ho tswela ka ntle ho setsha

selemo sena boyanyana. E kopuwa ho hla–^ho beha boya. Ha re koptjwe ho iqalla ho itseng. Re koptjwa ho bea tholwana ya Moya. Ke ho re, bokahare ba nku, ...
122KB taille 67 téléchargements 1542 vues
HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

1

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA ` Ha re tswe re sa eme motsotso feela. Modimo o ratehang, re leboha Wena ka monyetla ona hape ho ema tlung ya Modimo le ho kgumamela Modimo o phelang. Re leboha ha re sa filwe monyetla ona naheng. Mme jwale re tletse teboho ka batho ba tshepehang bana, hape, Morena, ba tswang dimaele tse ngata, makgolo a dimaele, bongata ba bona. Mme ba bang ba bona ba tla leka ho ho—ho hatella tsela ya bona e kgutlang, bosiung bona, ho theoha le mebila, ho haola mmila. Modimo, ke O rapela ho ba le bona le ho ba thusa. Ba supise tsela, oho Ntate. Re U leboha ka lefafatsane lena la pula le re phodiseditseng moya, nakwana e seng kae feela. 2 Mme, Ntate, re O rapela ho kopana le rona bosiung bona Letsweng la Hao. Hobane, ke lona lebaka la ho phutheha ha rona, Morena, ke ho kopana le Wena Lentsweng. Re thuse, Morena, ho bokana ha rona ho be le molemo Mmusong wa Hao, le hore re tle re thuswe, le ho thusa ba bang le hona. Fana ka dintho tsena re a kopa, ka Lebitso la Jesu. Amen. Le ka lula fatshe. 3 Ke bile le dipuisano tse mmalwa tsa sephiri ka mono. Mme hantle pejana kopano e qala, Billy o ile a mpha e—qubu ya tsona ho fihlela ke—ke sa tsebe mokgwa wa ho qala. Empa re rapela hore—hore Modimo a le hlohonolofatse ka teko ya lona ya ho salla tshebeletso ya mantsiboya. 4 Jwale, ha Modimo a rata, Sontaha se tlang ke tla tshwara e—e tshebeletso hape. Ke sa tswa bua le modisa, mme ho itoketse ho bona. 5 Mme jwale eka nka be ke fumane nako ya ho ela motswalle e mong le e mong hloko eo ke nang le yena ka mona, empa kea tseba le lebeletse. Ho a tjhesa. Mme ke—ke tla tlola nako eo feela, le—le ho bua sena, “Modimo a le hlohonolofatse.” 6 Lea tseba, ha ke tsebe ntho e kgolohadi eo motho a ka nkopang eona, e fetang ho re, “Modimo a u hlohonolofatse.” Le a bona? Ha A ka etsa jwalo, ke sohle seo ke se hlokang, feela—feela seo. Ke nahana ke lentswe le leholohadi ho—ho puong, “Modimo a u hlohonolofatse.” Mme, jwale, mme kea tseba O etsa jwalo. 7 Mme jwale ka ha ke boleletse mosadi metsotso e mmalwa e fetileng. Ke ne ke—ke ne ke leka ho tola, mme ke sa kgone ho oma. Ke—ke iphumule, mme ke boele ke kolobe hape. Ke iphumule, mme ke sitwa ho apara hempe ya ka, le hona. Mme

2

LENTSWE LE BUILWENG

ho batla ho fapane kwana Tucson. Ho batla ho tjhesa habedi ho feta mona, empa jwale ha u—u fufulelwe. Ha ho—ha ho mongobo moeeng, ka hona hang ha u tswa o a omella. U ka beha pane ya metsi mono, mme e ile. U ke ke ua fufulelwa, hobane o moyafala le pele u—u ka fufulelwa. Ehlile, u a fufulelwa, empa ha u o bone. Ka baka leo, mona, ke ne ke leka ho tshwarana le nako e boima ya ho ikomisa. Ka baka leo, homme—homme ke kolobile hona jwale. 8 Ke ne ke le motsheo ka phaposing mono, mme re kentse batho ba ka supang kapa ba robedi, ba tshohanyetso, mme keha e lokela ho hlokomelwa hang–hang. 9 Jwale, lebaka leo ke batlang hore le sale, le ho le kopa ho— ho tla, ke kahobane ke—ke utlwa ho—ho re lokela jwalo. Ke— ke ne ke sa tl’o etsa jwalo, metswalle. Ke—ke le nkela hodimo haholo, ho ka etsa hoo, ho tla feela le ho—ho utlwa motho, kapa ho mamela seo ke tla se bua, kapa ntho e nngwe. Nke— nke ke ka etsa jwalo. E ne e sa tl’o ba toka. E ne e sa tl’o supa lerato la ka ho lona, ho tla ka tsela eo feela. Mme ha ke dumele le tlile^Kwana, kea tseba le nthata, jwale ka ha ke le rata le nna. Mme—mme ka hona ke—ke—ke tseba hoo, ho seng jwalo le ne le sa tl’o etsa tseo le di etsang. Kahoo ke le nkela hodimo haholo, hoo ke sa tl’o le ludisa motjhesong le dinthong, jwana, hola ke sa nahane ho tla le thusa. 10 Jwale, pele ke tla kwano, ke leka ka bokgoni bohle ba ka, pel’a Modimo, ho qotsa nthwana e itseng, Lengolo la mokgwa o itseng, le ho kopa tataiso ya Hae, ntho ya ho qetela pele ke tswa. “Thusa, Morena Modimo, ka mokgwa o itseng, ho fa—ho fa batho ba ratehang bao tsohle tsee U di kgonang.” Mme ke shebeletse, le ho dumela, hore ke tla phela le lona kamehla. Ke dumela re na le sebaka se se kgutshwane, ha re sa eme mmoho ka mokgwa ona. Re tla ba mmoho ka Bosafeleng. Le a bona? Ke etsa jwalo. Ke—ke—ke dumela hoo. Mme ke batla ho le thusa. Mme nna, ha nka bua ntho e phoso, Ntate ya Mahodimong wa tseba hase hobane ke ikemiseditse ho e etsa; ke kahobane ke e etsa ke sa tsebe; ke tla be ke e etsa ka bohlaswa. 11 Ka baka leo, ka ho tseba hobane le boikarabelo ba ka, le matsohong a ka, bakeng sa Evangedi, kamehla ke batla ho le boloka maqepheng a Bibele ena. Mme—mme ke^ Batho ba tlile ho nna hangata, ho thwe, “Moena Branham, ha u tswela ntle mona le ho re, ‘HO RIALO MORENA’ ho ngwana ka ya kulang, o tla fola. Tswa feela mme u re, ‘O tla fola.’ Ke phetho seo ke u batlang ho se etsa.” 12 Jwale, boo ke botshepehi mme bo kgabane. Ka moo ke ananelang seo! Empa, lea tseba, ke sitwa ho etsa hoo hofihlela A mpoleletse, pele. Le a bona? Nka rapella ngwana, ho etsa sohle seo nka se kgonang.

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

3

Empa, le a bona, ho ka thweng ha nka tswela mono tlasa mafolofolo mme ka rialo? Le a bona, ha nka re, “HO RIALO MORENA,” ka nepo e tla be e le ho rialo mafolofolo a ka. Le a bona? Le a bona? Mme mohlomong e ka etsahala, mme hape e ka tshwana e sa etsahale. Empa, jwale, ho ka thweng ha motho yena eo a kene mafolofolong a ka, mme e sa etsahala? Ebe he, mohlomong motho eo o—o ka nako tse ding o bothateng bo pakeng tsa bophelo le lefu, jwale tshepo ya bona e tla ba kae? Ba tla tshaba hore nka tshoha ke kena tlasa mafolofolo hape. Le a bona? Kahoo he, ha ke e bua, ke batla ho tiya hobane e nepile, ka tsebo ya ka eohle. Mme ha A bua le nna, ke kgona ho bua see A mpontshitseng sona. Leha e thabisa kapa e le bohloko, ke lokela ho e bua. Mme ka dinako tse ding ha—ha ho monate ho bolella batho dintho tseo. Empa, leha ho le jwalo, ke tlamehile ho bolella batho dintho tse—tse mpe tse tla ba wela, jwalo ka ha ke tlamehile ho ba bolella dintho tse molemo tse tla ba hlahela. 13 Mme, etswe hodima tsohle, re batla thato ya Morena. Ka nako e nngwe thato ya Morena e kgahlano le ditabatabelo tsa rona. Empa, le jwalo, ha eba re batla thato ya Morena, ho bohlokwa hakaalo ho tseba bobe bo tla re wela, ha e le thato ya Morena. Leha e thabisa kapa e le bohloko, re batla ho etswe thato ya Morena. Mme kea tseba re e sheba ka tsela eo. 14 Jwale, ke—kea tseba baena mona ba nka metsotso e mashome a mararo ka tlwaelo, molaetsa wa Sontaha bosiu wa metsotso e mashome a mabedi ho ya ho mashome a mararo. Mme ha—ha ke tsebe ke tla kgona ho etsa hoo kapa tjhe, kahoo ke—ke tla etsa feela kamoo nka kgonang. 15 Jwale, ke nahana ho na le tshebeletso ya kolobetso hang ka morao ho ena. Ke utlwile hobane ba kolobeditse sehlopha se seholo sa batho hoseng hona. Ho na le kolobetso e tswellang mona, ka ho phehella, ka dinako tsohle. Baruti, Mamethodise, Mabaptise, Presbeteriene, kereke ya Modimo, Luthere, eng feela, ba ee ba tl’o kolobetswa ka Lebitso la “Morena Jesu Kreste.” Mme pela Modimo, mohla ke tlamehang ho ema Setulong sa Kahlolo, ke tla tlameha ho arabela seo. Mme hola ke hlakile hakaalo mehopolong ya ka, nka lokafatswa nthong efe feela bophelong ba ka jwalo ka ntho eo, ke ne ke tla be ke loketse Tlhwibilo hona jwale, kahobane ke tseba eo e le Nnete ya Evangedi. Le a bona? Eo ke Nnete. 16 Ha ho Lengolo le le leng Bibeleng moo batho ba kileng ba kolobetswa ka tsela e sele haese ka Lebitso la Jesu Kreste. Thomo ya “Ntate, Mora, Moya o Halalelang,” e mpa e^” E– yang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetsa ka Lebitso la Ntate, Mora, le Moya o Halalelang.” E seng ka^e

4

LENTSWE LE BUILWENG

seng ho bisa leemedibitso lena hodima bona; empa ho ba kolobetsa ka Lebitso la Ntate, Mora, Moya o Halalelang, e leng, “Morena Jesu Kreste.” 17 Motho e mong le e mong ka Bibeleng o kolobeditswe ka Lebitso la Jesu Kreste. Mme Bibele e boletse, ho re, “E ka re ha motho a fokotsa Lentswe le le leng ho Eona, kapa a eketsa lentswe le le leng ho Eona, ka tsela efe feela, ho madimabe bona.” Ka hona ke na le tshabo e lekaneng, ya ho eketsa kapa ho fokotsa Letho Lengolong. E nkentse kgathatsong ka hangata, empa ke lula mono hantle. Yena ke tshireletso ya ka. Ya nkarohanya le metswalle ya ka e mengata. Ba ntlhoboha ka baka la hoo. Empa ha feela ke bolokile Motswalle enwa mona, Morena Jesu! Mme Yena ke Lentswe. Ho sa tsotelehe, e ka ba tsela e kgopo, ya ba tsela e thata, O tsamaya ka tsela eona eo. “Efela ha ba bitsitse Mong’a ntlo ‘Belsebule,’ ke hakakang ba tla bitsa barutuwa ba Hae!” 18 Jwale Morena a be le lona le ho le hlohonolofatsa vekeng ena, a be a le fe se molemo seo nka rapelang Modimo ho le fa sona, ke thapelo ya ka. Jwale re til’o bala Lentsweng le bohlokwa–hlokwa. 19 Le—le hopole jwale, hape, Laboraro bosiu^Ana tshebeletso ya thapelo kapa ntho e nngwe e teng hara veke? [Moena Neville o re, “Labobedi, kopano ya thapelo matlung, Mantaha le Labobedi bosiu.”—Mong.] Mantaha le Labobedi bosiu ho na le dikopano tsa thapelo tsa matlung. Kea kgolwa batho baa tseba. 20 Moena Junior Jackson, ana o teng mohahong? Ke^Moena Jackson, ha ke^[Moena Neville o re, “Ee, mona hantle.”—Mong.] O teng mona, Moena Jackson. Ho lokile. Ke— ke^Moena Jackson e mong mona, ke^ Le Moena Don Ruddell, ana o teng mohahong bosiung bona? Moena Don, ka mona. Le bongata ba baena ba bang, ke bona baena ba tswang Arkansas mona, le Louisana, le—le dibaka tse fapaneng ho potoloha le naha. 21 Mme ke na le ba bang, baena ba hodileng bosiung bona, hape. Ke na le Moena Thomas Kidd ya lutseng ka ho le letona ka mona, o tla etsa dilemo tse mashome a robedi le metso e mene matsatsing a mmalwa. Mme ho se ho fetile dilemo tse tharo kapa tse nne, a sehetswe bothata ba prostrate, a bile a bolawa ke mofetshe. Ngaka ya mo robatsa ho shwa. Mme ka batla ke bolaya koloi ya ka ya kgale, ke ya ho yena, hodimo Ohio. Mme Morena Jesu a mo fodisa a phela hamonate. Mme ke mona, yena le molekane wa hae e monyenyane, bosiung bona. Mme bongata ba lona lea ba tseba; mohlomong ba bang ha ba ba tsebe. Empa monna le mosadi ba neng ba bolela

