SST62-0909M Pallomorao VGR - Voice Of God Recordings

PALLOMORAO. ` Ke a o leboha, Moena Neville. ... [Moena Neville o re,. “Ona o a ...... Mme le shebe John Wesley, George Whitefield, Finney, Knox, boholo ba ...
137KB taille 6 téléchargements 427 vues
PALLOMORAO ` Ke a o leboha, Moena Neville. Morena a o hlohonolofatse. Ka mehla ke batla ke potlakile. Ke sa tswa kena. Ke qoqile le Moena Moore mohaleng mabapi le ho theohela mono jubileng ya bona ya Pentekosta ya mashome a mahlano. E le ha ke leka ho rala matsatsi le banna borakgwebo hodimo mono tulong ya bona, mme ke itse^ka kwala mohala, ho re, “O utlwa ‘Dumela Feela’ eo? O tseba seo e se bolelang.” Mme yaba ke mo neeletsa Billy, ka matha ka tswa monyako. Ka hona ka—ha ke tsebe ka moo ba tla tswella kateng morao mono, empa ke^Nka rata ho theohela tlase Louisiana le hona, bathong bao, ba lokileng ba kgale ba Borwa tlase mono. Empa matsatsing ao ke loketse ke be ke le e—e Florida, sebokeng sedika sa banna borakgwebo, mme o batla o imelwa ha o leka ho di matahanya mmoho nakwaneng e kaalo. 2 Bohle re thabetse ho ba mona hoseng hona, le ho phela le—le ba ka reng “Amen.” Ke hantle. Jwale, ke maswabi ha re hatellane ka mona bohle. Mme o boletse ho tlile batho ba bang mme ba tloha ba kganna makoloi a bona ba ikela. Empa re a^Ke phetho seo re ka se kgonang mono e—mono nakong eo. Wa tseba. Le a utlwisisa, ke a kgolwa. [Moena Branham o a hohlola—Mong.] Le ntshwarele. Le utlwa hantle ka ona kapa ka ona? Ona mona? Ke botle, o atametseng mona ke tle ke eme haufi. [Moena Neville o re, “Ona o a phela. Ono ke e—ono ke maeke o hatisang.”—Mong.] Ona, ke o hatisang mona. Ho lokile. Ho lokile, monghadi. 3 Be, na le natefetswe ke bosiu ba maobane? Ke^ruri re ne re o tshwere, mme Morena a re hlohonolofatsa. Di ngata feela tse ka buuwang mono ka Molaetsa, empa ka hopola ha mohlomong le ka o badisisa, le a tseba, mme le tla elellwa, homme pakeng tsa mela, hora eo re phelang ho yona. Re pheletsong ya nako hantle. Mme ke dumela seo. Hobane, motho e mong le e mong esale a nahana, ke a kgolwa, ho tloha Jesu a tshepisitse ho kgutla. Empa, le a tseba, ka le leng la matsatsi ana O tla tla, le hona, wa bona? Ka hona ha ke bone ho setse letho le ka etsahalang, haese hlwibilo ya Kereke. 4 Jwale, pejana re atamela Molaetsa ke batla hoseng hona, ho tshwara sehlooho sa Pallomorao. Mme jwale re^mme bosiung bona, hopolang tshebeletso ya bosiu bona jwale, ke Ho Phela Ka Pela Sefahleho Sa Hae. Wa bona? Mme re tla leka ho potlaka, ho tata, le tle le kgone ho tsamaya ho ya mosebetsing Mantaha hoseng. Mme re motlotlo haholo ka lona bohle. Ha ke tsebe seo re neng re tla se kgona, ke neng ke tla se etsa ntle le lona. Ke feela—ke feela ke ne ke sa tlo tswella lona le le siyo.

2

LENTSWE LE BUILWENG

5 Mme ke batla ho lebisa diteboho tse ikgethang ho Kgaitsedi Williams eo, ha ke kgolwe ke tseba le mosadi eo. Eitse ha ke tsoha hoseng hona, kgele, keha Moena Charlie Cox a le teng, mme—mme e—e methati ya monyako keha e shatamane dijo, tsa makotikoti le dintho. Mosadi eo wa batho o tlamehile a ba a hutse ka falese hlabuleng lena, a ntse a kenya dintho tseo makotikoting, ditamati le dintho tsa dijo. Jwale, di bohlokwa haholo ho nna. Mme Kgaitsedi Williams, ke kgolwa ba siile Bibele ya hao mono ho rapellwa, ha thwe ho rapella Modimo a tle a^Ke rapetse ka phaposing hoseng hona ke sa hlahloba Molaetsa, Modimo a tle a nke dikateng tsa Bibele eo a di bee ka pelong ya hao. Mme ke rapela Modimo ho o hlohonolofatsa. Eka nka be ke o lefa, kgaitsedi, ke tsebisisa ruri hobane o hutse ka falese mono. Mme ke o leboha haholo! Ke nthwana e nyenyane haholo ho e bua, empa e re ke o fe Lengolo moo re tsebang, jwaleka ha ke buile maobane bosiu, le ke ke la hloleha. Jesu o itse, “Seo le se etseditseng ba banyenyane,” mme hoo ke, wa bona, “ba banyenyane bana ba Ka, le se entse ho Nna.” Mme e ke e kgutlele ho wena ka moo ho ka beng ho etsahetse hola o e beile matsohong a Hae hantle. Modimo a o hlohonolofaletse yona. 6 Ke le leboha bohle. Ha le le mona, ke fumana e—e dikarolo tsa leshome le dintho tseo le di lefang, ka moo le re tshepang kateng, hore e tla kgethelwa Mmuso wa Modimo. Jwale, mono ke jere boikarabelo, wa bona, mme re tlameha ho e arabela. Ka hona re batla ho sheba sohle seo re se etsang, hore tsohle di tsamaye ka phethahalo ka moo re ka kgonang, ka moo Morena wa rona a ka re batlang kateng, hoba ha re tsebe mohla A tla re hwehla ho arabela le ho jara boikarabelo ba ntho ka nngwe e tlileng nqa ho rona. 7 Ke ka hona ke nahanang Pauluse, maobane bosiu, a ena le kobo e le nngwe feela. Wa bona? A ka be a fumane tse ngata, empa ha a etsa jwalo. Kobo e le nngwe eo e le yona a ka e sebedisang ka nako, ka hona a boloka eo. Ha ke kgolwe a ne a tsotella maruo a lefatshe. Ha ke kgolwe a ne a tsotella botumo, le tseba seo ke se bolelang, motho e mong le e mong tsamaisong ya bona e kgolo ya borapedi ho a tshwana le kajeno. Mme batho ba bangata hakana^ 8 Ke a tseba taba ena e a hatiswa. Mme ha ke bua dintho mona, ke elellwa ke sa bue le phutheho ena feela, empa lefatshe ka bophara. Mme ke^Hobane diteipi tsena di ya ho bongata, ditjhabeng tse ngata, mme esita ba di isa motsheo kwana merabeng ya Afrika, motsheo mono, mme ba dula mono, mme moreri o a e nka a tolokele batho diteipi tseo, motsheo moo ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona ho letsoho le letshehadi. Wa bona? Motsheo kwana ho ya kena Australia le mono moo batho ba leng teng—teng. Ebile ha ba^Seo ba se jang feela^Ba fumana tswekere ka ho tshwara kgetla mme ba

PALLOMORAO

3

tjheka sehlopha sa dikokonyana mme ba di loma mokokotlong jwalo. Ba phomella jwalo ho fumana tswekere ya bona. Mme ha ba na le diaparo, ha ba na letho. Ba tshwara kangaroo ya kgale mme ba e lahlele mollong, dikahare tsa yona, tsa mala le ntho tsohle, mme ba e tlabole nakwana mme ba ntano e ja. Mme ke phetho, e a tshabeha. Mme hopolang, diteipi tsena di letswa motsheo mono. Molaetsa oo le o mametseng mona o letswa motsheo koo, ke makgolo a barongwa ba nkang diteipi mme ba di letsa motsheo mono, le ho O tolokela batho. Ka hona, le a bona, mohla ke fihlang mono ka Tsatsi la Kahlolo, le bona se tla beng se beilwe mahetleng a ka? Haeba ke kgelositse motho teng? Wa bona? Ke moo he. Nahanang o mong wa meya eo, haekaba ke ba faposeditse nthong e phoso. 9 Mona ke na le baena ba ka hara mekgatlo ena. Mme bongata ba bona ke banna ba lokileng, boholo ba bona, ke thabetse hoo. Empa bang ba bona ba fetoha hoo^mme ka tlwaelo baetapele ba fihla moo ba lokelang ho e hlamela kahare le ho e fetola ntho e kang, oh, ntho e kang dipolotiki. Ba bapala karolo ya dipolotiki ka yona. Mme, ka mono, ba fapoha Lentswe la Modimo. 10 Mme ke tshwanetse ho dula Lentsweng. Ke—ke tshwanetse ho dula mono. Mme e tlameha ho fihla tabeng ena. Mme ke— ke—ke loketse feela ho kgema le yona, ke phetho. Ka hona, mme re a^Le a tseba, re ye re bine thokonyana, “Re phalla molapong wa nako, ha re a dula halelele.” Le e utlwile. “Maru a lefifi a sefefo a tla fetoha tsatsi le hlakileng.” Ho lokile. “A re ipheng matla bohle, hoba ha re a sala re le bang.” Ho lokile. “Mokoro wa bophelo o tla kapele ho bokella Mahakwe Hae.” Moo ke mohla ke tshepileng ho fumana kobo e sa tlo hlola e tsofala, ke yona, ya Bosafeleng. Mme ke tshwanetse ho tshepahala ho Modimo, ke sa natse dintho tse lefatsheng mona, ho fihlela re fihla kwana. Mme ke moo re tla^ke tsona tse tla nka nako e telele. 11 Ka baka leo ke, mashomeng a mararo ana^ke lata dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi tsa tshebetso ya lentswe, ke lekile ho ema ka botshepehi Lentsweng. Ha ke tsebe ntho le e nngwe eo nkileng ka tshwanela ho e fetola, hoba ke e badile e tswa Bibeleng, ho bua seo Bibele e se buileng, le ho e tlohella jwalo. Mme ka hona ka se ke ka lokela ho honyetsa kapa ho hlophisa botjha, hoba ke e buile feela ka moo Bibele e buang. Mme, ke fumana hobane, ha Modimo a buile taba, re tlameha ho kgema le Lentswe leo hore Le tle le phethahatswe. Re bone seo, jwaloka ha ke le boleletse maobane bosiu, ka pono ya mohlamonene, wa bona, hore e^Ke ne ke tlamehile ho ba teng mono, le temoso ya ho ba mono, le ho mpolella ho fihla mono dikgwedi tse tsheletseng pele, le ho ema mono le ho re, “Ako theohele mono” (makgetlo a mararo) “le bona.” Mme ke tsamaya le banna ba bang feela. Mme pono ya iphetela hantle

4

LENTSWE LE BUILWENG

ka nepo, karolo ya Modimo, mme ka sala ke eme. Ka baka leo re batla ho hopola, o tlameha ho dula Lentsweng, ho dula feela le Lentswe hantle. Mme moo Lentswe le yang teng, tsamaya le Lentswe hantle, mme Le tla o atlehisa hantle, ke tiile. Jwale, ke a tseba le dutse mona ho tloha ka hora ya borobedi, mme e batla e le hora ya leshome hona jwale. Ke yona. Ka baka leo ha re rapeleng Morena wa rona jwale. Na dikopo tse ikgethang di teng? Mona ke bona ho robetse disakatuku tse ngata. Phahamisang matsoho a lona bakeng sa dikopo. Modimo a le hlohonolofatse. Jwale O^Ke Mo tsebile halelele mme ke tseba sena, hore O bona letsoho ka leng mme o tseba pelo ka nngwe, mme ho setseng feela ke ho Mo kopa. Mme le e dumele, mme e a etsahala. Jwale, le dumele re sa rapela. 12

13 Ntate ya Lehodimong, re atamela jwale Teronehadi e matla ya Modimo, re le batho ba shwang ka hara mmele wa tlhaho, leha ho le jwalo kodu tsa rona di bua mantswe a fihlang kwana Teroneng e kgolo kae–kae daemensheneng tse ding moo Modimo a dutseng. Hobane, Jesu o itse, “Le kope Ntate eng le eng ka Lebitso la Ka, Ke tla e etsa.” Mme O re kopile ho se belaele, empa, ha re rapela, ho dumela hoba re fumana seo re se kopang, mme re tla se newa. Ho re, “Esita leha o ka re ho thaba ena, ‘Sutha,’ mme o sa belaele pelong ya hao, o mpa o dumela seo o se boletseng hoba se tla etswa, mme o ka fumana seo o se buileng.” Ntate, re tseba seo e le nnete e tiileng. Re se bona letsatsi le letsatsi, mme phoso ha e yo Lentsweng la Hao. Ke kahobane re sa fihle setsheng seo, ka nako tse ding tumelo ya rona ha e re nyollele mono, re a ferekana mme re a belaela. Empa, hoseng hona, re leka ho tla, Morena, ka tshepo e ntjha, ho itshwarella thapong ya bophelo ya Kreste le tshepisong ya Hae. Mme re kena ka pela Sefahleho sa Modimo ka Lebitso la Jesu. 14 Morena, ke kgotswe hoba O tseba diqelo tsohle tse tlalehilweng tlasa letsoho le phahameng hoseng hona. La ka le lona le ne le phahame, mme le dula le lebisitswe ho Wena, Morena, hoba ke motho ya hlokang. Mme ke O rapela ho aba qelo e nngwe le e nngwe. Ako di shebe, Morena, le ho arabela diqelo tsa bona, ho qala ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ho qala diqelong tse nyenyane ho isa qelong e kgolohadi. Ka hona, Ntate, ba arabe, e mong le e mong. Ke e kopa ka Lebitso la Jesu. O ntano hopola ya ka, Morena. 15 Mme ke rapela le ho O leboha ho re fa phomolo e monate mebeleng ya rona, le ka tsebo ya rona Lentsweng la Hao, le kutlwisiso ya rona ya Moya, le ho rapela ka ho se phetse hore O re fe kutlwisiso re se sebeletse lefeela, batho ba ikakasang ka yona, empa batho ba ithobileng, Moya o Halalelang o tle o re sebedisetse phethahatsong ya Lentswe la Modimo, le ho

