jwale re nke, Morena, o re bope. Morena, nkuke mmoho le bona mmoho. Ke batla ho tsamaya le bona. Ke nyolohela Kalvari jwale, Morena, ka tumelo. Ke tsamaya le phutheho ena. Jwale mpope ka botjha hape, Morena. Ke entse phoso. Ke ha ngata moo ke^ 388 Maoba mona ke ne ke batla ho tlohela ho rera. Batho ba sa mmamele. Ba ntse ba tswella ba etsa ntho e tshwanang, mme ka_ka nyahama moko. Ka ikahela marangrang. O Modimo! Sontaha tse mmalwa tse fetileng, ha O no mpha pontsho eo ka ntle mono, mme ke bala Bibele, le ho bona hore O boleletse Moshe, kamoo toro eo e ne e le kateng hantle feela, hore ho ne ho ena le thaba, hape, mme e ne e tla ba pontsho ho yena. Mme hantle pheletsong ya yona ka ho tseba hore ke_ke ne ke siile bakudi ba bangata; e seng molaetsa wa boporofeta feela, empa ka ho ruta Lentswe, le ho_ho rapella ba kulang. O ile wa dumella monna ho wela fatshe mona hantle a ba a shwa, a ntano tsosetswa bophelong hape, e le thasiseletso hore e ne e le nnete. O ye o tjhaelle Lentswe la Hao kamehla. 389 Jwale, Morena, Le tjhaelle hona jwale hantle ke sa le pela Terone ya Hao. Nka e mong le e mong wa batho bana, Morena, honya lefatshe ka ho rona. Nkuke, Morena, re sa le pela Sefahleho sa Hao. Nka lefatshe feela, hlotla dipelo tsa rona, Modimo, hona jwale. Suthisa ho rona lefatshe le mokgathala wa lefatshe. Re tle re be Bakreste ba itetseng, O Modimo, re be lerato le mosa le bonolo, re bea tholwana ya Moya. Na O ka se etse jwalo, Morena? Re pela Terone ya Hao. Sebe se siile theba

61

QOSO

le lefubedu ho e mong le e mong wa rona, empa Madi a Hao a ka le hlakola, Morena, mme a se sweufatse jwaloka lehlwa. Fana ka sena, re sa O emetse. Re nke; re ba Hao; maphelo a rona a neetswe ho Wena. Lebitsong la Jesu Kreste, fana ka sena, Morena, ho e mong le e mong wa rona. 390 Hlotla pelo ya ka, Morena. Ke bona diphoso tsohle tsa ka. Ke bona ditlolo tsa ka. Modimo, ho tloha nakong ena, ke leka ho phela ka bokgabane kamoo nka kgonang, ho O thusa. Ke batla ho ya, ke batla ho neela bophelo ba ka botjha ho Wena, hona mona hoseng hona. 391 Ka mora ho dihela qoso ena kgahlano le metswalle ya ka_ya ka ya baetapele ba borapedi ntle mono, homme ke loketse ho bua dintho tsena tse thata, empa, Morena, ke ho entse ka tshusumetso ya Hao. Ke utlwa hore O mpoleletse ho etsa hono. Jwale e tlohile mahetleng a ka, Morena. Ke_ke thabetse ha e tlohile. Ba etse seo ba se batlang ka yona, Ntate. Ke rapella hore ba tle ba e amohele. Ke rapella hore O tlo pholose e mong le e mong, Morena. 392 Ho ke ho tle tsoseletso ya ba lokileng, mme Matla a maholo a kene hara Kereke pejana feela ho ho tsamaya ha Yona. Ha ho boima ho rapella hono, hoba O e tshepisitse. Mme re shebeletse, Morena, kgulo eo ya boraro eo re tsebang hore e tla re etsetsa dintho tse kgolo mahareng a rona. 393 Ke wa Hao, Morena. Ke ipea aletareng ena, feela ka boineelo kamoo ke tsebang ho ineela. Tlosa lefatshe ho nna, Morena. Tlosa ho nna dintho tse timelang; mphe dintho tse sa timeleng, Lentswe la Modimo. Nke ke phele haufi le Lentswe leo, hoo Lentswe le tla ba ka ho nna, le nna ke be ka hara Lentswe. Fana ka sena, Morena. Le ka mohla ke se tlohe ho Lona. Nke ke tshware Sabole eo ya Morena ka thata, le ho E fuparela haufi. Fana ka sena, Morena. 394 Re hlohonolofatse hammoho. Re bahlanka ba Hao, re sa ineela ho Wena hoseng hona, ka botjha, ka dipelong tsa rona. Re ba Hao, ka Lebitso la Jesu Kreste, bakeng sa mosebetsi. Jesu^ Modimo a o hlohonolofatse! Moena Neville.

`

62

LENTSWE LE BUILWENG

Qoso, Vol. 6 No. 2 (The Indictment, Vol. 3 No. 19R) Molaetsa wona o tlileng ka Moena William Marrion Branham, o rerilweng tshimolohong ka Senyesemane ka Sontaha hoseng, Phupu 7, 1963 mane Tabernakeleng ya Branham e Jeffersonville, Indiana, U.S.A., o ntshitswe mabanteng a kgatiso a makenete mme o ngotswe o sa kgutsufatswa ka Senyesemane. Phetolelo ena ya Sesotho sa Borwa e phatlaladitswe ka 1998 ke ba ha:

VOICE OF GOD RECORDINGS P.O. Box 950, Jeffersonville, Indiana 47131 U.S.A.

J ust O ne M ore T ime , L ord

1

Copyright notice All rights reserved. This book may be printed on a home printer for personal use or to be given out, free of charge, as a tool to spread the Gospel of Jesus Christ. This book cannot be sold, reproduced on a large scale, posted on any website other than www.branham.org, stored in a retrieval system, translated into other languages, or used for soliciting funds without the express written permission of Voice Of God Recordings®. For more information or for other available material, please contact:

Voice Of God Recordings

P.O. Box 950, Jeffersonville, Indiana 47131 U.S.A. www.branham.org