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

5

Evangedi le pele ke hlaha ke bana. Nahanang hoo feela, mme ke se ke le monna ya hodileng. Le a bona? Jwale, mme kea ba sheba, mme ba sa ntse ba tswelapele, ebe kea kgothala. Bohle re tseba Moena Bill Dauch ya lutseng ka kgoneng ka mona. 22 Mme, oh, kamoo re lebohang ka mahlohonolo ohle a maholo a Modimo! A ke a tsamaee le rona hofihlela ho lla terompeta ya ho qetela mme, le a tseba, “Re tla nkelwa hodimo hammoho, ho kopana le Morena sebakeng.” E nahaneng! Batho ba lahlehileng, ha ba sa tla u bona, empa u kopana le sehlopha se seng kaofela. “Ba phelang ba saletseng ho Kgutla ha Morena ba ke ke ba raka, kapa ho sitisa,” ke lona lentswe, “ba robetseng,” e seng ba shweleng. Tjhe, Bakreste ha ba shwe. Ba mpa ba phomola nakwana feela, le a bona. Ke phetho. Oh, banna! “Le terompeta ya Modimo e tla lla; mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele,” ba ipontshe ba bangata. Mme hang–hang, u sa eme mme u shebile, mme, be, moena ke eo, mme u a tseba ho se ho se ho kae. Metsotsong e mmalwa, “Re tla fetolwa, ka motsotso, ka ho panya ha leihlo. Mme mmoho le bona, re tla lahleha lefatsheng, ho nnkuwa ho kopana le Morena sebakeng.” 23 Mme, ho nahana, hodima tsohle tseo re di boneng Mangolong, le boiponahatso bo hlakileng ba hora eo re phelang ho eona, e ka etsahala le pele tshebeletso e fela, nahana ka eona feela, bosiung bona. Mme, ka seo, re atamela Lentswe la Hae, ha re phetla Baheberu kgaolo ya 13, mme re tla bala temana ya 10 ho fihla ho 14. Ya Baheberu 10 le^kapa, kapa ntshwareleng. Baheberu 13:10 ho fihla ho 14. 24 Jwale, jwalo ka ha ke boletse, rona, ha re etsa kano ya botshepehi folageng ya rona, e leng ntho e lokileng, ke^Kamela rea ema ha re etsa kano ya botshepehi. Le diketsahalong tse ding tse kgolo, re—re ema ka hlompho ho etsa jwalo, kapa ho lumedisa, le jwalo–jwalo, setjhabeng sa rona. Mme ha ba letsa The Star–Spangled Banner, re ema pashasha. 25 Mme jwale ka masole a Bakreste, ha re emeng pashasha ha re bala Lentswe la Modimo. Le mamele palo ya Lentswe ka hloko. Lebaka leo ke ratang ho Le bala; mantswe a ka a tla hloleha, empa a Hae a ke ke. Kahoo ha ke bala Lentswe la Hae, feela, le tla hlohonolofatswa. Temana ya 10 ya kgaolo ya 13 ya Baheberu. Re na le aletare, eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona. Ditopo tsa dikgomo, tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa ka ntle ho setsha sa ditente.

6

LENTSWE LE BUILWENG

Ka baka leo Jesu le yena, a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o kile a shwela ka ntle ho monyako wa motse. Ka baka leo re ke re tsweleng ka ntle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae. Hobane mona ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha. 26 Morena Modimo, Ya ikarabelang ho Lentswe lena, le ho ikarabela ho Le hlokomela ho theoha le mengwaha, ho bona hore Le tla ho rona le sa lubakangwa. Ke Lentswe la Modimo le hlwekileng, le sa angwang. Re Le thabela haholo dipelong tsa rona motsotsong ona. Qhaqholla mohlodithero ona, Morena, e be sehloho ho rona, bosiung bona; hore rona, bana ba motho, re tle re utlwisise taelo ya Modimo. Hobane re e kopa ka Lebitso la Jesu. Amen. 27 Temana ya ka ya—ya mantsiboya ana ke: Ho tswela Ka Ntle Ho Setsha. Ke temana e nyenyane, e batlang e le mokgelo, empa, le a tseba, ka tlwaelo re fumana Modimo dinthong tse mokgelo. Lefatshe le kena mokgweng o jwana, hoo, ntho e thoko le neeletsano e tlwaelehileng, e bang mokgelo. Jwale ka ha ke rerile matsatsi a mmalwa a fetileng mona, tabernakeleng mona, ka: Moilwa. Sehwai ke moilwa ho rakgwebo; rakgwebo ke moilwa ho sehwai. Mokreste ke moilwa ho–dumele^mosadumele, le jwalo–jwalo. U tlamehile ho fetoha sethoto sa motho e mong. Ka baka leo, ntho efe feela e sa tlwaelehang, e batla e u etsa sethoto, ho—ho neeletsano ya tlwaelo. 28 Mme ka baka leo, batho ba Modimo, le baporofeta ba Hae, le baromuwa ba Hae—ba Hae mongwaheng, ba jereng Molaetsa wa Hae ho tswa Lentsweng, e sa le ba nkuwa e le dithoto, ho ba ka ntle. 29 Nohe e ne e le sethoto, lefatshe la hae leo a na a le rerela e leng la thuto e kgolo. Nohe^Ruri e ne e le sethoto, ho Faro; leoto la hae le se le behilwe teroneng a ntoo e tela, bakeng sa sehlopha sa balubi ba seretse, kamoo ba ne ba hopola kateng. Le Jesu e ne e le sethoto, ho batho. Le bohle ba sebeleditseng le ho phelela Modimo, e sa le ba nkuwa e le dithoto. Ba tlameha ho tswela ka ntle ho setsha seo ba neng ba ena le sona. 30 Kgafetsa le kgafetsa, ke ya ke dumela hoba batho ha ba fihle ho Kreste. Jwale, ke mona ho leka ho thusa ka tsela eo nka e kgonang, le ho hlakisa puo ya ka kamoo ke tsebang ho di hlakisa. Ha e le lona ha le rata le ke le mmamelle. 31 Ha ke ntse ke sheba mme ke rera ho haola le naha, mme ke hlokomela batho, ke—ke kgodisehile ruri hore batho ha ba

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

7

fihle ho Kreste. Mme ke dumela e le sera se akgetseng tshitiso ena. Hobane, lebaka leo ke lumelang hona, hase Yena tlotla eo ba e supiswang. Ba supisitswe ho e—e—e tshomo, kapa thuto, kapa mokga, kapa boiphihlelo, kapa maikutlo, kapa ntho e kang eo, sebakeng sa ho supiswa Kreste, Lentswe. Ka hona ke nahana ha batho ba tshetlehile pheletso ya Bosafeleng ba bona hodima tshomo e itseng, kapa maikutlo a itseng. Jwale ka, ba bang ba reng, “Ke ile ka tlala Moyeng. Ke—ke buile ka dipuo. Ke—ke—ke utlwile mollo o tjhalametsa hodim’a ka.” Mme na lea tseba, hore diabolosi a ka etsisa dintho tseo tsohle? 32 Ntho e nngwe a ka sitwang ho e etsisa, ke Lentswe. Phehisanong, e pakeng tsa hae le Jesu, nako le nako Jesu o ile a mo hlola. “Ho ngodilwe ho thwe,” Lentswe! Mme ke dumela, kajeno, lebaka leo batho ba sa fihleng ho Kreste, ke hobane ba supiswa, bongata ba bona, ho—ho—ho mokgatlo wa phutheho. “Tloo ngodise kerekeng ya rona.” Kapa, “U bale katekisima,” kapa, “Dumela thuto ya rona,” kapa—kapa tsamaiso ya mofuta. Ba supiswa tsela e fosahetseng. Mme boitshwaro ba bona le bophelo boo ba bo phelang ka ntle ho Kreste, bo hlaka bophelong ba bona, bo netefatswa ke eona ntho eo. 33 Ho tea mohlala. Ha ke batle ho thonkga maikutlo a motho. Empa, morao le pele, ho phatlalla le naha, ke ahlotse basadi ba moriri o mokgutshwane. Ke Bibele eo. Ke ahlotse basadi ba tenang marikgwana a makgutshwane, ho sebedisa diferefe tsa sefahleho. Mme selemo le selemo ho a mpefala. Ho bontsha ho ena le monwana o mong, sebakeng se seng, o ba supisang tsela e e sele. Mme ha ba finyelle ho Kreste. 34 Mme ba re, “Re setho sa kereke. Kereke ya rona ha e^” Se dumelwang ke kereke ya hao hase etsa phapang ya letho. Modimo o itse, “Ho phoso.” Mme hola ba finyeletse ho Kreste, ba ne ba tla tela ntho eo. Mme, e seng hoo feela, empa monna o tla emela sebaka sa hae ha a fela a fihlile ho Kreste, le ho ema kgahlano le hoo. Banna ba ne ba sa tl’o dumella basadi ba bona ho itshwara jwalo. Monna wa makgonthe ha a batle ha mosadi wa hae a itshwere jwalo. 35 Mohlankanyana motseng mona, tsatsi le leng, o ne a batle a bolaya bashanyana ba babedi. Ba le karatjheng e itseng. Lona batho ba Jeffersonville le e bone pampiring. Mme ngwananyana enwa a mathela karatjheng, a sa apara letho, mohlomong, ho hang, mme banna ba batjha ba babedi ba lutseng mono ba tshwaela ka ketso eo. Mme mosebeletsi eo a batla a bolaya bashanyana ba babedi; a ba a tshwarelwa hona, a emiswa lekgotleng. Yaba mwahlodi o a mmotsa, “Hobane’ng o entse^a apara ka tsela ena?”

8

LENTSWE LE BUILWENG

A re, “Ke nahana o shebahala hantle.” 36 Jwale, ho na le phoso ka monna eo. Ha ke tsotelle ha eba e le^Haeba e le moetsadibe, ho na le phoso ka yena. Lerato la hae ho mosadi eo e ke ke ya ba la makgonthe, ho mo pepesa jwaloka selope sa ntja ka tsela eo. Phoso e teng. Ana motho o fihletswe ke temoho hoo a ka kgethang se lokileng le se phoso? 37 Na le bone disutu tse ntjha tsa ho tola tseo ba di ntshitseng? Na le tseba bolepi bo malebana le hore qetellong basadi ba tla fihla ho mahlaku a feiga, dilemong tse mashome a mararo le metso e meraro tse fetileng? Mme jwale ba na le ba aparang mahlaku a feiga, dikhete tse bonaletsang. Lentswe la Morena ha le ke hloleha. Le a bona? Mme ho ne ho tla etsahala pele ho nako ya qetelo, ho kgutlela ho lehlaku la feiga hape. Ke ne ke bala makasineng wa Life. Taba eo e boletswe dilemo tse mashome a mararo le metso e meraro tse fetileng, le pele basadi ba wa. Ha bolelwa kamoo ba tla itshwara tsatsing ena, mme ke bana moo ba leng teng. Kamoo ba tla apara diaparo jwale ka monna, le kamoo ba tla^Boitshwaro ba mosadi bo tla nyehla naheng ena. 38 Naha e tlase ho tsona lefatsheng lohle, ke Amerika ena. E ditshila ka ho fetisisa sehlopheng. Ke ho latela dipalopalo. Sekgahla sa lenyalo le hlalano se hodimo naheng ena ho feta naheng efe feela lefatsheng, mme ditjhaba di a tshwantshisa. Re ne re etsisa Fora, ditshila le mamphemphe a naha eo, mme jwale ba fumana mwaparo wa bona ho rona. Re tlotse moedi wa bona. 39 Kea tseba ho na le lebaka leo batho ba sa finyelleng ho Kreste. Hola ba ne ba etsa, ba ne ba tla sa tl’o itshwara jwalo. Jesu o hlokofaditswe ka ntle ho menyako, A tle a halaletse batho ba Hae ka Madi a Hae ka Sebele. Kgalaletso, e tswa lentsweng la Segerike, le menahaneng, le bolelang, “ho hlatsuwa, le ho kgethelwa mosebetsi.” Mme ha Modimo a hlwekisa batho ba Oona ka Madi a Jesu, O ba hlwekisa ditshileng tsa lefatshe le ho ba beella ka thoko ho kgethelwa mosebetsi. Ka baka leo Jesu le yena, hore a tle a halaletse batho ka madi a hae, o kile a shwela ka ntle ho monyako wa motse. 40 Esita le ho fihla ho batho ba Evangedi e Tletseng, ba kgutletse morao mafomeng ao ba tsoileng ho oona. Kereke ya Pentekosta e ne e le eng, dilemong tse mashome a mane kapa tse mashome a mahlano tse fetileng? Ba ile ba rohaka, ba ahlola, le ho nyatsa dikereke tseo ba tsoileng ho tsona, mekgatlo eo ya phutheho. Ba entse’ng? “Jwale ka ntja mahlatseng a eona, le kolobetse seretseng sa eona.” Ba fetoha hantle ba ba ba kgutlela moo ba kgephotsweng, mme jwale dikereke tsa bona di silafetse jwalo ka tse ding tseo.