PALLOMORAO

5

re hlomamisa madulong moo re hlokwang ho ba teng horeng ena. Hoba re tshwanela ho ba tulong e nepahetseng hore e tle e etsahale. Mme re batla jwalo, Morena. Haeba e le malelapa ka mora tafole, haeba e le e—e monna wa fekteri ya tshwereng bobojane letsohong la hae, le bopaki, haele moreri sefaleng, kapa motikone kapa teraseti, kapa ngwana ya sekolong, mothaka ya sehlopheng sa puisano, e ka bang kae, Morena, re ke re be moo ka nako e tshwanelehang. Hoba re a tseba O e tshepisitse, mme e tla etsahala kahobane O itsalo, mme, kgele, tumelo ya rona e hahilwe mono. 16 Jwale, Morena, re utlwa re sa sallwa ke nako e kaalo. Nako e ntse e kena. Re utlwa mohudi o kenang, o tswa sebakeng se ka ntle. Re a tseba kahlolo le kgalefo ya Modimo di mothating wa ho theoha. Re se re utlwa dikgahlamelo tsa yona. Mme re a rapela, Morena, hore O tle o re thuse. 17 Mme jwale nthuse, Morena, Molaetseng o monyenyane ona hoseng hona, wa metsotso e ka bang mashome a mararo, o bitswang Pallomorao. Re thuse, Morena, ho utlwisisa hantle moo re leng teng. 18 Mme o re halaleletse jwale, Morena, ho tlosa dibe tsa rona le ditlolo. Mme ho se be le motho mona hoseng hona, ya lahlehang, e mong le e mong a itokise, a be teng sedikeng se seholo seo mohla re kopanang mose wane. Mohla mabitso a balwang, ke utlwe lebitso ka mora lebitso, “ke teng.” Ke sona se re se shebileng, Morena. Mme mono maqheku a tla ntjhafala ka mehla, a tla fetolwa ka nako le motsotso, ba sa apara ho bola, haese ho ema ka setshwano sa Hae, ba phatsime ho feta letsatsi le dinaledi, jwaleka Daniele ha a boletse, “Ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba tla kganya jwaleka dinaledi ka mehla.” Empa re utlwa seo O se boleletseng moporofeta, “Wena Daniele, ikele ka tsela ya hao, hobane o tla phomola lefeng la hao, empa ka tsatsi leo o tla ema.” 19 Oho Modimo, re ke re balwe re ena le tokelo ka Madi a Jesu, ha re ipolele melemo ya rona, empa hore ka melemo ya Hae re tle re fuwe tokelo ya ho ema ka tsatsi leo re sa ipolela tshito ya rona le takatso ya ho ema ka ho loka ha Hae, mmoho le moporofetsa e moholo Daniele le bohle ba tla ema mohla meputso e abjwang. Ho fihlela mohlang oo, Morena, re fetole dibetsa letsohong la Hao. Fetola ditsebe tsa rona dibetsa tse utlwang Lentswe hoseng hona. Fetola melomo ya ka dibetsa ho Le bolela. Hoba re e kopa ka Lebitso la Jesu, mme kutlwisiso ya rona e ke e utlwisise thato ya Modimo. Amen. 20 Ho thata haholo ho qala. Eka di ngata tseo o ka di buang mme—mme o batla ho di bua, mme nako e bonahala e le nyenyane haholo ho e bua. Mohlomong pele ke—ke tsamaya. Ke boletse maobane bosiu, re ka fumana monyetla ho—ho mohlomong ho haola le e nngwe ya Dibuka tsa Bibele,

6

LENTSWE LE BUILWENG

hwetla ena kapa mariha, pele re tloha. Ho tsamaya, ke batla ho ya mose ho mawatle, ha Morena a ratile, hantle ka mora Keresemose neng–neng. 21 Jwale hoseng hona ke batla le phetle bakeng sa dipalo, ho Baheberu kgaolong ya 11. Mme jwale mamelang palo ka kelohloko. Ke batla ho—ho toboketsa temana ya 3. Jwale tumelo ke tshepiso e tiileng ya dintho tseo tse lebeletsweng, ke pontsho e kgodisang ya tse sa bonweng. Ka yona baholo ba bone poko e ntle. Ka tumelo re a tseba hoba dintho tsohle di bopilwe ke Lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalalang. 22 Jwale, e batla e le mohlodithero o hlollang ho latela motheo oo—oo ke batlang ho o sebedisa. Dintho ha di a etswa ka dintho tse bonahalang. Jwale ke batla ho sebedisa sehlooho sena hoseng hona, Pallomorao, hoba ke batla ho rala e—e papisomaleba e mokgweng wa boporofeta. Maobane bosiu ke ne ke batlile ho ruta nakwana ka Lengolo; hoseng hona ke Molaetsa wa boporofeta, mme bosiung bona ke Molaetsa wa boevangedi. 23 Jwale, dintho tse entsweng ka dintho tse sa bonweng. Jwale, ke ithutile dilemong tsena tsohle hoba dintho tsohle tsa hlaho ke dipapiso tsa dintho tsa moya, ntho e nngwe le e nngwe ya hlaho. Mme jwale hopolang feela, hore ha le bona ntho efe feela hlahong, e bapisa ya moya. Wa bona? Dintho tsohle di entswe ka dintho tse sa bonweng. Wa bona, ha ho le jwalo tsa hlaho di hadimisitse tsa moya. 24 Jwale, eitse ke sa badisisa matsatsing a mmalwa a fetileng, mme ke a kgolwa ke e buile bosiu ba maobane, hanyenyane, hore ke badile moo^kapa ka utlwa seyalemoyeng, e le ha ke kena ke tswa Canada, moo ngaka ya mona Dinaheng tse Kopaneng e neng—neng e tlalehile e re “motho o qetile dilemo tse dimione tse leshome le metso e mene a ntse a fetoha–butle.” Ba tjhekile lesapo kwana Ithali, ka 1800, ka bo 1800, moo lesapo lena le tlalehwang e le lesapo la motho le ileng^mohlomong ka^Yare ba sa etsa jwalo, ho bolela dilemo tsa lona, mme ngaka ena ya leqheku esale a nehela bophelo ba hae bohle ho hlahloba lesapo lena. Mme o re, “Lesapo lena ke lesapo la motho ya dilemo tse dimilione tse leshome le metso e mene.” 25 Jwale, ke mopoto wa motonana oo! Ka moo motho a ka lahlehelwang ke bophelo ba hae lefeela, a leka ho hanyetsa Lentswe la Modimo, mme ha a fumane letho haese e—e pheletso e se nang bofelo teng. Athe mang le mang wa tseba ha o epela lesapo mobung, lesapo leo le fetoha dilemong tse mashome a mabedi. Dilemong tse lekgolo lesapo leo le batla le fedile, haese

PALLOMORAO

7

maqhetswana a lona, mme ho sa tsotelehe maemo ao o ka le bolokang ho wona. Wa bona? Mme dilemong tse sekete lesapo leo e tla bang, dilemong tse makgolo a leshome teng? Oh, e ka bang makgetlo a leshome ho feta moo, ebe eng dilemong tse milione o le mong? E ntano ba milione atisa ka leshome le metso e mene. Oh, kgidi! Ke feela^Ha se le kelello ho nahana jwalo. Lesapo le ka sitwa ho tiisetsa dilemo tse dimilione tse leshome le metso e mene tlasa maemo afe kapa afe. Mang le mang o tseba taba eo. Mohlomong o thonakile ho kang lesapo kapa eng feela. Mme le hona ba kgonne jwang ho bolela ka nepahalo e kaalo hore le phetse dimilione tse leshome le metso e mene? Wa bona? Athe ebile, Modimo o entse motho lefatsheng dilemong tse dikete tse tsheletseng tse fetileng, mme ke phetho. 26 Motho o ne a qoqe le nna nakwana e fetileng mona, kopanong e nngwe ya ka. E le ha ke bua ka phetoho–butle ya motho, mme ke re dilemo tsa hae ke dikete tse tsheletseng feela. Mme monna enwa a re, “Be, Moena Branham, re ka paka hore lefatshe le dimilione tsa dilemo. Ka baka leo seo o se buang, o fositse ho fosa.” Ka re, “Athe ha o dumele Bibele na?” A re, “Ke dumela hobane Bibele e ngotswe ke motho.” 27 Mme ka re, “Ehlile dihlaku di radilwe ke letsoho la motho, empa Moya o Halalelang ke wona o susumeditseng letsoho. Wa bona, ho rala dihlaku, hoba Bibele e itsalo.” 28 Mme a re, “Be, mono—mono, o tshwanetse ho amohela hore ba fositse mabapi le lefatshe.” Ka re, “Bibele ha e ke e fosa, le ka mohla ha e fose.” 29 A re, “Be, haeba lefatshe,” ho re, “ha ho le jwalo, o ka bona ka moo dithaba di runtseng ka baka la seretse se tjhesang.” Ka re, “O mpa feela o sa ntse o^” A re, “Mme Modimo o entse lefatshe leo ka matsatsi a tsheletseng.” 30 Ka re, “Jwale, Bibele ha e a rialo. O mpile wa e nahana e itsalo.” Ka re, “Ha re kgutlele morao jwale ho batalatsa kgang ya hao. Kgaolo ya 1 ya Genese, ho itswe, ‘Tshimolohong Modimo o no o hlole mahodimo le lefatshe.’ Kgutlo! Hore O le entse nako e kae, ha ke tsebe. Ha A re bolella yona. Empa ‘Tshimolohong Modimo o no o hlole mahodimo le lefatshe.’ Kgutlo! E ntano ba, ‘Mme lefatshe le ne le hloka sebopeho.’” Ke mohla Modimo o qalang ho le sebedisa. Wa bona? Ka baka leo ba mpa ba pshatla maboko a bona lefeela. Wa bona? Wa bona? 31 Modimo o no o etse lefatshe. Mohlomong a qeta ditrilione tsa dilemo a le etsa; ha ke tsebe O nkile nako e kae, empa O le entse. Mme ha A bolela hore O nkile nako e kae, mme hore e

8

LENTSWE LE BUILWENG

nkile nako e kae ha e batle rona. O itse feela, “Tshimolohong Modimo o no o hlole mahodimo le lefatshe.” Kgutlo! Ho dutse ho le jwalo. Ke phetho se leng teng. Hore O nkile nako e kae a le etsa, hoo ke^Empa yaba hlaho e qala e hlaha nakong e nngwe, mohla A neng a qala. 32 Mme ke a dumela, hore ka mono, ntho e nngwe le e nngwe ya lefatshe e hadimisa Lehodimo. Ke dumela seo. Hoba lona lebaka la hore ntho ka nngwe e lwanele bophelo ke kahobane ho ena le bophelo boo e hadimiswang ho tswa ho bona. Mme ke a dumela mohla Modimo o no o etsa motho, O qadile a hadimisa dintho tse nyenyane jwaleka bophelo ba diphoofolo, mme ntho e latelang A e bopileng ya eba e fapaneng. Ke hantle feela ka moo Bibele e bolelang A e entse kateng. O entse difate le bophelo ba dimela pele, mme A etsa motho. Mme ntho ya ho qetela e tswileng lefatsheng ka sebopeho sa popo e le motho, ha ho letho le kileng la hlaha le le hodingwana. Hobane hobaneng? E ne e le kgadimiso e phethahetseng ya boholo bo Lehodimong, etswe, Modimo e le Motho. Wa bona? Modimo ke Motho, mme ha ho le jwalo e a paka. Mme enere mohla Modimo o theohang ho aha hara rona, E ne e le Motho. Wa bona? Motho, seo se supa hore phetheho ya phetoho–butle e ne e le Modimo, e leng Motho. 33 Mme ebe o nka sefate, (o ka nka jwanng le dintho tse jwalo), nka sefate, se hadimisa Sefate sa Bophelo se Lehodimong. Tsena tsohle di lwanela phetheho. Mme ntho e nngwe le e nngwe ya hlaho, jwaleka Baheberu ha ba bolela mona, e entswe ka dintho tse sa bonweng. Ka mantswe a mang, tse mohlolo. Mme tse mohlolo di hadimisa tsa hlaho. Wa bona? Jwale, ya hlaho e kile ya ba ya Bosafeleng ke hona, kapa e tlilo hlola ka mehla mmoho le e mohlolo, empa sebe se kgopamisitse ya hlaho. Ka hona, mme ha ho le jwalo, etswe ke dumela ho le jwalo, ka hona sohle se hlahang lefatsheng ke papiso ya tse hlahang tsa moya. Wa bona? E tlamehile ho hadimisa ho hong, tshibollo ya motho. 34 Jwale, re a fumana, jwaleka mmele wa hlaho, mmele wa hlaho ke ona, mme mmele o etseditswe ho ikatisa, e leng bana. Mme jwale mmele wa hlaho, tswalong ya hlaho ya lesea, re fumana ntho ya pele e hlahang e le metsi, e ntoo ba madi, mme e ntoba bophelo. Re fumana mmeleng wa Kreste wa moya, pele ke metsi, le Madi, le Bophelo; tokafatso, kgalaletso, kolobetso ya Moya o Halalelang. Le bona ka moo e hadimisang kateng, tsohle tsa hlaho di hadimisa tsa moya. Tswalo ya hlaho. 35 Re nka, ho tea mohlala, lenyalo la kopano. Re fumana hobane, lenyalo; re fumana lefereho, le ditumellano, e ntoba lenyalo. Le tlamehile ho e phethela ka mehla yohle. Jwale, ho jwalo le ka Kreste le Kereke. Wa bona? Lefereho, Modimo o bitsa dipelo tsa rona; re a inehela; mokete wa lenyalo, mme

PALLOMORAO

9

Monyaduwa o nka Lebitso la Monyadi. Wa bona? Wa bona? Wa bona? Ke moo he, hoo ho bopa Monyaduwa. Jwale, monyaduwa o nka lebitso la monyadi ka mehla. 36 Di ngata tse ka buuwang mona. Ke ngotse letoto le nqosang dihora tse pedi ho le qeta, mohlomong, le Mangolo a tshehetsang sena, jwale ha o batla a mang a wona mona ho e tshehetsa. Jwaleka Johanne wa Pele 5:7, e supa tswalo ya hlaho le ya moya, le jwalo–jwalo, “metsi, Madi, le Moya.” Ho le tse tharo Lehodimong, “Ntate, Mora, le Moya o Halalelang,” tse tharo tsena ke ntho e le nngwe. Ho le tse tharo tse dumelanang lefatsheng ha se ntho e le nngwe, empa di a dumellana, lefatsheng, ke “metsi, Madi, le Moya.” Wa bona, “metsi, Madi, le Moya,” jwaleka ha tswalo ya hlaho e bapisa.