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

9

41 E ne e le ntho e nngwe, jwale ka ha ke boletse hoseng hona. Jwalo ka, batho etsisa Petrose ya buileng, ho Mohalaledi—Mohalaledi Mattheu 17:4 ho fihla ho 8, moo a itseng, “Ho molemo ho itulela mona. Ha re haheng metlotlwane e meraro.” 42 Empa Moya wa ba thibela ho etsa jwalo. Ha thwe, “Enwa ke Mora wa ka ya ratwang; Mo utlweng,” mme Yena ke Lentswe. Ke Yena eo re tshwanelang ho sheba ho yena, Lentswe, e seng mafolofolo a rona kapa ntho e nngwe e sele. “Ke Yena Lentswe la Ka; Mo utlweng!” Mme ba bona’ng hoba Lentswe lena le bue le bona? Esita le Moshe le Elia ba nyametse; le tumelwana keha e le sieo; ho se letho le sele le setseng haese Jesu feela, mme Yena ke Lentswe. Ke phetho seo ba se boneng. Jwale, “Ho tswela ka ntle ho setsha.” 43 Jwale re fumana setsheng sa bona moo morero o moholo ona o hlahileng, hodima Thaba ya Petholelo, jwalo ka ha Petrose a e bitsitse hamorao, “thaba e halalelang,” moo A kopaneng le bona. Jwale, ha ke dumele hore moapostola o ne a re thaba e ne e halalela; o ne a bua ka Modimo o halalelang hodima thaba. Hase kereke e halalelang; hase batho ba halalelang. Ke Moya o Halalelang ka hara batho. Moya o Halalelang o a halalela. Ke motsamaisi wa lona le moetapele wa lona. 44 Mme re fumana, setsheng se se nyenyane sena hodima thaba, Phetholelo, ha ba ne ba laelwa ho mamela, ntho feela eo ba laetsweng ho e etsa e le ho utlwa Lentswe. Ntho feela eo ba e boneng, e ne e se tumelwana. Ha ba bona letho ha e se Jesu, mme Yena ke Lentswe le entsweng nama. Hoo ha se le ho babatseha, hona setsheng se neng se le tshimong ya Edene. Mohla Modimo o no o etseditse Kereke ya Wona qhoboshyane tshimong ya Edene, batho ba Wona, ba tlamehile ho ema ka morao ho lerako le le leng; e ne e le Lentswe. Ba ena le thebe e le nngwe, sehlomo se le seng, ntho e le nngwe, hoba Modimo a tsebile se tla fekisa diabolosi, mme hoo ke Lentswe. 45 Jesu o entse ntho e tshwanang. “Ke Lentswe; ho ngodilwe ho thwe.” Mme Satane a leka ho—ho Le aletsa; e seng ho Le qotsa; ho Mo aletsa Lona. Mme Jesu a re, “Ho bile ho ngodilwe ho thwe.” Jwale, re tshwanela ho lula le Lentswe leo! 46 Mme setsheng se se nyenyane sena sa bona mono, sa Petrose, Jemese, le Johanne; le Jesu, Moshe, le Eliase. Mme setsheng sa bona ba bone seriti sa lekgotla la Lehodimo, kapa Topallo ya Lesedi e lopaletse lerung lena le fetotseng Morena

10

LENTSWE LE BUILWENG

Jesu. Mme yare ba sa itokisetsa ho bopa phutheho ya bolumedi, e nngwe ya molao, e nngwe ya baporofeta, le jwalo– jwalo, Kodu ya re, “Enwa ke Mora wa Ka ya ratwang; Mo utlweng.” Jwale he, seo ba ne ba se laetswe, se ne se tshwana le Edene, “Lula Lentsweng!” Ke seo setsha sa Modimo sa batho ba Hae. 47 Eka, kajeno, ke letsatsi leo batho ba tswelang ka ntle ho setsha. Nthong tsohle, ba tswela ka ntle. 48 Lea tseba, ke ne ke bolellwe, nakwana e fetileng, hore jwale ba entse sefofane sa jete se ka^se etsang melumo eo re e utlwang hohle mona, e reketlisang difesetere. Keha sefofane se kene lebelong hoo se tshelang molumo wa sona, ho bitswang lerako la molumo. Mme ha se tshela lerako la modumo wa sona, ho batla ho se tekanyo ho seo se ka se etsang. Mme ke nahana, ka mono, re fumana thuto. Ha re tshela lerako la modumo wa rona, ho kena Lentsweng la Modimo, ha ho tekanyo ka seo Modimo a ka se etsang ka motho ya ikemisetsang ho tswela ka ntle ho setsha, setsha sa motho, se leng teng. Jwale, re bona hoo, ho tswela ka ntle ho setsha, ho tswela ka nqane ho ntho ena. 49 Ke bona Satane, le yena, o ntshetsa batho ba hae ka nqane ho setsha sa mabaka, ka nqane ho—ho—ho—ho setsha sa—sa kelello e tlwelehileng. Satane o ntshetsa batho ba hae ng’a e nngwe, ka nqane ho setsha; Modimo o ntshetsa batho ba Hae ka nqane, tseleng ena e nngwe. Mme Satane o ba ntsheditse ka nqane hole le setsha sa boitlhompho bo phodileng. Ha ho fihlwa moo batho^mme ba itshwara le ka diketso, mme ba nne ba tswelle ka dintho tsee ba di etsang kajeno mokgweng wa boitshwaro. Ke ntho e hlolang mehopolo ya ka kamoo monna a ka pepesang mosadi wa hae ka ntle mono, a apere jwalo, a ntoo jabela motho ya mo rohakang. Ke ntho e hole le kelello e phodileng. O tlameha ho tseba hantle ho feta moo. Ke ntho e hole le boitlhompho bo phodileng! Ho emiswa ho kae? 50 Monna kapa mosadi thaka tsa ka, nka le botsa sena. Hola mme kapa mmao, dilemong tse ka bang mashome a mahlano tse fetileng, a na ka tsamaya seterateng ka bo bong ba marikgwana a makgutshwane ana kapa dibikini, e leng hore le e bitsang, a bo pere? Molao o no o tla ba qotsa, ka potlako, o ba hlahlele kokelong ya mahlanya. Mosadi o tsoile lapeng la hae a sa apara diaparo tsa ka hodimo, mme o lokelwa ke kokelo, hoba ho na le phoso kelellong. Mme efela ha e ne e le kelello e phodileng ho etsa jwalo mehlang eo, ruri ke pontsho ya ha ho ena le ntho e fapaneng kelello. E sa ntse e le ho haellwa ke kelello, ho tswela hole ka ntle ho mabaka; ditshila!

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

11

51 Mme ha monna a kgona ho tsuba disakrete, mme dingaka di mo pakela ha dikete di bolawa ke tsona selemo le selemo, mme a nne a butswele disakrete, eka ho na le phoso ka kelello ya monna eo. Mme ha monna a ena le letshoho kelellong, mme a sa^a sa iphumane, seo a se etsang, o tla batla ofisi ya ngaka tsohle naheng, ho fumana se phoso ka yena. Empa jwale o ee a eme bareng kapa koloing, mme a nwe hofihlela a fapane hloho ka botlalo; ho ja tjhelete ya hae, ho itshohlometsa nthong eo. Mme ha jwala bo sa mo tahe, jwale o tla senya peni ka nngwe eo a e tholang, ofising ya ngaka, ho leka ho fumana se phoso ka yena. Ha e etse kelello. 52 Hola phakwe ya dikgoho e ka fofa hodima motse, mme ka nka sethunya sa ka, ke tswele jareteng e ka morao mme ke thunye phakwe ena, metsotsong e leshome ho tloha moo ke tla be ke le ntlwanatshwana. Ba tla ntshwarisa, “Ka—ka boitshwaro bo tsoileng taolong; ho thunya hara motse ka sethunya; ho beha maphelo a batho kotsing, ka sethunya, ho thunya phakwe hodimo moyeng.” Nka tshoha ke bolaile motho, ba tla rialo. “O tlamehile ho kwallwa.” Mme ba ye ba rekisetse monna tahi e lekaneng ho mo tahisa, ba mo sohlometse koloing e ka bolayang lelapa lohle. Mme ha a tshwarwa, ba mo ja, didolara tse hlano. Polao e hlophisitsweng! Ho etsahala’ng ka lefatshe? Ho na le phoso kae–kae. 53 Jwale, “ho tswela ka ntle ho setsha,” hole le boitlhompho, hole le mabaka. Le a hlokomela, boradipolotiki ba rona kajeno ha ba batle ho bua letho ka ho bala Bibele sekolong. Baa tshaba. Ha ba tsebe moo moya o fokelang teng. Ha ba tsebe hore ba tla lahlehelwa ke voutu, kapa tjhe. Re hloka Abraham Lincholn e mong. Re hloka John Quincy Adam e mong. Re hloka motho ya ka emang, ho sa tsotelehe moo moya o fokelang teng, mme ba fane ka dikgodiseho tsa bona tse tshepehang. 54 Kajeno, moreri wa phutheho ya mokgatlo, leha u ka mmontsha Lentsweng, Nnete, ha a tsebe hore a etse’ng. O tshabana le ho lahlehelwa ke setlankana sa hae sa dijo. Re hloka monna le basadi ba kwenneng ka Evangedi, motho ya tla ema mme a bolele kgodiseho tsa bona, ho supa se lokileng le se phoso, hore ke Lentswe la Modimo le lokileng kapa ke phutheho ya mokgatlo e lokileng na. 55 Jesu o itse, “Lentswe la motho e be leshano, la Ka e be Nnete. Mahodimo le lefatshe di tla feta, empa Mantswe a Ka a ke ke a feta.” 56 Ka baka leo, le a bona, ba tswela ka ntle ho setsha sa Lentswe la Modimo, ho fumana karabo ya bona. Hodim’a a ne

12

LENTSWE LE BUILWENG

a^ho ba phehella ho sutha setsheng sa Lentswe la Modimo, jwale ka ha a entse ho Eva tshimong ya Edene, Satane o entse ntho e tshwanang kajeno. Ho lokile. Re fumana seo. Batho ba susumeletswa ditshomong tsa bona le ditumelwana ka ntle ho setsha, ho kena setsheng sa bona sa ditshomo le tumelwana. Ba na le setsha, le bona, mme hoo ho ba hloma setsheng sa hae. Setsha sa hae ke sa thuto, thutabomodimo, mesebetsi, digau tsa bongaka, thupello, botumo ba motho, ntho eohle e kgahlano le setsha sa Lentswe la Modimo. Modimo o na le setsha sa batho ba Hae. Phutheho ya mokgatlo e na le setsha sa bona. 57 Dilemong tse dikete tse tharo tse fetileng, motho o na kopana le Modimo hohle. E le tlwaelo ho motho ho kopana le Modimo. Empa hobaneng ba sa kopane le Yena kajeno? Batho ba ngatafetse, dikete atisa ka dikete le dimidione tsa batho ba ngatafetse ho feta dilemong tse ka bang dikete tse tharo tse fetileng, mme leha ho le jwalo Modimo ke ntho e itseng ya sekgaleng eo ho no ho buuwa ka eona, nalane e itseng ya kgale. Ha ba kopane le Modimo, ka seqo, jwalo ka ha ba entse dilemong tse ngata tse fetileng, jwale ka ha ke boletse, dikete tse tharo, dilemong tse dikete tse tharo tse fetileng. Ha ba kgone. Hase ntho ya tlwaelo ho motho ho kopana le Modimo. Ha motho a buwa ka eona, o nkuwa e le lehlanya la motho, motho ya lahlehetsweng ke kelello ya hae. Ke ntho e sa tlwaelehang hakakang ho bona! 58 Tabeng ya Abrahama le setsha sa hae, kgele, ho Abrahama e ne e le lebaka la letsatsi le letsatsi ho kopana le Modimo. O ne a buisana le Yena. E seng hoo feela, empa ha ba theohela Gerare, ho jaka; re fumana, tlase mono, hore Modimo o ne a le setsheng le Abimeleke, Mofilesta. Ho ne ho tlwaehile. Ba ne ba phela setsheng sa Boteng ba Hae. Kajeno, ba phela setsheng sa bona, mme ha ba tsotelle setsha sa Modimo. Ha ba batle ho kena–kenana le sona ka letho, hoba ke bohlanya ho lefatshe. Ke bohlanya ho bona. Empa, hopolang, mohla Modimo o no o lokisetsa batho setsha sa pele, O ba etseditse qhobosheane ka Lentswe la Hae. O etsa jwalo kamehla. Empa, kajeno, ditsheng tsa bona, ha ba tsebe hoo. Ke ka baka leo le sa hloleng le utlwa haholo ka Modimo. Jwale, ke dumela hobane e—hore setsha^ 59 Jwale ka Moshe, kamoo A kopaneng le Moshe lehwatateng. Moshe o na ena le setsha ntle moo a na fepa manku a mohwe wa hae, Jethro, motsheo lehwatateng. Mme tsatsi le leng, ho modisa enwa wa dilemo tse mashome a robedi, a bona Lesedi, Topallo ya Mollo sehlahleng, se tuka. Mme a kopana le Modimo; monna ya na baleha Modimo. Tsatsi le hlahlamang. Ka nako tse ding ho kopana le Modimo ho u etsisa dintho tse sa tlwaelehang. Keha Moshe a

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

13

sa tlwaeleha, tsatsi le hlahlamang. O na kallisitse mosadi wa hae mulete, a beile lesea thekeng la hae; ka ditelu tsa hae tse telele, a tshwere molamu o kgopo letsohong, ho theohela Egepeta, ho hapa naha. Ha e ne e se ntho e phoqang ho shebellwa! “U ya kae, Moshe?” “Ke ya Egepeta.” “Ho ya etsa’ng?” 60 “Ho e hapa!” O na kopane le Modimo. Phutuho ya monna a le mong. Ho se tlwaelehe ha yona ho bonahetse ho tshosa. Empa, empa taba ya eona ke ho re, o e entse, hobane a kopane le Modimo. Eka motho a le mong ya tlohang ho ya hapa Rashiya; ke phetho seo u se hlokang, motho a le mong ya thatong ya Modimo. Moshe o na le thatong ya Modimo. Le ka molamu o kgopo letsohong la hae, e seng sabole; molamu. Dintho tse sa tlwaelehang, Modimo wa di etsa. 61 Empa, hopolang, Moshe o na tshwanetse ho tswa setsheng see a na lula ho sona, ho etsa sena, hoba o kile a lula tlase mono le lebotho la sesole mme a sitwa ho e etsa. Ka mabotho ohle a Egepeta, a sitwa ho e etsa. Empa ka tsatsi le leng Modimo a mo memela setsheng sa Hae. A re, “U Mang?” 62 Ha thwe, “KE NNA YA LENG TENG.” E seng, “Ke ne ke le teng, kapa ke tla ba teng.” Lekgathe–le–jwale, “KE TENG! Ke Nna Modimo wa Abrahama, Isaaka, le wa Jakobo. Ke utlwile mefehelo ya batho, mme Ke hopola tshepiso ya Ka, mme ena ke nako ya ho phetha hona. Ke u roma tlase mono, Moshe, ka molamu ona o letsohong la hao.” 63 E ne e le eng? Yena, jwale, batho ba nahana hobane wa hlanya. Empa o na etse’ng? A tswile setsheng sa hae. Faro a kile a mo kenya sekolo dilemo tse mashome a mane setsheng, mme a hloleha. Mme ho nkile Modimo dilemo tse ding tse mashome a mane ho mo honya yona. Thuto ya hae yohle le thutabomodimo ya hae yohle eo a e rutilweng, ho nkile dilemo tse mashome a mane ho mo honya eona. Mme yaba Modimo o mo sebedisa dilemo tse mashome a mane. 64 Modimo o hlahisa nako e nyarosang ho lokisa monna wa Hae. Empa, le a bona, O ne a sa kgone ho fumana Mos–^ho tshwara Moshe, pele Moshe a tswa setsheng sa hae se entsweng ke motho, ho tswa mokgweng wa sesole wa ho e sebetsa, le mokgweng wa hlaho wa ho e sebetsa, ho ya mokgweng o ka hodima hloleho wa ho e sebetsa. Eba, ha a kene setsheng seo, Modimo a ka mo sebedisa. 65 Jwale, re fumana lehwatateng lena^Re a hlokomela mohla ba ne ba ema ba nka kemo ya bona, mme ba tswa Egepeta, ho kena setsheng sa Modimo; ho tswa setsheng sa

14

LENTSWE LE BUILWENG

baprista le bao bohle ba reng, “Ithekiseng le be makgoba, ka dinako tsohle.” Mohla moporofeta Moshe a theohang mme a netefatsa hore Lentswe la Modimo le ne le atametse, hore Modimo Ya entseng tshepiso o na fihdile ho lokolla batho; ba tloha setsheng seo ba ne ba le ho sona, ho kena setsheng sa tshepiso ya Lentswe la Modimo la hora. Ba dumela moporofeta eo, kahobane pontsho ya netefatso e pakile e ne e le Lentswe la Modimo ka nepo. Le dintho tsee a di entseng tsa paka hobane e ne e lokile, le Topallo ya Mollo ya mo latela jwalo, ho paka hobane e ne e le Lentswe la Modimo. 66 Jwale, setsheng sena, mehlolo, dipontsho, le meeka di ne di le teng setsheng sena. Ba ba ntsha ho kena lehwatateng. Ba siya setsha sa bona sa tlhaho. Ba siya setsha sa seretse. Ba siya setsha se entsweng ka jwang le setene, ho lula ka ntle ditenteng lehwatateng, moo ho neng ho se koro kapa letho. Ka dinako tse ding Modimo o re kopa ho etsa dintho tse bothoto, mehopolong ya rona. Mme ha u ka siya setsha sa mabaka a hao, ke hona moo u tla fumana Modimo. 67 Elellwang, ha ba tswa ho kena lehwatateng, ho ena le mehlolo, dipontsho, ha ba kena setsheng sena. Jwale hopolang, ba siya setsha sa Egepeta mme ba kena lehwatateng la setsha sa Modimo. Le tseba jwang hore ho jwalo? Modimo o itse, “Setjhaba sa heno se tla jaka ka dilemo tse makgolo a mane, empa Ke tla ba ntsha ka letsoho le matla, mme Ke tla ba fa naha ena mona.” Mme ba ne ba le leetong la bona, ka Lesedi le netefatsang, moporofeta ya netefatswang, ka dipontsho, meeka, hore Modimo o no o le ka hara setsha, mme ba ne ba kene leetong la bona. Ba ena le Topallo ya Mollo. Ba ena le moporofeta. Ba ena le manna. Ba ena le metsi a phelang. Amen! Ba ne ba fetotse, ba fetotse setsha sa ho thakgisa ditente. Ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo. Dintho tseo ba ke ke ba di bona Egepeta. Ba ne ba tswhanetse ho fetola ditsha tsa ho thakgisa ditente, hore ba tle ba bone dintho tse mohlolo. 68 Le batho ba kajeno ba tla tlameha ho fetola setsha ho tswa diphuthehong tseo tsa bolumedi tse reng, “Matsatsi a mehlolo a fetile. Ha ho ntho e kang kolobetso ya Moya o Halalelang. Le hobane Mangolo ana ohle a fositse; mme a sebetsa mongwaheng o mong.” Le tla lokela ho fetola ditsha tsa lona tsa ho thakgisa ditente, ho tswela ka ntle ho setsha seo, moo dintho tsohle di ka etswang. 69 Tseo tsohle di ne di netefatsa Boteng ba Hae setsheng. Jwale le ntoo lemoha, bao, ba ne ba iketseditse setsha sa meetlo le tumelwana, hoba Moshe a shwe. Mme Modimo wa sebetsa le batho dilemo tse ngata. Modimo ha a sa hlola a le setsheng sa Hae, hape, setsheng sa bona, hoba ba iketseditse setsha, setsha sa maiketsetso.

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

15

70 Hopolang, mohla ba ne ba ntshwa Egepeta, Modimo o ba hlahiseditse moporofeta, ho ba hlaisetsa konyana ya sehlabelo, a ba nea sohle seo ba ne ba se hloka; lentswe, pontsho, mohlolo, moporofeta ya ba tsamaisang, pheko e ba baballang, Topallo ya Mollo ho ba etella pele. Mme eitse ha ba tswa ba kena lehwatateng, ba ntse ba sa kgotsofala. Ba batla ntho eo ba ka iketsetsang eona, ka bobona. Mohau o no o ba hlahiseditse hoo; jwale ba batla ho etsa ntho e nngwe, ka bobona, ba tle ba iketsetse mokgatlo, le ho phehisana le ho lwana le ho qabana, moprista e moholo e tla ba mang, mme ke mang e tla ba sena, sane, kapa se seng. Tsatsi le leng, Modimo wa re, “Moshe, ikarole ho bona,” yaba O ba metsa kganyetsong ya Kora. 71 Jwale elellwang, dipontsho tsena tsohle le meeka di netefaditse Boteng ba Hae. Yaba ba mo etsa^motho a iketsetsa setsha, setsha sa tumelwana le moetlo, e seng setsha sa Modimo sa Lentswe la Hae. Setsha sa bona! A tlameha ho ba tlohela, hoba Yena ke Lentswe. A ke ke a lula moo batho ba rutwang tse ka ntle ho Lentswe lena. Modimo a ke ke a lula setsheng. A ke ke. Ha A eso etse jwalo. O tshwanela ho lula hantle moo Lentswe la Hae le leng teng. 72 Mohla A na tlameha ho tswa setsheng seo, jwale, sa sekgakgatha seo sa batho bao A ba ntshitseng Egepeta, A mpa a lula le baporofeta ba Hae, bao Lentswe la Hae le tlileng ho bona. Lentswe le tlile ho moporofeta, ho netefatsa hora. A dula hara baporofeta, le ho senolela moporofeta. Kamoo ba rohakileng, batho, mme ba rohaka ntho eo. Mme Modimo wa ba ruta melao ya Hae le tsela ya bophelo. Mme kamehla batho ba ema kgahlano le eona, mme ba hlorisa moporofeta, mme qetellong ba mo tlepetsa ka majwe, kapa ba mo saga dikoto, mme ba mo timetsa. 73 Jesu o itse, “Ke ofe wa baporofeta eo bontat’a lona ba sa kang ba mo fenetha? Ke ofe ho bona, hara ba lokileng ba rometsweng ho bona?” Le ho re, “Le ee le etse mesebetsi ya ntat’a lona.” A sa bue le makomonisi. A bua le baprista, batho ba phutheho ya bolumedi, Bafarisi le Mosadusi. Ke kgolwa kodu ya Hae e ke ke ya fetoha hakaalo bosiung bona, feela ho mpa ho tla mpefala, mohlomong, ho bona. 74 Jwale, re fumana hobane mohlang oo O na dula hara moporofeta wa Hae. Yaba O fetoha molata ho bona, hoba O lula Lentsweng la Hae feela, ho Le thasisetsa. Bibele e itse O hlokomela Lentswe la Hae, ho Le thasisetsa. O leka ho fumana motho e mong. Ha A ka fumana motho ya pelo e sekgeeqe, jwalo ka Samsone. Samsone o ne a nehetse Modimo matla a hae, empa

16

LENTSWE LE BUILWENG

pelo ya hae a e fa Delila. Hangata re etsa jwalo, kajeno, ho fa Modimo ntho e nngwe feela, empa e se tsohle. Empa, Modimo o batla tsohle, tsa rona. 75 Jwalo ka phodisi ya intjhorense, ha u nka pholisi ya intjhorense, u ka hla nka e kenyeletsang tsohle. Mme ke seo kgodisetso e bokwang ena e re etsetsang sona. Ke pholisi e kenyeletsang e kwahela tsohle. E kenyeletsa tsohle tseo re di hlokang mona bophelong bona, le tsoho ya rona, le Bophelo bo sa Feleng. E kenyeleditse dintho tsohle. 76 Elellwang, Modimo mohlang oo wa dula dilemo tse makgolo a mane ka ntle ho setsha sa bona. Hobaneng? O ne a se na moporofeta. Ho tloha ho moporofeta Malaki, ho fihla ho moporofeta Johanne, dilemo tse makgolo a mane, ha ho le moo Iseraele e kileng ya sotha lebidi hang. Modimo o ne a le ka ntle ho setsha. Ba Mo ntshitse, ka ditumelwana tsa bona le boikgantsho ba bona, le phapang ya bona kgahlano le Lentswe. Dilemo tse makgolo a mane ka ntle ho Lentswe! Ho tloha ho moporofeta e mong ho fihla ho e mong, A ntse a tsamaya jwalo, hofihlela ho moporofeta wa ho qetela e leng Malakia, mme keha ho se moporofeta ka dilemo tse makgolo a mane. 77 Yaba Modimo o boela a fihla temeng. Ka tsatsi le leng A boela a tsamaya hara bona, empa meetlo ya bona keha e tlatsitse sebaka sa Hae hara bona, hoo A bileng a fetoha molata hara bona. Mekgwa ya bontate, le ho hlatswa dijana, le—le ho hlokomela moriri wa bona, le ho qhwaela ditalama tsa mofuta baking ya bona, le diaparo tsa bona tse ikgethang tsa baprista—tsa baprista; mme—mme e mong ke Mofarisi ya tjhesehellang, mme e mong ke Mosadusi. Mme hoo keha ho nkile sebaka sa Lentswe hara banna bao, ho fihlela, ha Modimo a ba etela, E le molata. 78 Ha nke ke bue taba ena ka lerato le hlompho, empa e le ho e otlella. Ho a tshwana le kajeno. Ha eso fetohe le hanyenyane. Ha A kena hara batho, ka matla a Hae le ponahatso, ho paka ha Lentswe la Hae e le lona maobane, kajeno, le ka ho sa feleng, hoba Yena ke Lentswe, batho ba re, “Senohe– ramahlohonolo, Belsebule, mo–Jesu feela, kapa—kapa ntho e kang eo.” Ba bang ba u hlophisetsa kae–kae, empa eka kgona ho be jwalo. Le a bona, re hlokile moporofeta jwale ka dilemo tse ka bang dikete tse pedi. Baditjhaba ha ba eso fumane e mong, le a tseba; e tshepisitswe qetellong. Jwale, re tseba hoo, ka Lengolo. Re tseba hoo, hape, ka histori hore re tshepisitswe hona. 79 Jwale, ka mora dilemo tse makgolo a mane, Modimo wa tsamaya hantle hara bona tsatsi le leng. Ho latela Lengolo, A