Ka baka leo ha motho a itshetleha ka monahano wa “kgalaletso ke phetho seo o tlamehang ho se fumana,” o fositse, ho fosa. O tlamehile a be a fositse. Mme ha kereke e dumela jwaleka bongata ba Mapentekosta, hore Moya o Halalelang ke yona, “ke phetho, ako bake feela mme o amohele Moya o Halalelang,” e sa ntse e fosahetse, hoba o tlamehile ho kenya kgalaletso ka mono ho hlwekiswa pele Moya o Halalelang o kena. Ha o sa etse jwalo, o siya Madi ka ntle. Wa bona? Le Tswalo e ntjha, jwaleka batho ha ba bua ba re kolobetso ya Moya o Halalelang ke Tswalo e ntjha. Jwale, e fosahetse. Kolobetso ya Moya o Halalelang e fapane le Tswalo e ntjha. Tswalo e ntjha keha o tswalwa labobedi. Empa Moya o Halalelang keha matla a kena Tswalong eo ho hlomella bakeng sa mosebetsi. Ke ka nepo. Wa bona? Moya o Halalelang ke^ho kolobetswa ka ho Moya o Halalelang. 37

38 Tswalo e ntjha, o fumana Tswalo e ntjha ka ho dumela ho Morena Jesu Kreste. Wa bona? Ka ho ba le tumelo le ho Mo amohela e le Mmoloki wa hao, ke Tswalo eo, wa bona, hoba o tlohile lefung ho kena Bophelong. Jwale, ha o batla ho tshehetsa seo, nka Mohalaledi Johanne 5:24, “Ya utlwang Mantswe a Ka mme a dumela ho Ya Nthomileng, o na le Bophelo ba Kamehla.” Wa bona, o na le Bophelo hobane a dumela. Mme sona sehlopha seo se ne se tlamehe ho ya Pentekosta ho kolobetswa ka Moya o Halalelang. Ka nepo. 39 Moya o Halalelang ke matla a hlomellang mosebetsi. Ka hona ha ho thwe o lokela ho tswalwa labobedi, mme e lebiswa ho Moya o Halalelang, bongata ba Mamethodise le ba jwalo ba phoso mono. E ke ke ya eba jwalo. E ke ke ya kgema le Lengolo mona. O a e tshekalatsa. E tlamehile ho nnkuwa ka moo Lengolo le e hlomamisitseng mona. Wa bona? Mme Moya o Halalelang ke e^“Le tla fuwa Tswalo e ntjha ka mora mona”? Eng? Tjhe. “Le tla fuwa matla,” Diketso 1:8, “hoba Moya o Halalelang o fihle ho lona.” Wa bona? Mme ba ne ba se ba dumetse Bophelong Bosafeleng, le jwalo–jwalo, empa ba

10

LENTSWE LE BUILWENG

tlamehile ho fuwa Moya o Halalelang bakeng sa matla. “Le tla ba dipaki tsa Ka hoba Moya o Halalelang o tle ho lona,” hobane Moya o Halalelang ke paki ya tsoho, ho bontsha hore o fetohile motho ya hodileng ka ho Kreste. 40 Jwale, dintho tsa hlaho. Dintho tsohle tsa moya, diketsahalo tsohle le dintho tse jwalo di tap, kapa di bapisa tse mohlolo, kapa e—e tsa hlaho ke papiso ya tse mohlolo. 41 Jwale, ke ne ke etetse Dipontsho tsa Lefatshe re le haufi le tsona mono Spokane, mme ka hopola ho isa lelapa teng. 42 Hoba nkile ka etela Dipontsho tsa Lefatshe Dinaheng tse Kopaneng feela, mme mohlang oo di tshwaretswe Chicago, dilemong tse fetileng, nna le Hope ra nyoloha. Mme ha re a qeta le letsatsi mono, ka baka la bakgothotsi, le ntho yohle. O ne a qhwaetse pini eo motswala a mo fileng yona, mme nna ke tsamaya lephakong la hae, motho e mong a motsula pini eo. Feela^keha ho tshabeha feela. Mme ka hona ka^Ra hlola letsatsi mme ra kgutla. 43 Empa Dipontsho tsa Lefatshe, ke ile ka nka lelapa ka ya koo. Keha di sa fete Dipontsho tsa Louisville ka boholo hodimo mona. Le bone Nalete ya Sepakapaka eo ba buileng ka yona, e se letho haese ho tlolela ka mona Elsley Build–^kapa Brown Building kapa kae–kae, mme o nyolohe mekato e robedi kapa e leshome ka lifiti le ho kgutla. E ne e le phetho. Mme ke a kgolwa General Electric ke yona e neng e beile mono. Empa teng ra fumana ntho e tswileng ka mahetla. Jwale, Jeremane e ne e pepesitse thepa ya yona, Rashiya le ditjhaba tse ding tsohle, hoba e ne e le Dipontsho tsa Lefatshe. Majeremane, Fora, mme dipontsho tse nyenyane tseo di sa fete le sefala sena ka boholo mona. 44 Empa boramahlale ba ne ba sibolotse ditshibollo tsa bona, mme ntho ya sehlooho ba neng ba e—eo ba neng ba e hlakisa, e le tshebediso ya kwae. Motho mang le mang ya tsubang disakrete a kene ka mono, mme a tswa a ntse a tsuba, phoso e teng kelellong ya monna eo. Yare ha ke ba bona ka mahlo a ka ba nka sakrete ba se kenya motjhining, mme ba hula e—e mosi wa kwae mono mme ba o butshwella ka hara lehlakana la dikhemikale, mme keha le hometswe ke mofetshe o mosweu, ho tswa sakreteng se le seng. Mme a ntano re, “Bongata ba batho ba re,” ditshibollo tse kgolohadi, tsena tsa lefatshe, di itse, “batho ba bangata ba re, ‘ha ke o hulele ka hare.’” Mme yaba ramahlale o nka sakrete ka boyena o pakutsa mosi wa sona molomong wa hae, a sa o butswele ka masoba a nko ya hae, kapa e leng hore ba o theolela jwang matshwafong a bona, a mpa a o moma molomong wa hae mme a o butswella ka hara dikhemikale tseo, keha mofetshe oo o le siyo mono. Ho re, “Ebe o ile kae? Ka molomong wa ka. Ha ke kwenya, o kena maleng a ka, ehlile.” A re, “Jwale^”

PALLOMORAO

11

45 Yaba ke a nahana, “Horeng dingaka di re disakreste ha di kotsi?” 46 A re, “Mang le mang ya rekisang ditokelo tsa boholo ba hae jwalo! Ngaka e hlahisang puo e jwalo e ka nna ya beha meja fatshe, hoba dikhampani tseo tsa sakrete di tla mo lefa ho lekanang ho beha meja fatshe.” Hantle–ntle o rekisa ka ditokelo tsa boholo ba hae, hoba o ikanne ho se etse letho le jwalo. Empa ba e etsa leha ho le jwalo. 47 Mme a re, “Motjhini ke ona hona jwale. Re tla le pakela ka tshibollo ya mahlale.” Mme keha ba tlile le Yul Brynner mono, le a tseba, kgalala ya ditshwantsho ka mono. Hoo, mme a nka bohashana ba nikotine eo, a re, “Jwale ba bua ka ‘difiltara ntlheng.’” A re, “Motho ya etsang jwalo, o supa maemo a kelello ya hae. Hoba ha mosi o le siyo, ha o fumane bokwadi, mme bokwadi ke bona bo etsang mosi. Mme ha o tsuba sakrete se kentsweng filtara,” ho re, “o hloka disakrete tse tharo kapa tse nne ho kgotsofatsa, hoba ba batla bokwadi bo bokaalo ho kgotsofatsa.” Ha o sa fumane mosi, bokwadi ha bo yo mono. Ho fumana mosi bokwadi bo tlameha ho ba teng. Ka baka leo ke yona. Ho re, “Tsuba, ha o batla ho se tsuba, tsuba se sa kenngwang mohlotlo ho sona. Ako nke^Sakrete se le seng feela se tla kgotsofatsa moo ho hlokwang tse tharo tsa mofuta o mong, hoba mono o hula bokwadi bo bonyenyane hakaalo.” 48 Ke maqiti a kgwebo! Setjhaba sena se tletse bolotsana hohle kgwebong, le ditshila le ntho yohle. 49 Mme mono yaba o nka ntho eo o bontsha ka moo bohashana bo bonyenyane boo bo manamang mmetsong kapa ka moo bo kenang matshwafong kateng. Mme pele e fetoha bosweu, e ntano fetoha eba pinki, mme ho tloha ho pinki e fetoha pherese. Dikarolwana—dikarolwana tsa sele e nyenyane di shebahala di le kaalo ka matla a galase, empa, ehlile, o hloka galase e matla ho bona le sele feela. Yaba o re, “Ha bo fetoha bo eba pherese, o tshwerwe ke mofetshe.” A re, “Monna ya tsubang pakana ya sakrete ka letsatsi o na le monyetla wa mashome a supileng lekgolong ho bolawa ke mofetshe ho feta monna ya sa tsubeng.” Mme ke bosawana ho ipea kotsing e kaalo. 50 Jwale, mme yaba o nka ntho e nngwe mme a e paka, a tla le kgoto e tshweu. Mme a nka sakrete a se kenya motjhining, a se hohla hodima ho kang mabole o mosweu, a nka e—e boyana, mme a ngwatha nikotini ya sakrete se le seng a e pikitla mokokotlong wa kgoto. Ba ne ba ntsha kgoto e le nngwe matsatsing a supileng. Mme ba loketse ho nka e le nngwe bakeng sa thuto ya letsatsi leo. Mme ba boloke kgoto eo matsatsi a supileng ba ntano e ntsha, mofetshe keha o qhobellane ha kaalo mokokotlong wa kgoto. Tse ding tsona ha di phele le matsatsi a supileng. Kgoto keha e sa kgone le ho

12

LENTSWE LE BUILWENG

tsamaya. Ha kea kgona ho ja matsatsi a mabedi kapa a mararo, ka baka la ho shebella ntho e nyonyehang eo, e eme mono e tshwerwe ke mofetshe, mme o e hometse ho theosa le maoto a yona le dintho tse jwalo, mofetshehadi o moholo o entseng sehlaba o ruruhile o ka ba halofo–inchi mokotleng wa kgoto, wa nikotini e tswang sakreteng se le seng. Mme o nahana hore e a ba thibela? Thakahadi le emeng pela ka mono, le ne le thunya mofufutso sefahlehong, a re, “E batla e hlolla, ha e jwalo?” Ka re, “O a tsuba na?” A re, “E, monghadi, ke etsa jwalo.” 51 Ka re, “Be, o tshwanetse ho kgaotsa.” Empa ke moo, ditshibollo, seo ba kgonang ho se paka. 52 Jwale, nkile ka lepa ke re lefatshe ha le ka dieha mme le tswelopele ya sala e eme, morao mohla ho rekisa botlolo ya wiski e ne e le tlolo e kgolohadi, kotlo ya ho rekisa phuthelo sa sakrete e tla menahana haleshome dilemong tse mmalwa ho tloha jwale, haeba tswelopele e ka dula e le teng. Se tshabeha haleshome ho feta wiski. Ehlile ho jwalo bo. Ke—ke mmolai, hoo. Mme o ka bolella batho ka yona, mme ha ba e tsotelle le hanyenyane. “Ke moreri wa mopholoswa,” mme ba e tlohela. Wa bona, ke yona, ha ba elellwe. 53 Empa, ntlha ya ka ke ena, seo mahlale a kgonneng ho se sibolla. Ba ne ba le teng mono Dipontshong tsa Lefatshe, ba supa ka patlisiso ya mahlale seo mahlale a se sibolotseng ka dintho tsa hlaho. Jwale, rona re dutse mona re bontsha ka patlisiso ya moya seo Modimo a se sibolotseng ka batho ba dumelang Lentswe la Hae. Ke hantle. Wa bona? Jwale, ho ka sibolla dintho tsa mahlale, o tlameha ho latela metjha ya mahlale. Ho sibolla dintho tsa moya, o tlameha ho latela metjha ya moya. Jwale, le nahana hore kgoto eo e ne e nyonyeha, ehlile bo, ekare le ka e bona! Eka nka be ke nkile foto ya yona, le hona, ho e bontsha. Hoja nka e fumana, nka e nka, empa ba ke ke ba o dumella ho e nka. Empa lemohang. Ehlile, kgoto e phela dihora tse mmalwa feela hape, tse ding tsa tsona ha di qete le matsatsi a supileng ho phela. Ako e nahaneng! 54 Le re e ne e hometswe ke mofetshe, le tlameha ho bona hore moya o hanneng Evangedi o jwang. Le tlameha ho bona hore o nyonyeha jwang. Ka moo diabolosi a qhautsang monna mme a kgopamisa mora wa Modimo a mo fetola ntho e nyonyehang, hore o jwang mahlong a Modimo. Oh, a ka ba bolelele ba maoto a tsheletseng, mme mahetla eke ntho eo ke sa e tsebeng, le moriri o mangetse le eng, hoo ha ho bolele letho. Bokahare ba motho ke bona bo phelang halelele. Bokantle ke lerole feela, le hona. 55 Ha ho le jwalo ke tshibollo, mme yaba ba bontsha, keha ba beile sethotwana sena sa sepakapaka le ntho yohle, eo