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

17

tla etswa nama le ho aha hara bona. “Lebitso la Hae e tla ba Moeletsi, Kgosana ya Kgotso, Modimo o Matla, Ntate ya sa Feleng.” Mme yare ha A fihla hara batho, ba re, “Re ke ke ra dumella Monna enwa ho re busa! Ke mofuta ofe—ofe wa setlanka sa botho seo A se nkileng? O romilwe ke phutheho efe ya bodumedi?” O ne a se na tshebedisano–moho. Kereke ka nngwe A na e etela, ba Mo lahlela ka ntle. Ba sa batle ho kena–kenana le Yena, kahoba E ne e se e mong wa bona. Mme jwalo ka mohlang oo, ho a tshwana le jwale! Bibele e itse kereke ya Laodisea e tla Mo ntshetsa ntle, mme O ne a kokota, ho leka ho kena. Ho na le ntho e phoso kae–kae. 80 Jwale, hobaneng? Ba ne ba iketseditse setsha sa bona. Bona, hola ba tsebile Lentswe, ba ka be ba tsebile Eo e ne e le Mang. Jesu o itse, “Ha le^Batlisisang Mangolo, hoba ho Wona le nahana ha le ena le Bophelo bo sa Feleng. Ke Oona a le bolellang Eo ke leng Yena!” Ke seo Lengolo le se boletseng. Jwale, “Ke Wona a Mpakang. Mme ha Ke sa etse mesebetsi eo Ke porofetilweng ho e etsa, ha Ke sa etse mesebetsi ya Ntate, Lentswe^’Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo. Mme Lentswe le ne le etswe nama la aha hara rona.’ Jwale, ha Ke le Motho eo, batlisisang Mangolo le bone seo Ke tlamehang ho se etsa. Mme ha Ke sa lokelwa ke hona; ha mesebetsi ya Ka, mesebetsi eo Lentswe le pakang ka eona, Ntate a Mpakang ka eona, ha e sa netefatse eo ke leng Yena, e tla ba Ke fositse.” Ke hantle. “Ha le sa lumele ho Nna, lumelang Lentswe,” A rialo, “mesebetsi eo Lentswe le e hlahisang.” 81 Le a bona, E ne e le molata hara bona. Ba sa Mo tsebe. “Ha re batle ho amana le Thaka lena, ke Thaka le mokgelo feela le tswaletsweng setaleng tlase mono kae–kae.” Mme ba dumetse ha mme wa Hae a fumane Lesea lena pele Le tswalwa, kapa pele Le ka^ho fumana Lesea lena ka tswalo ya bonyatsi, ke rialo. Mme hape, bona, hore le pele Lesea le hlaha, hore o ile a ya nyalwa ke Josefa; mme a etsa hoo feela ho tlosa sekodi se setsho ho mosadi, semelo sa hae. “Yaba O fetoha Thaka la mofuta o ilwang, hoba E le ngwana ya sa tswalwang semolao, mme ke ka baka leo A ne a le jwalo.” Mme ha A tswa, O entse’ng? Ho tabola ditumelwana tsa bona, ho phethola ditafole tsa bona, ho ba rahela ka ntle, le ho re, “Ho ngodilwe!” Amen! Seo ne se tlamehile ho bolela hore na Yena e ne e le Mang. “Ho ngodilwe!” 82 Be, ba sa hloke ho sebetsa moho le Lethaka le jwalo ka letho. Empa tlase botebong ba pelo tsa bona, ba tseba E ne e le Mang, hoba Nikodema o hlalositse hoo ka ho hlaka. “Rabbi, rona, Bafarasi, re a tseba U moruti ya tswang ho Modimo, hoba hose motho ya ka etsang tseo U di etsang Modimo a se ho

18

LENTSWE LE BUILWENG

Yena.” Jwale he hobaneng ba sa Mo paka he? Ke hoba setsha sa bona se ne se sehile moedi. Se sa Mo dumelle ka hara setsha. Se sa dumelle motho ho tswela ka ntle ho Yena. Ba ena le setsha sa bona. O tlile bosiu, monyako o se o kwetswe. Empa a iphumana a kgonne, ho kopana le Yena, leha ho le jwalo. 83 Ee, ho a tshwana le jwale! Ba se ba^O fetohile motho o sele, molata. Ha ba E utlwisise. “Hona ho ka ba jwalo jwang, mme hwane ho ka ba jwalo jwang?” Hodima, Lentswe ka BoLona le paka e le se lokelang ho etswa tsatsing lena. Kamoo re fetileng ho yona, ho e pheta–pheta, empa ke Nnete. 84 O ne a le jwalo, ho bona setsheng sa bona, “Motjhesehelli, mothuhaki wa moetlo wa bona, moferekanyi wa dikereke tsa bona, hantle–ntle senohe–ramahlohonolo feela, moupelli ya bitswang ‘Belsebule.’ Ke seo A na le sona.” Ke bile ke a dumela, hore ha A ka kena hara rona kajeno, O ne a tla fetoha ntho e tshwanang, ho rona. Hoba, re tshwere moetlo, re na le mokgatlo wa phutheho, ha re kgone ho tswela pele le ba bang. Hobaneng? Nqalo e nngwe feela moo motho a ka utlwanang, mono, tlasa Madi a tsholohileng. Mme Madi a tsholotswe, jwalo ka peo ya bophelo, ho phedisa Peo ena, Lentswe. Ka ntle ho moo, meedi ya rona ya diphutheho tsa mokgatlo e tla thibella batho kamehla. 85 Empa O na tla fetoha molata kajeno. O na tla bitswa ntho e tshwanang. O na tla etswa, O na tla ntshwa setsheng. Mme na le tsebile^Yona Bibele e boletse hore O tla boela a latolwa ke batho, “Motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko,” mme ba latola, “mme re Mo lekantse e le ya otlwang ya hlomodiswang ke Modimo,” lona Lengolo le boletseng taba eo. Yena moporofeta ya binneng a re, “Modimo wa Ka, Modimo wa Ka, U Ntloheletse’ng na? Masapo a ka, a Ntjametse. Ba hlabile matsoho a Ka le maoto a Ka.” Mohla ba ne ba bina sefela seo ka hara kereke; Sehlabelo sa bona, Modimo eo ba ne ba nahanne hobane ba Mo sebeletsa, ba ne ba mo thakgisa. Ho a tshwana le kajeno, Yena Modimo eo! 86 Shebang seo moporofeta a se boletseng, Amose, mohla a kenang Samaria. Mme mahlwana a hae a sesefatswa ha a hlahella hodima ntho eo mme a bona motse oo wa sebe, basadi ba robetse seterateng, le monna, Amerika ya sejwale–jwale. Eitse ha a o sheba, mahlo a hae a sesefala. Ho se motho ya mo tshehetsang ka ditjhelete. A se na lengolo la botho. Modimo o no o mo romile. Na batho ba ne ba tla utlwa Molaetsa wa hae? Tjhe, ba ne ba sa tl’o mo mamela. Empa a porofeta, mme a re, “Yena Modimo eo le ipolelang ho mo sebeletsa o tla le timetsa.”

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

19

Mme ke re, ka Lebitso la Jesu Kreste! Yena Modimo eo setjhaba sena se ipolelang, setjhaba sa borapedi, yena Modimo eo ba ipolelang ho Mo sebeletsa o tla ba timetsa bokgopong ba bona. O tla timetsa phutheho ka nngwe ya bolumedi hodima lefatshe, seo ba ipolelang ho se sebeletsa. 87 Ka baka leo, lemohang, A ba kgalema, yaba ba Mo ntsha setsheng sa bona. “Jesu o shwetse ka ntle ho setsha.” Ba Mo ntshitse setsheng, ka ntle, hole le setsha sa bona. 88 Re fumana Bibele e itse, tsatsing lena la bofello tlasa Mongwaha wona wa Laodisea, ba tla etsa ntho e tshwanang. Ba tla ntshetswa ka ntle ho setsha. Jwale hlokomelang seo A reng se etswe jwale, ho kwaleng. “Ho ntshetswa ka ntle ho setsha,” moo dihlabelo di ne di tjhesetswa teng. O ne a tshwanetse ho ba moo. Yena e ne e le Sehlabelo. 89 Jwale, moena, kgaitsedi, ana ua tseba e mong le e mong wa lona u tshwanela ho etsa sehlabelo? U tshwanela ho fetoha sehlabelo sa Modimo; ho tela dintho tsa lefatshe, ho tela menate ya hao ya lefatshe lena, ho tela dintho tsa lefatshe? Ana u tseba lebaka la batho la ho se etse hoo? 90 Le a tseba, nku, nku ha e a tlameha ho nehela ka letho, ntle le boya. Mme, jwale, ha e koptjwe ho hlahisa kapa ho etsetsa selemo sena boyanyana. E kopuwa ho hla–^ho beha boya. Ha re koptjwe ho iqalla ho itseng. Re koptjwa ho bea tholwana ya Moya. Ke ho re, bokahare ba nku, seo e leng sona ka hare, se etsa boya ka ntle. Mme ha motho a ena le Kreste ka ka hare, ho mo etsa a tshwane le Kreste ka ntle, e seng ntho ya maiketsetso e manehwang. 91 Be, re fumana hobane ha seo se etsahala, ha Kreste a kgutla, O tshwarwa jwang? Hantle jwalo ka tshimolohong. Ho bile jwalo kamehla. 92 Ka baka leo, A ba kgalema, ba ba ba Mo ntshetsa ka ntle ho setsha sa Hae, le ho Mo tshwara jwale ka moetsadibe. Athe, “O fetotswe sebe ka baka la rona.” 93 Jwale, ka morao ho makgolo a dilemo, ee, e ka ba dilemo tse dikete tse pedi, O boetse o etetse setsha sa bona, ho latela Lentswe la Hae la pallo hore O tla ho etsa letsatsing la qetelo. O boetse o etetse setsha. O etetse setsha, ho bonahatsa Lentswe lena kajeno. Jwalo feela ka ha A etile morao mane tsatsing leo, le kamoo A sebeditseng letsatsing la Moshe. E ne e se Moshe ya etsang hoo; Moshe e ne e le motho. E ne e le Kreste. 94 Shebang Josefa, bophelo; a ratwa ke ntatae, a hloilwe ke banababo, hoba e ne e le seboni. Mme ba mo hloile, ka ntle ho lebaka. E le sona feela sesosa sa bona ho mo hloya.

20

LENTSWE LE BUILWENG

Mohlala o phethahetseng kajeno, ka nepo. Kereke, hape, ba boetse ba hloile ntho ya moya. Mme re mo fumana a na rekiswe ka disilifera tse ka bang mashome a mararo, ho thwe o shwele. A ntshwa a hlahlelwa tjhankaneng; jwale ka Jesu sefapanong. Monna e mong a lahleha, mme monna e mong a bolokeha; mme a tloswa a iswa letsohong le letona la Faro. Hantle kamoo Jesu a entsweng kateng. 95 E ne e le Davida, mme a nyolosa diterateng, morena ya llang, Morena ya lahluweng; le ho lula hodima thaba, a llela Jerusalema. E ne e se Davida. Mora wa Davida, dilemo tse makgolo a mmalwa ha morao, a lula hodima leralla lona leo le ho lla ka hobane E ne e le Morena ya lahluweng hara batho ba Hae ka Sebele. Ke Kreste, kamehla. Mme, kajeno, hodima ho porofetilwe Kreste a tshwanetse ho kena setsheng, le tseba se etsahetseng? Ho tla boela ho tshwana le mohlang oo. E tlamehile jwalo, ho tlatsa seo Lentswe mona le tshepisang A tla se etsa. 96 Jwale hopolang, Kreste o na le mongwaheng wa Nohe. E ne e le Kreste, “Jesu Kreste yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng,” Lentswe le lahlilweng la hora. 97 Elellwang, le seporofeto sa Hae sa Tshenolo 3, ho fumanwe, mohla A fihlang tsatsing lena la qetello, jwale ka ha A porofetile A tla fihla tsatsing lena la qetelo. Mme U fumane kereke ya Laodisea e le jwang? “Morui, e sa hloke letho.” “Le ho lula jwale ka mofumahadi mme ha ke na mahlomola.” “Mme A ntshetswa ka ntle ho kereke,” ba sa Mo hloke. O boetse o tswetse ka ntle ho setsha. Empa mohlang oo a sa tsebe hobane o feela, sefofu, le ya madimabe; le hona a sa ho tsebe. 98 Hape, ha A boela a tla ka tsela e tshwanang le kamoo A bileng kateng mohlang oo, O tla kgalema mosadi ka mong ya apareng marikgwana a makgutshwane. O na tla kgalema mosadi ka mong ya pommeng moriri, sefahleho ka seng se ferefilweng, monna ka mong ya nyenyefetseng ya lumellang mosadi wa hae ho etsa hoo. O tla nne a etse jwalo. A ntoo ranthanya phutheho ka nngwe ya bolumedi e nne le teng, le ho pshatla tumelwana ka nngwe eo re bileng le eona. Le dumela A ne a tla e etsa? [Phutheho, “Amen!”—Mong.] Ehlile O na tla etsa hoo. Ke hantle. 99 Ba ne ba tla etsa’ng ka Yena? Ho Mo ntshetsa kantle ho setsha. Ruri ba ne ba sa tl’o sebetsa–mmoho le Yena. Tjhe, monghadi! 100 Jwale re Mo fumana hape, tsatsing lena, kamoo Bibele e itseng O tla etsa, ho ntshetswa ka ntle ho setsha. Hoba O lula a tshwana le kamehla, Lentswe, lona maobane, kajeno, le ka ho sa feleng.

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

21

101 Ha ba—ba Mo batle. Ba Mo latotse hape, ka lekgotla la bona. Ba ka thabela, kajeno, jwaloka ha ba entse mohla A emeng nyeweng. Mme kajeno, ha Lentswe le emiswa nyeweng, ho etsahetse’ng? Ba boetse ba latotse jwalo ka mohlang oo, le ho amohela Barabase, mmolai, sebakeng sa Kreste. Lekgotla le tla etsa ntho e tshwanang. Mme, kajeno, kahobane ba latotse Lentswe esita le boiponahatso bo phethahetseng ba hora, ba rekisitse mme ba thabetse Barabase, Lekgotla la Dikereke la Lefatshe, mmolai wa Lentswe. [Sekgeo lebanteng—Mong.] 102 Ba hana Lentswe la Hae, ba hana kolobetso ya Hae, ba hana Matla a Hae, ba hana dipontsho tsa Hae. Mme ka tumelwana kapa moetlo hape, wa ho apara hempe e hlanotsweng melala, le dintho tsohle, ba iketsetsa ditumelwana, le jwalo–jwalo, ba leka jwalo, ka mesebetsi e metle. Ba ne ba sa kgethelwa Bophelo, le ho qaleng. Ho se letho ho bona le ka lumelang. “Ya Ntsebang, o tseba Ntate. Mme jwale ka ha Ntate a Nthomile, le Nna ke le roma jwalo.” Modimo o romileng Jesu o kene ka ho Jesu. Mme Jesu ya le romang o kena ka ho lona. “Ya dumelang ho Nna, mesebetsi eo Ke e etsang o tla e etsa le yena. E–yang ka lefatshe lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangedi,” e motsho, e mosehla, e mosweu, e mosootho, sohle see a leng sona. “Mehlolo e tla tsamaya le ba dumelang ke yona ena.” Ho fihlela kae? “Lefatsheng lohle, le ho babopuwa bohle.” 103 Morerinyana wa Baptise, hase kgale haholo kwana Tucson, a tla ho nna, ho re, “Moena Branham, bothata ba hao ke bona. U leka ho etsa mongwaha ona wa boapostola.” A re, “Ha ho ntho e kang mongwaha wa bwapostola kajeno. Mongwaha wa bwapostola o fetile.” 104 Ka re, “Na ho jwalo? Ke ne ke sa e tsebe.” Yaba o re, “E bo, ho jwalo.” Ka re, “U hlile u tiisitse?” A re, “Ehlile. Ehlile ke tiisitse,” a rialo. “Ho lokile,” ka re, “u nahana hore o fetile jwang?” Ho re, “O ne o etseditswe baapostola.” 105 Ka re, “Petrose o buile, ka Letsatsi la Pentekosta. Na u dumela Lentswe la hae?” “E, monghadi.” 106 “A re, ‘Bakang, e mong le e mong wa lona, le kolobeletswe ka Lebitso la Jesu Kreste. Hoba pallo ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le ho bana ba bana ba lona, le ho ba leng hole, esita le bao Morena Modimo wa rona a tla ba bitsa.’”

22

LENTSWE LE BUILWENG

107 Pallo eona ena, re lokela ho kgutlela ho Yona! Ngaka Simone Petrose o ngotse taelo ya pheko. Bibele e itse, “Ana ha ho sehlare Gileade? Na ha ho ngaka teng?” Be, le a tseba, ha u nka taelo ya pheko ya ngaka. Ha e fumana lefu le mmeleng wa hao, mme e ngola lengolo leo la pheko; u mp’u le tlatse, u fumane rakhemise ya tla le tlatsa hantle kamoo le ngotsweng. Hoba, o tshwanetse ho kenya tjhefu e kana, le hlapholoho e kana, eo tsamaiso ya hao e ka e lumellang. U a bona, o^E se e lekilwe e netefaditswe, mme u tshwanetse ho nka taelo eo ya pheko. Ha u sa etse jwalo, u dumella ngakana–kea–hetla e e phenyang–phenyang, ya sa tsebeng ho lekanya moriana ka nepo, o tla u bolaya. Mme ha a o hlapholla haholo, o ke ke wa u thusa. 108 Mme ke bona bothata ka boholo ba lona dingaka. Le phenyana lengolo leo la pheko! Petrose o itse, “Ke tla lefa taelo e sa feleng ya phekolo, e bakeng sa lona, le ho bana ba lona, le ba leng hole, bao Morena Modimo wa rona a tla ba bitsa.” E seng, “Tloong le ikamahanye.” Empa, “Bakang, emong le e mong wa lona, le kolobeletswe ka Lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela ditholwana,” amen, “Moya o Halalelang. Hobane pallo, taelo ena ya phekolo, ke ya lona, le ya bana ba lona.” Jwale, bang ba lona bongakana–ka–hetla, lesang ho ngola ditaelo tseo tsa moshaqane tsa phekolo. Le a bona? Le bolaya batho ba lona. Uh–huh. Ke ka hona Ntho ya makgonthe e sa fihleng ho bona. E. 109 Le a tseba, hona taelong ena ya phekolo, kamoo ngaka e fumanang moriana wa eona. Ka mehla ba nka le ho^Boramahlale ba leka ho utloisisa ntho e nngwe, ba ntoo e fa kolobemoru, le ho bona haeba e e bolaya kapa tjhe. Mme hape, le a tseba, moriana, o tlameha ho nka monyetla. Wena, u ka phekolwa, mme o ka u bolaya, u a bona, hoba batho bohle ha ba tshwane le dikolobemoru, mohlomong. Ka baka leo, empa ntho e le nngwe ka taelo ena ya phekolo, e etseditswe bohle. 110 Mme, hape, ngaka efe feela ya sebele e sa tl’o^e na le tumelo e ngata morianeng wa eona, a ke ke a botsa motho o sele. Ba bang ba bona ba boi hoo ba nkang motshwaruwa ya ahloletsweng bophelo tjhankaneng, le ho mo lokolla ha a o phema a phela, ho mo lumella ho nwa ditaelo tsa phekolo. 111 Empa, sebakeng sena, re bile le nkgekge ya Ngaka. O tlile, a nwa taelo eo ya phekolo, ka BoYena. Le a bona? “KE TENG.” E seng, “Ke tla ba teng.” “Ke Nna tsoho le Bophelo,” Modimo o itsalo. “Ya dumelang ho Nna, leha a shwele, o tla

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

23

boela a phela. Mme ya phelang mme a dumela ho Nna a ke ke a shwa le ka mohla.” Maretha a re^A re, “Na u dumela sena?” 112 A re, “Ee, Morena, ke a dumela hobane U Kreste ya na tla fihla lefatsheng. Ho sa tsotelehe seo ba bang ba U bitsitseng sona hangata, ke se ke e bone!” 113 Mane Kalvari, O nkile ente, ka BoYena. Mme hoseng ha Paseka, lefu la sitwa ho Mo tshwara. “Ke Nna tsoho le Bophelo.” Ba Mo entela lefu, A mpa a tsoha, a hlotse lefu, dihele, le lebitla. A amohela ente, ka BoYena. Mme A roma dingaka tse ding ho ngola taelo ya phekolo, e leng ba bileng le tshenolo ya hobane Eo e ne e le Mang. “Batho ba re Nna mora’ Motho ke Mang?” 114 Petrose a re, “U Kreste, Mora’ Modimo o phelang.” 115 A re, “U lehlohonolo wena, Simone. U e tshwere jwale. Ke u fa dinotlolo tsa Mmuso. Seo u se tlamang lefatsheng, Ke tla se tlama Lehodimong. Ekare ha u se lokolla lefatsheng, Ke tla se lokolla Lehodimong.” 116 Mme ka Letsatsi la Pentekosta, mohla ba bonang ho etsahala tsena tsohle, a re^Ba re, “Re tla etsa jwang ho hlajwa ente ena na?” 117 Ke mona o bala taelo ya phekolo. A re, “Jwale ke tlil’o ngola taelo ya phekolo. E etsditswe lona, le bana ba lona, le ho ba hole, esita le bao Morena Modimo wa rona a tla ba bitsa.” Le se phenya–phenyane le taelo ya phekolo; le tla shwa! Ba e hlapholla hona, kajeno, ho fihlela e se letho ntle le metsi a phutheho ya bodumedi, ho jwalo, lero le tlotsang mofu ho mmolaya ho feta. Oh, empa, moena, tlolo ya makgonthe e teng! Setlolo se teng Gileade. Se etseditswe ho phekola moya. Le mpe le se phenya–phenyane le taelo ya phekolo. Le nke taelo ya phekolo kamoo e ngotsweng, mme Modimo o tlamehile Lentsweng la Wona; e seng ho tlangwa ke tumelwana, kapa tshomo, kapa phutheho ya bodumedi. O tlamehile Lentsweng la Hae. Latela taelo ya phekolo, ke oo motheo wa pele. Qala pele, eba jwale u ngodisitswe mme u loketse ho ya sebetsa. Elellwang, “ka ntle ho setsha.” 118 Kajeno ba kgethile Barabase. Hodima Evangedi e ile pele le morao, ho pota lefatshe, dipotsho tse kgolo le meeka di tsamaile le tsoseletso, empa, ho ena le ho kena le ho leka ho e etsa, ba ikgomahanya le Barabase. “Pele re amohela masawana ana, le tse jwalo, kerekeng ya rona, re tla itlhopha ka maemo a tshwanang le a bohle.” Jwale ba kopane le Roma le bao bohle mmoho, Barabase. Elellwang, eba jwale re kene ka hara setsha se seholo seo.

24

LENTSWE LE BUILWENG

119 Re memelwa ho tswela ka ntle ho setsha. “Jesu le yena, hore A tle a halaletse setjhaba ka Madi a Hae ka Sebele, o utloisitswe bohloko ka ntle ho monyako. Ha re tsweleng ho Yena ka ntle ho monyako,” hlokomelang, “re ntse re jere sekgobo sa Hae.” 120 O jarisitswe sekgobo ka baka la’ng? E seng kahobane E ne e le Methodise kapa Baptise, nka le tiisetsa hoo; e seng hobane E ne e Mofarasi kapa Mosadusi. Hobane E ne e le Lentswe le netefaditsweng. 121 “Ho jara sekgobo sa Hae,” ka lebaka (la’ng?) la Lentswe le netefaditsweng. Ho jwalo. Ke seo A se entseng. O itse, “Ha Ke sa etse mesebetsi ya Ntate, le se ke la dumela ho Nna; ha Ke se karabo ya dipotso tsohle tsa Mangolo.” 122 Jesu wa Testamente e Ntjha e ne e le Jehova wa ya Kgale. Hantle ka nepo! Kea kgolwa, jwale kaha ke ne ke le bolella mona jwale, nakwaneng ya ho feta, kapa sebakeng se seng kopanong. Mohlomong e ne e se mona. “Jehova wa Testamente ya Kgale ke Jesu wa e Ntjha.” Le sa hopola e—e—e^ Mohla ke ne ke tsoma dihlora hoseng hoo, mme ke eo, dikutuhadi tse tharo tseo di matha di fetoha e le nngwe mono, hantle thabeng; nna ke eme ke e tadimile. Mme ka atamela ka rola katiba ya ka, ka bea sethunya sa ka fatshe, ka ya mono. Yaba Kolu e thothometsa moru, ho re, “Jesu wa Testamente e Ntjha ke Jehova wa ya Kgale. Dula u tshepeha.” Ka hona hantle ka tlasana ke moo dihlora di hlahileng teng, he, tsa hlaha hodima ho no o se letho la tsona mono. Le a bona? Ke Nnete. Le a bona? Ho nepahetse. Ka baka leo, Modimo o a tseba, Eo ke emeng pel’a hae, ke Nnete ya eona. Ke hantle. Ke Nnete. 123 Hantle tlase Kentucky; e bile ho na le batho ba lutseng hantle mona bosiung bona, ba neng ba le teng ha e etsahala hape, ntho e tshwanang. Ee. Rea tseba ke Nnete; Jesu wa Testamente ya Kgale! 124 Jwale ka batho ba Matjhaena mohla ba fihlang mona la ho qala, ba sa kgone ho bala kapa ho ngola puo ya rona, empa e le bahlatswi ba makgonthe. Mme ka hona ba^U ne u ya bohlatswetsong ba Matjhaena. O ipoloketse dikgetjhana tse hlakileng, tse tshweu. A sa kgone ho bala letho, a bile a tseba u tla sitwa ho e bala ha a ka e ngola. Ka hona, ha u fihla, o tshwara sekgetjhana sena sa pampiri e tshweu, ntho e kang ena, ha re re, hantle mona, ebe o e tabola ka mokgwa oo o itseng. Jwale, a u fe sekgetjhana se seng sa pampiri, le yena a boloke sekgetjhana se seng sa pampiri. Mme jwale ha u tl’o lata thepa ya hao, a re, “Ha nke ke bone sekgetjhana sa hao sa pampiri.” Ebe o a di nka; ha di nyalana, e ne e le eona. U no o busetswa diaparo tsa hao tse ditshila di se di hlwekile.