PALLOMORAO

13

ba bontshitseng ba e sibolotse, seo ba kgonneng ho se etsa, mme ba hlalosa diatomiki le dintho tse jwalo. Ba lepile seo Chevrolete e tla ba sona. General Motors e ne e pepesitse, seo e^o mong, mongwahakgolo o latelang, ka moo Chevrolete ya palokgolo mashome a mabedi e tla shebeha kateng. Ho nna e ka re e—e phaepe ya gase e rwetseng katiba hodima yona. Jwale, ba bontshitse ka moo e tla sebetsa kateng mme e tla hotetswa ke matla a atomiki e na le lepheyo la mofuta le tla e tjebela hodima e nngwe le tsamaiso. E tla ba le e—e monyetla o moholo. 56 Empa ke a ipotsa na re ka phetla morao maqepheng a Buka ya Modimo, hoseng hona, mme ra bona seo kereke e tla ba sona mohlang oo, ho bona ditshibollo tseo Modimo a di fihletseng. Oh, ka moo diketsahalo tsa lefatse lena di emetseng ntho e nngwe sebakeng se seng ka mehla; empa ha e fihla lefatsheng, ka tlwaelo e maemong a kgopameng hobane e lefatsheng le lefifi la sebe. Wa bona? Empa jwale kemedi ya makgonthe e teng diemong tsa moya tsa tekanyo e nngwe. Ho tloha ditekanyong tse tharo, tekanyo ya botshelela e na le kemedi ya yona. Ke thabetse hoo haholo. 57 Jwale, ha re nkeng jwale ditshibollo tseo re di fihletseng dilemong tse mmalwa tse fetileng. Jwale, ha re qaleng ka ntho e hlahileng. Nke ke ka le tshwarella halelele, ha Morena a ratile, empa ke batla ha le ka bona sena ka potlako. Mme, oh, eitse ha e mphihlela, ya ka nka fofa ka ikela. Jwale lemohang, jwale, dilemong tse mmalwa tse fetileng sepalangwa e ne e le pere le kariki, nakwana e sa reng letho e fetileng, kgale kwana. Ke ne ke qhoba pere le kariki, mme ke dutse hodima sale. Ya na ya re ke sa le moshanyana, wa dilemo tse leshome le metso e mehlano, leshome le metso e tsheletseng, ke ne ke palama pere, mme ke ya toropong ka pere le kariki, ke qhoba ke feta hantle kerekeng ena mona, tseleng e seretse ka ntle mono, mme mohlang oo o ne o metse mahola a bophahamo ba mohaho ona, mohlomong, ka pere le koloyana, ke thota dinawa tsa botoro le dintho tsa polasi. 58 Jwale ke e feta ka koloi ya matla a enjene. Ke phapang e kakang! Letsatsi la pere le kariki, e ntoo ba letsatsi la koloi. 59 Mme yaba ho fihla letsatsi la sefofane, mohla se phahamang lefatsheng ho kena sepakapakeng. Jwale, ha le ka sheba, ruri jwaleka ha tshibollo eo e fihlile ka mahlale, hola motho a fumana mohopolo wa moya mme a utlwisisa, e ne e emetse tshibollo moruong wa Modimo le Kereke ya Hae. Jwale, matsatsi^ 60 Mme, le hopole, ka mehla moromuwa o fihla qetellong ya Molaetsa. Re tseba seo ka mengwaha eo ya kereke ka moo re e fumaneng kateng. 61 Jwale, matsatsi a pere le kariki e ne e le mang? E ne e le qetello ya mongwaha wa Luther. Wa bona, matsatsi a pere

14

LENTSWE LE BUILWENG

le kariki. Ba ne ba dumela ho bewa ya lokileng ka tumelo. Modimo o no o ntsha Kereke Boromeng, Bokatoliking, A e kenya tshibollong ya yona ya pele ya moya, ho re, “Ba lokileng ba tla phela ka tumelo.” E ne e le matsatsi a pere le kariki, mohla ba tswang ho^matsatsing a qetelang a pere le kariki. 62 Jwale, tshibollo e latelang e fihletsweng ke motho mokgweng wa sepalangwa e bile koloi. Mme, le a elellwa, koloi eo e eketsa matla a yona ka dinako tsohle. 63 Jwale, qetellong ya mongwaha wa Wesley, o ne a tlise tshibollo ya moya, kgalaletso, ho bolela hore kereke e tsohile mamemong a tokafatso ho kena maemong a kgalaletso. 64 Jwale, ke batla le hopole taba ena re sa tswelapele, hore kereke e bitswang “kereke” ha se Kereke. Kereke ke Kereke, ya moya! Mme mashome a dikete atisa ka mashome a dikete tsa Maluthere a ngodisitseng kerekeng, ha a ka a tseba letho ka tokafatso mokana kolobe e sa tsebe letho ka sale ya basadi. Ha ba—ba ka ba tseba letho ka yona. Mme mongwaheng wa Wesley, ka moo mashome a dikete a ipoletseng kgalaletso kateng, ba sa tsebe letho ka matla a Modimo a halaletsang ha kaalo—ha kaalo ka pela e sa tsebeng letho ka dieta tsa lehlwa. Wa bona, ha ba ka ba e tseba ho hang. 65 Empa ba teng batho ba e sibolotseng. Allelua! Na le bona moo ke habileng teng. Motho o teng ya na tseba seo “tokafatso” e neng e se bolela mahlong a Modimo, “ho thea kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.” Maluthere a teng a kileng a tshepahala. Ba ne ba E dumetse. Ho sa tsotelehe seo kereke ya Katolike e se buileng, ba dumetse Lentswe la Modimo mme ba Le emela hobane moromuwa wa mongwaha o ne a rerile a re “ba lokileng ba tla phela ka tumelo,” mme ba e dumela maemong a tokafatso. Mme ka mohau wa Modimo ba kgonne ho sibolla tokafatso, ho thea kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste. 66 Jwale, re boela re elellwa, ha ntoo latela Mamethodise ka kgalaletso. Boholo ba Mamethodise ao a ne a halaleditswe. Jwale, bongata ba bona bo ipoletseng yona ha bo a tseba letho ka yona. Kereke ya Methodise e rutile kgalaletso. Ba ipoletse ba ile ba kgumama fatshe mme ba boela ba tsoha, ho re, “Tlotla ho Modimo, ke halaleditswe!” Mme ke bao ba tloha ba iphelela jwaloka ka mehla. Empa hantle–ntle banna ba bang bao le basadi ba ne ba hlatswitswe dinthong tsa lefatshe, mme ba phela bophelo bo kgethehileng, bo kgethetsweng ka thoko. Hobaneng? E ne e le mongwaha wa koloi e kentseng matla a mangata a pere. Koloi, moetso wa kgale wa T nka o lekanya le matla a dipere tse leshome le metso e mehlano kapa tse mashome a mabedi. Wa bona, dipere tse leshome le metso e mehlano kapa tse mashome a mabedi tse kwaletsweng ka hara enjenenyana jwalo. Kgalaletso! E ne re ha mahlale a sibolla

PALLOMORAO

15

ntho ka—ka—ka hlaho, Modimo o ntse a sibolla ntho e nngwe ka moya. Wa bona, ntho e ntse e etsahala ka dinako tsohle. Mme yaba ka mora mongwaha wa kgalaletso^ 67 Jwale, re nka monna ya kang motsofe Bevington. Monna, ke mang a na ka feta motsofe Moena Bevington ka boholo? Mme le shebe John Wesley, George Whitefield, Finney, Knox, boholo ba Mamethodise ao a kgale a hutseng ka falese. Ba fetile diheleng ba ntse ba le hodima lefatshe, tlatlapo, hoba ba dumetse Lentswe la Modimo le rutile kgalaletso, mosebetsi wa bobedi wa mohau, mme ba itulela le yona, mme ba e dumela, ba etsa mehlolo le meeka ka yona. Jwalo feela ka Henry Ford le bao ha ba sebeditse ka sepalangwa sa moetso wa kgale wa Ford ya T pontsheng ya pere, o ile a tswelapele mme a phahamela letsatsi la pere. Le Wesley o ile a tswelapele a phahamela letsatsi la Luther. 68 Mme ha ntano latela Pentekosta. Mme jwaloka ha mahlale a lefatshe a kgonne ho sibolla e—e moutoro wa koloi, (Baena ba Wright ba bopileng kapa ba entseng, ho hlahisa, ke rialo, sefofane) motjhini o fofang o ne o phahame haholo ho feta koloi ya lefatshe, hoba o kile wa kena sepakapakeng. Jwale, Baena ba Wright, ka tshibollo ya bona, ba kgonne ho nka mahlale mme ba bapisa ntho e nngwe mona lefatsheng, ho bontsha hobane ntho e kgolo ya moya e mothating wa ho etsahala. Mme hoba Baena ba Wright ba kgone ho sibolla ho tlosa maoto a motho hodima mobu, Pentekosta e kile ya tsholoha mme ya thakgohela nqa sebakeng ka neo ya moya, ka kolobetso ya Moya o Halalelang. O ile a thakgoha a toba nqa sepakapaka! Oh, alleluia! A tlosa maoto a hae mobung a tle a kgone ho sesa a ntse a dikoloha, ho nyolohela sepakapakeng! Oh, o ne a phahametse pere le kariki hakakang! O ne a phahametse koloi hakakang! A le hodimo sepakapakeng. O ne a kokota a phafunyeha a bile a thulaka, empa o ne a fofa. Wa bona, seo motho a se sibollang lefatsheng, hoba di entswe ka dintho tse sa bonweng. Modimo o kgonne ho sibolla ntho ka nngwe ka batho ba tletseng Moya mme ba lapile le hona ba nyorilwe, le bao ba tlang ho dula le Lentswe. 69 Jwale, hola Wesley a sa hata hodima Lentswe mme ka hona a ikgulele lebitso le lebe, o kile a bitswa lehlanya la monna, le ntho ka nngwe e sele, a ka be a sa kgona ho sibolla. Empa Wesley e be e le e mong wa boramahlale ba baholo ba Modimo. Luther e be e le e mong wa boramahlale ba baholo ba Modimo. Ha ba ka ba tsotella seo dikereke di se buileng, seo mekgatlo e se buileng. Luther ha a ka a tsotella seo Makatolike a se buileng, o dumetse hobane ba lokileng ba tla phela ka tumelo! Allelua! Mme o nkile dikhemikale tsa Lentswe la Modimo mme a di tswaka, mme kereke ya tsamaya ka tumelo. Wesley yena o e tswakile ka Madi, a ba a e paka ka Madi, mme kereke ya halaletswa. Mapentekosta a dumetse hobane kolobetso ya

16

LENTSWE LE BUILWENG

Moya o Halalelang, hore pallo e etseditswe lona le bana ba lona le ba leng hole kaofela, mme ba kopantse dikhemikale mmoho ho tswa Lentsweng, mme ba kena sepakapakeng. Allelua! Ba ile ba tswa, kahobane ba kgonne ba kile ba fihlela ntho e jwalo. 70 Jwale, hobaneng banna baa ba entse see? Hobaneng Luther a e fumane? Hobaneng Wesley a e fumane? Hobaneng ba bang ba kgonne? Kahobane materiale a ka bopang Ford ya moetso wa T a ne a robetse hodima lefatshe mona. Motlakase o ka mathisang e—e koloi o ne o le teng. Petrolo e ne e le teng lefatsheng, dipistini le dintho tse jwalo di le teng, dihlomo tsohle tsa motjhini, le mosidi wa jenereitara, le ntho ka nngwe eo ba kileng ba tlameha ho e fumana ho bopa ntho ena, mme le elellwe hobane e qadile^ho e hlahisa, ke rialo, e seng ho e bopa. Modimo ke wona Mmopi, O ne a e beile mona. Empa banna ba neng ba e dumetse sedikeng sa mahlale, sa hlaho, ba kile ba rukguhla, mme ba sa amohele karabelo ya “tjhe.” Ba e dumetse. E ne e le tshenolo e ka pelong ya bona, mme ba kile ba dula le yona ho fihlela ba e pakile hore e nepahetse. 71 John Wesley o kile a paka kgalaletso jwalo. E—e materiale a ne a robetse mono, Lentswe la Modimo ke lona le a tlisitseng. O ile a dumela! Ho sa tsotelehe hore na kereke yohle, kereke ya Anglican le bohle ba mo furalla na, o kile a tsitlallela kgodiseho ya hae mme a e paka. Le Mapentekosta a kile a fihla mme a e paka, kaha ba ne ba fumane materiale, hore Moya o Halalelang o nepahetse. Mme ba tlohile ba toba nqa sepakapakeng. 72 Na le eleletswe, e nngwe—e nngwe le e nngwe ditshibollong tseo tsa mahlale e ne e feheletsa e nngwe, e ne e thoholetsa e nngwe. E mpa e le sebopeho se ka hodingwana. Wa bona? Koloi ke sebopeho se ka hodingwana ho sepalangwa sa pere, mme sefofane e le sebopeho se ka hodingwana ho sepalangwa sa koloi, empa di a feheletsana. Matla a pere! Amen! Haeba e le matla a pere ao, ho ka thweng ka matla a Modimo? Ho ka thweng ka Moya o Halalelang le ka matla a wona? Matla a Moya o Halalelang a kgonang ho o bea ya lokileng, ke wona matla a Moya o Halalelang a ka o halaletsang. Wona matla a Moya o Halalelang a o halaletsang, a ka o tlatsa ka Boleng ba Hae. Mme mahlale a manyenyane, a neng a sa tsebe di–ABC tsa wona, ba e fumane. Hobaneng? E ne e le boramahlale ba moya. Amen. Ba bone ntho eo, ba e dumetse. Motho o kile a e kgona ka thuto, ramahlale wa hlaho. Ramahlale wa moya o e kgonne ka tshenolo. E mong ka thuto, e mong ka tshenolo. Oh, holane re ka bula feela. Materiale a mefuta yohle a robetse hona mona. Ke hantle.

Jwale re elellwa ka moo e tsamayang kateng, ka moo Modimo a kgonneng ho sibolla hoo. Ho Mapentekosta, a kile a toba nqa sepakapakeng. Ka moo ba^Yaba kereke e 73

PALLOMORAO

17

kgutlisetswa, phodiso, ho bua ka dipuo, tshenolo, dineo tsa Moya. E leng, seo Luther a sa kang a se tseba, le seo Wesley a sa kang a se tseba. Ba ne ba sa e rute, ha ba tseba letho ka yona. E ne e le siyo mongwaheng wa bona. 74 Kgele, Henry Ford o ne a tsebang ka sefofane letsatsing leo la pele ho Baena ba Wright? Wa bona, ba ka be ba sa kgona ho e tseba. Yona ntho eo e—e monna eo morao mono mme o ne a qhoba pere le kariki, dilemong tse makgolo a mahlano tse fetileng, ba ne ba sa tlo tseba letho ka sethotwana se sa hulweng ke dipere, feela Bibele e se boletse se tla ba teng. Ha ho le jwalo ba kgonne ho se sibolla ka patlisiso ya mahlale. Mme enereha ha e etsahala lefatsheng, Modimo o e tshwantshe le tshibollo ka Kereke ya Hae. “Hobane dintho tse leng teng, tse bonahalang, di entswe ka dintho tse sa bonweng.” Wa bona, kgadimiso ya yona. 75 Jwale, jwale mongwaha wa Pentekosta, dilemong tse mashome a mahlano tsa ho qetela, o isitse tsoseletso lefatsheng ka bophara, ka mefuta–futa ya dintho ho yona. Mme ba bile le diphodiso, le mafu a fodiswang, ha fodiswa diritsa, difofu tsa buseletswa pono ya tsona. Le nahana hore lefatshe le e dumetse? Tjhe, monghadi. Ha ba ka ba dumela Luther. Ha ba ka ba dumela Wesley. Ha ba ka ba dumela Mapentekosta. Empa Modimo o kile wa nka Bibele, ka patlisiso ya hae, monna ya neng a ikemiseditse ho e etsa, a nka Bibele mme a paka hore E ne e nepahetse. Amen. Jwale re tlameha ho hopola seo, re tlamehile ho e dumela, ka ho bona hobane dintho tseo e ne e le papiso. Jwale re se re phetse mongwaha wa Pentekosta. Mongwaha wa Pentekosta, jwaleka ha ke pakile mono, o a tswa mme o kena mongwaheng wa Laodisea. 76 Empa jwale ntho e nngwe e etsahetse. Jwale re fumana moastronoto [rasepakapaka—Moft.]. John Glenn ebile moastronoto wa rona wa pele. Mme re e fumana e phahametse sefofane haholo, sefofane se ka kgatha tema ho latela sekgahla sa sona le jwalo–jwalo. Empa ena e sebetsa ka matla a atomiki, matla a maholwanyane a mo tjebelang hodimo kwana hole le sefofane, sefofane ekasita—ekasita se sa balwe lephallong leo. Ke hantle. O kgonne ho etsa seo. Ho lokile. Jwale re fumana moastronoto, mongwaha wa hlaho. 77 Mme, le hopole, morongwa o hlaha qetellong ya molaetsa o tlileng pele, ka mehla. Re pakile taba eo mono. Jwale re kene motjheng wa moastronoto. Amen hape amen! Modimo o entse^ 78 Mahlale a kgonne ho paka hore o teng moastronoto ya ka yang hole hoo o sa tlo mmona ka mahlo a hao a hlaho, mme a ka fihla mono kgatello e le teng kapa e le siyo. A ka kgona ho tswa le ho ya kahobane a kene ka hara sehwana se hlohlilweng kgatello, mme a ka nyolohela hodimo mono mme a sesa hohle

18

LENTSWE LE BUILWENG

a bona pitikoloho ya mafatshe. Moastronoto! Oh, kgidi, ho tla mongwaha o mokakang. E, monghadi, ho tshelela ka nqane ho dintho dife tsa hlaho, le ho haola a kena ka ntle koo. 79 O tshwantsha eng? Mongwaha wa moya, nako ya moya moo Modimo a tlang ho fumana diastronoto tsa moya. Amen! Ba mona hona jwale! Allelua! Dintsu tsa sebaka di ka fofela ka nqane ho nonyana efe feela, ho phukalla hodima ntho e nngwe le e nngwe, diastronoto tsa moya (thoriso) tse ka qhautsang Lentswe la Modimo mme tsa paka hore esale Yena maobane, kajeno, le kahosafeleng. Moastronoto wa moya! Oh, kgidi! Thoriso! Hoo ho a nthabisa, ho phela mongwaheng wona! Jwale ke ntho e babatsehang hakakang ho moastronoto wa moya! Wa bona? Keng? Boramahlale ba hlaho ba entseng? O kgonne ho sibolla seo. Mme Modimo, ka monna ya neng a ka tsepama le Bibele mme a re “Esale Yena maobane, kajeno, le kahosafeleng,” mme a sa tshabe tshepiso ho sa tsotelehe seo mang a se buileng, ho tsepama le yona. Keng? O fetoha moastronoto ya ka yang hole le kutlwisiso ya borapedi bo hlophilweng. E ka nqane ho ntho efe feela. E ka nqane ho dintho tsa kereke. Ka ntle kwana mmoho le Modimo homme a dula le Yena a le mong. Diastronoto!

Mme, le hopole, hore o be moastronoto, keha ba lokela ho kena ka hara tanka, mme ha se bona ba e laolang. E qosa matla a radara, matla a atomiki ho mo phahamisetsa ka nqane ho sebaka, mme hape o boetse o laolwa ke tora. Thoriso! Diastronoto tsa Modimo tsa moya di jwalo! Di kena ka hara tanka, le ka hara sebaka, ka hara mmele, mme mmele oo ke Mmele wa Kreste. Ha ho le jwalo, ha se bona, ha—ha se yona. Ha se John Glenn, e ne—e ne e le tanka a keneng ka hara yona. E ne e le motjhini. O mpile a dula mono feela, a se ke a etsa letho. A mpa a fumana sebete sa makgonthe se hlwekileng ho kena ka mono le ho re “e lokile,” hoba e pakilwe ke mahlale. 80

81 Modimo o batla banna ba kenang ka ho Kreste mme ba dumela hobane esale Yena maobane, kajeno, le kahosafeleng, mme ba sa inkele mohopolo wa bona, haese ho kena sebakeng hantle, ho laolwa ke Moya o Halalelang. Amen. Diastronoto! Shuu! Pere le kariki di saletse morao ha kae! Ekasita le sefofane se saletse morao ha kae! Tokafatso, kgalaletso, kolobetso ya Moya o Halalelang di saletse morao ha kae! Ba fetoha dintsu. Pele, e ne e le mekgodutswane, ya ntoo ba dikgoho, ya ntoo ba makgwaba, empa jwale ke dintsu. Ha ho mang ya ka di salang morao! 82 Ntsu ke nonyana e ikgethileng. E ka fofela hodima nonyana efe feela. E hlophiseditswe ho bona, ho tsepamisa hlooho ya yona ha e fihla hodimo mono. Batho ba teng ba ka qhomelang hodimo kwana mme ha ba fihla mono ha ba tsebe moo ba leng teng, hobane ha ba kgone ho bona hojana le bophahamo boo

PALLOMORAO

19

a qhometseng ho bona. Empa ba bang ba teng ba ka hetlang mme ba bona se etsahalang. Ke ntsu eo. E ka ema mono mme ya sheba, le ho ema ho fihlela e utlwa seo molaetsa o e laelang ho se bua. Ke moastronoto wa Modimo eo. Wa bona? Haesale e setse ditshibollo tse ding tsohle morao, hobaneng e ke ke ya sala tshibollo ena morao? 83 Diastronoto tsa Jesu. Amen. Ha a phele le ka matla a hae. O hotetswa ke mollo. Ntho feela a e etsang ke ho kena ka hara yona. Ke phetho se a lokelang ho se etsa, ke ho kena ka hara yona, Modimo ke wona o tla tswibila mme o hlomamise. Haesale matla a gasoline, le hona, ha se tumelwana ya kereke. Ke matla a atomo ya Modimo a o tswibilelang ka ntle kwana sebakeng koo. Amen. Oh! Kgele, see ka hara diastronoto tsee, keng? Ba na le^Ha ba hloke le^ho nka lentswe la tokafatso feela, lentswe kgalaletso feela, o kene ka hara Bibele yohle. Amen. O kene ka hara yona yohle, kaha a tseba hore Modimo o ka phethisa tshepiso ka nngwe A kileng a e etsa. O mpa a dula mono feela mme o lebeletse. Oh, kgidi! Lentswe le tlameha ho Iponahatsa. Ha o kula, mme o le moastronoto, ako hopole feela, kena ka ho Kreste, mme o emele pallomorao. Ke phetho. O tla tswibila tholwana, o se belaele. Jwale, taba ena e kgonne ho fihlelwa kahobane Modimo a e tshepisitse. 84 Jwale, moastronoto o moholo ha kakang, dintho tsena jwale, ho qala ka matla a kgale a pere, matla a koloi, le— le matla a sefofane! Wa bona, moastronoto, o phahame hoo a bonang dintho tseo monna ya qhobang pere le kariki a sa di boneng. O phahame hoo a bonang dintho tseo monna ya qhobang koloi a sa di boneng. O phahame hoo a bonang dintho tseo monna ya fofisang sefofane a sa tlo di bona. O tshetse o ka nqane ho mabaka. Amen. Thoriso! Ke yona. O se a tshetse tshibollo efe feela eo motho a ka e nahanang, mokgatlo, phutheho ya bodumedi, “O tlameha ho ba Methodist, Baptist, kapa o be setho sa hona, bonngwe, bobedi,” kapa seo e leng sona. Ke moastronoto, o fofetse ka ntle kwana sebakeng. Amen. Ke leboha ha kakang! 85 Mme, le hopole, moastronoto o laolwa ke matla a radara. Le ba bone mohla ba kenyang John Glenn. Ke ne ke shebile tlase mono Cape Canaveral mme ka bona radara e kgolo ya ntho, mme keha o sa kgone le ho mmona kae kapa kae, empa o ne o ka bolela moo a leng teng ka nqa eo radara e supileng teng. Ke hona moo a neng a le teng. Wa bona? Mme re na le radara, le rona, ke thapelo. Thapelo ke matla a radara e tsamaisang moastronoto. “Le ka kopa tsohle ho Ntate ka Lebitso la Ka, Ke tla le etsa.” Wa bona? Ako shebe ka moo thapelo e tsamayang kateng, o ka bona moo a supileng teng. Amen. Ako shebe feela ka moo kereke e rapelang kateng, o ka bona moo dimisale di tla tswibilela teng. O ka e bolela ka e—e ka moo diastronoto di fofang kateng, ka moo kereke e rapelang kateng.

20

LENTSWE LE BUILWENG

86 O a rapela, “Morena, ehlile ha re dumele dinthong tsena.” Uh–oh! Moastronoto eo o a theoha. Ke phetho. Oh, moena! 87 Empa ha dintho tsohle di ka etswa, “Morena, tshollela Moya wa Hao hodima kereke mme o e fe seo e se hlokang. Tshollela Moya o Halalelang hodima rona, mme o re lwele lebakeng ka leng, le ho dumela hobane Lentswe leo le nepahetse mme re tlilo ema le Lona.” Ako shebe lesira leo ha le qala le phahamisa hlooho ya lona tjena, wa bona. Moastronoto o tswelapele le ho tswelapele le ho tswelapele, hodimo kwana sebakeng. Hum! Ho a babatseha! Ho tshelela ka nqane ho phutheho efe feela ya borapedi, ho tshelela ka nqane ho tumelwana efe feela. 88 Jwale le hopole, tokafatso e kile ya fetolwa tumelwana, ke hantle, o dumela tokafatso jwaleka Maluthere le jwaleka disatalaete tse ding tsa bona. Ke seo ba leng sona, disatalaete, empa ha ba eso phahame mobung le jwale. O nka kgalaletso le disatalaete tsa bona. Ho re, “Disatalaete tsa Luther ke dife?” Be, Church of Christ le sehlopha seo mono. “Disatalaete tsa Wesley ke dife, ho Mamethodise ka mokgwa oo?” Nazarene, Pilgrim Holiness, disatalaete tsa bona. Mme e ntoo ba Pentekosta le disatalaete tsa bona, sefofane, ehlile, bonngwe, bobedi, boraro, bone, tsena tsohle hodimo mono, Foursquare, Church of God, mme le jwale di qauwe mekgatlong ya bodumedi. 89 Empa moastronoto o phunya moedi wa modumo. O feta a parola feela. Ha a utlwe letho. Oh, kgidi! O tshelela ka nqane ho yona feela. Wa bona, hodimo–dimo mono moo dintho tsohle^O phela ka pela Sefahleho sa Modimo. E, monghadi. O e tshepisitse, Lentswe la Hae le re Ke Moprista e Moholo. Na le bona radara e kgolohadi eo e hlomilweng mono e ntse e tsamaya? Mo shebeng ka hara kopano. O ka sheba ha Moya o Halalelang o theoha ka Topallo ya Mollo jwaleka ha A tshepisitse. Motho a ke ke a dula mono mme a leka ho E beela mabaka ka mahlale, modumedi wa nnete. Yena ke eng? Ke Lesira la Radara. Mo shebeng. O ye a qale a supe hohle. Amen. Mme ke leo le qhautsa yane mane, moastronoto eo. “O jewa ke mofetshe. O jewa ke hore–le–hore. O Sekete–kete ya tswang sebakeng se itseng. Morena Jesu o a o fodisa.” Allelua! O a tloha o a fola. Diastronoto! Oh, kgidi, E ka kgona e be Kereke e kakang! E teng mona. 90 Ditshibollo tseo di pakilwe ke mahlale. Ba e bontshitse hantle mono Dipontshong tsa Lefatshe. Re na le yona. Amen. E ntse e pakwa hohle, mongwaha oo re phelang ho wona wa moastronoto. Wa bona, “E entswe ka dintho tse sa bonweng.” Wa bona, e entswe ka ntho e nngwe e tswang Lehodimong. Ke Modimo ka Boyena a le daemensheneng eo ya botshelela. Ke matla a Modimo. Re fihlile sebakeng moo re nyollelwang