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

25

125 Mme Jesu o nyalane le seporofeto ka seng; morero ka mong wa Jehova wa Testamente ya Kgale ke Jesu wa e Ntjha. O nyalane le dintho tsohle. E reng ke bue taba ena ka tshabo ya borapedi le hlompho, empa ka lerato, empa e le ka botshepehi ba ho tseba moo ke emeng. Molaetsa wa hora ena o nyalane le ntho tsohle tseo Bibele e di buileng ka hora ena. Jwale, ha u e–na le diphahlo tse ditshila, tloo le tsona. He–hee. Ana u hlatswitswe Mading a Konyana? 126 Elellwang, “ho ipelesa sekgobo sa Hae,” hobane E ne e le Lentswe le netefaditsweng. Jwale ka mohlang oo, ho a tshwana jwale, ke Yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Baheberu 13:12 le 13. Re fumana Baheberu^8, 13:8, hape. “Ho jara dihlong tsa Hae,” tsa Evangedi. 127 Ho jara Lebitso la Hae! O itse, “Ke tlile ka Lebitso la Ntate.” Lebitso la Ntate ke mang? O tlile ka Lebitso la Ntat’ae. Ho re, “Ke tlile ka Lebitso la Ntate mme ha le Nkamohele.” Tjhe? Lebitso la Ntate ke mang? Ke kgolwa le tlamehile ho tseba. Le a bona? Ho jara sekgobo sa Lentswe. Kamehla Le ne le ntshetswa ka ntle ho ditsha. Ba ne ba Le ntshetsa ntle. U tla tshehwa, le ho songwa. 128 Mme, kajeno, moo pele nkileng ka haola le naha^Ha ke bue ka nna; le se nahane e le ho itshupa hleng. Empa, nako ya ka e fedile, mme ke tshwere maqephe a ka bang leshome mona. Le bona ho setseng mona, bonang, bonang, ho lokile, dintlha. Empa, mamelang. Ho qala pele ho tswa^ 129 Ana le eleletswe Jesu mohla a qalang? “Oh, Rabbi e motjha. Oh, E ne e le Monna ya moholo! Tloo ka kwano ho rona. Tloo u re rerele.” 130 Empa ka tsatsi le leng A dula le bona fatshe, mme A re, “Ha le sa je nama ya Mora motho, le ho nwa Madi a Hae, ha le na Bophelo ka ho lona.” 131 U nahana dingaka le barutehi ba letshwele ba ile ba hopola’ng? “Motho enwa ke senwamadi.” Le a bona? “O batla le nwe madi a motho. Hoo ho a re imela. Sirohang ho Yena. Ba—baprista ba itse O a hlanya; ke a e dumela.” Mme Bibele e boletse ba ile ba tsamaya. 132 Yaba O fumana bareri ba mashome a supileng ba kgethilweng. Mme A re, “Ha ke ba batle.” Ka hona A retolohela ho bona, A re, “Le tla re’ng ha le bona Mora motho a nyolohela Lehodimong moo A tswang teng?” Jwale, ha A ka a hlalosa dintho tsena. A mpa a di tlohela feela. Le a bona? 133 Mme ba re, “Mora motho? Eng? Re ja le Motho enwa. Re tshwasa dihlapi le Yena. Re robala le Yena mabopong. Re

26

LENTSWE LE BUILWENG

bone moalo wa masea oo A robetseng ho oona. Re tseba mme wa Hae. Re tseba moena’e. Ke mang ya ka amohelang Ntho ee?” Mme Bibele e itse, “Ha ba ka ba hlola ba tsamaya le Yena.” 134 Yaba O retolohela ho Petrose le ba bang, le ho re, “Ke le kgethile, lona ba leshome le metso e mmedi.” Jwale, ho tswa ho dikete, O theohetse ho leshome le metso e mmedi. A re, “Ke kgethile ba leshome le metso e mmedi. Athe, e mong wa lona ke diabolosi. Ke e tsebile, e sa le ho qaleng.” A re, “Na le batla ho tsamaya le bona?” A sa lokela ho phathatsa le ho nenesa, mme, “Ke tla u etsa motikone ha u ikamahanya le kereke ya ka.” Le a bona? Ho sa bokotswe motho. A se ke a e hlalosa le hona. Le barutuwa ba sitilwe ho e hlalosa. Empa, le sa hopola, A mpa a re ho bona, “Ke le tsebile le pele lefatshe le thewa. Ke le kgethitse ho thaba mmoho le Nna.” Le a bona? E ne e le eo, “le pele ho thewa lefatshe,” ho rerwa e sa le pele. 135 Baapostola ba ema mono ka sebete se se kaalo. Ba ke ke ba hlalosa kamoo ba tla ja nama ya Hae le ho nwa Madi a Hae. Ba sa utloisise kamoo A kileng a theoha, athe O bile le bona kamehla. A ke ke a e hlalosa. Batho ba ke ke ba e hlalosa. Ho se motho ya ka e hlalosang. Empa Petrose a bua mantswe a hlokomelehang ao. Ha ho makatse A bile a mo fa dinotlolo. A re, “Morena, re ne re ka ya ho mang? Re kgodisehile. Rea tseba Wena, homme Wena u nnotshi, u netefatso ya Lentswe le tshepisitsweng kajeno. Rea tseba ke Wena feela ya nang le Lentswe la Bophelo. Ha re kgone ho hlalosa dintho tsena, empa rea E dumela, leha ho le jwalo.” 136 Maretha e monyenyane a re, “Kgaitsedi ya ka o shwele. O robetse lebitleng. O se a bodile; o a nkga. Morena, hola U tlile le kwano, kgaitsedi ya ka a ka be a sa shwa. Empa esita le jwale, seo U se kopang Modimo, Modimo o tla U fa sona.” Kgele, banna! 137 A re, “Ke Nna tsoho le Bophelo. Ya dumelang ho Nna, leha a shwele, o tla boela a phele. Ya phelang a dumela ho Nna a ke ke a shwa. Na u dumela see?” 138 Yaba o re, “E, Morena. Ha ke kgone ho e hlalosa, empa kea e lumela. Ke a dumela hobane U Kreste ya neng a tla tla lefatsheng. Ke dumela, ka Lengolo le totobetseng, hore U nyallana le tshwanelo ya Hono.” 139 Ho re, “Le mo patile kae?” Kgele, banna! Ntho e tlameha ho etsahala. Lebidi le leng le le leng le kopana hantle ka nako. Le a bona?

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

27

140 A theohela lebitleng. Bibele e itse, “Ho ne ho se botle bo ka re kgahlisang ho Yena.” Mohlomong, e le Lethakanyana, le mahetla a kobameng, a eme ka mahetla a nyehlileng, a kgathetse a qetilwe ke ho tsamaya. A re, “Lazaro, tswa moo!” Mme monna ya seng a shwele, matsatsi a mane, a ema ka maoto a hae. 141 Mosadi wa Bokreste ba Mahlale. U ntshwarele ha nka u thonkga; ha kea ikemisetsa. Mosadi wa Bokreste ba Mahlale, ho tswa kereke eona ena, o kile a kopana le nna ka ntle kwana tsatsi le leng. Mme a re, “Mong. Branham,” a re, “ke rata thero ya hao, empa ho na le ntho eo u e etsang tlolo!” Ka re, “Ke’ng eo?” Ho re, “U iphafa tlolo ka Jesu.” 142 Ka re, “Ke tshepa e le yona feela ntho eo A nqosetsang yona.” Le a bona? Le a bona? Le a bona? 143 A re, “U mo etsa Mohalaledi.” Le a bona, ha ba dumele hore O na a Halalela. Ba dumela hore E ne e le monna wa tlwaelo, moruti ya lokileng, mofilosofe. Ho re, “U Mo etsa Mohalaledi. Athe O ne a sa Halalele.” 144 Ka re, “Oh, ee, O ne a le jwalo.” A re, “Ha nka u kgodisa, ka Bibele ya hao, hore ha A Halalele teng, u tla e dumela?” 145 Ka re, “Efela ha Bibele ya ka e itsalo, ke—ke dumela Lentswe. Ke Eo e leng Yena.” Mme a re, “Ho Mohalaledi Johanne, kgaolong ya 11, mohla Jesu a na theohela lebitleng la Lazaro, Bibele e itse O ile a lla.” Ka re, “Hoo ho bolela’ng he?” A re, “Be, taba eo e bontshitse hore O ne a sa Halalele.” 146 Ka re, “U mpa feela o sa bone hore Monna eo e ne e le Mang. E ne e le Modimo le motho mmoho. Mme jwale ka motho, a lla, mohla A llelang mahlomola a bona. Empa yare ha A ema le ho re ‘Lazaro, tswa moo,’ mme monna ya seng a shwele, matsatsi a mane, a boela a ema ka maoto a hae, hoo ho ne ho fetisa motho.” E, monghadi! E, ehlile! 147 Mme ke nnile ka etsa tlhahiso ena kgafetsa, mohla A theohang thabeng bosiung boo, a lapile, E ne e le motho. A lapa tsatsi le latelang. E ne e le motho. Empa eitse ha A nka dibasekeiti tse pedi le hlapi tse hlano, le ho fepa dikete tse hlano, ha ba ha bokeletswa diroto tse supileng, ho ne ho fetisa motho. E, monghadi. E ne e le motho, sefapanong, mohla A hweletsang, “Modimo wa Ka, U Ntloheletse’ng na?” Mohla A na howa, “Mpheng metsi,” yaba ba Mo nwesa asene le nyooko, E ne e le motho, a lla. Empa hoseng ha Paseka, mohla A manollang tiiso ka nngwe ya lefu, dihele, le lebitla, a ba a tsoha, E ne e le ya fetisang motho.

28

LENTSWE LE BUILWENG

148 E ne e le motho bosiung boo, a robetse ka morao seketswaneng moo A na tswetse teng le barutuwa, mme matemona a lewatle a dikete tse leshome a hlapantse hore A tla Mo qwedisa. Uh–huh. Ka ntle kwana seketswaneng sa kgale, eka sepako sa botlolo ntle mono, ka tsela eo; A kgathetse hoo, ho sa kang ha Mo phaphamisa. E ne e le motho ha A ne a kgalehile. Empa yare ha A bea leoto la Hae hodima moedi wa sekwetswana, a ntoo lelala a re, “Kgutsa, u re tu,” mme meya le maqhubu a Mo utlwa, hoo ho ne ho fetisa motho. E ne e le Modimo! Ha ho makatse ha seroki se itse: Bophelong, O nthatile; lefung, A mpholoka; Kepelong, O isitse dibe tsa ka hole; Tsohong, O mpeile ya lokileng kamehla; Tsatsi lenngwe O a tla; O tsatsi le tlotlehang! 149 Ee, monghadi! Tswela ka ntle ho setsha. Ha ke tsotelle ho qosa’ng. Fapano sena se kgethehileng ke tla se jara Ho fihlela ke lokollwa ke lefu; Ke ya Hae, ho fuwa moqhaka, Hoba ke beetswe moqhaka. 150 Ho kwaleng, ke tla bua sena. Ke badile pale nakwana e fetileng, ka mwahlodi. E le monna wa toka, monna ya lokileng, a ratwa. Mme ho ena le sehlopha sa batho motseng oo se nahana hore se ka phonyoha ntho yohle, ka baka leo, ba ruile, ha ho le jwalo ba bula ntlo ya diotswa, ba bula levenkele la jwala, jwala, ntho eo eohle. Ho le kgahlano le molao. Yaba molao wa ba tshwara, motho ya kabelong ya Mmuso, mme a hulelwa kgotla. Mme yare ha batho bohle ba motse, motsana o phutheha, ba tseba hobane monna enwa o entse dintho tse ngata tikolohong eo, monna ya na butse ntlo ya diotswa. Mme bao—bao, lekgotla, la fumana monna a le molato, hoba a ile a pitlwa ketsong hantle. Mme ka hona moahlodi a mo fumana a le molato, le ho ahlolelwa dilemo tse kaalo ke hona, ho se tefiso, ho se boipiletso kapa letho, a mo romela, hoba molao o no o bua jwalo. 151 Batho ka ntle ho lekgotla ba mo qobokisa, le ho re, “Ua tseba ke’ng? Motho ka mong motseng mona o tlilo u hloya!” Ho re, “Ba u hloetse ho etsa qeto eo ka monna eo.” Bohle e le magembolara, ka bo bobona. Le ho re, “Re—re tlilo u hloya kaofela. Ha re sa tla boela re u kgetha. Ha ho le a mong wa rona ya tla hlola a u voutela,” ba mo tloka ha a theoha ka seterata. 152 Yaba o ema motsotso feela, ho re, “Ha nke ke bue ntho e nngwe.” A re, “Ke entse seo tshwanelo ya ka e ne e le sona.