PALLOMORAO

21

daemensheneng eo, ka nqane ho ntho ena ya ho ya lebitleng le ho lla, ntho ena ya ho leketlisa thapo kotolaneng ya monyako le ho dumedisa re re a tsamaye hantle ka mehla. Allelua! Re se re kene ka hara moastronoto, mme re fofetse ka ntle koo mme re bona moo e leng teng, le ho kgutla hape. Thoriso! Re tlilo ya Hae mose wane ho sebaka, ka nqane ho lebaka la motho. Ka moo maqheku a tla fetolwa ka nako le motsotso ka ho panya ha leihlo. Re tla ba bona mono, monna le basadi ba tsofetseng, ba boetse ba le batjha. “O tseba jwang?” Bibele e a e ruta! Mme, Modimo o ile a tswibilela moastronoto hodimo mono, re tseba sohle se amang le yona, ho kgutla hape. Pelaelo ya ho shwa ha esale yo. Ho shwa ha se letho. Ehlile, ke ho phela. E, monghadi. Ke ho phahamisa maoto a hao mobung feela hore re kgone ho tsamaya. Oh, ho babatseha hakakang! 91 O tshepisitse tsena tsohle Lentsweng la Hae, hobane Baheberu 13:8 e boletse, “Esale Yena maobane, kajeno, le kahosafeleng.” Dintho tseo A kgonneng ho di etsa, Modimo o kgonne ho phethahatsa ka monna a le mong ya ka ineelang yona, Lentsweng la Modimo, hobane, jwaleka ha ke boletse maobane bosiu, haesale a eme le Lentswe. 92 Jwale, le a tseba keng, hantle–ntle diastronoto ha se ntho tsa jwale ha kaalo. Le reng ka Elia? Haeba e ne e se moastronoto, ha ke eso bone e mong. O kile a fihla moo John Glenn a esong ho nahane le ho fihla teng. 93 Be, le a tseba, ka mohla o mong ba fumane e mong ya faletseng butle–butle. O ne a bitswa Henoke. O ne a nyolohe feela a ikela, empa e ne e le moastronoto. Ehlile bo. O ne a pompuwe matla, ha a ka a tlameha le ho fetolwa, ka letho. Tjhe, o ne a hlohlilwe matla mohla a qalang a tsamaya. O kile a tsamaya feela a phunyeletsa didaemenshene tsohle le ntho yohle, ho tswa a tsamaya a kena ka pela Sefahleho sa Modimo. 94 Mme thaka le leng la motsofe le kile la kgathala le sa kgone ho tsamaya hantle. A ile a qwaketsana le Jesebele, le moriri wa hae o bokopa le ferefe le ntho tsohle, Modimo a ba a romela koloi a e theola, ho re, “Ke tla o dumella ho kalla o qhobe hara maru thapama ena.” Moastronoto! 95 E Mong o kile a tla re shwela bohle, mme Modimo wa Mo tsosa ka letsatsi la boraro. Mme banna ba makgolo a mahlano ba ema mono mme ba Mmona a nyollelwa marung, mme Lentswe le re, “Ke sa tla boela ke kgutla.” Mme Lengeloi la kgutla mme la re, “Jesu ya nyolohetseng hodimo, Monghadi Moastronoto, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo, ka sehwana seo A leng ka hara sona, mmele, o sa shweng.” Allelua! “Mme re tla ba le mmele o kang wa Hae ka Sebele o kganyang, hoba re tla Mmona ka moo A leng kateng.” Oh, allelua! O

22

LENTSWE LE BUILWENG

phuntse marako ohle a modumo, marako ohle a mabaka, mme o tsheletse ka nqane ho mabaka, ho tshelela ka nqane ho ntho efe esele. 96 Mang le mang ya phelelang Modimo o tla lokela ho tshelela ka nqane ho dithokutlo tse hlano, ho lokela ho ya ka thuto efe feela, tshibollo efe feela eo motho a kgonneng ho e fihlela, le ho dumela Modimo, ho phunya sohle le ho se beella ka thoko, le ho haola a kena Lehodimong. Amen. Oh, seo diastronoto di kgonneng ho se sibolla hlahong, Modimo o kgonne ho se etsa ka kereke ya Hae, moyeng, ka batho ba moya ba tla dumela. Monna ofe kapa mosadi ya itetang sefuba nako efe feela, nako efe feela ho nka Modimo Lentsweng la Hae, ke moastronoto. 97 Ba ye ba re, “Oh, ha e na mabaka. Utlwang batho bao ba llang, ba howeletsang, na le utlwa see? Oh, ha e na mabaka.” Bao ha ba utlwisise. 98 Motho o itse ho nna, ho re, “O ne o lora, Moena Branham, mohla o ne o bona tulo eo.” Ke ne ke sa lore toro ya letho. Ke ne ke eme hodimo mono ke shebile fatshe moo ke robetseng betheng. Mohlomong ke ne ke lora betheng, empa ke ne ke le hodimo mono ke itjhebile. Wa bona? Oh, O ile a mpalamisa nakwana jwaloka moastronoto hoseng hoo, ho mpontsha hore ke ye ho kae. Mme seo se bontsha hore radara ya hao e ye e supe, hantle feela moo e leng teng. Jwale, ha se nna, ke Yena. Moya wa hao ka hare ho wena ke ona o dumelang Molaetsa oo, mme Moya o Halalelang ke ona o eme mona moo ke leng teng, mme o e dumela jwalo mme e a hokahana; mme ke ena e boela e kgutla, ho arabela. Moastronoto! Amen. Oh, ho babatseha ha kakang! E, monghadi. 99 Ntho e kgolo, mahlale a entse ntho ya tonana. Mme, le a tseba, ba entse ntho e kgolo ho fihlela ba itshaba. Ke hantle. Ba finyeletse boholo hoo ba itshabang. Le a tseba, ba sa tswa bolela mona dilemo tse ka bang pedi tse fetileng, e ne e le “metsotso e meraro pele ho kgitla ya bosiu.” Ba tshohile. Ba etsang? Jwale, motho o kgonne, ho latela hlaho ya hae ka moastronoto wa hlaho, jwale o kgonne ho sibolla moastronoto enwa. Mme jwale o a nahana o re mohla Rashiya e qalang e phatlola naha ena, kapa naha e nngwe, o tlilo fofa a ye kwana kgweding. 100 Ke bone nthwana e ntlenyane tsatsi le leng, e ne e le ntle bo. Maindia a mabedi a ne a eme, ba qoqa, bathwana ba dimpa di makuka, wa tseba, ka mokgwa oo, mme lesiba le hlonngwe ka mora hlooho tsa bona, mme ba ne ba tsukutlana ka matsoho, ba phathatsana. Ho re, “Moena, ho se ho se hokae re tlilo kgutlisetswa naha ya rona, motho e mosweu o ya kgweding.” Ho re, “Ho se ho se hokae re tla fumana naha ya rona hape. Motho e mosweu o ya kwana kgweding, ka hona re tla boela re fumana naha ya rona hape.” Ho itoketse.

PALLOMORAO

23

101 Oh, mme jwale ba batla ho bopa dihwana tse ngata tsa diastronoto tsena ba tle ba kene ho tsona. Mme e—e mongwaha wa atomiki o a fihla, ba tlilo phatlola lefatshe, ba tla hula ntho ena feela mme bohle ba qhomele kwana kgweding, ho kena leetong le yang kgweding, mme ba ntoo qeta tsohle, mme ka hona ba hlome moruo o mong kgweding. Ba ke ke ba fihla mono. Ha ke e dumele, ka pelo yohle ya ka, hore ba tla fihla mono le ka mohla. Wa bona? 102 Empa, ka yona nako eo, modumedi wa sebele ya leng ka ho Kreste o kene ka hara Moastronoto. Amen. “Ka Moya o le mong bohle re kolobeleditswe ka hara Moastrotono a le mong.” Oh, Mmele o le mong! Wona o kgona ho tiisetsa kgatello ya mofuta ofe feela. Ba kile ba e leka seboping sa mollo, wona o kgona ho tiisetsa mollo, ka hona o ke ke wa tjha; motjheso o menahaneng hasupa. Ba kile ba e leka. Mme ntho e nngwe le e nngwe e hlaha e lokile. Ka hona boramahlale ba moya ba ipakile ba kgona ho mamella ntho efe feela. Ka baka leo e—e modumedi wa sebele wa moya o ikgobokantse mme o kene ka hara Moastronoto wa Modimo, Kreste, ho dumela dintho tsohle; ho lahlela ditumelwana tsa hae ka thoko, ditumelwana tsa Pentekosta, ditumelwana tsa Baptise, ditumelwana tsa Methodise. O kene ka hara Moastronoto feela, ho re, “Morena, e tla be e le malala–a–laotswe neneng?” Oh, kgidi! O etsang? O etela ditshebeletso tse nyenyane, o ntse a mametse pallomorao ya Lentswe la Modimo. 103 Wa tseba, mohla John Glenn a ne a dutse mono hoseng hoo, ba ne ba mametse pallomorao. “Leshome, robong, robedi, supa, tshelela, hlano, nne, tharo, pedi, nngwe, noto.” Wa bona? Mme jwale o fihlile moo a reng, “Ke metsotso e meraro pele ntho e nngwe e thakgoha.” Ha ba tsebe hore keng. “Metsotso e meraro pele re otla hora ya noto.” 104 Jwale le lemohe, modumedi wa sebele o ka hare ho Kreste. Ha ho tsuo ho ba leng ka ho Kreste. Ba bolela Lentswe, ho tsepama le Lentswe hantle. Ha ke tsotelle seo diphutheho tsa borapedi di se buang, ba tla Le dumela. Ba tla ema mono hantle, hobane ke Lentswe. Diphutheho tsa borapedi di kubisetsa di tsosa kgang ya tonana mme di a ba kgaola, ho ba leleka, le ho re “ba hlanya,” ntho ka nngwe jwalo. Empa ba ema le Lentswe leo hantle. Ha Modimo a fela a e tshepisitse, ba dula mono hobane ke diastronoto. Ba dumela Lentswe. Mme mokgwa wa ho ba fekisa ha o yo. Ba tla o siya o le jwalo le hona, ako—ako ba tlohele nakwana. 105 Empa ba ka hare ka mono, ba dutse dibakeng tsa Lehodimo ka ho Kreste Jesu, ba mametse pallomorao, Mengwaha ya Kereke le dintho tse jwalo. Thoriso! E a le thabisa, ha ho jwalo na? Ho mamela pallomorao! Pallomorao keng? “Dintho tse neng di tshepiswe, e etsahetse hantle hona mona. Tsena

24

LENTSWE LE BUILWENG

tsohle tse tshepisitsweng, moo e etsahalang teng ke mona. Haeba tshepiso e fela e le teng, e etsahetse mona. Tshibollo A e tshepisitseng kajeno, ke ena e hara rona hantle.” Ba etsang? Ba mametse pallomorao. E se e tsamaile bohole bo bokae? Ho tloha morao kwana ho Luther. Pallomorao! “Tokafatso, kgalaletso ^Leshome, robong, robedi, supa, tshelela, hlano, nne, tharo, pedi^Nyoloha!” Ba etsang? Ba emetse ho thakgoha, hora ya noto. Amen. [Moena Branham, dihora tse pedi hamorao, o ile a hatisa karolwana ena e qetellang e leng diratswana tsa 106–111. O e hlalosa therong ya hae ya mantsiboya e reilweng Ka Pela Sefahleho Sa Hae, diratswana 4–5—Mong.] 106 Mopotoloho o moholo ona oo Kereke e leng mothating wa ho kena ho ona, le nako e kgolo ena ya pallomorao, ke rata ho le hlalosetsa seo pallomorao e leng sona. Jwale, ke nahana re tswa feta ho yona mona kerekeng. Mme jwale le elellwa taba eo, ha moastronoto wa hlaho a itokisetsa ho phahama lefatsheng, pallomorao e qala ka leshome e kgutlela ho noto. Jwale, ha kea ka ka leka ho qhaqholla Molaetsa le ho o qhwaella moelelo wa semoya, kahobane e ka qeta nako e ngata hoseng hona. Empa ke batla ho leka ho le hlalosetsa sena, hore leshome ke palo ya “lefatshe,” motho. Empa supa ke palo “ya phetheho ya Modimo.” O ne a etse mahodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng, yaba O phomola ka la bosupa. Mme lefatshe le tlamehile ho sotleha tlasa sebe dilemo tse dikete tse tsheletseng, kapa kereke e sotleha tlasa sebe, mme sa bosupa ke Mileniamo, Sabatha.

Supa ke palo e phethehileng ya Modimo. Mme jwale O re file pallomorao e nepahetseng, mme pallomorao ya Hae ha se leshome, empa ke supa. Re sa tswa feta Mengwaha E Supileng Ya Kereke. Jwale re a fumana, mme kwana ho Ditshenolo, pallomorao ya pele e ne e le mongwaha wa pele. Pallomorao ya bobedi, mongwaha wa bobedi. Mme ya tswelapele jwalo ho fihlela pallomorao ya bosupa. Mme e bonahala ka pela rona mona, jwaloka ha setshwantsho se takilwe, hore re bile le pallomorao ena. Palo ya pele e badilweng ke Efese. Palo ya bobedi e badilweng ebile Smirna, Smirna. E ntano ba Pergame. Thiatire. Ya bohlano ebile Sarda. Ya botshelela ebile Filadelfia. Mme ya bosupa ebile Laodisea, mongwaha wa kereke ya ho qetela. E ntano ba nako ya noto ya ho falla ha kereke, hoba mengwaha ya kereke e qete sebaka sa yona. Jwale, re a tseba mongwaha wa Thiatire o tlile wa ba wa ikela, le mongwaha wa Efese o tlile wa ba wa ikela, mongwaha wa Filadelfia o tlile wa ba wa ikela. Mme re mongwaheng wa kereke ya bosupa, qetellong ya wona, mongwaha wa Laodisea. Mme eo ke pallomorao.

107

108 Ha le ka elellwa dithutong tsa rona tse fetileng tsa dikereke, O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong la Hae, tseo

PALLOMORAO

25

re di fumaneng e le “basebeletsi ba supileng ba mengwaha e supileng ya dikereke.” E mong le e mong wa bona o tsebisitswe ka phethahalo mohla Modimo o no o qala pallomorao ya Hae. Ho qala mohla A ne a tsamaya, ho fihlela A kgutla, O ntse a phutha batho bakeng sa Lebitso la Hae. Ho qala ka Tsatsi la Pentekosta. Ya pele, e ne e le kereke ya Efese, naledi le moromuwa wa kereke eo re dumelang e le Mohalaledi Pauluse. O tlile, mme palo ya pele e badilwe e qetilwe. Mongwaha wa kereke ya bobedi, e leng Smirna, e ne e le Irenease, mohalaledi e moholo wa Modimo ya tataisitseng mongwaha wa kereke eo qetellong. Mongwaha wa kereke ya boraro, e ne e le Pergame, Mohalaledi Columba e ne e le mohalaledi e moholo wa Modimo. Mehleng ya Mongwaha o Lefifi, hlorisong, mongwaha wa bone le padiso ya bone, Mohalaledi Martin wa Troase, mohalaledi e moholo ya tswang Fora. Mongwaha wa kereke ya bohlano, mme mongwaha wa yona pallomoraong e ne e le Martin Luther. Mongwaha wa botshelela e ne e le John Wesley pallomoraong. 109 Jwale re mongwaheng wa bosupa, mongwaha wa kereke ya Laodisea. Mme re shebeletse moromuwa e moholo eo e leng ho hlaha ha Elia labobedi, pallomoraong. Mme hang ha seo se hlaha, e tla be e le hora ya noto mme kereke e falla e ya hae, ho kena sebakeng koo, ho kena Mahodimong, ka nqane ho kgwedi, dinaledi, ntho e nngwe le e nngwe, le ho kopana le Jesu. 110 Taba ee e hlahile kae mme ba ile kae? Ho kena ka hara Moastronoto enwa. Batho ba kile ba kena jwang ka hara Moastronoto kgetlong la pele? Ba tla tshwanela ho kena jwalo lekgathe ka leng, nako le nako. Ke hantle. Ba tlameha ho kena ka moo ba pele ba keneng, hobane ke mopotoloho o moholo wona wa mmele o moholo wa batho. Mehleng ya Nowe, monyako o ne o le mong feela, mme monyako oo e le yona feela kgoro e kenang. Sohle se neng se kena, ho sa tsotelehe haeba di ya mokatong wa pele tlasa tokafatso, mokatong wa bobedi, kapa mokatong wa boraro, tsohle di ne di kena ka monyako o le mong. Tsohle di ne di kena ka ho tshwana. 111 Mme ho a itshwanela le letsatsing lena la moastronoto. Re tshwanetse ho kena ka ho tshwana, ho kena ka tsela e tshwanang, ka Molaetsa o tshwanang, ka Kreste ya tshwanang, ka wona Matla ao ba a amohetseng Tsatsing la Pentekosta. Ka ho tshwana! Esale e le Motho a le Mong, hobane Ke Monyako o tshwanang. Mme re kena jwang mmeleng wona? Ka Monyako. Mme Jesu ke Monyako wa Mmele wona. Ka baka leo re a kena mme re tswallwa Mmusong wa Modimo, ka Monyako, Jesu Kreste. Mme jwale Monyako o se o ya kwallwa Laodisea, pallomorao ya mafelo, mme Kereke e itokisetsa ho kena mopotolohong wa yona ka hodima matshwenyeho wohle, hodima sohle, le ho fofa e kena mahodimong a Lehodimo, ho nka Kereke ho e isa sefubeng sa Modimo. Amen. [Sekgeo lebanteng—Mong.] Amen.

26

LENTSWE LE BUILWENG

112 Hoseng hoo mohla John^mohla Glenn enwa a ne a thakgoha mono, motho ka mong o ne a shebile, ba lla ba rapela, ba ipotsa seo a tla se sibolla. Mme ntho ya pele, mollo wa qala wa hasakana o tswa diatomong ka nako ha tswibilahadi eo e phahama mono Cape Canaveral, e nyolohela moyeng jwalo, mme batho ba howeleditse ba lla ba ipotsa se tla hlahela moastronoto wa bona ya na nyoloha.

Oh, empa Kereke, thoriso, e hasakanya mollo o itseng le yona. Amen. Pallomorao e a fihla! Amen! “Tokafatso, kgalaletso, kolobetso ya Moya o Halalelang, mongwaha wa kereke ya Laodisea,” re qetellong! Jesu Kreste yena maobane, kajeno, le kahosafeleng! Molato keng? “Leshome, robong, robedi, supa, tshelela, hlano, nne, tharo, pedi^noto!” Ba ke ke ba lla, empa ho tla binwa ho hlajwe ditlatse mme ho roriswe Modimo, mohla Kereke e nkang kgato ya yona ya astronoto dibakeng e tsamaya ho ya ba mmoho le Jesu Kreste. Amen. 113

114 Tshibollong ya hlaho, ba tlohile ba ya kgweding. Tshibollong ya moya re tloha re ya Lehodimong. Amen! Moastronoto wa hlaho o leka ho iphumanela madulo kgweding. Re se re fumane madulo Lehodimong. “Mehaho e mengata ka Tlung ya Ntate wa Ka. Ke ya ho le lokisetsa bodulo, mme Ke tla romela Moastronoto ho tla le lata.” Pallomorao e tsweletse! Le a e dumela na? Amen. Pallomorao! “Leshome, robong, robedi, supa, tshelela, hlano, nne, tharo, pedi, nngwe, noto!” Mollo o qala o hasakana, molaetsa o rweswa moqhaka Kganyeng. Allelua! Mme rokete ya kgale e qala e tloha, ha e a lebiswa kgweding, empa e habile Kganyeng. Ke Eo koo, mollo wa Modimo o a hasakana. Matla a Moya o Halalelang a mo phahamisa homme ka nqane ho kgwedi, dinaledi, ka nqane ho ntho efe feela eo motho ka e sibollang. Kereke e tla fofa e ya difubeng tsa Modimo Lehodimong, hoseng ho hong hona. Metswalle, mme motho o kgonne ho sibolla seo ba se kgonneng ka dintho tsa bona tsa hlaho, mme Modimo (ke e pakile mona) o e bapisitse ka ntho ya moya. 115 Ha re keneng ka hara Moastronoto, kapele! Menyako e tla kwalwa ka mora nakwana. Pallomorao e tsweletse! Mahlale a re pallomorao ya bona ke metsotso e meraro. Ya rona e ka potlaka ho feta moo, mohlomong jwale ke “nngwe” e itokiseditseng “noto!” Ha re keneng. Le a dumela pallomorao e tsweletse? Ha re inamiseng dihlooho tsa rona motsotso ke hona. 116 Ntate! “Leshome, robong, robedi, supa, tshelela, hlano, nne, tharo, pedi^” Modimo! “Ditjhaba di a pshatleha. Iseraele e a tsoha, dipontsho tse boletsweng ke baporofeta; matsatsi a Baditjhaba a badilwe, ka dikoduwa tse phophothang; kgutlelang, oho lona ba qhalaneng ho ba habo lona.” Letsatsi le le kakang! Lesedi la mantsiboya le tjhabile. Oho Modimo, re

PALLOMORAO

27

rapela hore mosadumele e mong le e mong a beelle mehopolo ya hae yohle ya thuto ya hae ka thoko kapele, menahano ya hae yohle e kgahlano le Lentswe la Hao, mme hoseng hona a kene ka hara Moastronoto ya tlotlehang enwa, hobane re tswallwa ka hara Yona, ka hare ka mono ho ba karolo ya Moastronoto. 117 Ke a rapela, Ntate ya Lehodimong, mme ka hara Mmele o moholo wona wa Kreste, kajeno O tle o kolobetse badumedi ka Moya o Halalelang. Letsha le ke le tlale batho hoseng hona, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona mme ba patwa ka Lebitso la Jesu Kreste, mme ba palame Moastronoto wa kgale, Morena, ya tshelelang ka nqane ho kgwedi, dinaledi, le ho tshelela ka nqane ho ditumelwana, phutheho ya bodumedi. Re se re baletswe pallomorao. O re boleletse seo e tla ba sona, tse tharo, dikgato tse tharo tsa ntho ena. O buile ka mengwaha ya kereke, ka moo ba tla tsamaya kateng, mongwaha wa kereke ya pele, mongwaha wa kereke ya bobedi, mongwaha wa kereke ya boraro, ya bone, ya bohlano, ya botshelela. Padiso ena ke ya bosupa. Mme ka mora supa, mongwaha wona; etswe re se re kene ho wona, mongwaha wa kereke ya ho qetela. Mme jwale pallomorao e tsweletse. Mengwaha e se e badilwe, mongwaha wa Luther, mongwaha wa Wesley, mongwaha wa Pentekosta. Mme jwale, Morena, ke ho kgobokana ka hara Moastronoto, ya tshwereng galase ya tonana e hodisang ka pela Yona, re kgona ho bona Kgayeng, ho bona Jesu, ho Mmona matleng a Hae ohle, ho Mmona ditshepisong tsa Hae tsohle. Ntho e nngwe le e nngwe A e tshepisitseng e hadimiswa hodima rona. Re O leboha ka sena. 118 Modimo, kajeno kereke e ke e kene polokehong kapele, hoba hora ya noto e fihla kapele mme monyako o moholo wa Moastronoto o tla kwalwa, sefofane sa Moastronoto. Mme re tla tsamaya jwaleka Nowe mohla a kenang ka hara moastronoto wa hae, ka moo e etsahetseng kateng, o kile a phahama ka hare le ka hodima metsi ohle a kahlolo. Mme, Ntate, re batla ho kena ka ho Wena re tle re phaphamale hara dinoka tsa nako, re fete Mars, Jupiter, Venus, hodima Molala, jwalo le jwalo le jwalo, moo moastronoto wa hlaho a sa tsebeng letho ka yona. Empa re a bona O mo dumella ho e etsa e le pontsho, re tle re itokisetse ho tsamaya. Re tloha lefatsheng. Fana ka sena, Morena. Ka Lebitso la Jesu Kreste, ke a e kopa. 119 Mona ho robetse diduku, Morena, di robetse mona, batho ba kulang ba di tlisitse. Ba dumela, Morena. Mme e ke e be maloko a feletseng a diastronoto hoseng hona. Matla a Modimo o Matlawohle Ya hadimisang Bibele ya Hae hodima sena, haele moo ba ne ba nke ho tswa mmeleng wa Mohalaledi Pauluse, diduku le masela, mme bakudi le ba mahlomoleng ba fola. Modumedi wa moastronoto, e tle e re ha ntho eo e mo ama, a thakgohe, Morena. Malwetse a sale ka morao! Motho e mong le e mong ya kulang mona hona jwale, Morena, a kene ka ho

28

LENTSWE LE BUILWENG

Kreste Jesu, Lentsweng la Hae, tshepisong ya Hae. Le ho re, “Le kope tsohle ho Ntate ka Lebitso la Ka, Ke tla se etsa.” Ba ke ba qale ba bale, “Leshome, robong, robedi, supa, tshelela, hlano, nne, tharo, pedi^noto. Ho thakgoha, Morena!” Ba ke ba phahame mealong ya bona, diterechara, seo e ka bang sona. Ba ke ba tsohe ditlamong tsa malwetse a bona, ho kena ka ntle kwana sebakeng se ka ntle moo dingaka, boramahlale le mang wa bona, a sa tsebeng letho ka yona, moo Matla a Modimo a tshepisitseng ka patlisiso ya Bibele mona, kapa ka patlisiso ya moya, ke rialo, ya Bibele; ho bontsha ha Modimo e kileng ya ba Modimo, esale Modimo, E tla besale e le Modimo ka mehla, mme Ke Mohlokapheletso, Yamatlawohle, Raboholobohle, Boleng ba Motlalahohle bo kgonang ho boloka Lentswe la Bona; mme a ka etsa dintho tsohle, mme o re tshepisitse hobane dintho tsohle di ka etsetswa ba dumelang. Modimo, fana ka sena. 120 Monna le basadi ba hlahlathelang, moshanyana kapa ngwanana, hoseng hona, ba seng ka hare ka mono mme ba mametse pallomorao ya Lentswe la Modimo, ho tseba hore re se re le tlase kwana hantle, ntho ya ho qetela e se e badilwe. E se e le mothating wa ho howeletsa “noto” nako efe feela, mme kereke e falle. Re bona Molaetsa o fella. Re bona hloriso e hlahang, jwaleka ha re buile ka yona bosiu bo fetileng. Re a tseba hobane nako e haufi. Pallomorao e qetilwe. O re thusitse mona sethaleng ho theola mengwaha ya kereke, le ho nka ntho ka nngwe le ho e paka, hore hajwale e ka hlaha nako efe kapa efe. Modimo o Matlawohle, O entseng Mahodimo le lefatshe, ako romele mehauhelo ya Hao hodima batho mme o ba fe seo O ba boloketseng sona. Hoba re e kopa Lebitsong la Jesu.