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

29

Monna eo o na le molato, ho sa tsotelehe e ne e le mang. Mme ka tlameha ho mo qosa ka molao oo ke ikanneng ho o kakatlela.” A re, “U hlouwe motseng ona!” 153 A re, “Empa kwana hae ke ratwa haholo, ke batho ba heso.” 154 Re ka nahana yona ntho eo, ha le ka tshwarela tlhahiso eo. Ke emetse seo ke pholositsweng ho se etsa, ho kakatlela Lentswe lena la Modimo. Kea tseba diphutheho tsa bodumedi di ntlhwetse tseo ke di buang, empa ke ratwa haholo Lapeng la Hae, hara batho ba Hae. Ha re rapeleng. 155 Morena Jesu, re ka hlouwa ke lefatshe, empa ra ratwa ke Ntate. Re thuse, Modimo ya ratehang. Thusa batho bana, hore e mong le e mong wa bona, Morena, mahlohonolo a Hao a be hodima bona. Re tswele ka ntle ho setsha jwale. Re tswele ka ntle ho mehopolo ya rona. Re tsamaee ka mohopolo wa Modimo. Mme Bibele e itse, “Mohopolo o nong o le ho Kreste o be ho lona.” Kahoo re ke re nahane menahano ya Hae, e seng monahano wa rona, hoba rona re fosa kgafetsa. Ka hoo, ho kgodiseha, mohopolo wa Hae o ke o ahe ka ho rona. Mme mohopolo wa Hae e ne e le ho etsa thato ya Ntate, mme thato ya Ntate ke Lentswe la Hae la tshepiso. 156 Re ke re tswele ka ntle ho diahelo, bosiung bona, Morena, le ho fumana Jesu. Re ke ke ra Mo fumana ka ho ngodisa kerekeng. Re ke ke ra Mo fumana ka ho tsukutla matsoho le moreri wa ho reng, kapa—kapa ho bina tumelwana e itseng, kapa ntho eo re e tshepisang, ho tsamaya sekolo sa Sontaha matsatsi a badilweng a selemo, le tse jwalo. Re tla Mo fumana Lentsweng la Hae feela, hoba Yena ke Lentswe. 157 Mme ere re sa bona letsatsi le tshepisitsweng lena, hore O tla be a le ka ntle ho diahelo, ho ntshwa hape; jwale ha re tsweleng ka ntle ho setsha, re ikemiseditse ho jara sekgobo sa Hae; ho hlouwa ke lefatshe lena, empa ho ratwa ke Yena Ya re memelang Setsheng. Fana ka sena, Morena. 158 Ha ho ena le ba sa Mo tsebeng, mme ba eso tswele ka ntle ho setsha sa boikamahanyo ba kereke e itseng, leha ho le jwalo u ipitsa Mokreste. Empa ha u re, “Dintho tsena, kea dumela, ke tsa letsatsi le leng,” hoo ho supa e ke ke ya ba Moya o Halalelang. Motho ya tletseng Moya o Halalelang a ka kolobetswa jwang ho sebediswa lebitso la “Ntate, Mora, Moya o Halalelang”? Athe, Pauluse, moapostola e moholo, o itse, “Leha Lengeloi le tswang Lehodimong^” E ka nna ba u

30

LENTSWE LE BUILWENG

entse hoo, ka nako e nngwe, u sa tsebe phapang. Batho bao ba entse hoo, ba sa tseba phapang, ho Diketso 19. Empa ho re, “Lengeloi ha le bolela ntho e sele, le rohakwe.” U ka amohela tumelwana e itseng jwang, kapa mokga o itseng, ntho e itseng ya mofuta, athe Bibele e itse, “Pallo ena e etseditswe lona,” yona ntho ena, “kolobetso ya ‘nete ya Moya o Halalelang”? 159 Ho ka tla jwang hore Moya o Halalelang, o ngotseng Lentswe, o kene ka ho wena, o ntoo latola Lentswe? O ka latola jwang, athe Ke Moya o Halalelang ka Boyena ya itseng, “Ekare ha motho a ekeletsa lentswe Mona, kapa a fokotsa ho Eona, Ke tla tlosa kabelo ya hae Bukeng ya Bophelo”? Moya o Halalelang o ka fokotsa letho jwang Lentsweng, kapa ho ekeletsa letho Lentsweng? 160 Motswalle wa ka, ba mona le ba lefatsheng le sa bonahaleng moo teipi e tla ya teng, bao re sa ba boneng, taba eo e ke e thophothele tlase pelong ya hao ho tswa Molaetseng wa hoseng hona wa thuto, ho bona moo re leng teng. Ha u eso amohele taelo ena ya phekolo eo ke buileng ka eona nakwana e fetileng, ha u e amohele ke’ng? Re mona ho u etsetsa tsohle tsee re di kgonang, ho u thusa. 161 Ke mpa ke le paki feela. Ke mpa ke le mokgethi feela. Jwale ka ha re tshwarane le tsona Louisville hona jwale, e—e Seboka sa Demokerasi sa Kentucky, eona^Ba haha kalana ya hore monna wa bona a kgethwe. Le nna ke hahela Morena wa ka kalana. Na u ke ke ua Mo amohela, bosiung bona, e le wa hao? 162 Ka dihlooho tsa rona tse inamisitsweng, le ka dipelo tsa rona, hape, nakong ena, na le ka phahamisa matsoho a lona la rialo ho Modimo. E seng nna; ke motho feela. Phahamisetsang matsoho a lona ho Modimo, ho re, “Modimo, nkgauhele. Ruri ke batla dintho tsena tsohle tseo ke utlwetseng ka tsona. Ke batla ho tswela ka ntle ho setsha. Ha ke tsotelle seo motho a se buang.” Modimo a le hlohonolofatse. Banna, ha se matsoho, ha se matsoho! “Ke batla ho tswela ka ntle ho set’sa. Ho sa tsotelle ho nqosa’ng, ke tla nka sefapano sa ka ke se jare letsatsi le letsatsi. Ke tla tswela ka ntle ho setsha. Ho sa tsotelehe seo batho ba se buang ka nna, ke batla ho Mo sala morao ka ntle ho setsha. Ke itokiseditse ho tsamaya.” 163 Ntate ya Mahodimong, O bone matsoho ao. Mohlomong lekgolo la batho, kapa ho feta, ka mohahong, ba phahamisitse matsoho a bona. Morena, Ntho e teng haufi le bona jwale, Motho e mong, Motho Kreste, ya sa bonweng ke leihlo, mme o ba nkisitse diqeto. Bophelong ba bona, baa bona ha ba sheba seiponeng, ba bona ho ena le ntho e haellang. Mme ba batla maphelo a bona a bopetswe ho latela tshepiso ya Modimo,

HO TSWELA KA NTLE HO SETSHA

31

mme ba phahamisitse matsoho a bona ka botshepehi bo shwetseng. Ba thuse, Morena, ho ya monyako o moholo bosiung bona, ho ya mohlapeng wa dinku. Ba ke ba kene ka mosa le ka boikokobetso. Fana ka sena. Ke ba Hao, Morena. Sebetsana le bona. 164 Jwale, ba ne ba ka sitwa ho etsa qeto eo, ba ne ba ka sitwa ho phahamisa letsoho la bona, ntho e mohlolo e le sieo. Ho bontsha ho ena le bophelo kae–kae mono. Hoba, ho latela mahlale, kgohedi e lokela ho hulela matsoho a rona fatshe. Empa ho bile le ntho e tjhabetseng kelello ya bona, e ba thusitseng ho hanela molao wa kgohedi le ho phahamisetsa matsoho a bona ho Mmopi ya ba tlisitseng. “E, ke batla ho tsamaya tsela eohle. Ke batla ho tswela ka ntle ho setsha, bosiung bona.” 165 Morena, letsha le malala–a–laotswe bakeng sa kgato ya pele ka morao ho pako, ho kolobetswa jwale, le ka tshepiso ya ho amohela Moya o Halalelang. Matsatsing ana a ho qetela, ho biletswa Tumelong ya tshimolohong, taelong ya phekolo ya tshimoloho! Re bona batho ba bangata ba tlohile ho Kreste, ba bolawa ke ditaelo tsa phekolo tse entsweng ke batho. Mohlomong di kgabane haholo diphuthehong tsa borapedi ba bona, empa, Morena, ke—ke batla taelo ya Hao ya phekolo. U Ngaka ya rona. Ngaka e teng. Setlolo se teng Gileade. Moalafi o teng mona, bosiung bona, ho phekola moya o mong le o mong o kudiswang ke sebe, ho phekola mmele o mong le o mong. Ngaka ya kamehla yohle, Mmopi e moholo wa mahodimo le lefatshe, tloo jwale, ha U rata, kena hara rona hle, le ho bua le rona. Ka Lebitso la Jesu Kreste. 166 E mong le e mong a sa rapela pelong ya hae, “Morena Jesu, nthuse jwale!” Mme ha u eso kolobetswe, mme u kgodisehile^Ha kea rera ka kolobetso. Empa u kgodisehile hobane u tlamehile ho kolobetswa ka kolobetso ya BoKreste, eona feela tsela eo Mokreste ofe feela^ 167 Hola u ka fihla hodimo Mane, u kolobeditswe ka tsela e nngwe, homme e le yena Jesu Ya itseng, “Ya tlosang Lentswe le le leng, kapa a eketsa lentswe le le leng, le ho yena ho tla tloswa kabelo ya Buka ya Bophelo”? Jesu o itsalo. Mme O itse, “Eka kgona ho phethahale Mangolo ohle a buduletsweng.” Jwale u tseba phapang. U tla etsa’ng ka eona? 168 Ha u ile wa fumana maikutlo feela kapa ntho e nngwe! Ke dumela maikutlong. Ha u hobetse Moeeng feela, u buile ka dipuo! Ke dumela moo, le nna. Empa ha e le bona feela bohole, mme moya wa hao o ka ho wena o u laela ho se latele Lentswe kanthe u tseba Le lokile, phoso e teng ka moya oo. Hase Moya o Halalelang. Ho ke ke ha ba jwalo. Le a bona, O ne o tla pakela Lentswe la Oona ka Sebele. Le tseba hoo. U ka itokisetsa ho tla jwale re sa rapela.

32

LENTSWE LE BUILWENG

169 Jesu wa Nazaretha, atamela mme u bue le pelo e nngwe le e nngwe. Ke ba neela Wena. Ba ke ba^Matsoho ana ohle, ke dikgau tsa Molaetsa, Morena, ho tswa ho Wena, le Boteng ba Hao bo boholo bo nang le rona hona jwale. Mme motho mang le mang ya mahlahlaha Moyeng a ka bolela hore U teng mona, maikutlo a maholo ana a kgalalelo. Fana ka sena, Morena, hona jwale, ka Lebitso la Jesu Kreste. Jwale ka dihlooho tsa rona tse inamisitsweng. 170 Ha ho ena le motho ya ka batlang ho kolobetswa ka Lebitso la Jesu Kreste mona, a batla ho baka, a batla ho batla kolobetso ya Moya, phaposi e ka letsohong la ka le letshehadi e butswe; basadi, ho le letona. Ho tla ba le motho ya u eletsang ka mono. Diaparo tsa kolobetso di laotswe ka mono, ntho e nngwe le e nngwe. 171 Jwale, re sa inamisitse dihlooho tsa rona, ho ntse ho binwa, “Ke utlwa^” Re tla kopana le lona. `

HO TSWELA KA NTL E HO SETSHA

SST64-0719E

(Going Beyond The Camp) Molaetsa wona, ka Moena William Marrion Branham, o rerilwe sethatong Senyesemane mantsiboya a Sontaha, Phupu 19, 1964, Tabernakeleng Branham e Jeffersonville, Indiana, U.S.A., o ntshitswe kgatisong ya teipi makenete mme o ngotswe o sa kgaolwa ka Senyesemane. Petolelo ena Sesotho sa Borwa e ngotswe mme e abjwa ke ba Voice Of God Recordings. SOUTH SOTHO ©2008 VGR, ALL RIGHTS RESERVED

VOICE OF GOD RECORDINGS P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, INDIANA 47131 U.S.A. www.branham.org

ka ya ya ya

J ust O ne M ore T ime , L ord

1

Copyright notice All rights reserved. This book may be printed on a home printer for personal use or to be given out, free of charge, as a tool to spread the Gospel of Jesus Christ. This book cannot be sold, reproduced on a large scale, posted on any website other than www.branham.org, stored in a retrieval system, translated into other languages, or used for soliciting funds without the express written permission of Voice Of God Recordings®. For more information or for other available material, please contact:

Voice Of God Recordings

P.O. Box 950, Jeffersonville, Indiana 47131 U.S.A. www.branham.org