Mme monna le mosadi ka mong o inamisitse hlooho ya hae. Ha ba bang ba sa tsebeng Kreste jwaleka Mopholosi wa bona ba le teng hoseng hona, mme ba rata ho Mo tseba le ho kena maemong ana a mohau wa Modimo wa Astronoto, ho kena Hlwibilong, na o ka phahamisa letsoho la hao mme wa re, “Ke itokisitse, ke batla ho itokisetsa Hlwibilo, Moena Branham. Nthapelle.” Modimo a o hlohonolofatse. Modimo a o hlohonolofatse, wena. Modimo a o hlohonolofatse, le wena. Ka ntle, ka hare, hohle moo o leng teng, phahamisa letsoho la hao feela. Ke lena, ho re, “Modimo, nkenye ka hare.” Modimo a o hlohonolofatse. “Ke batla ho utlwa pallomorao. Ke batla ho e utlwa. Ke batla ho tseba hore ke bolokehile, hore mohla mollo o phatlohang ke be ke sa dula tlase mona ka hara pere le kariki. Ke be ke sa dula ka hara kereke, ke palame koloi. Ke tla be ke se ka hara e kgonang feela ho phahamisa maoto a yona mobung jwale, halelele feela ho qhoma le ho tsosa letomotomohadi. Ke batla ho ba ka hara ntho e tla mpepa e mpehe ka nqane ho kgwedi le dinaledi. Ke batla ho mamela 121

PALLOMORAO

29

pallomorao; e seng tumelwana e itseng, mokgatlo o itseng. Empa ke batla ho ba ka ho Kreste, moo nka fofang hodima sohle e leng lebaka la motho. Ke batla ho falla.” 122 Na e mong o teng pele re rapela, o teng? Modimo a o hlohonolofatse, mofumahadi e motjha. Modimo a o hlohonolofatse, monna e motjha. Modimo a o hlohonolofatse, le wena morao mono. Ke bona letsoho la hao, mme ruri Modimo o a le bona. Le wena, moena wa ka, wena moena. “Ke ipatla pallomoraong eo. Modimo, nke ke beelle boima bo bong le bo bong ka thoko.” Modimo a o hlohonolofatse, moena. “Ke batla ho beella sebe se seng le se seng ka thoko. Ke na le mabifi Moena Branham. Oh, nke ke ka kena ka hara ntho Eo ke le jwalo. Rapela Modimo ho a tlosa ho nna. Ke—ke, Moena Branham, ke—ke nwa hanyenyane. Ha ke batle ho etsa jwalo. Rapela hore ke e beelle ka thoko. Ke a tsuba. Ha ke batle ho etsa jwalo. Modimo o a tseba ha ke batle ho etsa jwalo. Ntho eo e nkoboteditse fatshe feela, ke—ke feela ke a e etsa, ha ke kgone ho di hloboha. Ke a tseba e phoso, mme ha ke a tshwanela ho e etsa. Nke ke ka hlola! Ntho e nngwe, esale ke belaela Lentswe. Esale ke ipotsa hore na Le nepahetse. Nthuse, Modimo. Ntumelle, nke ke hopole hore Leo le nepahetse kaofela, mme ke a Le dumela. Ke batla ho mamela pallomorao. Ke ipatla ke le moo ha ke bona Lentswe la Modimo le bua taba, ke batla ho le omela ka ‘amen’ le ho re ‘Ke Nnete, Morena.’” Jwale bohle^Modimo a le hlohonolofatse. Modimo a le hlohonolofatse, e mong le e mong wa lona. 123 Ba teng ba kulang mona jwale, mme le re, “Moena Branham, hoseng hona ke Mokreste, empa ke a^Esale ke^ho fumana Moya o Halalelang. Jwale ke theohile sefofane, ke ihlophiseditse pallomorao. Ke tswile diphuthehong tsa mefuta le nthong tsohle, ho mamela pallomorao. Empa jwale ke batla ho bua ntho e le nngwe ena, Moena Branham, hoseng hona, ke a kula. Le jwale ke sa tshwanela ho sebeletsa Morena. Ke sa ntse ke mametse pallomorao, empa ke batla ho— ke batla ho fola. Ke e hatikela hodimo hoseng hona, ho mamela pallomorao.” Pallomorao keng? Lentswe la Modimo. Esale le bala le theoha. Esale Yena maobane, kajeno, le kahosafeleng. “Ke batla ho Mo utlwa jwaleka Mopholosi wa ka hoseng hona. Ke batla ho phahamisa letsoho la ka le ho re, ‘Nthapelle, Moena Branham.’” Modimo a o hlohonolofatse. Ako hate o kene hantle jwale. Hata o kene hantle. Aletare e tletse, le ka mathoko mona, ba pitlane hodima mokato. Re ka sitwa ho rala mola wa thapelo. Ba eme pela mabota le ntho tsohle. Re kopakopane feela. Ha le a tlameha ho etsa jwalo. Le ka hara e—le ka hara e^O moastronoto. 124 O moastronoto. O tshethemela ka nqane ho Luther. Luther ha a ka a e dumela kaofela. Wesley o ne a ba beha matsoho. Pentekosta e tlotsa ka oli. Wena o moastronoto, o tshethemetse

30

LENTSWE LE BUILWENG

ka nqane ho ntho efe feela e beang lebaka. Kahobane feela Lentswe le itsalo, ke tswelapele. Be, o re, “Luther o ne a sa dumele na? Na leo e ne e se Lentswe?” Eya, empa Wesley o ile a nyolohela hodingwana ho yena. “Be, Wesley o ne a tlotsa ka oli kapa a etsa ntho e nngwe. O dumela seo?” E, ke hantle. “Pentekosta e leleka batemona.” Eya. “Ho ba beha matsoho hodimo, ba ne ba ena le phodiso matsohong a bona le sohle.” Eya, ke a tseba ke nnete, empa ako tswelepele. Tswelapele! Wesley ha a hetle morao ho Luther, Pentekosta ha e hetle morao ho Wesley. Le rona ha re hetle morao ho Pentekosta. Re diastronoto. Re ka nqane ho ntho eo. Ha re tsweleng pele. Kreste o itsalo! 125 O e sebetsa jwang? “Tloo bee matsoho a Hao hodima moradi wa ka mme o tla phela,” ho rialo Mojuda. Jesu a tloha a mo etsetsa jwalo, ke hantle. Empa ho Moroma, moastronoto, o itse, “Ha ke na tokelo ya hore O kene tlasa marulelo a ka. Bua Lentswe feela, Morena.” Mme O se a e buile. Ke yona. 126 Jwale ha re phahamisetseng dipelo tsa rona—tsa rona ho Modimo. Ha re phahamisetseng matsoho a rona ho Modimo, dipelo tsa rona ho Modimo. Sohle o se hlokang, pholoso, kgalaletso, kolobetso ya Moya o Halalelang, phodiso ya Kgalalelo, se e ka bang sona, phahamisa matsoho a hao mme o phahamisetse pelo ya hao hantle ka pela Sefahleho sa Modimo, mme u a elellwa hore u dutse dibakeng tse Mahodimong ka ho Kreste Jesu, mme o moastronoto ka Tumelo. Eng? Padiso ke ena e latela! “Leshome, robong, robedi, supa, tshelela, hlano, nne, tharo, pedi^” Oh, Jesu, tloo jwale! Re beha matla a Lebitso la Hae. Mme jwaloka ha re bone maobane bosiu, Pauluse o na otle motho ka bofofu, a dumella e mong ho mo hatikela hodimo. Mme re bona Jesu a kgonne ho etsa sohle se A—A se entseng, mehlolo ya mefuta yohle, mme leha ho le jwalo O ne a fihlile qetellong ya tsela ya Hae, ho bona A tetekwa mme a tshwelwa ka mathe, le ntho ka nngwe. Batho ha ba e utlwisise. Ba elellwa hore Modimo o etsa hoo ho thasisetsa hore e nepahetse, mme ebe moo tumelo ya batho e lekwang. 127 Morena, re nnile ra ema mona ra bona difofu tse foufetseng di buseletswa pono ya tsona, malwetse; mefetshe e neng e sirile batho, ya fodiswa. Re bone ba neng ba shwele mme ba robaditswe ka ntle dihora ka mora dihora, mme ba boele ba kgutlele bophelong. Re a tseba hore ke—ke Kreste wa rona e moholo re leng moastronoto mmeleng wa Hae. Mme jwale pallomorao e tsweletse, mme hoseng hona re tlilo dumella phodisong ya rona, pholohong ya rona, le bakeng sa sohle se re se hlokang. Hoba re e kopa ka Lebitso la Jesu Kreste, O tshepisitse, “Kopang ho Ntate tsohle ka Lebitso la Ka, Ke tla se etsa.” Mme sohle seo re hlokwang ho se etsa jwale ke ho bitsa Lebitso la Hae, mme se tlamehile ho etswa. Re ntse re mametse pallomorao.

PALLOMORAO

31

128 Morena, ba bang ba bona esale e le baetsadibe, ba phahamisitse matsoho a bona. Ba emetse pallomorao, mohla phethoho e tla fihla pelong tsa bona, hoo ho tla honya bomadimabe ba kgale bohle bo sebodu. Ba bangata ba tsuba disakrete, ba itokiseditse ho di lahlela ka thoko. Bongata ba entse dintho tseo ba neng ba sa tlameha ho di etsa, mme ba itokiseditse ho di lahlela fatshe, hobane re kopa Modimo o Matlawohle ka Lebitso la Jesu Kreste ho tlosa sohle se sitisang Kereke hoseng hona, ho qala ka bolwetse ho isa sebeng, mme kereke ena e ke e lokolohe. Ka Lebitso la Jesu Kreste, matla homme Matla a Evangedi e kgolo, Mollo wa Moya o Halalelang o qala o hasakana, mme diastronoto tse kgolo tsa Modimo di tla thakgoha ho kena takatsong ya pelo ya bona kajeno. Fana ka sena, Modimo o Matlawohle. Ke ba Hao. Mme ba ke ba amohele phodiso ya bona, pholoso ya bona, le eng feela eo ba e hlokang. Ke ba laeletsa ho Wena, mme ke ba neela Wena ka thapelo ya ka, hodima aletare moo Madi a Jesu Kreste a robetseng a le matjha hoseng hona. Ka Lebitso la Jesu Kreste ba ke ba fumane seo ba se kopileng. Mme batho ba itse [Moena Branham le phutheho ba re, “Amen.”—Mong.] 129 Ka baka leo, E dumeleng! A E be jwalo! Ke a E dumela. Ke a dumela. Amen. Ke a Mo tseba hore ke Modimo. Ke a tseba re itokiseditse tshibollo e kgolo ya Modimo. Tshibollo ya Hae ke eng? Ho tloha lefatsheng. Moastronoto o ya kgweding, lefatshe le leng. Mme Kereke ya Modimo (ho tloha ho sefofane, ho tloha mokokotlong wa pere le dinthong tse jwalo) e tsamaya e le moastronoto, ho ya lefatsheng le leng, e leng Lehodimo. Pallomorao, e thakgotswe. Amen. Le a Mo rata? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Ka hona ha re phahamiseng matsoho a rona mme re bineng. Ke a Mo rata, ke a Mo rata Hoba Yena pele^ Ho lokile, Moena Neville. Ho bokwe Morena! Mme Modimo a le hlohonolofatse ho fihlela ke le bona bosiung bona. `

PALL OMORAO

SST62-0909m (The Countdown)

Molaetsa wona, ka Moena William Marrion Branham, o rerilwe sethatong ka Senyesemane Sontaha hoseng, Lwetse 9, 1962, Tabernakeleng ya Branham e Jeffersonville, Indiana, U.S.A., o ntshitswe kgatisong ya teipi ya makenete mme o ngotswe o sa kgaolwa ka Senyesemane. Petolelo ena ya Sesotho sa Borwa e ngotswe mme e abjwa ke ba Voice Of God Recordings. SOUTH SOTHO ©2015 VGR, ALL RIGHTS RESERVED

VOICE OF GOD R ECORDI NGS, SOUTH AFRICA OFFICE

58 DISA ROAD, ADMIRAL’S PARK, GORDON’S BAY 7140 WESTERN CAPE R EPUBLIC OF SOUTH AFRICA

VOICE OF GOD R ECORDI NGS

P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, I NDIANA 47131 U.S.A. www.branham.org

Temoso Ea Tokelo Ea Qopitso Litokelo tsohle li babaletsoe. Buka ena e ka porintoa ka porintara ea lelapa molemong oa motho eo kapa ea abjoa, ntle ho tefiso, e le thepa e jalang Evangeli ea Jesu Kreste. Buka ena e ke ke ea rekisoa, ea boela ea hlahisoa ka bongata, ea manehoa leboteng la website, ea bolokoa ka tsela eo e ka boelang ea ntšoa, ea fetoleloa ka lipuo lisele, kapa ea sebelisoa ho qela matlole ntle le tumello e ngotsoeng ea Voice Of God Recordings®. Ho fuoa boitsebiso bo bong kapa bakeng sa thepa e nngoe e ka fumanoang, ka kopo ikopanye le:

VOICE OF GOD R ECORDI NGS

P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, I NDIANA 47131 U.S.A. www.branham.org